Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/15 maq. 26-29
  • Bongaka ba Meetlo Afrika—Na bo Lumellana le Bokreste?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bongaka ba Meetlo Afrika—Na bo Lumellana le Bokreste?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litlhare tsa Litlama
  • Tšusumetso e Matla ea Tšebelisano le Meea e Khopo
  • Ho Fetohela Bokresteng
  • Phekolo ea ’Nete e Tsoa ho Molimo
  • Ho Folisa ka Tumelo—Ke Eng se Etsang hore ho Hape Thahasello?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Mokreste a ka Amohela Phekolo ea Lingaka?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Folisa ka Tumelo—Na ho Tsoa ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Tšebelisano le Meea e Mebe
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/15 maq. 26-29

Bongaka ba Meetlo Afrika—Na bo Lumellana le Bokreste?

Ho Maafrika a limillione, tsela feela eo a kopanang le bongaka ba mofuta ofe kapa ofe ke ka lingaka tsa meetlo. Hona ke ’nete haholo libakeng tse ka thōko moo lipetlele li fokolang le lingaka li sa fumaheng habonolo. Leha ho le joalo, bongaka ba meetlo hangata bo metse ka metso tumela-khoeleng le tšebelisanong le meea e khopo. Mokreste o lokela ho etsa joang tlas’a maemo aa?

“‘RE NA le tšepo eohle ea hore “agbo” ena e tla mo bolaea ’me e felise mesarelo eohle ea hae le ea rōna.’ Kahoo, ka khopolo ea hore mothokho ona o mocha o tla ntlheka tseleng, ka noesoa motsoako oo.”

Sena se ile sa ngoloa ke ngaka ea sekhooa ho Sunday Times ea Lagos, Nigeria, tabeng eo sehlooho sa eona se neng se re “U Se ke ua Nyelisa Ngaka ea Meetlo.” O ne a hlalosa kamoo batsoali ba hae ba neng ba feletsoe ke tšepo ea hore o tla hlaphoheloa boloetseng bo kotsi bo neng bo mo tšoere ha a na le selemo se le seng feela. Setlhare seo ba ileng ba se romelloa ke ngaka ea meetlo, se ile sa babatsoa ka hore ke sona se pholositseng bophelo ba hae.

Maafrika a mangata a ikhethelang bongaka ba meetlo a bolela ka lipheko tse makatsang tse ileng tsa sebetsa mabakeng ao ho oona phekolo ea sepetlele e neng e hlōlehile. Ba bang ba bo nyatsa ka hore ke bo se nang bohloeki, bo tletseng litumela-khoela le ba bo-kea-tseba. Bohareng ho na le ba batlang hore ho etsoe lipatlisiso liphekong tsa litlama tse sebelisoang mahahabo bona kapa hore lingaka tsa meetlo li hlomphuoe le ho amoheloa haholoanyane. Ba bangata ba rata ho bona ho kopanngoa bongaka ba meetlo le ba sekhooa, ba etsa mohlala ka tšebelisano-’moho pakeng tsa basebeletsi ba lihlopha tsena tse peli Chaena le India.

Le haeba ha u phele Afrika, u ka ’na ua thahasella ho tseba haeba ka sebele bongaka ba baahi ba Afrika bo sebetsa ’me le bo molemo. Ho thoe’ng ka tšebeliso ea meetlo e tloaelehileng hakaale har’a Maafrika? Na matla a phahametseng a tlhaho ke motsoako oa bohlokoa kapa tšobotsi e kotsi e lokelang ho qojoa? Boemo ba Mokreste e lokela ho ba bofe malebana le bongaka bo joalo ba meetlo ba Afrika?

Litlhare tsa Litlama

Ke ’nete hore limela, ke mohloli oa rōna o moholo oa lijo ’me lia hlokahala hore re ’ne re phele. Ho boetse ho na le limela tse hlahisang lithethefatsi kapa chefu e seng e bolaile batho ba bangata haholo ba ileng ba li sebelisa hampe. Empa na u ne u tseba hore tse ling tsa tsona lithethefatsi tsena ke tsona tse sebelisoang litlhareng tsa sekhooa? Boramahlale ba ile ba sibolla tse ling tsa lithethefatsi tsena ka ho hlahloba limela tse neng li sebelisoa bongakeng ba batala kapa metsoakong ea lingaka tsa meetlo. Ba ile ba bokella litlhare tsohle, ba li hlahloba ho fumana metsoako ea tsona, kapa lik’hemik’hale, ba e qanolla ka tsebo ea mahlale, ’me ba hlahloba tšusumetso ea eona ’meleng le likokoanyaneng tse tlisang mafu. Phello e bile tlhahiso ea meriana e meng ea bohlokoa haholo ea lithethefatsi, joaloka quinine, reserpine, digitalis, le codeine.

Batho ba mehleng ea khale ba ile ba sibolla boholo ba litlama tse phekolang ka tšohanyetso, ka ho leka le ho fosa, kapa ka ho sheba se etsahalang ho liphoofolo ha li e-ja mefuta e itseng ea limela. Hangata ba neng ba etsa litšibollo tse joalo le ba ileng ba fetoha lingaka ba ile ba boloka tsebo eo malapeng a bona. Ka hona tsebo ea litlama e ile ea fetisoa ho tloha ho ntate ho ea ho mora kapa ho ea ho batho ba bang ba khethiloeng e le ba tlang ho rutoa tsebo eo. Boholo ba lingaka tsa meetlo bo ntse bo pata tsebo ea bona, hangata bo le leqe haholo ho senola limela tseo bo etsang litlhare tsa bona ka tsona. Empa ho na le ho hongata ho amehang litlhareng tsa meetlo tsa Maafrika ho feta litlama tse phekolang feela.

Tšusumetso e Matla ea Tšebelisano le Meea e Khopo

Boholo ba phekolo ea meetlo ea Maafrika bo ’nile ba amahanngoa haufi-ufi le matla a phahametseng a tlhaho. Ba bangata ba lumela hore limela li na le maikutlo, matla a puisano, le mokhoa o khethehileng oa ho nkhella. Lingaka tse ling li ipolela hore li khona ho utloisisa puo ea limela le hore li tseba ho buisana le tsona. Tse ling ha li nke hore litlama ke tsona tse buang, hobane li bolela hore meea e sa bonahaleng e li bontšitse litlama tse nang le matla a ho phekola.

Ka hona tšebelisano le meea e khopo e phethile karolo e matla bongakeng ba meetlo Afrika. Ka mohlala, Manigeria a mangata, a lumela hore ho kula le mafu li tlisoa ke melimo e halefileng (kapa balimo) kapa lira tse sebelisang boloi. Ka hona ho etsoa mahlabelo a khahlisang melimo ena ’me ho sebelisoa mekhoa le meetlo ea tšebelisano le meea e khopo.

Ngaka ea Lenigeria, Asuquo, ke e mong oa ba neng ba lumela sena ka matla. O re: “Ke ile ka ithuta bongaka ba litlama ho ntate ’me ke ne ke tloaetse ho etsetsa melimo le meea ea bo-ntate-moholo ba rōna mahlabelo ha ke etsa metsoako ea ka. Ke ne ke lumela hore e tlisa pheko le hore ho hlōleha ho e etsetsa mahlabelo ho ne ho tla tlisa ho kula le lefu.”

Bonneteng, hangata litaba li sebetsahala ka mokhoa o fapaneng le oo. Litumelo tse joalo li se li hatelletse batho ba limillione tšabong ea litumela-khoela le bokhobeng ba meea e sa bonahaleng. Ba bangata ba hlokofalitsoe ke khatello le tlhaselo ea meea. Hona ka bohona ke lebaka le matla la ho qoba phekolo efe kapa efe e kenyelletsang mahlabelo kapa meetlo e meng ea tšebelisano le meea e khopo. Ho hlakile hore meea e neng e tla hatella le ho hlasela batho kapa ho ba thetsa hore ba nahane hore baholo-holo ba bona ba ntse ba phela le hore limela li ka khona ho buisana le bona. Bibele ea lemosa: “Lintho tsee bahedene ba li hlabelang aletareng, ba li hlabela bademona, e seng Molimo: ’me ke hana hoba le ka jesana le bademona.”—1 Ba-Korinthe 10:20.

Bademona e leng mangeloi a sa utloeng ao Molimo o ileng oa a ahlolela timetso nakong e tlang, ba ntse ba sekametse ho kheloseng batho borapeling ba Molimo oa ’nete, Jehova. (2 Petrose 2:4; Juda 6) Mabakeng a mang ba iketsa eka bona ka bobona ke melimo e etsang lintho tse molemo. (2 Ba-Korinthe 11:14) Ho ntšetsa pele thetso ea bona, ba iketsa eka ke batho ba shoeleng ’me ba etsa hore batho ba nahane hore baholo-holo ba bona ba ntse ba phela lefatšeng la moea. Leha ho le joalo, Bibele ka ho hlakileng e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . hobane nģalong ea bafu moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:5, 10.

Ka hona e ne e tla ba phoso hore barapeli ba Molimo oa ’nete ba amohele ho bo-ralitlama liphekolo leha e le life tse akarelletsang mekhoa ea tšebelisano le meea e khopo. Ka ho tšoanang, bo-ralitlama ba ratang ho nehelana ka borapeli bo amohelehang ho Molimo ba lokela ho khaotsa mokhoa oa mofuta ofe kapa ofe oa tšebelisano le meea e khopo. ’Nete ke hore, ba retelehelang tšebelisanong le meea e khopo ba lahleheloa ke kamohelo le tšireletso ea Jehova ’me ha ba na sebaka ka phuthehong ea Bokreste. (Ba-Galata 5:19-21; Tšenolo 21:8) Ho na le ba bangata ba ileng ba lahla tšebelisano le meea e khopo, ’me ba fumane hore phekolo e ’ngoe ea litlama e ka ba e sebetsang haholo ntle ho mekhoa ea tšebelisano le meea khopo.

Ho Fetohela Bokresteng

Ha a bua ka liphihlelo tsa hae tsa botho, Erhabor, ngaka e tsebahalang ka molao e nang le sepetlele sa litlama, o re: “Pele ke ne ke lumela hore mahlabelo a ne a hloka ho sebelisoa ’moho le litlhare e le hore ho ka loantšoa moea o kulisang. Empa kamor’a hore ke ithute Bibele le Lipaki tsa Jehova ’me ke fetohe Mokreste, ke ile ka lahla mekhoa ena ’me joale ke fetohela melaong ea motheo ea Bibele. Ke fumane hore matla a ho phekola a limeleng ka botsona.”

Ka ho tšoanang, Asuquo o re: “Lintho tseo ke ileng ka ithuta tsona ka Jehova li ile tsa tlisa moelelo o mocha bophelong ba ka. Tšabo eo ke neng ke e-na le eona ea balimo e ile ea tlosoa, ’me joale ka tseba Molimo oa ’nete. Ke ile ka boela ka bona hore mahlabelo a ne a sa hlokahale le hore ke lero le tsoang makhapetleng le makhasing a limela le phekolang batho. Batho ba bangata joale ba tla ho ’na bakeng sa phekolo hobane ha ke ikatlehisi ka litumela-khoela tsa bona ka ho ba batla mahlabelo. Phekolo ea ka ha e ba bitse ho hongata joalokaha ba ea ho lingaka tsa juju.”

Kaha Okon, eo le eena a sebetsanang le bongaka ba litlama, ha a sebelise lipuo tsa boselamose kapa mahlabelo mosebetsing oa hae, bo-ralitlama ba bang ba mo nģosa ka hore o “senya mosebetsi oa bona.” O re, “Ba bang ba bakuli ba ka ba ile ba tla e le limpimpi ho leka ho paka hore ke ntse ke sebelisa mahlabelo ka sekhukhu. Kamor’a hore ba phekoloe ka katleho ka libeke tse peli, ba ile ba lumela hore ha ke sebelise mokhoa ofe kapa ofe oa juju. Ba ile ba boela ba fumana molemo lipuisanong tsa Mangolo tseo ke ileng ka ba le tsona le bona. Ke ile ka makala ho bona ba bane ba bakuli ba kileng ba tla ho ’na Kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea ‘Lerato la Bomolimo’ ka Tšitoe 1980. Ba ile ba tla ho ’na ka thabo ’me ba re: ‘Re ile ra tla ho uena bakeng sa ho phekoloa ’meleng. U ile ua boela ua re phekola moeeng.’”

Bakreste ba joaloka bana ba ile ba lokela ho ema ba tiile khahlanong le ba batlang hore ba khutlele mekhoeng ea tšebelisano le meea e khopo. Baa tseba hore haeba ba ne ba ka kopanya mekhoa ea bona ea phekolo le mofuta ofe kapa ofe oa tšebelisano le meea e khopo, ba ne ba ke ke ba hlola ba tšoaneleha ho lula ka phuthehong ea Bokreste. Ka hona ha ba fane ka mahlabelo kapa hona ho sebelisa lipuo tsa boselamose. Ha ba qale leshano ka ho ipolela hore ba ka phekola lefu le leng le le leng, leha e le hore ba leke ho fa batho maikutlo a hore ba na le matla a khethehileng. Ba qoba libopeho tsohle tsa hore ba bonahale joaloka ba sebelisanang le meea e khopo.

Phekolo ea ’Nete e Tsoa ho Molimo

Lichabeng tse ngata tse ntseng li tsoela pele, boholo ba baahi bo itšetlehile ka phekolo e fanoang ke lingaka tsa meetlo, tseo boholo ba bona bo li tšepang haholo. Ntle le moo, lipetlele le lingaka tsa sekhooa li fokola haholo ho khotsofatsa litlhokahalo tsa phekolo. Kahoo, ke ho ka lebelloang hore batho ba bangata linaheng tsena ba tla tsoela pele ho ea ho lingaka tseo, tseo boholo ba tsona bo sebelisang mekhoa ea tšebelisano le meea e khopo. Empa uena u tla etsa joang?

Jesu o itse, “’Nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Ka ho tseba hore Bibele e nyatsa mekhoa e joalo, Mokreste o ne a tla hana ho ba ea sa tšepahaleng ho Molimo ka ho ea ho motho ea botsang meea kapa ka ho batla phekolo e kenyelletsang bonohe ho ralitlama. (Deuteronoma 18:10-13; bapisa Numere 23:21, 23.) Le haeba Mokreste a kula, e ne e ke ke ea e-ba bohlale hore a etse qeto ea hore motso oa mathata a hae ke boloi. Motho a ke ke a ba le tšabo ea ho kulisoa ke boloi haeba a ema ka tieo ka lehlakoreng la Molimo ka ho qoba eng kapa eng e amanang le tšebelisano le meea e khopo. Haeba, ka baka la ho se phethahale hoo kaofela re nang le hona, ho kula ho etsahala, joale qeto ea botho e tla lokela ho etsoa mabapi le mofuta oa phekolo.a

Sehlabelo sa topollo se fanoeng ke Jesu ke oona feela mokhoa oa ho lokoloha sebeng le liphellong tsa sona, ho kula le lefu. (Johanne 3:16; Liketso 4:12) Ke sona feela se bulang tsela bakeng sa batho ba tšepahalang ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise moo ho seng “motho . . . ea tla re: Ke bohloko!”—Esaia 33:24.

Ho fihlela letsatsing leo la thabo, Molimo o matla ’ohle o re tiisetsa hore o tla sireletsa ba o tšepang. Bakreste bohle ba hloka ho itšetleha ka Jehova, ba atamele haufi le eena ka thapelo le kōpo. Hona ho tla fella ka bophelo bo molemonyana hona joale, ’me ho tla re tiisetsa ho fumana bophelo bo phethahetseng lefatšeng la Paradeise le tšepisitsoeng.—2 Petrose 3:10-14; 1 Johanne 2:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa la 15 Phupjane, 1983, maqephe 23-31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela