Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 39
  • Na Mokreste a ka Amohela Phekolo ea Lingaka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Mokreste a ka Amohela Phekolo ea Lingaka?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Na Khetho ea Hao ka Phekolo ea Meriana ea Tsotelleha?
    Tsoha!—2001
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Amohela Phekolo ea Lingaka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Hobane’ng ha ho Sebelisana le Meea ho Thahaselloa Hakaale?
    Tsoha!—2000
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Amohela Phekolo ea Lingaka?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 39

Na Mokreste a ka Amohela Phekolo ea Lingaka?

Karabo ea Bibele

E. Jesu o ile a bolela hore balateli ba hae ba ka batla phekolo ea lingaka ha a re “batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.” (Matheu 9:12) Le hoja Bibele e se buka ea tsa bongaka, e fana ka melao-motheo e tataisang batho ba batlang ho khahlisa Molimo.

Lipotso tseo u ka ipotsang tsona

1. Na ke utloisisa phekolo eo ho thoeng ke tla e fuoa? Bibele e re eletsa hore re batle leseli le tšepahalang ho e-na le ho “beha tumelo lentsoeng le leng le le leng.”—Liproverbia 14:15.

2. Na nka batla maikutlo a lingaka tse ling? ‘Baeletsi ba bangata’ ba ka ’na ba u thusa, haholo haeba boemo ba hao bo se bo le bobe.—Liproverbia 15:22.

3. Na phekolo eo e akarelletsa ho tlōla taelo ea Bibele e reng re “ile . . . mali”?—Liketso 15:20.

4. Na tlhahlobo kapa meriana eo ke tla e fuoa e amana le tšebelisano le meea? Bibele e nyatsa “tšebelisano le meea.” (Bagalata 5:19-21) E le hore u tsebe hore na phekolo eo u e fuoang e akarelletsa tšebelisano le meea, nahana ka lipotso tse kang tsena:

  • Na ngaka eo ke eang ho eona e sebelisana le meea?

  • Na ke alafshoa ke motho ea lumelang hore ke kula hobane ke halefisitse balimo kapa hobane ke louoe ke lira?

  • Na motho ea nkalafang o ile a etsa mahlabelo, a betsa ba bang ka mantsoe a boloi, kapa a etsa mesebetsi e itseng kapa ho sebelisa lintho tse amanang le tšebelisano le meea ha a e etsa meriana kapa a e sebelisa?

5. Na ke amehile ka ho feteletseng ka bophelo ba ka? Bibele ea eletsa: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Ho ba le kahlolo e molemo ho tla u thusa hore u lule u nahana ka “lintho tsa bohlokoa haholo,” tse kang nako eo u lokelang ho e qeta u sebeletsa Jehova.—Bafilipi 1:10; Matheu 5:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela