Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 93
  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?
    Lihlooho Tse Ling
  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Bo-ralipolotiki ba sa Tšepahaleng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ho Se Leka-lekane Na ho Reriloe ke Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • ’Muso oa Molimo
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 93
Toropo e nang le mehaho ea khale e se ntseng e senyeha e sebakeng se nang le moea o silafetseng.

Kim Steele/The Image Bank via Getty Images

LETŠOLO LE KHETHEHILENG

Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?

Batho ba bangata lefatšeng ba kolla ntsi hanong ’me ho ntse ho e-ba thata le ho feta.

  • Tlalehoa e ’ngoe e entsoeng haufinyane e bontša hore hona joale batho ha ba sa khona ho koahela litlhoko tsa bona ka mekholo eo ba e fumanang khoeli le khoeli. Ho ea ka tlaleho ena haeba ho sa etsoe letho, batho ba ruileng ba tla rua le ho feta ’me ba futsanehileng ba futsanehe le ho feta. Hape mokhoa oa bophelo o tla ba thata haholo bakeng sa batho ba bangata.

Na mebuso e ka khona ho ntlafatsa boemo boo kapa hona ho bo rarolla?

Bibele e re ho na le ’muso o ka khonang ho rarolla mathata ’ohle a lichelete le ho se leka-lekane. Ebile o tla etsa joalo. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso,” ’muso oo o tla laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng. (Daniele 2:44) Tlas’a puso eo, ha ho na motho eo Molimo a tla mo tlohela kapa a mo lebale. (Pesaleme ea 9:18) Molimo o tla etsa bonnete ba hore batho bohle ba phelang tlas’a ’Muso oa hae ba na le lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba thabe. Batho bohle ba tla thabela mosebetsi oo ba o etsang.—Esaia 65:21, 22.

’Muso oa Molimo Ke’ng?

Makasine ea “Molula-Qhooa” e nang le sehlooho se reng “’Muso oa Molimo Ke’ng?”

Khoeling ea September 2023, Lipaki Tsa Jehova li tla tsoa letšolo lefatšeng lohle e le hore li bolelle batho hore na Bibele e re’ng ka taba ena ea bohlokoa. Re u khothaletsa hore u bale Molula-Qhooa o nang le sehlooho se reng: “’Muso oa Molimo Ke’ng?” U tla fumana likarabo tsa lipotso tse kang:

  • Morena oa ’Muso oa Molimo ke Mang?

  • ’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?

  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

a International Labour Organization Global Wage Report 2022-23

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela