Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 8/1 maq. 4-6
  • Ho Se Leka-lekane Na ho Reriloe ke Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Se Leka-lekane Na ho Reriloe ke Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motso oa ho se Leka-lekane
  • Na Lintho li sa Tla ke li Fetohe?
  • Tlokotsi e Teng Hona Joale ea ho se Leka-lekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Fokotsa Tlokotsi ea ho se Leka-lekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ho Phehella ho Lekana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 8/1 maq. 4-6

Ho Se Leka-lekane Na ho Reriloe ke Molimo?

Ka lentsoe le le leng feela, karabo ke che. A re boneng hore na ke hobane’ng ha ho le joalo.

MOLIMO o ne a rerile hore batho bohle ba be le menyetla e lekanang ea ho thabela bophelo le ho nyakalla. Mabapi le ho bōptjoa ha motho, rea bala: “Molimo a ntoo re: A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna ’me a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le makhomo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng.” Ha a qetile pōpo ea lefatšeng, “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.”—Genese 1:26, 31.

Na Molimo a ka bolela hore boemo ba kajeno ba ho se leka-lekane ke bo “molemo haholo”? Le hanyenyane, kaha “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Mabapi le eena, ho boleloa hore ‘ha a talime tšobotsi ea motho’ le hore “mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela [“ke toka,” NW]: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile.” (Deuteronoma 10:17; 32:4; bapisa le Jobo 34:19.) ’Me moapostola Petrose o ile a phetha ka ho re: “Kannete-nete ke lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.

Kaha Molimo o lerato, ha a leeme, o na le toka, ebile o lokile, o ne a ka bōpa batho ba e-na le ho se leka-lekane joang mabapi le tokelo ea bona ea hore ba be le thabo? Ho lumella khethollo har’a batho le ho ba beha boemong ba ho se leka-lekane ho ne ho tla hanana ka ho toba le botho ba hae. O ne a rerile hore bohle ba ‘tsoaloe ba lokolohile ’me ba lekana ka seriti le litokelo.’ Empa kajeno ho totobetse hore litaba ha li joalo. Ke hobane’ng ha ho se joalo?

Motso oa ho se Leka-lekane

Taba ea hore ebe Molimo o bōpile batho ba lekana ha e bolele hore o ne a rerile hore kaofela ha bona ba lekane tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe. Ba ne ba tla fapana ka litalenta, lithahasello le botho ba bona. Hape ba ne ba tla fapana ka maemo a bona kapa tekanyetso ea matla a bona a ho laela. Ka mohlala, monna le mosali ha ba lekane litšobotsing tsohle, empa Molimo o ile a bōpa mosali e le “motlatsi” oa monna. (Genese 2:18, NW) Ho hlakile hore batsoali ba fapane le bana ka matla a ho laela. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho se tšoane hona, bohle—banna, basali le bana—ba ne ba lokela ho thabela tokelo e fanoeng ke Molimo ea menyetla e tšoanang ea hore ba khotsofatsoe ka lintho tsa motheo tse hlokahalang hore ba thabe. Kaofela ba ne ba lokela ho thabela seriti le boemo bo tšoanang ka pel’a Molimo.

Ka tsela e tšoanang, bara ba Molimo ba moea, ba ileng ba bōptjoa pele ho batho, ba ne ba filoe mesebetsi le boikarabelo bo sa tšoaneng. (Genese 3:24; 16:7-11; Esaia 6:6; Jude 9) Leha ho le joalo, ka har’a meeli ea seo ba neng ba se filoe, bohle ba ne ba thabela litokisetso tsa bomolimo tsa bophelo le thabo ka tekanyo e tšoanang. Kahoo, ba ne ba bontša ho hloka leeme ha Molimo ka tsela e hlollang.

Ka masoabi, sebōpuoa se seng sa moea se ne se sa khotsofalle tokisetso ea Molimo e se nang leeme. Se ne se batla ho fetang hoo Molimo a neng a se file hona, se labalabela boemo bo holingoana, bo phahameng. Ka hore se ’ne se hōlise takatso ena e fosahetseng, se ile sa ikemisetsa ho ba sera sa Jehova, eo joaloka Mōpi, a nang le tokelo ea ho ba boemong bo phahametseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Hamorao mora enoa oa moea oa lerabele oa Molimo o ile a susumetsa batho hore ba batle se fetang seo A neng a ba file sona. (Genese 3:1-6; bapisa le Esaia 14:12-14.) Kahoo ho ile ha bonahala eka tokisetso ea Jehova ea hore batho ba thabele bophelo le nyakallo e nyopile. Lerabele lena la moea, le tsebahatsoang ho Tšenolo 20:2 e le “Diabolose le Satane,” le ile la fetoha mohlohlelletsi ea khopo oa ho se leka-lekane ha batho.

Na Lintho li sa Tla ke li Fetohe?

Ka lentsoe le le leng feela, karabo ke e!

Empa ke mang ea ka tlisang liphetoho tse lakatsoang ke batho? Ka makholo a lilemo, baeta-pele ba batho, ba ’nile ba leka ka matla ho etsa joalo, ntle ho pelaelo ba bang ba etsa ka botšepehi bohle. Katleho ea bona e ’nile ea e-ba e fokolang, ’me seo se entse hore batho ba bangata ba etse qeto ea hore ke ntho e sa utloahaleng ho lebella hore bothata ba ho se leka-lekane ha batho bo sa tla ke bo rarolloe. Leha ho le joalo, maikutlo a Molimo a tlalehiloe ho Esaia 55:10, 11: “Joalo ka ha pula le lehloa li theoha leholimong, ’me li sa khutlele teng li e-so ho nosetse lefatše, le ho le behisa, le ho le melisa, le tle le ntšetse mojali peō, le moji bohobe; ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”

Ke ho khothatsang hakaakang ho tseba hore Jehova Molimo o fane ka bopaki ba hore o tla phethahatsa morero oa hae oa ho qala oa hore a lokisetse batho bohle menyetla e tšoanang ea bophelo le thabo! Kaha ke Molimo oa ’nete, o itlamme hore o tla phethahatsa seo a se tšepisitseng. Ka thabo, o na le matla a ho etsa joalo ebile oa rata. O tla finyella see joang?

Karabo e itšetlehile ’Musong oo Jesu Kreste a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle: “Ntate oa rōna ea maholimong, . . . ’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.” (Matheu 6:9, 10) E, ’Muso oa Molimo ke mokhoa oo Jehova a tla o sebelisa ho ‘robaka le ho felisa mebuso eo [ea hona joale] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.’—Daniele 2:44.

Tlas’a puso ea ’Muso oo oa leholimo, ho tla hlaha mokhatlo o mocha oa batho. Mabapi le sena, moapostola Johanne o ngotse tjena bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo: “Ka bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; etsoe leholimo la pele le lefatše la pele li ne li fetile.” (Tšenolo 21:1) Litšobotsi tsohle tse mpe tsa ho se leka-lekane li tla be li felile—bofuma, boloetse, ho hloka tsebo, khethollo le mahlomola a mang a batho.a

Ka lilemo tse fetang lekholo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lebisa tlhokomelo ea batho ’Musong oo. (Matheu 24:14) Li sebelisa lingoliloeng le ho thusa batho ka botsona, li ’nile tsa ikitlaetsa ho thusa batho hore ba fumane tsebo ka morero oa Molimo joalokaha o tlalehiloe ka Bibeleng. Leha ho le joalo, mosebetsi oa tsona oa ho ruta lefatšeng ka bophara, hase feela hore o file batho tšepo ea ho phela ka ho leka-lekana le thabo nakong e tlang empa hape o ba tliselitse melemo hona joale ka hore o fokotse tlokotsi ena ea ho se leka-lekane. A re boneng hore na o entse seo joang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa puisano e feletseng mabapi le kamoo ’Muso oa Molimo o tla tloha o tlisetsa bohle ho leka-lekana, ka kōpo bala khaolo ea 10 le ea 11 bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 5]

Molimo o ne a rerile hore batho bohle ba be le menyetla e lekanang ea bophelo le nyakallo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela