Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 8/1 maq. 3-4
  • Na ho Hloka Toka ho ke ke ha Qojoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Hloka Toka ho ke ke ha Qojoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liketso Tse Sehlōhō Tsa ho Hloka Toka
  • Na ho Hloka Toka Hoa Tsotelleha?
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 8/1 maq. 3-4

Na ho Hloka Toka ho ke ke ha Qojoa?

“Ho sa tsotellehe ntho leha e le efe, ke ntse ke lumela hore batho ba lokile lipelong. Ka sebele ke sitoa ho haha tšepo ea ka motheong o hahiloeng holim’a pherekano, mesarelo le lefu.”—Anne Frank.

ANNE FRANK, ngoananyana oa Mojuda ea lilemo li 15, o ile a ngola mantsoe ao a amang maikutlo bukaneng ea hae ea lintlha tsa botho pejana ho lefu la hae. Ka lilemo tse fetang tse peli, lelapa labo le ne le ipatile mokatong o ka holimo-limo mohahong o mong Amsterdam. Tšepo ea hae ea ho fumana lefatše le molemonyana e ile ea soahlamana ha mpimpi e ba loma ho Manazi hore na ba hokae. Selemong se latelang, ka 1945, Anne o ile a bolaoa ke typhus kampong ea mahloriso ea Bergen-Belsen. Bajuda ba bang ba limilione tse tšeletseng le bona ba ile ba shoa ka tsela e tšoanang.

Morero oa bodiabolose oa Hitler oa ho felisa ka ho feletseng morabe oohle e ka ’na eaba e bile boemo bo bobe ka ho fetisisa ba khethollo ea morabe bo kileng ba e-ba teng lekholong lena la rōna la lilemo, empa hase oona feela. Ka 1994, Matutsi a fetang halofo ea milione a ile a bolaoa Rwanda, hobane feela a tsoa morabeng “o fosahetseng.” ’Me ntoeng ea pele ea lefatše, Maarmenia a ka bang milione a ile a shoa tlhoekisong ea morabe.

Liketso Tse Sehlōhō Tsa ho Hloka Toka

Polao e reretsoeng ho timetsa ka ho feletseng morabe o itseng hase eona feela ketso ea ho hloka toka. Ho hloka toka ha maemo a sechaba ho etsa hore hoo e ka bang karolo ea bohlano ea batho e phele bofutsaneng bo otlang pelo nakong eohle ea bophelo ba bona. Ho hobe le ho feta, sehlopha sa litokelo tsa botho sa Toantšo ea Bokhoba sa Machaba se hakanya hore batho ba fetang 200 000 000 ba botlamuoeng. Ho ka ’na ha etsahala hore kajeno ho na le makhoba a mangata lefatšeng ho feta nako leha e le efe historing. Ba ka ’na ba se ke ba rekisoa fantising ea sechaba, empa maemo ao ba sebetsang ho ’ona hangata a mabe ho feta a makhoba a mangata a nakong e fetileng.

Ho hloka toka tsamaisong ea molao ho amoha ba limilione litokelo tsa bona tsa mantlha. Tlaleho ea 1996 ea Amnesty International e re: “Hoo e ka bang letsatsi le leng le le leng ho hatakeloa ka sehlōhō litokelo tsa botho, kae-kae lefatšeng. Ba hlaselehang habonolo le ho feta ke mafutsana le bahloki, haholo-holo basali, bana, batho ba hōlileng le baphaphathehi.” Tlaleho eo e itse: “Linaheng tse ling, tsamaiso ea sechaba ea ’muso e putlame hoo e se nang matla a ho sireletsa ba fokolang ho ba matla.”

Selemong sa 1996 ba likete tse mashome ba ne ba tšoeroe ’me ba hlokofatsoa linaheng tse fetang lekholo. ’Me lilemong tsa morao tjena, batho ba likete tse makholo-kholo ba nyametse feela, kamoo ho bonahalang kateng ba koetetsoe ke mabotho a tšireletso kapa lihlopha tsa likhukhuni. Ba bangata ba bona ho lumeloa hore ba shoele.

Ke ’nete hore lintoa li hloka toka ka ho ke keng ha qojoa, empa li ntse li mpefala. Morao tjena ntoa e hlasela batho ba seng sesoleng, ho akarelletsa basali le bana. ’Me sena hase feela ka lebaka la ho hlaseloa ha metse e meholo ka libomo tse sa khetheng. Hangata basali le banana ba betoa e le karolo ea litlhaselo tsa sesole, ’me lihlopha tse ngata tse loantšang ’muso li koetela bana ho ea ba koetlisetsa ho ba babolai. Ha e hlalosa mekhoa e joalo, tlaleho ea Machaba a Kopaneng e reng “Phello eo Ntoa ea Libetsa e Bang le Eona Baneng” e re: “Batho ba ntseng ba eketseha ba ntse ba tetebela ho ea ho ile mesarelong ea ho hlepha ha boitšoaro.”

Ha ho pelaelo hore ho hlepha hona ha boitšoaro ho lebisitse lefatšeng le tletseng ho hloka toka—ebang ke ha morabe, maemo a sechaba, tsamaiso ea molao, kapa ha sesole. Ka sebele, ha ho letho le lecha ho sena. Lilemong tse fetang likete tse peli le makholo a mahlano tse fetileng, moprofeta oa Moheberu o ile a tletleba: “Molao o nyehlisitsoe, toka le eona ha e phethahatsoe. Ba lokileng ba qhekanyetsoa ke ba khopo, ka hona kahlōlo li etsoa li sokamisitsoe.” (Habakuke 1:4, BPN) Le hoja ho hloka toka ho ’nile ha e-ba teng ka nako e telele, lekholo lena la bo20 la lilemo le tlameha ho nkoa e le leo ho lona boemo ba ho hloka toka bo fihlileng sehlohlolong sa bona.

Na ho Hloka Toka Hoa Tsotelleha?

Hoa tsotelleha ha motho a utloa bohloko ka lebaka la ho hloka toka. Hoa tsotelleha hobane ho amoha batho ba bangata tokelo ea bona ea ho thaba. Ho boetse hoa tsotelleha hobane hangata ho hloka toka ho qholotsa lintoa tse tšollang mali, tseo ka lehlakoreng le leng, li lulang li rotetsa lelakabe la ho hloka toka.

Khotso le thabo li tlamahane ka tsela e rarahaneng le toka, empa ho hloka toka ho thumakanya tšepo ’me ho silakanya tebello ea katleho. Joalokaha Anne Frank a ile a hlokomela ka tsela e bohloko, batho ba ke ke ba haha tšepo ea bona motheong o hahiloeng holim’a pherekano, mesarelo le lefu. Joaloka eena, kaofela ha rōna re labalabela ho hong ho molemonyana.

Takatso ena e entse hore batho ba tšepahalang ba leke ho tlisa boemo bo itseng ba toka mokhatlong oa batho. E le ho finyella seo, Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo tsa Botho, e ileng ea amoheloa ke Seboka-Kakaretso sa Machaba a Kopaneng ka 1948, e re: “Batho bohle ba tsoetsoe ba lokolohile ’me ba e-na le seriti ba bile ba e-na le litokelo tse lekanang. Ba filoe monahano le letsoalo ’me ba lokela ho sebelisana ka moea oa kutloano ea bara ba motho.”

Ka sebele ana ke mantsoe a bokhabane, empa moloko oa batho o sa le hōle le ho finyella pakane eo e ratehang—sechaba se nang le toka seo ho sona e mong le e mong a thabelang litokelo tse lekanang ’me e mong le e mong a tšoarang motho e mong joaloka mor’abo. Ho finyelloa ha pakane ena, joalokaha selelekela sa Phatlalatso ea Machaba a Kopaneng se bontša, ho ne ho tla sebeletsa e le “motheo oa tokoloho, toka le khotso lefatšeng.”

Na ho hloka toka ho metseng ka metso hakaale mokhatlong oa batho ho tla ke ho fele? Kapa na ho tla raloa motheo o mong o tiileng oa tokoloho, toka le khotso ka tsela e itseng? Haeba ho joalo, ke mang ea ka o ralang le ho tiisa hore bohle ba rua molemo?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

UPI/Corbis-Bettmann

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela