Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 91
  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Mathata a Bileng Teng Selemong sa 2023?
    Lihlooho Tse Ling
  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Bo-ralipolotiki ba sa Tšepahaleng?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na ’Musong oa Molimo Teng ho Tla ba le Bophelo bo Botle?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 91
Bere e litšila e lutse holim’a leqhoa le lenyenyane ka har’a leoatle le tletseng toti.

TheCrimsonMonkey/E+ via Getty Images

LETŠOLO LE KHETHEHILENG

Na ’Muso oa Molimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

Ka la 25 July 2023, Inger Andersen eo e leng motlatsi oa mongoli-kakaretso oa Machaba a kopaneng le motsamaisi ea ka sehloohong oa UN Environment Programme o ile a re: “Tikoloho e ntse e senyeha haholo ’me ntho eo e baka mathata a mangata bakeng sa batho, metse le lintho tsohle tse phelang. Ka lebaka la maemo a leholimo a ntseng a fetoha, lifefo li ntse li e-ba matla ’me li senya matlo ebile li etsa hore bophelo bo be thata lefatšeng ka bophara. Metsi a leoatle a ntse a futhumala haholo, ka lebaka leo lintho tse ngata tse phelang leoatleng li ka ’na tsa shoa.”

Na mebuso ea lefatše e ka ikopanya e le hore e sebetsane le mathata a amang lefatše kaofela? Na ba ka khona ho fumana tharollo?

Bibele e re ho na le ’muso o ka khonang ho felisa mathata a tikoloho lefatšeng ebile o tla a felisa. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso,” ’muso oo o tla busa lefatše lohle o be o lokise mathata a lona. (Daniele 2:44) Tlas’a ’muso oo batho ba ke ke ba lematsa ba bang kapa ba baka tšenyo lefatšeng.—Esaia 11:9.

’Muso oa Molimo Ke’ng?

“Molula-Qhooa” o nang le sehlooho se reng “’Muso oa Molimo Ke’ng?”

Khoeling ea September 2023, Lipaki Tsa Jehova li tla tsoa letšolo lefatšeng lohle e le hore li bolelle batho hore na Bibele e re’ng ka taba ena ea bohlokoa. Re u khothaletsa hore u bale Molula-Qhooa o nang le sehlooho se reng: “’Muso oa Molimo Ke’ng?” U tla fumana likarabo tsa lipotso tse kang:

  • Morena oa ’Muso oa Molimo ke Mang?

  • ’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?

  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela