Ho Boloka Tšepiso ea Ka ea ho Sebeletsa Molimo
JOALOKAHA HO BOLETSE FRANZ GUDLIKIES
Ho ile ha sala ho phela masole a mane feela ho a ka holimo ho lekholo ao ke neng ke e-na le ’ona. Ho nkha lefu linkong tsa ka, ke ile ka khumama ’me ka tšepisa Molimo, ‘Ha nka pholoha ntoeng ena, ke tla u sebeletsa kamehla.’
KE ILE ka etsa tšepiso eo lilemong tse 54 tse fetileng, ka April 1945, ha ke ne ke le lesole lebothong la ntoa la Jeremane. E ne e le nakoana pele Ntoa ea II ea Lefatše e fela, ’me lebotho la ntoa la Soviet Union le ne le futuhile ka matla ho leba Berlin. Banna ba rōna ba ne ba le sebakeng se haufi le motse oa Seelow ka Nōkeng ea Oder, lik’hilomithara tse ka tlaase ho 65 ho tloha Berlin. Mono, re ne re hlaseloa bosiu le motšehare ka sefako sa likulo, ’me sehlopha sa heso se ne se bolaoa.
Ke ka nako eo ke ileng ka lla ’me ka rapela Molimo ka lekhetlo la pele bophelong ba ka. Ke ile ka hopola temana ea Bibele eo ’mè oa ka ea neng a tšaba Molimo a neng a rata ho e qotsa: “Ipiletse ho ’na ka nako ea matšoenyeho; ke tla u lopolla, ’me uena u tla ntlotlisa.” (Pesaleme ea 50:15, BPN) Ke le moo ka har’a liforo ’me ke amehile ka bophelo ba ka, ke ile ka etsetsa Molimo tšepiso e boletsoeng ka holimo. Ke ile ka khona ho e boloka joang? ’Me ho tlile joang hore ke be setho sa lebotho la Jeremane?
Ho Hōlela Lithuania
Ka 1918, nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Lithuania e ile ea phatlalatsa boipuso ba eona ’me ea theha tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba. Ke hlahile ka 1925 seterekeng sa Memel (Klaipėda), haufi le Leoatle la Baltic. Setereke seo se ne se sa tsoa kopanngoa le Lithuania selemo pele ke hlaha.
’Na hammoho le likhaitseli tsa ka tse hlano re ne re thabile bongoaneng ba rōna. Ntate o ne a le joaloka motsoalle ea haufi le rōna, kamehla a etsa lintho le rōna bana. Batsoali ba rōna e ne e le litho tsa Kereke ea Boevangeli, empa ba ne ba sa ee litšebeletsong tsa eona hobane ’Mè o ne a khopisitsoe ke boikaketsi ba moruti. Leha ho le joalo, o ne a rata Molimo le Lentsoe la hae, Bibele, eo a neng a e bala ka cheseho.
Ka 1939, Jeremane e ile ea hapa karolo ea Lithuania eo re neng re lula ho eona. Joale, mathoasong a 1943, ke ile ka bitsetsoa tšebeletsong ea sesole lebothong la Jeremane. Ke ile ka lemala ntoeng e ’ngoe, empa ka mor’a hore ke fole likotsing tseo, ke ile ka khutlela Moleng oa Ntoa o ka Bochabela. Nakong ena, boemo ba ntoa bo ne bo fetohile ’me Jeremane e ne e baleha lebotho la ntoa la Soviet Union. Ke nakong eo ke ileng ka phonyoha lefu ka lesoba la nale, joalokaha ho boletsoe selelekeleng.
Ho Boloka Tšepiso ea Ka
Nakong ea ntoa, batsoali ba ka ba ile ba fallela Oschatz, Jeremane, ka boroa-bochabela ho Leipzig. Ka mor’a liphello tsa ntoa eo, ho ne ho le thata ho ba fumana. Empa re ile ra thaba hakaakang qetellong ha re boela re kopana! Nako e seng kae ka mor’a moo, ka April 1947, ke ile ka tsamaea le ’Mè ho ea puong ea phatlalatsa e neng e fanoa ke Max Schubert, e mong oa Lipaki tsa Jehova. ’Mè o ne a lumela hore o fumane bolumeli ba ’nete, ’me ka mor’a hore ke be teng libokeng tse ’maloa, ke ile ka lumellana le seo a se lumelang.
Nakoana ka mor’a moo, ’Mè o ile a oa lering, a ba le maqeba a mabe a ileng a mo bolaea likhoeling tse seng kae hamorao. Ha a ntse a le sepetlele pele a hlokahala, o ile a nkhothatsa ka mofuthu: “Kamehla ke ’nile ka rapela hore bonyane ngoana oa ka a le mong a fumane tsela e eang ho Molimo. Joale kea bona hore lithapelo tsa ka li arabetsoe, ’me nka ichoella ka khotso.” Ke lebeletse ka cheseho hakaakang nakong eo ka eona ’Mè a tla tsoha bafung ’me a tsebe hore lithapelo tsa hae li arabetsoe!—Johanne 5:28.
Ka la 8 August, 1947, likhoeli tse ’nè feela ka mor’a hore ke utloe puo ea Mor’eso Schubert, ke ile ka kolobetsoa kopanong ea Leipzig, e le ho bonahatsa boinehelo ba ka ho Jehova Molimo. Qetellong, ke ne ke nka mehato e lebisang ho phethahatseng tšepiso eo ke e etselitseng Molimo. Ka pelenyana, ke ile ka ba pula-maliboho, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba ka bang 400 ba neng ba lula moo hamorao ho ileng ha fetoha German Democratic Republic, kapa Jeremane Bochabela.
Liteko Tse Qalang Tsa Tumelo
Moahisani oa ka Oschatz o ile a leka ho nkenya thahasello ea Lithuto tsa Marx, a ’nonosa thuto ea univesithi eo ke neng ke tla lefelloa ke ’Muso haeba nka kenela Mokha oa Bonngoe ba Puso ea Sechaba oa Jeremane (SED). Ke ile ka hana nonoso eo, joalo feela kaha Jesu a ile a hana nonoso ea Satane.—Matheu 4:8-10.
Ka letsatsi le leng ka April 1949, mapolesa a mabeli a ile a tla moo ke sebetsang teng ’me a ntaela hore ke tsamaee le ’ona. Ke ile ka isoa ofising ea sebaka seo ea tšebeletso ea tsa mahlale ea Soviet Union, moo ke ileng ka qosoa ka ho sebeletsa batšehetsi ba bokapitale ka Bophirimela. Ba ile ba re nka ’na ka fana ka bopaki ba hore ha ke molato ka hore ke tsoele pele ka mosebetsi oa ka oa ntlo le ntlo empa ke ba bolelle motho leha e le ofe ea buileng khahlanong le Soviet Union kapa SED, kapa motho leha e le ofe ea etetseng liboka tsa Lipaki tsa Jehova. Ha ke hana ho sebelisana le bona, ke ile ka koalloa ka seleng. Hamorao, ke ile ka hlahisoa ka pel’a se neng se bonahala e le lekhotla la sesole. Kahlolo ea ka: Lilemo tse 15 tsa ho sehla Siberia!
Ke ile ka lula ke khutsitse, ’me seo se ile sa khahla ba boholong. Joale ba ile ba mpolella hore kahlolo ea ka e tla lula e le joalo, empa ba re ho tla be ho lekane hore ke itlalehe hang ka beke ho fihlela ha ke se ke loketse ho sebelisana le bona. Ke ile ka ea Magdeburg, moo ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e neng e le hona teng ka nako eo, ho ea batla keletso ea Lipaki tse hōlileng haholoanyane tsebong. Leeto leo le ne le se bonolo kaha ke ne ke behiloe leihlo. Ernst Wauer, ea neng a sebetsa Lefapheng la tsa Molao Magdeburg, o ile a mpolella: “Loana ’me u tla hlōla. Sekisetsa ’me u tla hlōloa. Ke seo re ithutileng sona likampong tsa mahloriso.”a Keletso eo e ile ea nthusa hore ke boloke tšepiso ea ka ea ho sebeletsa Molimo.
Ho Thibeloa le ho Tšoaroa Hape
Ka July 1950, ke ile ka buelloa ho sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang. Leha ho le joalo, ka la 30 August, mapolesa a ile a hlasela mehaho ea rōna e Magdeburg, ’me mosebetsi oa rōna oa ho bolela o ile oa thibeloa. Ka hona, kabelo ea ka e ile ea fetoloa. ’Na le Paul Hirschberger re ne re tlameha ho sebeletsa liphutheho tse ka bang 50, re qeta matsatsi a mabeli kapa a mararo ho e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona, re thusa barab’abo rōna ho hlophisa le ho tsoela pele ka mosebetsi oa bona tlas’a thibelo. Likhoeling tse latelang, ke ile ka phonyoha ho tšoaroa ke mapolesa ka makhetlo a tšeletseng!
E ’ngoe ea liphutheho tseo e ne e khukhunetsoe ke motho ea ileng a re eka ho Stasi, Tšebeletso ea ’Muso ea Tšireletso. Ka hona, ka July 1951, ’na le Paul re ile ra tšoaroa seterateng ke banna ba bahlano ba neng ba ntšitse lithunya. Ha re se re hetla morao, re ile ra bona hore re ne re sa ka ra itšetleha ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka tsela eo re neng re tšoanetse ho etsa ka eona. Barab’abo rōna ba baholoanyane ba ne ba ile ba re eletsa hore re se ke ra tsamaea re le babeli le ka mohla. Ho itšepa ho tlōla ho ne ho entse hore re lahleheloe ke tokoloho ea rōna! Ho feta moo, re ne re sa ka ra buisana esale pele hore na re tla re’ng haeba re tšoaroa.
Ke le mong ka seleng ea ka, ke ile ka kōpa Jehova ka likhapha hore a nthuse hore ke se ke ka eka barab’eso kapa ho sekisetsa tumelo ea ka. Ka mor’a hore ke robale, ke ile ka tsosoa ka tšohanyetso ke lentsoe la motsoalle oa ka Paul. Ka holim’a sele ea ka e ne e le kamore eo a neng a botsetsoa lipotso ka ho eona ke Stasi. Kaha bosiung boo ho ne ho futhumetse ’me ho le mongobo, ho ne ho butsoe lemati la foranta, ’me ke ile ka utloela tlaase ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hamorao ha le ’na ke botsoa lipotso, ke ile ka fana ka likarabo tse tšoanang, e leng se ileng sa makatsa ba boholong. Temana ea Bibele eo ’Mè a neng a e rata haholo, “Ipiletse ho ’na ka nako ea matšoenyeho; ke tla u lopolla,” e ile ea lula e e-tla mohopolong oa ka, ’me ke ile ka khothala haholo.—Pesaleme ea 50:15, BPN.
Ka mor’a ho botsoa lipotso, ’na le Paul re ile ra qeta likhoeli tse hlano re le litlamong tsa pele ho nyeoe chankaneng ea Stasi e Halle ’me hamorao ra ba ho e Magdeburg. Ha re le Magdeburg, ka linako tse ling ke ne ke ee ke bone hanyenyane mehaho ea lekala la rōna e neng e koetsoe ka nako eo. Ke ne ke ee ke lakatse eka nka be ke sebetsa moo ho e-na le chankaneng! Ka February 1952, kahlolo ea rōna e ile ea phatlalatsoa: “Lilemo tse 10 chankaneng le tse 20 re sa fumane litokelo tsa sechaba.”
Ho Boloka Tumelo Chankaneng
Lipaki tsa Jehova tse neng li ahloletsoe bonyane lilemo tse leshome, li ne li apara letšoao le khethehileng ka nako e itseng ea ho ba ha tsona chankaneng. Ho ne ho rokelloa theipi e khubelu leotong le le leng la borikhoe le letsohong le le leng la baki. Hape, ho ne ho manamisoa k’hateboto e chilikoenyane e khubelu ka ntle lemating la sele ea rōna e le ho lemosa balebeli hore re linokoane tse kotsi.
Ba boholong ba ne ba hlile ba re nka re le linokoane tse kotsi ka ho fetisisa. Re ne re sa lumelloa ho ba le Bibele hobane, joalokaha molebeli e mong a ile a hlalosa: “Paki ea Jehova e tšoereng Bibele e tšoana le senokoane se tšoereng sethunya.” E le hore re bokelle likotoana tsa Bibele, re ne re bala libuka tsa sengoli sa Lerussia, Leo Tolstoy, eo hangata a neng a qotsa litemana tsa Bibele libukeng tsa hae. Re ile ra tseba litemana tseo tsa Bibele ka hlooho.
Pele ke tšoaroa ka 1951, ke ne ke lebelelitse Elsa Riemer. O ne a nketela chankaneng hangata ka hohle kamoo a ka khonang ’me o ne a nthomella sephutheloana sa lijo hang ka khoeli. O ne a boetse a pata lijo tsa moea ka liphutheloaneng tseo tsa hae. Ka lekhetlo le leng o ile a topela lihlooho tsa Molula-Qhooa ka lisosejeng tse ling. Hangata balebeli ba ne ba seha lisoseje ho bona haeba ho ne ho e-na le ntho e patiloeng ka hare, empa lekhetlong lena sephutheloana seo se ile sa fihla ho se ho tla chaisoa mosebetsing, ka hona, sa se ke sa hlahlojoa.
Ka nako eo, ’na le Karl Heinz Kleber re ne re kopanetse sele e nyenyane le batho ba bararo bao e seng Lipaki. Re ne re tla bala Molula-Qhooa joang ntle le ho tsosa libata masene? Ha e le hantle, re ne re etsa eka re bala buka, empa eo ka hare re neng re patile lihlooho tsa Molula-Qhooa. Re ile ra boela ra fetisetsa lijo tsena tsa bohlokoa tsa moea ho Lipaki tse ling tse neng li le moo chankaneng.
Ha re ntse re le moo chankaneng, re ile ra boela ra sebelisa menyetla ea ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo. Ka lebaka leo, ke ile ka thaba ha ke bona e mong oa bao ke neng ke lula le bona ka seleng e e-ba molumeli.—Matheu 24:14.
Ho Khutlela Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
Ka la 1 April, 1957, ka mor’a lilemo tse ka bang tšelela ke koaletsoe, ke ile ka lokolloa. Libeke tse peli li e-s’o fele, ke ile ka nyala Elsa. Ha Stasi e utloa hore ke lokolotsoe, e ile ea batla lebaka leo e ka nkhutlisetsang chankaneng ka lona. E le ho qoba monyetla oo, ’na le Elsa re ile ra tšela moeli ho ea lula Berlin Bophirimela.
Ha re fihla Berlin Bophirimela, Mokhatlo o ile oa batla ho tseba hore na re rerile ho etsa eng. Re ile ra hlalosa hore e mong oa rōna o tla bula-maliboho ha e mong a tla sebetsa.
Re ile ra botsoa: “Ho ne ho ka ba joang ha bobeli ba lōna le ka ba bo-pula-maliboho?”
Re ile ra arabela: “Haeba seo se khoneha, re ka qala hang-hang.”
Ka hona, re ile ra fuoa chelete e itseng khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e le hore re ka iphelisa, ’me re ile ra qala ho sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ka 1958. Re fumane thabo e kaakang ka ho bona batho bao re neng re ithuta Bibele le bona ba fetola bophelo ba bona ’me e e-ba bahlanka ba Jehova! Lilemo tse latelang tse leshome re le tšebeletsong ea bopula-maliboho bo khethehileng li ile tsa re ruta ho sebetsa re le hammoho joaloka monna le mosali. Ka linako tsohle, Elsa o ne a le lehlakoreng la ka, esita le ha ke ne ke lokisa koloi. Re ne re boetse re bala, re ithuta le ho rapela hammoho.
Re ile ra abeloa mosebetsi oa ho tsamaea ka 1969, re etela liphutheho tse fapaneng beke e ’ngoe le e ’ngoe ho sebeletsa litlhoko tsa litho tsa tsona. Josef Barth, monna ea neng a e-na le phihlelo mosebetsing oa ho tsamaea, o ile a mpha keletso ena: “Haeba u batla hore kabelo ea hao e atlehe, e-ba morab’o barab’eno.” Ke lekile ho sebelisa keletso eo. Ka lebaka leo, re ’nile ra ba le kamano e mofuthu haholo le kutloano le Lipaki-’moho le rōna, ntho e ileng ea etsa hore ho be bonolo ho fana ka keletso ha e ne e hlokahala.
Ka 1972, Elsa o ile a fumanoa a e-na le kankere ’me a buuoa. Hamorao, o ile a boela a tšoaroa ke ramatiki. Le hoja a hlokofatsoa ke mahlaba, o ne a ntse a tsamaea le ’na beke e ’ngoe le e ’ngoe ho sebeletsa liphutheho, a sebetsa le baralib’abo rōna ka hohle kamoo a ka khonang tšebeletsong.
Ho Etsa Liphetoho Tse Hlokahalang
Ka 1984, ba bohoeng ba ka ba ile ba hloka tlhokomelo ea kamehla, ka hona, re ile ra tlohela mosebetsi oa ho tsamaea ’me ra ea thusa ho ba hlokomela ho fihlela ba hlokahala lilemo tse ’nè hamorao. (1 Timothea 5:8) Joale, ka 1989 Elsa o ile a kula haholo. Ka lehlohonolo, o batla a hlaphohetsoe, empa ho ’nile ha ntlhoka hore ke hlokomele mesebetsi eohle ea ntlo. Ke sa ntse ke ithuta ho sebetsana le motho ea lulang a hlokofatsoa ke mahlaba. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho sithabela le khatello, re bolokile lerato la rōna linthong tsa moea.
Ka lehlohonolo, kajeno re ntse re le lenaneng la bo-pula-maliboho. Leha ho le joalo, re hlokometse hore sa bohlokoa hase boemo boo re nang le bona kapa hore na re khona ho etsa ho hokae, empa ke ho lula re tšepahala. Re batla ho sebeletsa Molimo oa rōna Jehova, eseng ka lilemo tse seng kae, empa ka ho sa feleng. Phihlelo ea rōna e bile koetliso e ntle bakeng sa bokamoso. ’Me Jehova o re file matla a ho mo rorisa esita le tlas’a maemo a lekang ka ho fetisisa.—Bafilippi 4:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ba Ernst Wauer e hlaha ho Molula-Qhooa oa August 1, 1991, leqepheng la 25 ho ea ho la 29.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ke ne ke koaletsoe chankaneng mona Magdeburg
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Gedenkstätte Moritzplatz Magdeburg für die Opfer politischer Gewalt; Foto: Fredi Fröschki, Magdeburg
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ha re ne re nyalana ka 1957
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
’Na le Elsa kajeno