Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 12/15 maq. 5-7
  • Seo re Ithutang Sona Tlalehong ea Tsoalo ea Jesu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo re Ithutang Sona Tlalehong ea Tsoalo ea Jesu
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali ba Khethiloeng ke Molimo
  • Balisa ba Tlaase ba Fumana Tlhohonolofatso e Khōlō
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile a “Nahanisisa ka Pelong ea Hae”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ho Ithuta Lelapeng Labo Jesu la Lefatšeng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 12/15 maq. 5-7

Seo re Ithutang Sona Tlalehong ea Tsoalo ea Jesu

BATHO ba bangata ba khahloa ke litaba tse amanang le tsoalo ea Jesu. Sena se bonoa litšoantšong tse ngata tsa Tsoalo ea Jesu le litšoantšisong tsa Tsoalo ea Jesu tse bapaloang lefatšeng lohle ka Keresemese. Le hoja li khahla, litaba tse amanang le tsoalo ea Jesu ha lia tlalehoa ka Bibeleng bakeng sa ho tlosa batho bolutu. Ho e-na le hoo, ke karolo ea Lengolo lohle leo Molimo a le bululetseng bakeng sa ho ruta le ho otlolla lintho.—2 Timothea 3:16.

Haeba Molimo a ne a batla hore Bakreste ba keteke tsoalo ea Jesu, Bibele e ka be e boletse letsatsi le tobileng la tsoalo ea hae. Na ea le bolela? Ka mor’a ho bolela hore Jesu o ile a hlaha nakong eo ka eona balisa ba neng ba le meraka bosiu ba lebetse mehlape, setsebi sa Bibele se phetseng lilemong tsa bo-1800, Albert Barnes o phetha ka ho re: “Ka sena ho hlakile hore Mopholosi oa rōna o hlahile pele ho la 25 December . . . Ka nako eo hoa bata, haholo-holo libakeng tse phahameng le tse lithaba tse haufi le Bethlehema. Molimo o patile nako ea ho tsoaloa ha [Jesu]. . . . Ebile e ne e se taba ea bohlokoa ho tseba nako; hobane haeba ho ne ho le joalo, Molimo a ka be a bolokile tlaleho ea eona.”

Ha ho bapisoa, bangoli ba Likosepele tse ’nè ba re bolella ka ho hlaka letsatsi leo Jesu a shoeleng ka lona. O shoele ka letsatsi la Paseka, e neng e tšoaroa ka la 14 Nisane khoeling ea Sejuda, nakong ea selemo. Ho feta moo, Jesu o ile a laela balateli ba hae ka ho khetheha hore ba keteke letsatsi la sehopotso sa hae. (Luka 22:19) Ha ho moo Bibele e laelang hore ho ketekoe tsoalo ea Jesu, ebile ha e laele hore ho ketekoe tsoalo ea mang kapa mang. Ka bomalimabe, liphehisano tse etsoang mabapi le letsatsi la tsoalo ea Jesu li ka sira liketsahalo tsa bohlokoa haholoanyane tse etsahetseng hoo e ka bang nakong eo.

Batsoali ba Khethiloeng ke Molimo

Har’a malapa a likete a Iseraele, Molimo o ile a khetha batsoali ba mofuta ofe hore ba hōlise Mora oa hae? Na O ne a nka lintho tse kang bophahamo le borui e le tsa bohlokoa? Che. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a sheba litšoaneleho tsa moea tsa batsoali bana. Hlokomela pina ea Maria ea thoriso, e tlalehiloeng ho Luka 1:46-55, eo a ileng a e bina ka mor’a ho bolelloa hore o fuoe tokelo ea ho ba ’mè oa Mesia. Har’a tse ling, o ile a re: “Moea oa ka o tlotlisa Jehova . . . hobane o talimile boemo bo tlaase ba lekhabunyane la hae.” Ka boikokobetso o ile a inka a le ‘boemong bo tlaase’ e le lekhabunyane la Jehova. Habohlokoa ka ho fetisisa, mantsoe a monate a thoriso pineng ea Maria a bontša hore e ne e le motho oa moea ea neng a tseba Mangolo hantle. Le hoja e ne e le ngoana oa moetsalibe oa Adama, o ne a tšoaneleha hore a khetheloe ho ba ’mè oa Mor’a Molimo.

Na monna oa Maria, ea ileng a fetoha ntate oa Jesu le eena o ne a le joalo? Josefa o ne a tseba ho betla mapolanka. Kaha o ne a khothetse mosebetsing, o ne a khona ho phelisa lelapa la hae leo qetellong le ileng la hōla ho fihlela e e-ba bara ba bahlano le bonyane barali ba babeli. (Matheu 13:55, 56) Josefa e ne e se morui. Ha ho fihla nako ea hore Maria a ise mora oa hae oa letsibolo tempeleng ea Molimo, e tlameha hore ebe Josefa o ile a utloa bohloko ha a sitoa ho nyehela sehlabelo sa nku. Ho e-na le hoo, ba ile ba tlameha ho sebelisa tokisetso e neng e etselitsoe mafutsana. Mabapi le ’mè ea belehang mora, molao oa Molimo o ne o re: “Haeba a ke ke a khona ho fana ka nku, joale a nke maebana-khoroana a mabeli kapa maebana a mabeli, le leng bakeng sa nyehelo ea secheso le leng bakeng sa nyehelo ea sebe, ’me moprista a koahele libe tsa hae, ’me e tla ba ea hloekileng.”—Levitike 12:8; Luka 2:22-24.

