Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 3/15 maq. 24-25
  • Ho Haha Motheong oa Bohetene

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Haha Motheong oa Bohetene
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho na le Tumellano Pakeng Tsa “Tempele ea Molimo” le Litšoantšo Tse Rapeloang Greece?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Kereke e K’hatholike Afrika
    Tsoha!—1995
  • Keresemese—Tšimoloho ea Eona
    Tsoha!—1995
  • Bokoenehi—Ho Thiba Tsela e Eang ho Molimo
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 3/15 maq. 24-25

Ho Haha Motheong oa Bohetene

HAR’A liemahale tse ngata tse khōlōhali tseo bahahlaoli ba eang Roma, Italy, ba li etelang ke Tempele e Nehetsoeng ho Melimo Eohle. Mosebetsi ona o tsoileng matsoho oa tsebo ea kaho ea Baroma ke o mong oa mehaho e seng mekae moo, eo ka sebele e ntseng e le kamoo e neng e le kateng mehleng ea boholo-holo. O qalisitsoe ke Agrippa hoo e ka bang ka 27 B.C.E., ’me oa ahoa bocha ke Hadrian hoo e ka bang ka 120 C.E. Tšobotsi e ’ngoe e babatsehang ea mohaho ona ke marulelo a oona a maholo a sebōpeho sa halofo ea bolo a bophara ba limithara tse 43, bophara bo boholo ka ho fetisisa mehleng eo. Tempele e Nehetsoeng ho Melimo Eohle pele e ne e le tempele ea bohetene, “sebaka sa melimo eohle,” e leng moelelo oa lentsoe la Segerike la pele-pele. Kajeno, e ntse e nkoa e le kereke ea Roma e K’hatholike. Phetoho e makatsang hakaalo e ile ea khoneha joang?

Ka 609 C.E., Mopapa Boniface IV o ile a nehela bocha tempele ena e qetileng nako e telele e sa sebelisoe hore e be kereke ea “Bokreste.” Ka nako eo, e ile ea rehoa Kereke ea Santa Maria Rotunda. Ho latela sehlooho se hatisitsoeng ka 1900 makasineng ea Majesuite ea Setaliana La Civiltà Cattolica, tšebeliso e khethehileng eo Boniface a neng a e nahanetse eona e ne e le ea “ho tlotlisa hammoho bashoela-tumelo bohle ba Bakreste, kapa ho e-na le hoo, bahalaleli bohle, empa oa pele le oa bohlokoahali ke Mofereko ’M’a Molimo.” Mabitso ao Tempele e Nehetsoeng ho Melimo Eohle e a rehiloeng ke Kereke ea Roma e K’hatholike kajeno—ke Santa Maria ad Martyres kapa Santa Maria Rotunda—a bonahatsa morero oo e seng oa Mangolo.—Bapisa le Liketso 14:8-15.

Sehlooho sona seo se tsoela pele: Ho lumellanya Tempele e Nehetsoeng ho Melimo Eohle le morero oa eona o mocha, “ho ile ha hlokahala hore ho etsoe ho honyenyane haholo. Boniface o ile a latela melao e bonolo le e lumellang lintho tsohle e neng e se e ntse e entsoe ke St. Gregory e Moholo [Mopapa Gregory I], eo e bileng mopapa pele ho eena, setsebihali le eo e leng mohlala tabeng ea ho fetola litempele tsa bohetene hore li sebelisoe borapeling ba Bokreste.” Melao eo e ne e le efe?

Lengolong le neng le ngoletsoe moromuoa e mong ea neng a e-ea Brithani ea bohetene ka 601 C.E., Gregory o ile a fana ka taelo ena: “Litempele tsa litšoantšo tsa naha e boletsoeng ha lia lokela ho heletsoa; empa ho pshatloe litšoantšo tse ka har’a tsona feela . . . Haeba litempele tse boletsoeng li le boemong bo botle, ho hlokahala hore li fetoleloe tšebeletsong ea Molimo oa ’nete li tlosoe borapeling ba bademona.” Khopolo ea Gregory e ne e le hore haeba bahetene ba bona litempele tsa bona tsa pele li sa senngoa, ba ne ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo e khōloanyane ea ho tsoela pele ho ea ho tsona khafetsa. Mopapa o ile a ngola hore le hoja bahetene ba ne ba tloaetse “ho hlaba lipholo tse ngata ba etsetsa bademona mahlabelo,” joale ho ne ho e-na le tšepo ea hore “ba se ke ba hlola ba etsetsa bademona mahlabelo empa ba li hlabele ho inchafatsa thorisong ea Molimo.”

Bok’hatholike ba Roma le bona bo “ile ba felisa” borapeli ba bahetene ka ho theha, haufinyane le litempele tsa bona tsa pele, likereke tse nehetsoeng ho batšehetsi ba “Bokreste.” Mekete ea boholo-holo e ile amoheloa ’me ha etsoa hore e be ea bohlokoa “Bokresteng.” Ha taba ena e hlalosoa ho latela mantsoe a La Civiltà Cattolica ho ka thoe: “Hore ebe litloaelo tse ling le mekete ea bolumeli ea Bakreste ba pele li ne li amana haufi le litloaelo le mekhoa e meng ea bohetene, kajeno ho tsejoa ke litsebi tsohle. E ne e le litloaelo tseo batho ba li ratang haholo, litloaelo tse metseng ka metso le tseo batho ba li nkang e le tsa bohlokoahali bophelong ba phatlalatsa le ba lekunutung ba batho ba boholo-holo. ’Malikereke, ka mosa le ka bohlale, o ne a sa lumele hore o lokela ho li felisa; ho e-na le hoo, ka ho li fetola ka kutloisiso ea Bokreste, ho li phahamisetsa bokhabaneng bo bocha le bophelong bo bocha, o ile a li hlōla ka litsela tse matla empa e le tse bonolo, e le hore a ka ikhapela meea ea matšoele le ea ba rutehileng ntle ho moferefere.”

Mohlala o mong o tsebahalang haholo oa ho amoheloa ha mekete ea bohetene, ho hlakile hore ke oa Keresemese. La 25 December ha e le hantle e ne e le letsatsi leo ka lona Baroma ba boholo-holo ba neng ba keteka dies natalis Solis Invicti, ke hore, “tsoalo ea letsatsi le sa hlōloeng.”

Ka lebaka la takatso ea eona ea ho hapa lipelo tsa bahetene, kereke ha ea ka ea khomarela ’nete. E ile ea lokafatsa mokhoa oa ho kopanya litumelo tse sa tšoaneng, ho amohela litumelo tsa bahetene le mekhoa ea bona “tseo matšoele a li nkang e le tsa bohlokoahali.” Phello e ile ea e-ba kereke ea batho ba mefuta e sa tšoaneng, ea bokoenehi, e suthetseng hōle le lithuto tsa Bokreste ba ’nete. Ha re nahana ka se ka holimo, mohlomong ha ho makatse hakaalo hore ebe tempele eo pele e neng e le ea Baroma ea “melimo eohle”—Tempele e Nehetsoeng ho Melimo Eohle—e ka fetoha kereke ea Roma e K’hatholike e nehetsoeng ho Maria le “bahalaleli” bohle.

Leha ho le joalo, ho lokela ho hlaka hore ho fetola nehelo ea tempele kapa lebitso la mokete ha hoa lekana bakeng sa ho fetola ‘borapeli ba bademona hore e be tšebeletso ea Molimo oa ’nete.’ Moapostola Pauluse o ile a botsa: “Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang? . . . ‘Tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘’me le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’; ‘’me ka sebele ke tla le amohela.’ ‘’Me ke tla ba ntate oa lōna, ’me le tla ba bara le barali ba ka,’ ho bolela Jehova ea Matla ’Ohle.”—2 Bakorinthe 6:16-18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela