Sephiri sa ho Kula
OWMADJI E MONYENYANE O TŠOEROE KE LETŠOLLO. ’Mè oa hae, Hawa, o khathatsehile ka hore o tla felloa ke metsi ’meleng; o utloile hore motsoal’ae koana hae o ne a sa tsoa shoeloa ke lesea la hae ka tsela eo. Nkhono oa Owmadji, e leng matsale oa Hawa, o batla ho isa Owmadji ho ngakana-ntšonyana. O re: “Ngoana enoa o kulisoa ke moea o khopo. U ne u hane ho mo roesa khoeetsa bakeng sa ho mo sireletsa, ’me joale ho qaleha mathata!”
BOEMO bona bo tloaelehile likarolong tse ngata tsa lefatše. Batho ba makholo a limilione ba lumela hore meea e khopo ke sesosa se sa bonahaleng sa ho kula. Na see ke ’nete?
Ho Qapa Sephiri Sena
Mohlomong e ka ’na eaba ha u lumele hore meea e sa bonahaleng e ka baka boloetse. Ha e le hantle, u ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha motho a ka nahana joalo, kaha litsebi tsa saense li bontšitse hore maloetse a mangata a bakoa ke livaerase le libaktheria. Leha ho le joalo, hopola hore hase kamehla moloko oa batho o neng o tseba ka likokoana-hloko tsena tse nyenyane. E bile ho fihlela lekholong la bo17 la lilemo ha Antonie van Leeuwenhoek a etsa mochine o hōlisang ponahalo ea lintho tse nyenyane moo batho ba ileng ba bona lintho tse nyenyane ka mahlo. Leha ho le joalo, e bile feela ka lebaka la litšibollo tsa Louis Pasteur lekholong la bo19 la lilemo saense e ileng ea qala ho utloisisa kamano e teng pakeng tsa likokoana-hloko le boloetse.
Kaha lisosa tsa ho kula li ne li sa tsejoe nakong e ngata ea histori ea batho, ho ile ha hlaha likhopolo tse ngata tsa tumela-khoela, ho akarelletsa le khopolo ea hore maloetse ’ohle a bakoa ke meea e khopo. The New Encyclopædia Britannica e bolela tsela e ’ngoe eo e ka ’nang eaba sena se ile sa etsahala ka eona. E bolela hore bafolisi ba pele ba ne ba leka ho phekola bakuli ka mefuta e sa tšoaneng ea methapo ea limela, makhasi le ntho leha e le efe eo ba neng ba ka e fumana. Ka linako tse ling, ho hong ho ne ho sebetsa. Joale, ho phaella morianeng o folisang, mofolisi o ne a fana ka litaelo le mekhoa ea litumela-khoela, tseo morero oa tsona e neng e le ho pata ntho e hlileng e folisang. Kahoo mofolisi o ne a etsa bonnete ba hore batho ba tla ’ne ba tsoele pele ho batla thuso ho eena. Ka tsela ena, moriana e ile ea e-ba ntho e sirelelitsoeng ka sephiri, ’me batho ba ne ba khothalletsoa ho talima matleng a phahametseng tlhaho bakeng sa thuso.
Mekhoa ena ea pholiso ea boholo-holo e ntse e sebelisoa linaheng tse ngata. Ba bangata ba bolela hore ho kula ho bakoa ke meea ea baholo-holo ba shoeleng. Ba bang ba bolela hore re kulisoa ke Molimo le hore boloetse ke kotlo bakeng sa libe tsa rōna. Esita leha batho ba nang le tsebo ba utloisisa tsela eo boloetse bo bang teng ka eona bophelong, ba ntse ba ka ’na ba tšaba tšusumetso e phahametseng tlhaho.
Baloi le lingaka tsa moetlo ba sebelisa tšabo ena hore ba tlatlape batho. Joale re lokela ho lumela eng? Na ho na le thuso ho retelehela ho meea bakeng sa kalafo? Bibele e re’ng?