Bibele e bolela hore Josefa “o ne a lokile.” (Matheu 1:19) Ka mohlala, ha a ka ba a kopanela liphate le mosali oa hae oa moroetsana ho fihlela Jesu a tsoaloa. Sena se ile sa etsa hore ho hlake hore na Ntate oa Jesu oa sebele e ne e le mang. Hore banyalani ba bacha ba se ke ba kopanela liphate empa ba lula hammoho ho ne ho se bonolo, empa ho ile ha bontša hore ka bobeli ba ne ba nka tokelo ea ho khetheloa ho hōlisa Mor’a Molimo e le ea bohlokoa.—Matheu 1:24, 25.

Ho tšoana le Maria Josefa e ne e le motho oa moea. O ne a tlohela mosebetsi selemo se seng le se seng ’me a tsamaea le lelapa la hae ka matsatsi a mararo ba tloha Nazaretha ba ea Jerusalema moketeng oa selemo le selemo oa Paseka. (Luka 2:41) Hape, e tlameha ebe Josefa o ile a koetlisa Jesu e monyenyane hore a rapele synagogeng ea sebaka seo, moo Lentsoe la Molimo le neng le baloa le ho hlalosoa, joalokaha e ne e le ntho e neng e etsoa beke le beke. (Luka 2:51; 4:16) Ka hona, ha ho pelaelo hore Molimo o ile a khetha ’mè oa lefatšeng le ntate ba loketseng bakeng sa Mora oa hae.

Balisa ba Tlaase ba Fumana Tlhohonolofatso e Khōlō

Ho sa tsotellehe bothata ba mosali oa hae, eo ka nako eo e neng e le moimana oa likhoeli tse robong, Josefa o ile a ea motseng oa baholo-holo ba hae ho ea ngolisoa tumellanong le molao oa Cesare. Ha ba fihla Bethlehema, ha baa ka ba fumana sebaka motseng o tletseng batho. Ka hona maemo a ile a ba qobella hore ba ee setaleng, moo Jesu a ileng a tsoalloa teng ’me a behoa sejelong. E le ho matlafatsa tumelo ea bona, Jehova o ile a tiisetsa batsoali bana ba ikokobelitseng hore ngoana o tsoetsoe ka thato ea Molimo. Na o ile a romela moifo oa banna ba hōlileng ba hlaheletseng ba Bethlehema ho ea ba tiisetsa hore ho joalo? Che. Ho e-na le hoo, Jehova Molimo o ile a senola taba ena ho balisa ba itetseng ba neng ba lebetse mehlape ea bona kantle bosiu.

Lengeloi la Molimo le ile la hlaha ho bona ’me la ba bolella hore ba ee Bethlehema, moo ba neng ba tla fumana Mesia ea sa tsoa tsoaloa a “robetse ka sejelong.” Na banna baa ba tlaase ba ile ba makala kapa ba soaba ha ba utloa hore Mesia ea sa tsoa tsoaloa o ka setaleng? Le letho! Hang-hang, ba ile ba siea mehlape ea bona ’me ba ea Bethlehema. Ha ba fumana Jesu ba ile ba phetela Josefa le Maria seo lengeloi la Molimo le neng le ba boleletse sona. Ha ho pelaelo hore sena se ile sa matlafatsa tumelo ea Josefa le Maria ea hore lintho tsohle li ne li etsahala kamoo Molimo a neng a rerile kateng. “Balisa ba khutla, ba tlotlisa Molimo le ho mo rorisa bakeng sa lintho tsohle tseo ba ileng ba li utloa le ho li bona.” (Luka 2:8-20) Kahoo, Jehova o ile a bolella batho ba nepahetseng ha a senolela balisa ba Mo tšabang litaba.

Ho se boletsoeng ka holimo, re ithuta hore na ho hlokahala hore re be batho ba mofuta ofe hore re amoheloe ke Jehova. Ha rea lokela ho lelekisa bophahamo le borui. Ho e-na le hoo, joaloka Josefa, Maria le balisa, ho hlokahala hore re mamele Molimo ’me re pake lerato la rōna ho eena ka ho etelletsa lintho tsa moea ka pele ho tsa nama. Ka sebele, ho na le lintho tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ha re thuisa ka tlaleho ea lintho tse etsahetseng hoo e ka bang ha Jesu a tsoaloa.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho nyehela ha Maria ka maebana a mabeli ho bolela’ng?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Molimo o ile a khetha ho senolela balisa ba seng bakae ba tlaase tsoalo ea Jesu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela