Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 12/15 maq. 5-9
  • Tsoalo ea Jesu Pale ea Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoalo ea Jesu Pale ea Sebele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa ho Ngola
  • Tsoalo ea Jesu Bethlehema
  • Jehova o Amohela Babatli ba Ikokobelitseng ba ’Nete
  • Ngoana o Kotsing
  • Tsoalo ea Kreste—Seo e se Bolelang ho Uena
  • Seo re Ithutang Sona Tlalehong ea Tsoalo ea Jesu
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tsoalo ea Jesu—Hokae hona Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na ke ’Nete Hore Banna ba Bararo ba Bohlale ba Ile ba Etela Jesu e sa le Lesea?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jesu o Hlahetse Hokae Hona Neng?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 12/15 maq. 5-9

Tsoalo ea Jesu Pale ea Sebele

NAHANA ka ketsahalo e tsebahalang haholo historing ea naha ea heno. E na le bopaki bo feletseng, e ngotsoe ke bo-rahistori ba fetang a le mong. Joale, ho thoe’ng haeba motho e mong a u bolella hore ketsahalo eo ha ho mohla e kileng ea etsahala, hore kaofela ke tšōmo? Kapa ha re e tlisa ho uena haholoanyane, ho thoe’ng haeba motho e mong a bolela hore boholo ba seo lelapa leno le u boleletseng sona ka tsoalo ea ntat’ao moholo le qalo ea bophelo ba hae ke leshano? Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, eona taba eo feela e ne e tla u halefisa. Ka sebele u ne u ke ke ua amohela lipolelo tse joalo ka ho li utloa feela tjee!

Empa, bahlahlobisisi kajeno ka tloaelo ba qhela litlaleho tsa Kosepele tsa tsoalo ea Jesu ea Matheu le Luka. Ba bolela hore litlaleho tsena li ikhanyetsa ka ho feletseng ’me ho ke ke ha etsoa hore li lumellane le hore ka bobeli li tletse mashano a se nang litsoako le lipolelo tsa booatla tsa histori. Na hoo e ka ba ’nete? Ho e-na le ho amohela liqoso tse joalo, a re itlhahlobeleng litlaleho tsa Kosepele ka borōna. Ha re ntse re tsoela pele, a re boneng hore na li ka re ruta eng kajeno.

Morero oa ho Ngola

Qalong hoa thusa ho hopola morero oa litlaleho tsena tsa Bibele. Hase lihistori tsa bophelo ba batho; ke Likosepele. Phapang eo ke ea bohlokoa. Historing ea bophelo ba motho ea itseng, mongoli a ka ’na a tlatsa maqephe a makholo, a ikemiselitse ho bontša kamoo taba ea hae e ileng ea hōla ho fihlela e e-ba e mong oa batho ba tsebahalang haholo. Ke kahoo lihistori tse ling tsa bophelo ba batho li senyang maqephe a mangata li lokolisa leloko, tsoalo le bongoana ba batho ba tsona. Ka Likosepele, ho fapane. Litlalehong tse ’nè tsa Likosepele, ke Matheu le Luka feela ba bolelang ka tsoalo le bongoana tsa Jesu. Leha ho le joalo, sepheo sa bona hase ho bontša kamoo Jesu a ileng a hōla le ho fetoha motho eo e bileng eena. Hopola hore balateli ba Jesu ba ile ba hlokomela hore o ne a bile teng pele e le sebōpuoa sa moea le pele a ka tla lefatšeng. (Johanne 8:23, 58) Kahoo Matheu le Luka ha baa ka ba lebisa tlhokomelo bongoaneng ba Jesu hore ba tle ba hlalose hore na o ile a fetoha motho oa mofuta ofe. Ho e-na le hoo, ba ile ba pheta liketsahalo tse neng li loketse morero oa Likosepele tsa bona.

’Me morero oa bona oa ho li ngola e ne e le ofe? Lentsoe “kosepele” le bolela “litaba tse molemo.” Banna bao ka bobeli ba ne ba e-na le molaetsa o tšoanang—hore Jesu ke Mesia, kapa Kreste ea tšepisitsoeng; hore o shoeletse libe tsa moloko oa batho; le hore o ile a tsosetsoa leholimong. Empa bangoli bao ba babeli ho bonahala ba ne ba e-na le limelo tse sa tšoaneng ’me ba ne ba ngolla babali ba sa tšoaneng. Matheu, ’mokelli oa lekhetho, o ile a etsa tlaleho ea hae bakeng sa babali bao boholo e leng Bajuda. Luka, e le ngaka, o ile a ngolla “Theofilase ea khabane ka ho fetisisa”—eo e ka ’nang eaba o ne a e-na le boemo bo phahameng—’me, ha ho atolosoa, le babali ba Bajuda le Balichaba ka mokhoa o batsi. (Luka 1:1-3) Mongoli ka mong o ile a khetha liketsahalo tse neng li amana haholo le tse neng li ka kholisa babali ba hae ba khethehileng. Kahoo, tlaleho ea Matheu e hatisa boprofeta ba Mangolo a Seheberu a ileng a phethahala mabapi le Jesu. Luka, ka lehlakoreng le leng, o latela mokhoa o batlang o tloaelehile haholoanyane oa hore babali ba hae bao e seng Bajuda ba ka beng ba o hlokometse.

Hase ho makatsang hore ebe litlaleho tsa bona lia fapana. Empa ha li hanyetsane joalokaha bahlahlobisisi ba bolela. Lia tlatsana, li nyalana hantle ho bōpa setšoantšo se feletseng haholoanyane.

Tsoalo ea Jesu Bethlehema

Matheu le Luka ka bobeli ba tlaleha mohlolo o ikhethang o mabapi le tsoalo ea Jesu—o tsoetsoe ke moroetsana. Matheu o bontša hore mohlolo ona o phethahalitse boprofeta bo builoeng makholo a lilemo pele ke Esaia. (Esaia 7:14; Matheu 1:22, 23) Luka o hlalosa hore Jesu o tsoaletsoe Bethlehema hobane ngoliso e neng e laetsoe ke Sesare e ile ea qobella Josefa le Maria ho nka leeto la ho ea moo. (Bona lebokose le leqepheng la 7.) Hore ebe Jesu o ile a hlahela Bethlehema e ne e le ntho ea bohlokoa. Makholo a lilemo pejana, moprofeta Mikea o ne a ile a bolela esale pele hore Mesia o ne a tla hlaha motsaneng ona o neng o bonahala e se oa bohlokoa haufi le Jerusalema.—Mikea 5:2.

Bosiu boo Jesu a tsoetsoeng ka bona bo fetohile bo tummeng e le motheo bakeng sa lipono tsa ho Tsoaloa ha hae. Leha ho le joalo, pale ea sebele e fapane haholo ho eo e atisang ho tšoantšoa. Rahistori Luka, ea re bolellang ka palo ea sechaba e ileng ea tlisa Josefa le Maria Bethlehema, o boetse o re bolella ka balisa ba ileng ba qeta bosiu boo ba bohlokoa ba le naheng le mehlape ea bona. Maemo ana ka bobeli a entse hore babatlisisi ba bangata ba Bibele ba fihlele qeto ea hore ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe Jesu o tsoetsoe ka December. Ba totobatsa hore ho ne ho ka ’na ha se ke ha etsahala hore Sesare a qobelle Bajuda ba neng ba ka ’na ba mo fetohela hore ba nke leeto la ho ea mahahabo bona nakong ea ho bata le lipula, e leng ho neng ho ka boela ha halefisa batho ba tletseng bofetoheli. Litsebi lia hlokomela hore ka tsela e tšoanang balisa ba ne ba ke ke ba be ba le naheng le mehlape ea bona boemong bo joalo ba leholimo bo bobe.—Luka 2:8-14.

Hlokomela hore Jehova o ile a khetha ho tsebahatsa ho tsoaloa ha Mora oa hae ho basebetsi ba phelang mahaeng ba phelang ka thata, eseng ho baeta-pele ba bolumeli ba rutehileng ba nang le tšusumetso ba mehleng eo. Ho ka etsahala hore ebe bangoli le Bafarisi ho hang ba ne ba sa kopana le balisa, bao kemiso ea bona ea mosebetsi e neng e ba thibetse ho boloka makolopetso a itseng a molao oa molomo. Empa Molimo o ile a amohela banna bana ba ikokobelitseng, ba tšepahalang ka tlhompho e khōlō—moifo oa mangeloi o ile oa ba tsebisa hore Mesia, eo batho ba Molimo ba neng ba ntse ba mo letetse ka lilemo tse likete, o sa tsoa tsoaloa Bethlehema. E ne e le banna bana, eseng “marena a mararo” ao hangata a emeloang liponong tsa ho Tsoaloa ha Jesu, ba ileng ba etela Maria le Josefa ’me ba bona lesea lena le se nang molato le robalitsoeng sejelong.—Luka 2:15-20.

Jehova o Amohela Babatli ba Ikokobelitseng ba ’Nete

Molimo o amohela batho ba ikokobelitseng ba mo ratang le ba thahasellang ka tieo ho bona phethahatso ea merero ea hae. Sena ke sehlooho se hlahang khafetsa liketsahalong tse pota-potileng ho tsoaloa ha Jesu. Ka mor’a hoo e ka bang khoeli ngoana a tsoetsoe, Josefa le Maria ba ile ba mo hlahisa tempeleng e le ho utloa Molao oa Moshe, ba etsa nyehelo moo ea “maebana-khoroana a mabeli kapa maeba a mabeli a manyenyane.” (Luka 2:22-24) Ha e le hantle Molao o ne o hloka pheleu, empa o ne o lumella mokhoa ona o seng theko e boima maemong a bofutsana. (Levitike 12:1-8) Nahana feela. Jehova Molimo, ’Musi oa bokahohleng, ha aa ka a khetha lelapa le ruileng, empa le futsanehileng leo Mora oa hae ea ratoang, ea tsoetsoeng a ’notši a neng a tla hōlisetsoa ho lona. Haeba u motsoali, sena se lokela ho sebeletsa e le khopotso e hlakileng ea hore mpho e molemohali eo u ka e fang bana ba hao—e molemo ho feta leruo la lintho tse bonahalang kapa thuto ea botumo—ke tikoloho ea lelapa e etelletsang pele litekanyetso tsa moea.

Ha ba le tempeleng, barapeli ba bang ba babeli ba tšepahalang, ba ikokobelitseng ba ile ba amoheloa ke Jehova. E mong ke Anna, mohlolohali ea lilemo li 84 eo “le ka mohla a neng a sa hlokoe tempeleng.” (Luka 2:36, 37) E mong ke monna-moholo ea tšepahalang ea bitsoang Simeone. Ka bobeli ba hloletsoe ke tokelo eo Molimo a ba fileng eona—ea ho bona Mesia ea tšepisitsoeng pele ba e-shoa. Simeone o bolela boprofeta ka ngoana enoa. Ke boprofeta bo tletseng tšepo empa bo angoa hanyenyane ke ho hlomoha. O bolela esale pele hore ’mè enoa e mocha, Maria, ka letsatsi le leng o tla utloa bohloko ka lebaka la mora oa hae ea ratoang.—Luka 2:25-35.

Ngoana o Kotsing

Boprofeta ba Simeone ke khopotso e sithabetsang ea hore ngoana enoa ea se nang molato o tla hlouoa. Esita leha e ntse e le lesea, lehloeo lena le se le ntse le sebetsa. Tlaleho ea Matheu e qaqisa hore na hona ho joalo joang. Ho se ho fetile likhoeli tse ’maloa, ’me Josefa, Maria le Jesu hona joale ba phela ntlong e ’ngoe Bethlehema. Ba eteloa ke batho ba bangata bao ba sa ba tsebeng bao ba sa ba lebellang. Ho sa tsotellehe seo lipono tse se nang palo tsa ho Tsoaloa ha Jesu li se hlahisang, Matheu ha a qaqise hore na ho tlile banna ba bakae, leha e le hore o ba bitsa “banna ba bohlale,” ’me ho hang ha a ba bitse “marena a mararo.” O sebelisa lentsoe la Segerike maʹgoi, le bolelang “linohe tsa linaleli.” Sena ka bosona se lokela ho fa ’mali leseli la hore ho na le ntho e mpe e etsahalang mona, hobane bonohe ba linaleli ke mokhoa oo Lentsoe la Molimo le o nyatsang le oo Bajuda ba tšepahalang ba neng ba o qoba ka mokhoa o masene.—Deuteronoma 18:10-12; Esaia 47:13, 14.

Linohe tsena tsa linaleli li ne li latetse naleli ho tloha bochabela ’me li nkile limpho bakeng sa “ea tsoetsoeng e le morena oa Bajuda.” (Matheu 2:2) Empa naleli ha e ba lebise Bethlehema. E ba hulela Jerusalema le ho Heroda e Moholo. Ha ho motho lefatšeng ea nang le matlotlo a joalo le sepheo sa ho ntša ngoana eo Jesu kotsi joalo ka enoa. Monna enoa ea ratang botumo oa ’molai, o ne a bolaile ba ’maloa ba litho tsa lelapa la hae tse haufi-ufi tseo a neng a li talima e le tšokelo.a A tšoentsoe ke ho utloa hore ho tsoetsoe “morena oa Bajuda” oa kamoso, o ile a romela linohe tsa linaleli ho ea batla Eo Bethlehema. Ha ba tsamaea, ho etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. “Naleli” e ileng ea ba etella pele ha ba leba Jerusalema e bonahala eka ea tsamaea!—Matheu 2:1-9.

Joale, hore na ena e ne e le naleli ea sebele sepakapakeng kapa e ne e mpa e le pono feela, ha re tsebe. Empa rea tseba hore “naleli” ena e ne e sa tsoe ho Molimo. Ka ho nepahala hona ha bolotsana, e lebisa barapeli bana ba bahetene ka ho toba ho Jesu—ngoana ea hlaselehang habonolo le ea se nang boitšireletso, ea sirelelitsoeng feela ke ’metli ea futsanehileng le mosali oa hae. Linohe tsa linaleli, lithoto tsa Heroda tse sa etseng ka boikemisetso, mohlomong li ne li tla tlalehela morena ea tletseng boiphetetso, e leng ho neng ho tla fella ka ho timetsoa ha ngoana eo. Empa Molimo o ile a kenella ka toro ’me a ba romela hae ka tsela e ’ngoe. Joale e tlameha ebe “naleli” e ne e le leqheka le leng la sera sa Molimo Satane, ea neng a ka etsa ntho leha e le efe ho ntša Mesia kotsi. Ke ntho e ikhanyetsang hakaakang hore ebe “naleli” le linohe tsa linaleli li tšoantšoa liponong tsa ho Tsoaloa ha Jesu e le baromuoa ba Molimo!—Matheu 2:9-12.

Ho ntse ho le joalo, Satane ha a tele. Lehlahana la hae tabeng ena, Morena Heroda, o laela hore masea ’ohle a Bethlehema a lilemo li ka tlaase ho lilemo tse peli a bolaoe. Empa Satane a ke ke a hlōla ntoa khahlanong le Jehova. Matheu o bolela hore e ne e le khale Molimo a bone esale pele polao ena e sehlōhō ea bana ba se nang molato. Jehova o ile a nyopisa morero oa Satane hape, a lemosa Josefa ka lengeloi hore a balehele Egepeta ka lebaka la tšireletso. Matheu o tlaleha hore nako e itseng hamorao Josefa o ile a fallisa lelapa la hae le lenyenyane hape ’me o ile a qetella a lutse Nazaretha, moo Jesu a ileng a hōlela teng le baena ba hae le likhaitselie.—Matheu 2:13-23; 13:55, 56.

Tsoalo ea Kreste—Seo e se Bolelang ho Uena

Na u batla u makalitsoe ke kakaretso ee ea liketsahalo tse pota-potileng ho tsoaloa ha Jesu le bongoana ba hae? Ba bangata baa makala. Ba makatsoa ke ho fumana hore litlaleho tsena ha e le hantle lia lumellana ’me li nepahetse, ho sa tsotellehe ho tiisa ha batho ba bang hore ha ho joalo. Ba maketse ho tseba hore liketsahalo tse ling li ne li boletsoe esale pele makholo-kholo a lilemo esale pele. Baa makala hore ebe lintho tse ka sehloohong tse ka Likosepeleng li fapane ka ho feletseng le se tšoantšoang ke lipale tsa neano le lipono tsa ho Tsoaloa ha Jesu.

Mohlomong ho makatsang le ho feta, ke hore mekete ea neano ea Keresemese e siea lintlha tsa bohlokoa tsa se phetoang ke Likosepele. Ka mohlala, ho hlokomolohiloe Ntate oa Jesu—eseng Josefa, empa Jehova Molimo. Nahana hore na o ile a ikutloa joang ha a beha Mora oa hae ea ratoang tlhokomelong ea Josefa le Maria hore ba mo hōlise le ho mo hlokomela. Nahana bohloko ba Ntate oa leholimo ka ho lumella hore Mora oa hae a hōlele lefatšeng leo ho lona morena ea tletseng lehloeo a neng a rera ho mo bolaea esita le ha e sa ntse e le ngoana! E ne e le lerato le tebileng ho moloko oa batho le ileng sa susumelletsa Jehova ho etsa sehlabelo sena.—Johanne 3:16.

Jesu oa sebele hangata oa lahloa meketeng ea Keresemese. Hobane, ha ho tlaleho ea hore o kile a bolella balateli ba hae letsatsi la hae la tsoalo; leha e le hore ho na le pontšo ea hore balateli ba hae ba kile ba keteka letsatsi la hae la tsoalo.

Hase letsatsi la Jesu la tsoalo empa lefu la hae—le histori ea lona leo e leng la bohlokohali—leo a ileng a laela balateli ba hae hore ba le keteke. (Luka 22:19, 20) Che, Jesu o ne a sa rate ho hopoloa e le lesea le se nang thuso le ka sejelong, hobane hona joale ho hang ha e sa le ngoana. Lilemo tse fetang 60 ka mor’a hore a bolaoe, Jesu o ile a itlhahisa ponong ho moapostola Johanne e le Morena ea matla ea kaletseng ho ea ntoeng. (Tšenolo 19:11-16) Ke boemong boo, e le ’Musi oa ’Muso oa leholimo oa Molimo, moo ho hlokahalang hore re tsebe Jesu kajeno a le ho bona, hobane ke Morena ea tlang ho fetola lefatše.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha e le hantle, Sesare Augustase o ile a hlokomela hore ho ne ho sireletsehile haholoanyane ho ba kolobe ea Heroda ho feta ho ba mora oa Heroda.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lengeloi la Jehova le ile la fa balisana ba ikokobelitseng tokelo ea ho tseba litaba tse molemo tsa tsoalo ea Kreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela