Pale ea Bophelo
Re Ile ra Loanela ho Lula re le Matla Moeeng
JOALOKAHA HO BOLETSE ROLF BRÜGGEMEIER
Ka mor’a hore ke koalloe chankaneng, lengolo la pele leo ke ileng ka le fumana le ne le tsoa ho motsoalle oa ka. O ne a ntsebisa hore ’Mè le baena ba ka—e leng Peter, Jochen le Manfred—le bona ba ne ba tšoeroe. Seo se ne se bolela hore likhaitseli tsa rōna tse nyenyane tse peli li ne li setse li se na mang oe! Ke hobane’ng ha ba boholong ’musong oa Jeremane Bochabela ba ile ba hlorisa lelapa leso? Re ile ra thusoa ke’ng hore re lule re le matla moeeng?
NTOA EA II ea lefatše e ile ea senya khotso eo re neng re phela ka eona bongoaneng; re ile ra iponela ka borōna kamoo ntoa e leng sehlōhō kateng. Ntate o ile a kena lebothong la ntoa la Jeremane ’me a shoa a tšoeroe ke ba lireng. Sena se ne se bolela hore ’Mè, e leng Berta, o ne a tlameha ho hlokomela bana ba tšeletseng, ho tloha ka ea selemo se seng ho ea ho ea lilemo li 16.
Kereke eo a neng a e kena e ile ea soabisa ’Mè haholo litabeng tsa bolumeli, ea etsa hore a se ke a batla ho utloa letho ka Molimo. Empa ka letsatsi le leng ka 1949, Ilse Fuchs, mosali ea masene ea ’mele o monyenyane, o ile a tla heso a bua ka ’Muso oa Molimo. Lipotso tsa hae le tsela eo a neng a beha mabaka ka eona li ile etsa hore ’Mè a be le takatso ea ho batla ho tseba haholoanyane ka oona. Thuto ea Bibele e ile ea etsa hore ’Mè a be le tšepo.
Leha ho le joalo, qalong rōna bashemane re ne re e-na le lipelaelo. Re ile ra soetseha habohloko ka lebaka la lintho tse babatsehang tseo Manazi le Makomonisi ba neng ba re tšepisitse tsona. Le hoja re ne re belaella litšepiso leha e le life tse ncha, re ile ra khahloa ke ha re ithuta hore Lipaki tse ling li ne li bile likampong tsa mahloriso ka lebaka la ho hana ho tšehetsa ntoa. Selemong se latelang, ’na, ’Mè le Peter re ile ra kolobetsoa.
Moena oa rōna, e leng Manfred le eena o ile a kolobetsoa, empa kamoo ho bonahalang kateng ’nete ea Bibele e ne e sa teba pelong ea hae. Ha Makomonisi a thibela mosebetsi oa rōna ka 1950 ’me sepolesa sa mautloela se mo hatella—se neng se tumme hampe se bitsoang Stasi—o ile a phahla lekunutu la hore na liboka tsa rōna li tšoareloa hokae. Ke lona lebaka le ileng la etsa hore qetellong ’Mè le baena ba ka ba bang ba tšoaroe.
Ho Sebeletsa Nakong ea Thibelo
Ka lebaka la thibelo mosebetsing oa rōna, re ne re lokela ho mokola lingoliloeng tsa Bibele hore re li kenye Jeremane Bochabela. Kaha ke ne ke le motsamaisi oa lingoliloeng, ke ne ke li lata karolong e ka bophirimela ea Berlin, moo lingoliloeng tsa rōna li neng li sa thibeloa, ke li tšelisetsa ka mose ho leliboho. Ke ile ka khona ho phema mapolesa ka makhetlo a ’maloa, empa ka November 1950, ke ile ka tšoaroa.
Mapolesa a Stasi a ile a nkenya ka seleng e ka tlaase ho lefatše e se nang lifensetere. Ke ne ke sa lumelloe ho robala motšehare, bosiu ke ne ke hlongoa lipotso ’me ka linako tse ling ke bile ke otloa. Ke ile ka qala ho kopana le ba lelapa leso ka March 1951 ha ’Mè, Peter le Jochen ba ne ba tlile nyeoeng ea ka. Ke ile ka ahloleloa ho hlola chankaneng lilemo tse tšeletseng.
Matsatsi a tšeletseng ka mor’a nyeoe ea ka, Peter, Jochen le ’Mè ba ile ba tšoaroa. Ka mor’a moo, molumeli-’moho le rōna o ile a hlokomela khaitseli ea ka Hannelore, ea neng a le lilemo li 11, ’me nkhono, e leng ausi oa ’Mè, o ile a hlokomela Sabine, ea neng a le lilemo li 7. Balebeli ba Stasi ba ne ba tšoara ’Mè le baena ba ka joalokaha eka ke linokoane tse kotsi, ba bile ba nka malokoletso a lieta tsa bona. Ba ne ba tlameha ho ema ka maoto nakong eohle eo ba ntseng ba hlongoa lipotso. Le bona ba ile ba ahloleloa ho hlola chankaneng lilemo tse tšeletseng motho ka mong.
Ka 1953, ’na le batšoaruoa ba bang ba Lipaki re ile ra fuoa mosebetsi oa hore re hahe boema-fofane ba sesole, eaba rea hana. Ba boholong ba ile ba re fa kotlo ea ho re arola ka matsatsi a 21, e leng ho neng ho bolela hore ha re sa sebetse, re ne re sa fuoe mangolo a rōna ebile re ngoatheloa lijo tse nyenyane. Barali ba bang babo rōna ba Bakreste ba ne ba re siela bohobe lijong tsa bona tse fokolang tseo ba neng ba li phaka ’me ba re tlisetsa bona ka sekhukhu. Sena se ile sa etsa hore ke tsebe Anni, e mong oa barali bao babo rōna, eaba kea mo nyala ka mor’a hore re lokolloe chankaneng ka 1956 le ka 1957 ka ho latellana. Selemo ka mor’a hore re nyalane, morali oa rōna, e leng Ruth, o ile a hlaha. Peter, Jochen le Hannelore le bona ba ile ba kena lenyalong hoo e batlang e le nakong eona eo.
Ke ile ka tšoaroa hape ka mor’a lilemo tse ka bang tharo ke lokolotsoe chankaneng. Lepolesa le leng la Stasi le ile la leka ho mphehella hore ke be mpimpi. Le ile la re: “Monghali Brüggemeier ea ratehang, ak’u nahane litaba hantle. Ua tseba hore na ho joang ho ba chankaneng, ’me ha re batle hore u fete boemong boo hape. U ka lula u ntse u le Paki, u tsoele pele u ithuta u be u bue ka Bibele kahohle kamoo u ratang kateng. Hoo re ho batlang feela ke hore u re fe litaba. Nahana ka mosali oa hao le moralinyana oa hao.” Polelo eo ea ho qetela e ile ea nkutloisa bohloko haholo. Empa ke ne ke tseba hore ha ke le chankaneng, Jehova o ne a tla hlokomela lelapa la ka ho feta kamoo ke neng nka le hlokomela kateng, ’me o ile a fela a etsa joalo!
Ba boholong ba ile ba leka ho qobella Anni hore a sebetse ka nako eohle ’me ba lumella batho ba bang hore ba hlokomele Ruth har’a beke. Anni o ile a hana eaba o sebetsa bosiu e le hore a ka hlokomela Ruth motšehare. Barab’eso ba moea ba ne ba hlokomela mosali oa ka haholo ’me ba ne ba mo fa lintho tse ngata hoo a neng a bile a khona ho arolela ba bang lintho tse ling. Khabareng, ke ile ka hlola chankaneng ka lilemo tse ling tse ka bang tšelela.
Kamoo re Ileng ra Lula re E-na le Tumelo ha re le Chankaneng
Ha ke khutlela chankaneng, Lipaki tseo ke neng ke koaletsoe le tsona li ne li labalabela ho tseba lintho tse neng li sa tsoa hatisoa. Ke ne ke thabile hakaakang hore ebe ke ne ke ithutile makasine ea Molula-Qhooa ka hloko ebile ke ea libokeng kamehla, hoo ke ileng ka khona ho ba khothatsa moeeng!
Ha re ne re kōpa balebeli hore ba re fe Bibele, ba ne ba re: “Ho fa Lipaki Tsa Jehova Bibele ho kotsi joaloka ho fa lesholu le koaletsoeng chankaneng lithulusi tsa hore le thuhe le tsebe ho ipha limenyane.” Letsatsi ka leng, barab’abo rōna ba etellang pele ba ne ba khetha temana ea Bibele eo re ka e tšohlang. Nakong ea ho otlolla maoto ka metsotso e mashome a mararo ka jareteng, re ne re sa thahaselle ho ikoetlisa ’meleng le ho fumana moea o hloekileng joalokaha re ne re thahasella ho rua molemo temaneng ea Bibele ea letsatsi. Le hoja re ne re lokela ho arohana ka sebaka sa limithara tse 5 ebile re sa lumelloe ho buisana, re ne re ntse re etsa matsapa a ho fetisa temana eo har’a rōna. Ha re khutletse ka liseleng, re ne re kopanya lintlha tseo e mong le e mong a khonneng ho li utloa, ebe joale re tšoara puisano ea Bibele ea letsatsi le letsatsi.
Qetellong, mpimpi e ile ea re loma, eaba ke koalloa ka seleng ke le mong. E ile ea e-ba lehlohonolo le lekaakang hore ebe nakong eo ke ne ke ithutile litemana tse makholo a ’maloa ka hlooho! Ke ne ke qeta matsatsi ao a ho lula feela ka hore ke thuise ka litaba tse fapa-fapaneng tsa Bibele. Joale ke ile ka isoa chankaneng e ’ngoe, moo molebeli oa teng a ileng a nkenya ka seleng e le ’ngoe le Lipaki tse ling tse peli, ’me ho thabisang ka ho fetisisa, o ile a re fa Bibele. Ka mor’a ho koalloa ka seleng ke le mong ka likhoeli tse tšeletseng, ke ile ka ananela ho boela ke khona ho buisana ka Bibele le balumeli-’moho le ’na.
Moen’aka, Peter o hlalosa se ileng sa mo thusa ho mamella ha a ne a le chankaneng e ’ngoe: “Ke ne ke nahana ka bophelo lefatšeng le lecha ebile ke lula ke nahana ka mangolo a Bibele. Rōna Lipaki re ne re khothatsana ka ho botsana lipotso tsa Bibele kapa re etsetsana tlhahlobo ea Mangolo. Bophelo bo ne bo le boima. Ka linako tse ling re ne re petetsana re le 11 sebakeng se ka etsang lisekoere-mithara tse 12. Re ne re lokela ho etsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe hona moo—re jela teng, re robala teng, re hlapela teng re bile re ithusetsa teng. Likelello tsa rōna li ne li imetsoe ke boemo boo ebile re khopeha le feela.”
E mong oa baena ba ka, e leng Jochen, ha a hopola liphihlelo tsa hae tsa chankaneng o re: “Ke ne ke bina lipina tseo ke neng ke li hopola tse hlahang bukeng ea rōna ea lipina. Letsatsi le leng le le leng ke ne ke thuisa ka lengolo leo ke neng ke le tšoere ka hlooho. Ka mor’a hore ke lokolloe, ke ile ka tsoela pele ka mokhoa o motle oa ho fumana thuto ea moea. Letsatsi le letsatsi, ke ne ke bala temana ea Bibele le lelapa la ka. Hape re ne re lokisetsa liboka tsohle.”
’Mè o Lokolloa Chankaneng
Ka mor’a hore ’Mè a koalloe chankaneng ka lilemo tse ka holimonyana ho tse peli, o ile a lokolloa. O ile a sebelisa tokoloho ea hae hore a ithute Bibele le Hannelore le Sabine, a ba thusa ho rala motheo o motle oa tumelo ea bona. O ile a boela a ba ruta ho sebetsana le litaba tse neng li hlaha sekolong ka lebaka la tumelo ea bona ho Molimo. Hannelore o re: “Re ne re sa tšohe se ka etsahalang hobane re ne re khothatsana ha re le lapeng. Maqhama a matla a lelapa leso a ne a re thusa ho sebetsana ka katleho le khathatso leha e le efe eo re neng re thulana le eona.”
Hannelore o tsoela pele ka ho re: “Re ne re boetse re isetsa barab’abo rōna ba chankaneng lijo tsa moea. Re ne re kopiletsa ka letsoho tokollo eohle ea Molula-Qhooa pampiring ea boka. Ebe re koahela maqephe ao ka pampiri e sa keneleng metsi ’me re a pate har’a litholoana tsa purumu tseo re neng re li romela le liphasele tsa khoeli le khoeli. Re ne ra thaba hakaakang ha re fumana molaetsa oa hore lipurumu tseo li ne li ‘lutlisa mathe.’ Re ne re ikakhetse ka setotsoana mosebetsing oo oa rōna hoo bonneteng o neng o re natefetse.”
Ho Phela Nakong ea Thibelo
Peter o hlalosa kamoo bophelo bo neng bo le kateng ka lilemo tse mashome nakong ea thibelo Jeremane Bochabela: “Re ne re kopanela malapeng a batho ka lihlopha tse nyenyane, re fihla le ho tsamaea ka linako tse sa tšoaneng. Sebokeng ka seng re ne re etsa litokisetso tsa seboka se latelang. Re ne re etsa joalo ka matšoao le ka melaetsa e ngotsoeng kaha mapolesa a Stasi a ne a lula a mamela ka sekhukhu se buuoang.”
Hannelore oa hlalosa: “Ka linako tse ling re ne re fumana litheipi tse rekotileng mananeo a kopano. Kamehla sena se ne se re thabisa ha re kopane. Sehlopha sa rōna se senyenyane se ne se kopana hammoho ho tla mamela thupelo eo ea Bibele ka lihora tse ’maloa. Le hoja re ne re sa bone libui, re ne re latela lenaneo leo ka hloko ebile re ngola lintlha.”
Peter o re: “Barab’abo rōna ba Bakreste ba linaheng tse ling ba ile ba ikitlaetsa ho re fa lingoliloeng tsa Bibele. Lilemong tsa ho qetela tse leshome pele Lebota la Berlin le heletsoa ka 1989, ba ile ba re etsetsa likhatiso tse khethehileng tse nyenyane. Ba bang ba ile ba ipeha kotsing ea ho amohuoa likoloi, chelete ea bona esita le tokoloho ea bona e le hore ba ise lijo tsa moea Jeremane Bochabela. Bosiung bo bong, banyalani ba Lipaki bao re neng re ba emetse ha baa ka ba fihla. Mapolesa a ne a fumane lingoliloeng ho bona ’me a ba amohile koloi. Ho sa tsotellehe likotsi tseo, ha ho mohla re kileng ra nahana ho khaotsa mosebetsi oa rōna e le hore re phele ka tsela e batlang e khutsitse.”
Manfred, moen’aka ea ileng a re eka ka 1950, o hlalosa se ileng sa mo thusa hore a be le tumelo ’me a e sireletse: “Ka mor’a ho koalloa ka likhoeli tse seng kae, ke ile ka fallela Jeremane Bophirimela eaba ke tlohela ’nete. Ke ile ka khutlela Jeremane Bochabela ka 1954 eaba selemong se latelang kea nyala. Nakoana ka mor’a moo, mosali oa ka o ile a amohela ’nete ea Bibele, ’me a kolobetsoa ka 1957. Ka mor’a nako, letsoalo le ile la qala ho ntšoenya, ’me mosali oa ka o ile a nthusa ho khutlela phuthehong.”
“Barab’eso ba Bakreste ba neng ba ntseba pele ke tlohela ’nete ba ile ba nkamohela ka lerato, joalokaha eka ho ne ho sa etsahala letho. Ruri ho monate ho lumelisoa ka ho bososela ho mofuthu le ho kopuoa ka matsoho. Ke thabile haholo hore ebe ke boelane le Jehova hammoho le barab’eso.”
Re Tsoela Pele ho Loana Moeeng
E mong le e mong lelapeng leso o ile a tlameha ho loanela tumelo ka matla. Moen’aka Peter o re: “Kajeno re pota-potiloe ke litšitiso tse ngata le lintho tse bonahalang tse hohelang ho feta leha e le neng pele. Nakong ea thibelo, re ne re khotsofaletse seo re neng re e-na le sona. Ka mohlala, ho ne ho se le ea mong ea neng a batla ho kopanela sehlopheng se itseng ka mabaka a botho feela, ’me ho ne ho se ea tletlebang ka hore liboka li tšoareloa hōle haholo kapa li tšoaroa bosiu haholo. Kaofela re ne re thabela ho bokana hammoho, esita le haeba ba bang re ne re lokela ho tloha sebokeng ka 11:00 bosiu.”
