Ha Masholu a Hlometseng a Hlasela
IKOYI, motse-toropo o khethehileng oa Afrika Bophirimela, matlo a maholo a fetohile liqhobosheane. A mangata a na le marako a bophahamo ba limithara tse tharo, ka holimo ho ’ona ho behiloe litšepe tse motsu, likhalase tse sehang kapa terata e metsu e haretsoeng. Balebeli, liheke tse khōlō tse sirelelitsoeng ka mekoallo, litšepe, liketane le liloko. Ho kentsoe litšepe lifensetereng. Liheke tsa tšepe li arola likamore tsa ho robala ntlong eohle. Bosiu, lintja tse khōlō—Li-alsatian le Li-rottweiler—li lokolloa lirobeng tsa tsona. Mabone a bohale a leleka lefifi, ’me litsamaiso tsa ho lebela tsa k’homputha li llela tlaase ha tsohle li lokile.
Ha ho batho ba nang le pelaelo ea hore hoa hlokahala hore mahae a bona a sireletsoe. Lihlooho tsa likoranta li bontša kameho: “Masholu a Hlometseng a Leleka Sechaba”; “Masholu a Bana ha a Laolehe”; le “Ho Tlala Tšabo, ha Likenke Tsa Seterateng li Lalasa [Motseng].” Sena ke se etsahalang linaheng tse ngata. Joalokaha Bibele e boletse esale pele, ka sebele re phela linakong tse mahlonoko.—2 Timothea 3:1.
Tekanyo ea tlōlo ea molao, ho akarelletsa le ea masholu a hlometseng, e eketseha ka potlako lefatšeng lohle. Mebuso ha e khone kapa e lekhonono ka ho eketsehileng ho sireletsa baahi ba eona. Linaheng tse ling mapolesa, ao palo ea ’ona e fokolang a bile a se na lihlomo tse lekaneng, ha aa hlomelloa ka ho lekaneng bakeng sa ho arabela ha a biletsoa ho thusa. Bongata ba bashebelli bo leqe ho li kena.
Kaha ba hlaseloang ha ba na tšepo ea ho fumana thuso e tsoang ho mapolesa kapa ho sechaba, ho ho bona hore ba itšireletse. Moholo e mong oa Mokreste naheng e tsoelang pele moruong o itse: “Haeba u hoeletsa, masholu a tla u holofatsa kapa a u bolaee. Lebala ka thuso e tsoang ho batho ba bang. Haeba ba u thusa, ho lokile, empa u se ke ua e lebella kapa ua e kōpa hobane ho kōpa thuso e ka ’na ea e-ba ho mema khathatso e eketsehileng.”
Tšireletseho le Lentsoe la Molimo
Le hoja Bakreste e se karolo ea lefatše, ba lefatšeng. (Johanne 17:11, 16) Ka hona, joaloka e mong le e mong, ba etsa litokisetso tse loketseng bakeng sa ho itšireletsa. Empa, ho fapana le ba bangata ba sa sebeletseng Jehova, batho ba Molimo ba batla tšireletseho ka har’a meeli ea melao-motheo ea Bokreste.
Ka ho fapaneng, batho ba linaha tse ling tsa Afrika ba sebelisa boselamose ha ba batla ho itšireletsa bosholung. Ngakana-ntšonyana e ka ’na ea phatsa mokuli senokong sa letsoho, sefubeng kapa ka mokokotlong. Ebe e mo sesetsa ka moriana oa boselamose, e pheta mantsoe a boloi, ’me ho lebelloa hore motho eo a ke ke a hlaseloa ke masholu. Ba bang ba beha lithatho kapa meriana ea boselamose malapeng a bona, ba lumela hore “tšireletso” e joalo e tla etsa hore masholu a se ke a ba khathatsa.
Bakreste ba ’nete ha ba kopanele boselamoseng ba mofuta ofe kapa ofe. Bibele e nyatsa mefuta eohle ea ho sebelisana le meea, ’me e le ka nepo, kaha mekhoa e joalo e ka etsa hore batho ba kopane le bademona, e leng bona ba khothalletsang pefo lefatšeng. (Genese 6:2, 4, 11) Ka ho hlakileng Bibele e re: “Le se ke la sebelisa boselamose.”—Levitike 19:26, NW.
Batho ba bang ba batla tšireletseho ka tieo ka ho itlhomella ka lithunya. Leha ho le joalo, Bakreste ba nka mantsoe a Jesu ka ho teba, ea itseng: “Ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Batho ba Molimo ba ‘teile mehoma ka lisabole tsa bona’ ’me ha ba reke lithunya bakeng sa ho itšireletsa bosholung kapa tlhaselong.—Mikea 4:3.
Ho thoe’ng ka ho lokisetsa balebeli ba hlometseng ba tšireletso? Le hoja ena e ne e ka ba qeto ea botho, hopola hore tokisetso e joalo e beha sethunya matsohong a motho e mong osele. Mohiri o ne a tla lebella hore balebeli ba etse’ng haeba lesholu le e-tla? Na o ne a tla lebella hore balebeli ba thunye lesholu leo haeba ho hlokahala, ho sireletsa batho le thepa e lebetsoeng?
Ha Bakreste ba hana ho sebelisa boselamose le lihlomo bakeng sa ho itšireletsa ho ka ’na ha bonahala e le booatla mahlong a ba sa tsebeng Molimo. Leha ho le joalo, Bibele ea re tiisetsa: “Ea tšepang Jehova o tla sireletsoa.” (Liproverbia 29:25, NW) Le hoja Jehova a sireletsa batho ba hae ka kakaretso, ha a kenelle boemong bo bong le bo bong ho sireletsa bahlanka ba hae bosholung. Jobo o ne a tšepahala ka ho hlahelletseng, empa Molimo o ile a lumella hore linokoane li nke mohlape oa hae ka likhoka, sena sa etsa hore balisa ba bolaoe. (Jobo 1:14, 15, 17) Molimo o ile a boela a lumella hore moapostola Pauluse a thulane le ‘likotsi tsa masholu.’ (2 Bakorinthe 11:26) Leha ho le joalo, Molimo o ruta bahlanka ba hae ho phela ka melao-motheo e fokotsang kotsi ea bosholu. O boetse o ba hlomella ka tsebo e ba thusang ho arabela boitekong ba ho utsoa ka litsela tse tla fokotsa monyetla oa hore ba tsoe kotsi.
Ho Fokotsa Tšokelo ea Bosholu
Khale koo monna ea bohlale o ile a hlokomela: “Lintho tse ngata tsa morui ha li mo lumelle ho robala.” (Moeklesia 5:12, NW) Ka mantsoe a mang, ba nang le lintho tse ngata ba ka ’na ba tšoenyeha haholo ka ho lahleheloa ke maruo a bona hoo ba hlobaelang ka lebaka la ho tšoenyeha ka hona.
Ka hona, tsela e ’ngoe ea ho fokotsa eseng feela matšoenyeho empa le tšokelo ea bosholu ke ho qoba ho bokella thepa e ngata e theko e phahameng. Moapostola ea bululetsoeng o ile a ngola: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.” (1 Johanne 2:16) Tsona litakatso tsena tse susumelletsang batho ho reka lintho tsa theko e phahameng ke tsona tse susumelletsang ba bang ho utsoa. ’Me “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso” e ka mema ba sekametseng ho nka lintho ka likhoka.
Ntle le ho se bontše hore u ruile, ntho e ’ngoe e sireletsang bosholung ke ho bontša hore u Mokreste oa ’nete. Haeba u rata ba bang, u tšepahala litšebelisanong tsa hao, ’me u le mafolofolo tšebeletsong ea Bokreste, motseng oa heno u ka iketsetsa botumo ba hore u motho ea molemo, ea hlomphehang. (Bagalata 5:19-23) Botumo bo joalo ba Bokreste bo ka sireletsa haholo ho feta sehlomo.
Ha Masholu a Hlometseng a E-tla
Leha ho le joalo, u lokela ho etsa’ng haeba masholu a khona ho kena lelapeng la hao ’me a u loantša? Hopola hore bophelo ba hao ke ba bohlokoa ho feta thepa. Kreste Jesu o itse: “U se ke ua hanyetsa ea khopo; empa mang kapa mang ea u jabelang lerameng la hao le letona, u mo reteletse le le leng. ’Me haeba motho a batla ho . . . nka seaparo sa hao sa ka hare hore e be sa hae, u tlohele seaparo sa hao sa ka ntle le sona se ee ho eena.”—Matheu 5:39, 40.
Ena ke keletso e bohlale. Le hoja Bakreste ba sa tlameha ho fa linokoane boitsebiso ka matlotlo a bona, masholu a sekamela ho ba mabifi haholoanyane haeba a lemoha hore aa hanyetsoa, ha ho na tšebelisano kapa aa thetsoa. Bongata ba ’ona, ka lebaka la ho ‘felloa ke kutlo eohle ea boitšoaro,’ a susumelletsoa habobebe hore a halefe ’me a be sehlōhō.—Baefese 4:19.
Samuel o lula mohahong oa lifolete. Masholu a ile a thibella mohaho oo ’me a kena foleteng ka ’ngoe, a nka lintho ka likhoka. Samuel o ile a utloa molumo oa lithunya, mamati a khahleloang, le batho ba hoeletsang, ba llang le ba bokollang. Ho ne ho se mokhoa oa ho baleha. Samuel o ile a bolella mosali oa hae le bara ba hae ba bararo hore ba khumame fatše, ba phahamise matsoho, ba tutubale, ’me ba lete. Ha masholu a itšohlometsa, Samuel o ile a bua le ’ona a shebile fatše, a tseba hore haeba a a sheba mahlong, a ka ’na a nahana hore o tla a tseba hamorao. O ile a re: “Kenang. Le nke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e batlang. Le lokolohile ho nka ntho efe kapa efe. Rōna re Lipaki tsa Jehova, ’me re ke ke ra le hanyetsa.” Masholu ao a ile a makatsoa ke sena. Horeng e latelang kapa ho feta, banna ba hlometseng ba 12 ba ile ba tla ka lihlopha. Le hoja ba ile ba utsoa mabenyane, chelete le thepa ea elektronike, lelapa leo ha lea ka la shapuoa kapa hona ho hlajoa ka lithipa tse khōlō joaloka ba bang mohahong oo. Lelapa la Samuel le ile la leboha Jehova ka bophelo ba lona.
Sena ke mohlala oa hore ha ho tluoa cheleteng le linthong tse bonahalang, batho ba hlaseloang ke masholu ba sa hanyetseng ba ka ’na ba fokotsa monyetla oa hore ba tsoe kotsi.a
Ka linako tse ling ha Mokreste a fana ka bopaki e ka ba tširelo khahlanong le ho tsoa kotsi. Ha masholu a ne a hlasela lehae la Ade, o ile a a bolella: “Kea tseba hore le mathateng, ’me ke ka lebaka leo le leng mosebetsing oa mofuta ona. Re le Lipaki tsa Jehova, re lumela hore ka letsatsi le leng e mong le e mong o tla ba le lijo tse lekanang eena le lelapa la hae. E mong le e mong o tla phela ka khotso le thabo tlas’a ’Muso oa Molimo.” Seo se ile sa fokotsa mabifi a masholu. Le leng la ’ona le ile la re: “Re soabile hore ebe re tlile ntlong ea hao, empa u lokela ho utloisisa hore re lapile.” Le hoja a ile a utsoa thepa ea Ade, ha aa ka a mo ama ’me ha aa ka a ama lelapa la hae.
Ho Tsitsa
Ha ho bonolo ho tsitsa ha u le boemong bo kotsi, haholo-holo ha sepheo se ka sehloohong sa masholu e le ho tšosa batho bao a ba hlaselang e le hore ba inehele. Thapelo e tla re thusa. Jehova a ka utloa mehoo ea rōna ha re kōpa thuso, le hoja re e etsa re khutsitse ebile e le mekhutšoanyane. Bibele ea re tiisetsa: “Mahlo a Jehova a ntse a talimile ba lokileng, litsebe tsa hae li bulehetse mehoo ea bona.” (Pesaleme ea 34:15) Jehova oa re utloa ’me a ka re fa bohlale ba ho sebetsana le boemo bofe kapa bofe re tsitsitse.—Jakobo 1:5.
Ntle ho thapelo, ntho e ’ngoe e ka u thusang hore u tsitse ke ho rera esale pele seo u tla se etsa le seo u ke keng ua se etsa haeba u utsoetsoa. Ho hlakile hore ho ke ke ha khoneha hore u tsebe esale pele boemo boo u tla iphumana u le ho bona. Ho ntse ho le joalo, ho molemo hore u nahane ka melao-motheo, joalokaha ho le bohlale hore u nahane ka litsela tsa polokeho ha ho ka etsahala hore u be ka har’a mohaho o chang. Ho nahana esale pele ho u thusa hore u tsitse, u qobe ho ferekana, ’me u pheme kotsi.
Pono ea Molimo ka bosholu e boletsoe ka ho hlaka: “Hobane ’na, Jehova, ke rata ho lokileng, ’me ke hloile bosholu le bolotsana.” (Esaia 61:8) Jehova o ile a bululela moprofeta oa hae Ezekiele hore a behe bosholu lethathamong la libe tse tebileng haholo. (Ezekiele 18:18) Empa, buka eona eo ea Bibele e boetse e bontša hore ka mohau Molimo o tla tšoarela motho ea bakang ’me a busetsa seo a se utsoitseng.—Ezekiele 33:14-16.
Ho sa tsotellehe ho phela ha bona lefatšeng le tletseng tlōlo ea molao, Bakreste ba thabela tšepo ea bophelo tlas’a ’Muso oa Molimo, ha bosholu bo tla be bo felile. Mabapi le nako eo, Bibele ea tšepisa: “[Batho ba Molimo] ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”— Mikea 4:4.
Bosholu bo Ile ba Nyopa Afrika Bophirimela
“Masholu a hlometseng a ile a rera ho hlasela letsatsing leo ka tloaelo re tšoarelang Thuto ea Buka ea Phutheho lapeng la rōna. Re lula re butse liheke tsa rōna ka ho feletseng bakeng sa bara le barali babo rōna le batho ba thahasellang. Mohlomong masholu a ne a tseba seo re tloaetseng ho se etsa le nako ea seboka sena. Re tseba hantle hore a ne a utsoitse koloi sebakeng se seng ’me a tla leta hekeng ea rōna letsatsing la thuto ea buka ’me e le ka nako ea eona.
“Ho ile ha etsahala hore ebe, beke eo a tlileng ka eona e ne e le beke ea ketelo ea molebeli oa potoloho. Ho e-na le hore re kopanele ntlong ea rōna, re ile ra kopanela Holong ea ’Muso. Ka mor’a seboka, ho ile ha e-ba le seboka sa baholo. Ka tloaelo ’na le bana re ka be re ile ra ea hae, empa monna oa ka, eo e leng moholo, o ile a kōpa hore re mo emele. O ile a re ha a n’o nka nako e telele. Ka hona re ile ra ema.
“Hamorao re ile ra hlokomela hore koloi e hana ho luma. Molebeli oa potoloho le monna oa ka ba ne ba sa khone ho e lokisa. Setei sa likoloi seo re ileng ra se bitsa le sona ha sea ka sa khona ho e lokisa.
“Bana ba ile ba tlameha ho tsamaea ka maoto ho ea hae. Ka mor’a nakoana, le ’na ke ile ka ea hae. Ke ile ka fihla hoo e ka bang ka hora ea leshome. ’Na le bana ha rea ka ra kena ka jareteng ka koloi, e leng se ka beng se ile sa etsa hore ho buloe heke e khōlō.
“Ha ke kena ka kamoreng ea ka, ke ile ka utloa molumo o matla oa sethunya. Ke ile ka ipotsa hore na ho etsahala eng. Ke ile ka leka ho founela mapolesa, empa thelefono e ne e sa sebetse. Ke ile ka mathela mokatong o ka tlaase ’me ka notlela lemati la tšepe la ka ntle, eaba ke potlakela ho notlela lemati le hare. Ke ile ka tima mabone. Bana ba ka ba ne ba ferekane, ka hona ke ile ka ba bolella hore ba tsitse. Re ile ra rapella tšireletso ea Jehova re le hammoho. Ho sa le joalo, monna oa ka o ne a ntse a le Holong ea ’Muso a leka ka matla hore koloi e lume.
“Ke ile ka hlahela ka ntle ka fensetere ’me ka bona monna ea rapaletseng seterateng ka ntle ho heke. Ho ne ho bonahala eka masholu a tsamaile, ka hona ka palamisa monna eo ea lemetseng koloi ea ka ’me ka mo potlakisetsa sepetlele. E ne e le ho beha bophelo kotsing, empa ke ne ke tlameha ho etsa ho hong. Leha ho le joalo, ka masoabi o ile a shoa letsatsing le latelang.
“Ho sa tsotellehe tlokotsi eo, boemo bo ka be bo bile bobe le ho feta. Ketelo ea molebeli oa potoloho e ile ea etsa hore re se tšoarele thuto ea buka ntlong ea rōna. Ho robeha ha koloi ho ile ha etsa hore re se ke ra ea hae ka eona re le lelapa. Monna oa ka, eo ho seng tikatiko hore masholu a ka be a mo tšoere, ha aa ka a fihla hae ho fihlela e le bosiu haholo. Maemo ana le a mang a bile molemong oa rōna bosiung boo.
“Jehova ke qhobosheane ea rōna le setšabelo sa rōna. Ho joalokaha lengolo le re: ‘Ekare ha e se Jehova ea bolokang motse, molebeli o falimehela lefeela.’”—Pesaleme ea 127:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka ho hlakileng, ho na le meeli tabeng ea tšebelisano. Bahlanka ba Jehova ha ba be le tšebelisano ka tsela leha e le efe e tlōlang molao oa Molimo. Ka mohlala, Mokreste o ne a ke ke a inehela petong ka ho rata.