Kamoo ke Ileng ka Fumana Hore na ke Hobane’ng ha ho E-na le ho Hloka Toka
Joalokaha ho boletse Ursula Menne
Haesale ke labalabela ho bona batho bohle ba tšoaroa ka ho lekana le ka toka. Tabatabelo eo e ile ea fella ka hore ke isoe teronkong e Jeremane Bochabela ea Bokomonisi. Ke moo ke ileng ka fumana karabo ea hore ke hobane’ng ha ho e-na le ho hloka toka. E re ke hlalose seo.
KE HLAHETSE Jeremane motseng oa Halle ka 1922, ’me motse oo o na le histori e ngotsoeng ea lilemo tse fetang 1 200. Motse oa Halle o lik’hilomithara tse ka bang 200 ka boroa-bophirimela ho Berlin, ’me ke o mong oa metse eo pele ho neng ho atile tumelo ea Boprostanta ho eona. Ngoan’eso Käthe, o ile a hlaha ka 1923. Ntate o ne a sebetsa bosoleng. ’Mè o ne a bina libakeng tseo ho bapaloang litšoantšiso ho tsona.
Ke Ntate ea ileng a etsa hore ke be le takatso e matla ea ho loantša ho hloka toka. Ntate o ile a reka lebenkele ka mor’a hore a tlohele mosebetsi bosoleng. Kaha bareki ba hae ba bangata ba ne ba futsanehile, o ne a ba qenehela ’me a ba rekisetsa ka sekoloto. Leha ho le joalo, seo se ile sa etsa hore khoebo ea hae e putlame. Phihlelo eo ea Ntate e ne e lokela hore ebe e nthutile hore ho loantša ho se lekane le ho hloka toka ho boima ebile ho rarahane ho feta kamoo motho a ka nahanang kateng. Empa ha ho bonolo ho thibela likhopolo tsa bocha.
’Na le Käthe, ’Mè o re sietse lefa ka hore a re rute ho bina le ho tantša. Ke ne ke le ngoana ea sehlahlo, ’me ’na le Käthe re ne re phela hamonate—empa lintho li ile tsa fetoha ka selemo sa 1939.
Ho Qala Linako Tse Thata
Ha ke qeta lithuto tsa ka sekolong se phahameng, ke ile ka ea sekolong sa ballet, moo ke ileng ka ithuta Ausdruckstanz (e leng tantši eo batho ba bontšang boikutlo ba bona ka eona), e rutoang ke Mary Wigman. Ke eena ea qapileng mokhoa oo oa ho tantša o hlokang hore batho ba bontše tsela eo ba ikutloang ka eona ka ho tantša. Ke ile ka boela ka qala ho taka. Kahoo, qalong ea lilemo tsa ka tsa bocha ke ne ke thabile ke le mahlahahlaha ebile ke rata ho ithuta. Empa ho ile ha fihla selemo sa 1939 ’me Ntoa ea II ea Lefatše ea qala. Tlokotsi e ’ngoe e ile ea hlaha ka 1941, ha Ntate a bolaoa ke lefuba.
Ntoa e baka mahlomola. Le hoja ke ne ke le lilemo li 17 feela ha ntoa e qala, ke ne ke nahana hore lefatše le ferekane. Ke ile ka bona matšoele a batho bao pele e neng e le baahi ba tloaelehileng ba keneletse meferefereng ea Bonazi. Ka mor’a moo, ho ile ha latela bohloki, lefu le lipolao tse sehlōhō. Ntlo eso e ile ea senngoa hampe tlhaselong ea bomo, ’me ha ntoa e ntse e kupa, beng ka ’na ba ’maloa ba bolaoa.
Ha ntoa e lala ka 1945, ’na, ’Mè le Käthe, re ne re ntse re lula Halle. Leha ho le joalo, ka nako eo ke ne ke se ke e-na le molekane le morali, empa lenyalo la ka le ne le e-na le mathata. Kahoo, re ile ra arohana ’me kaha ke ne ke lokela ho itlhokomela le morali oa ka, ke ile ka sebetsa joaloka motantši ebile ke taka.
Ka mor’a ntoa Jeremane e ile ea aroloa ho ba likarolo tse ’nè, ’me motse oa rōna o ne o le karolong e busoang ke Soviet Union. Kahoo, kaofela ha rōna re ne re lokela ho tloaela ho ba tlas’a puso ea Bokomonisi. Ka 1949, sebaka seo re neng re lula ho sona Jeremane, seo hangata se bitsoang Jeremane Bochabela, se ile sa fetoha German Democratic Republic (e leng GDR).
Bophelo Pusong ea Bokomonisi
Lilemong tseo ’Mè o ile a kula, ’me ke ne ke lokela ho mo oka. Ke ile ka sebetsa liofising tsa ’muso tse motseng oa heso. Nakong eo ke ile ka kopana le liithuti tse neng li le khahlanong le puso ’me li leka ho pepesa ho hloka toka ho neng ho le teng. Ka mohlala, mocha e mong o ile a haneloa ho kena univesithing hobane ntate oa hae e ne e kile ea e-ba setho sa mokha oa Manazi. Ke ne ke tseba seithuti seo hantle, kaha re ne re atisa ho bina hammoho. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha a lokela ho utloisoa bohloko ka lebaka la seo ntate oa hae a se entseng?’ Ke ile ka tsoela pele ho ikopanya le liithuti tseo, ’me ka etsa qeto ea ho nka karolo mekolokong ea boipelaetso. Ketsahalong e ’ngoe ke bile ka khomaretsa lipampiri tsa boipelaetso litepising tse ka ntle tsa mohaho oa lekhotla la lehae.
Ka lebaka la ho rata toka ke ile ka boela ka halefisoa ke mangolo ao ke neng ke lokela ho a thaepa kaha ke ne ke le mongoli oa Komiti ea Khotso ea Lebatooa. Ketsahalong e ’ngoe, Komiti eo e ile ea rera ho romela mashano a ngotsoeng ke Makomonisi ho monna e mong ea hōlileng ea neng a lula karolong e ka Bophirimela ho Jeremane, e le hore e ka tsosa lipelaelo ka eena. Ke ile ka halefisoa haholo ke bolotsana bo neng bo etsoa khahlanong le monna eo hoo ke ileng ka pata sephutheloana seo ka ofising. Ka lebaka leo, ha sea ka sa romeloa.
“Motho e Mobe ka ho Fetisisa ka Phaposing” o Mpha Tšepo
Ka June 1951, banna ba babeli ba ile ba tla ofising ea ka ’me ba re: “Re il’o u koalla.” Ba ile ba nkisa teronkong e tsejoang ka hore ke Roter Ochse, kapa Pholo e Khunong. Selemo hamorao ke ile ka qosoa ka ho hlanohela ’Muso. Seithuti se seng se ile sa ntsoa tlaase ’me sa bolella mapolesa a mautloela a Stasi hore nkile ka ba le karolo mokolokong oa boipelaetso ’me ka aba lipampiri tsa boipelaetso. Nyeoe ea ka e ne e se na kelello hobane ha ho motho ea neng a mamela seo ke se buang ho itšireletsa. Ke ile ka ahloleloa ho hlola lilemo tse tšeletseng teronkong. Ka nako eo, ke ile ka qala ho kula ’me ka kenngoa sepetleleng sa teronko ka phaposing e nang le basali ba bang ba ka bang 40. Ke ile ka tšoha ha ke bona basali bao ba neng ba sithabetse haholo. Ke ile ka mathela lemating ’me ka le otla ka setebele.
Molebeli oa teronko o ile a re: “U batla’ng?”
Ke ile ka hoeletsa ka re: “Ke batla ho tsoa ka mona, u ka mpa ua nkenya ka phaposing ea motho a le mong, hafeela u ntšitse ka mona!” Empa o ile a hlokomoloha kōpo ea ka. Kapele ka mor’a moo, ke ile ka bona mosali e mong ea neng a fapane le ba bang. Mahlo a hae a ne a khanya khotso. Kahoo, ke ile ka lula pel’a hae.
O ile a re: “U lokela ho itlhokomela ha u lutse pel’a ka,” seo se ile sa ’makatsa. Eaba o phaella ka hore: “Batho ba bang ba nahana hore ke motho e mobe ka ho fetisisa ka phaposing ena hobane ke le Paki ea Jehova.”
Ka nako eo, ke ne ke sa tsebe hore Lipaki Tsa Jehova li talingoa e le lira tsa ’Muso oa Bokomonisi. Empa seo ke neng ke se tseba ka tsona ke hore Liithuti tse peli tsa Bibele (e leng kamoo Lipaki li neng li bitsoa kateng pele) li ne li atisa ho etela Ntate ha ke sa le ngoana. Ha e le hantle, ke ile ka hopola ha Ntate a ne a re: “Liithuti Tsa Bibele li nepile!”
Ke ile ka lla hobane ke ikutloa ke imolohile ka lebaka la ho kopana le mosali enoa ea ratehang, eo lebitso la hae e neng e le Berta Brüggemeier. Ke ile ka re: “Ke kōpa u mpolelle ka Jehova.” Ho tloha ka nako eo ho ea pele, re ne re qeta nako e ngata re le hammoho ’me hangata re buisana ka Bibele. Har’a tse ling, ke ile ka ithuta hore Molimo oa ’nete, e leng Jehova, ke Molimo ea lerato, ea nang le toka le khotso. Ke ile ka boela ka ithuta hore o tla felisa tšenyo eohle e bakiloeng ke batho ba khopo le ba hatellang ba bang. Pesaleme ea 37:10, 11 e re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”
Kea Lokolloa ’me ke Balehela Karolong e ka Bophirimela
Ke ile ka lokolloa ka 1956, ka mor’a ho qeta lilemo tse ka holimonyana feela ho tse hlano ke le teronkong. Ka mor’a matsatsi a mahlano ke lokolotsoe, ke ile ka baleha GDR ’me ka il’o lula Jeremane Bophirimela. Ka nako eo ke ne ke e-na le barali ba babeli, e leng Hannelore le Sabine, bao ke ileng ka tsamaea le bona. Ke moo ’na le monna oa ka re ileng ra hlalana ’me ka boela ka kopana le Lipaki. Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho etsa liphetoho tse ’maloa e le hore ke lumellanye bophelo ba ka le melao ea Jehova. Ke ile ka etsa liphetoho tseo ’me ka kolobetsoa ka 1958.
Hamorao ke ile ka nyaloa hape ’me lekhetlong lena ka nyaloa ke Paki ea Jehova—e leng Klaus Menne. ’Na le Klaus re ne re thabile lenyalong la rōna ’me re ile ra ba le bana ba babeli, e leng Benjamin le Tabia. Se utloisang bohloko ke hore Klaus o ile a hlokahalla kotsing ea koloi lilemo tse 20 tse fetileng, ’me ke ’nile ka ba mohlolohali ho tloha ka nako eo. Empa ke tšelisoa haholo ke tšepo ea tsoho, ho tseba hore bafu ba tla tsosetsoa ho phela Paradeiseng lefatšeng. (Luka 23:43; Liketso 24:15) Ke boetse ke tšelisoa haholo ke ho tseba hore bana ba ka ba bane ba sebeletsa Jehova.
Ho ithuta Bibele ho nthusitse ho hlokomela hore ke Jehova feela ea ka fanang ka toka ea sebele. Ho fapana le batho, o ela hloko maemo ’ohle a rōna hammoho le semelo sa rōna—e leng lintho tseo batho ba bang ba sitoang ho li bona. Tsebo ena ea bohlokoa e entse hore ke be le khotso, haholo-holo ha ke bona liketso tsa ho hloka toka kapa ke tšoaroa ka ho hloka toka. Moeklesia 5:8 e re: “Haeba u bona mofutsana a hatelloa ’me a haneloa litokelo tsa hae ebile a tšoeroe ka ho hloka toka profinseng, u se ke ua makala ka lebaka la taba eo, hobane mookameli o na le ea mo okametseng, ’me baokameli le bona ba na le mookameli e moholo.” (The Revised English Bible) Ho hlakile hore “mookameli e moholo,” ke ’Mōpi oa rōna. Baheberu 4:13 e re: “Lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.”
Ha ke Sheba Morao Lilemong Tse ka Bang 90
Ka linako tse ling batho ba mpotsa hore na ho ne ho le joang ho phela tlas’a puso ea Bonazi le ea Bokomonisi. Bophelo bo ne bo le thata tlas’a lipuso tseo. Mebuso eo, joaloka mebuso eohle ea batho, e pakile hore batho ha ba khone ho ipusa. Bibele e bolela ka ho toba le ka botšepehi hore: ‘Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.
Ha ke ne ke sa le mocha ’me ke haelloa ke tsebo, ke ne ke nahana hore puso ea motho ke eona e tla tlisa toka. Hona joale ke se ke e-na le tsebo. Ke ’Mōpi oa rōna feela ea ka etsang hore ho be le toka ea sebele lefatšeng, ’me o tla etsa seo ka hore a felise bokhopo ’me a behe puso matsohong a Mora oa hae, e leng Jesu Kreste, eo ka linako tsohle a nahanelang batho ba bang. Mabapi le Jesu, Bibele e re: “U ratile ho loka, ’me u hloile tlōlo ea molao.” (Baheberu 1:9) Ke leboha haholo hore ebe Molimo o nkatamelitse ho Morena ea babatsehang le ea nang le toka, eo ke nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng tlas’a puso ea hae!
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ke na le barali ba ka, e leng Hannelore le Sabine ka mor’a hore re fihle Jeremane Bophirimela
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
’Na le mora oa ka, Benjamin le mosali oa hae Sandra, kajeno