Ka 1959, ’Mè o ile a etsa qeto ea ho fallela Jeremane Bophirimela le Sabine, ea neng a le lilemo li 16 ka nako eo. Kaha ba ne ba batla ho sebeletsa moo ho neng ho hlokahala bahoeletsi ba ’Muso haholo, ofisi ea lekala e ile ea ba laela hore ba ee Ellwangen, Baden-Württemberg. Ho sa tsotellehe hore ebe ’Mè o ne a fokolloa ke bophelo, cheseho ea hae e ile ea susumelletsa Sabine hore a qale ho bula maliboho ha a le lilemo li 18. Ha Sabine a nyaloa, ’Mè—a le lilemo li 58—o ile a ithuta ho khanna koloi e le hore a eketse seabo sa hae mosebetsing oa boboleli. O ile a nka tšebeletso ena e le ea bohlokoa ho fihlela a hlokahala ka 1974.
Ha e le ’na, ka mor’a hore ke hoehle chankaneng ka lilemo tse ka bang tšelela, ke ile ka lelekoa naheng ka isoa Jeremane Bophirimela, lelapa la ka le sa tsebe. Leha ho le joalo, ka mor’a nako mosali oa ka Anni le morali oa ka Ruth ba ile ba tla ho ’na. Ke ile ka kōpa ofisi ea lekala hore na re ka sebeletsa moo ho neng ho hlokahala bahoeletsi haholo, kahoo ho ile ha thoe re ee Nördlingen, Bavaria. Ruth le khaitseli ea hae Johannes, ba ile ba hōlela moo. Anni o ile a qala tšebeletso ea bopula-maliboho. Mohlala oa hae o motle o ile a susumetsa Ruth hore a qale ho bula maliboho hang feela ha a qeta sekolong. Bana ba rōna ka bobeli ba ile ba nyalana le bo-pula-maliboho. Hona joale ba na le malapa ’me re na le litloholo tse ratehang tse tšeletseng.
Ka 1987, ke ile ka sebelisa monyetla oa ho tlohela mosebetsi kapele ’me ka kopanela le Anni tšebeletsong ea bopula-maliboho. Lilemo tse tharo hamorao, ke ile ka memeloa ofising ea lekala e Selters ho ea thusa katolosong ea mehaho moo. Ka mor’a moo, re ile ra kenya letsoho mosebetsing oa ho haha Holo ea pele ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova moo pele e neng e le Jeremane Bochabela, Glauchau, ’me hamorao re ile ra sebeletsa teng re le bahlokomeli ba holo eo. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho fokolloa ke bophelo, re ile ra khutlela Phuthehong ea Nördlingen ho ea lula le morali oa rōna, moo re sebeletsang teng re le bo-pula-maliboho.
Ntho e nthabisang haholo ke hore baena ba ka bohle le likhaitseli tsa ka le ba bangata bao re amanang le bona ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Molimo oa rōna ea babatsehang, Jehova. Ka lilemo tse ngata, re ithutile hore hafeela re lula re le matla moeeng, re ka utloa bonnete ba mantsoe a Pesaleme ea 126:3 a reng: “Jehova o entse ntho e khōlō ka seo a se entseng ho rōna. Re thabile.”
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha re ne re chata ka 1957
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ke na le lelapa leso ka 1948: (ka pele, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona) Manfred, Berta, Sabine, Hannelore, Peter; (ka morao, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona) ke ’na le Jochen
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Buka e nyenyane e neng e sebelisoa nakong ea thibelo le thepa eo mapolesa a “Stasi” a neng a mamela se buuoang sephiring ka eona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Forschungs- und Gedenkstätte NORMANNENSTRASSE
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ke na le banab’eso: (ka pele, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona) Hannelore le Sabine; (ka morao, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona) ke ’na, Jochen, Peter le Manfred