Na U ka Sebetsa Naheng e ’Ngoe?
“KE NE ke ’nile ka lakatsa ho etsa mosebetsi oa boromuoa. Ha ke sa le lesoha, ke ile ka sebetsa Texas, U.S.A., moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea baboleli. Mosali oa ka o ile a sebetsa le ’na moo ka mor’a hore re nyalane. Ha morali oa rōna a hlaha, ke ile ka nahana, ‘Joale morero oa ka o qhalane.’ Empa Jehova o etsa hore merero e phethahale, haholo-holo haeba e amana le thato ea hae.”—Jesse, eo hona joale a sebeletsang Ecuador le mosali oa hae le bana ba bararo.
“Ha ho mohla nkileng ka nahana hore nka etsa ntho e kang eo ke sa koetlisoa sekolong sa boromuoa sa Gileade. Ha ke ne ke bona se seng sa liithuti tsa ka tsa Bibele se fana ka puo kapa se le mosebetsing oa boboleli, ke ne ke thaba, ’me ke leboha Jehova ha a mphile monyetla ona.”—Karen, mosali ea se nang molekane ea butseng maliboho Amerika Boroa ka lilemo tse robeli.
“Ka mor’a ho ba tšebeletsong ea boboleli ba nako e tletseng ka lilemo tse 13 United States, ’na le mosali oa ka re ile ra ba le maikutlo a hore ho hlokahala hore re etse mosebetsi o mocha o phephetsang. Re thabile ho feta leha e le neng pele; ka sebele ke tsela ea bophelo e tsotehang.”—Tom, ea bulang maliboho le mosali oa hae, Linda, sebakeng sa Amazon.
Lipolelo tsena tsa kananelo li tsoa ho batho bao maemo a bona a neng a sa ba lumelle hore ba koetlisetsoe boromuoa Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Leha ho le joalo, ba bile le thabo le liphephetso tsa ho sebeletsa linaheng tse ling. Ho tlile joang hore see se etsahale? Na tšebeletso e joalo e u loketse?
Ho Hlokahala Sepheo se Nepahetseng
Hore motho a atlehe tšimong ea naha e ’ngoe, ho hlokahala ho fetang feela ho ba le moea oa ho sebetsa sebakeng se sa sireletsehang. Ba ileng ba tiisetsa ba entse seo ka sepheo se nepahetseng. Joaloka moapostola Pauluse, ba inka ba e-na le molato, eseng ho Molimo feela empa le ho batho. (Baroma 1:14) Ba ka be ba ile ba phethahatsa taelo ea bomolimo ea ho bolela ka ho sebeletsa tšimong ea habo bona. (Matheu 24:14) Empa ba ile ba ikutloa ba e-na le molato ’me ba susumelletseha ho atolosa tšebeletso ea bona le ho thusa bao e seng hangata ba bang le monyetla oa ho utloa litaba tse molemo.
Hangata takatso ea ho sebetsa tšimong e behang litholoana haholoanyane ke sepheo se seng—’me ke ka nepo ho leng joalo. Ke mang ho rōna eo ha a bona motšoasi e mong oa litlhapi a atleha haholo a ke keng a atamela karolong eo ea letamo? Ka ho tšoanang, litlaleho tse khothatsang tsa keketseho e ikhethang linaheng tse ling li khothalelitse ba bangata ho ea moo ho nang le “litlhapi tse ngata haholo.”—Luka 5:4-10.
Bala Litšenyehelo
Linaha tse ngata ha li lumelle baithaopi ba bolumeli ba linaha tse ling hore ba etse mosebetsi oa boipheliso. Ka hona, ba batlang ho sebetsa linaheng tse ling hangata ba lokela ho itjara litabeng tsa chelete. Ho ’nile ha thulanoa joang le phephetso ee ea moruo? Ba ’maloa ba rekisitse matlo a bona kapa ba a hirisitse e le hore ba ka fumana chelete e hlokahalang. Ba bang ba rekisitse likhoebo tsa bona. Ba bang ba bolokile chelete e le hore ba ka finyella pakane ea bona. Ba bang hape ba sebeletsa linaheng tse ling selemo kapa tse peli, ba khutlele naheng ea habo bona ho ea sebeletsa ho bokella chelete, ebe ba khutlela moo ba neng ba sebetsa teng.
Ntle ho pelaelo, molemo oa ho ba naheng e tsoelang pele moruong ke hore theko ea lintho e tlaase haholo ho feta naheng e tsoetseng pele haholoanyane. Sena se entse hore ba bang ba phele hamolemo ka penshene e itekanetseng. Ka sebele, litšenyehelo tsa motho li tla itšetleha haholo ka mokhoa oa bophelo oo a o khethang. Esita le linaheng tse tsoelang pele moruong, ho na le matlo a bolulo a matle haholo empa a hirisoa ka chelete e phahameng haholoanyane.
Ho totobetse hore litšenyehelo li lokela ho baloa pele ho ka falloa. Empa, ho ameha ho fetang feela ho bala litšenyehelo tsa chelete. Mohlomong litlhaloso tsa ba bang ba sebelelitseng Amerika Boroa li ka ’na tsa beha motho leseling.
Phephetso e Khōlō ka ho Fetisisa
Markku oa Finland oa hopola: “Ho ithuta Sepanishe ho ne ho nthatafalla haholo. Ke ile ka nka hore kaha ke ne ke sa tsebe puo eo, ho tla feta nako e telele pele nka ba mohlanka ea sebeletsang. Ke ile ka makala haholo ha ke ne ke kōptjoa ho khanna thuto ea buka ka mor’a likhoeli tse peli feela! Ka sebele, ke ile ka soaba ka makhetlo a mangata. Ke ne ke thatafalloa ke mabitso haholo. Ka letsatsi le leng ke ile ka bitsa Mor’eso Sancho ‘Mor’eso Chancho (kolobe),’ ’me ha ke sa tla lebala mohla ke bitsang Morali’abo rōna Salamea ‘Malasea (ea khopo).’ Ka lehlohonolo, bara le barali beso ba ne ba sa fele pelo.” Qetellong Markku o ile a sebetsa naheng eo e le molebeli oa potoloho ka lilemo tse robeli a e-na le mosali oa hae, Celine.
Chris, mosali oa Jesse ea qotsitsoeng pejana, oa pheta: “Ke hopola ketelo ea molebeli oa potoloho ea pele eo re bileng ho eona, ka mor’a hore re be mona ka likhoeli tse tharo feela. Ke ne ke hlokomela hore mor’abo rōna o sebelisa lipapiso ’me o ne a bua ho hong ho molemo bakeng sa ho leka ho finyella lipelo tsa rōna, empa ke ne ke sa utloisise seo a se buang. Ke ile ka llela hona kamoo ka holong. Ke ne ke sa llele tlaase; ke ne ke sisa pelo. Ka mor’a seboka seo ke ile ka leka ho hlalosetsa molebeli oa potoloho lebaka. O ile a ba mosa haholo ’me a mpolella seo e mong le e mong a ’nileng a mpolella sona, ‘Ten paciencia, hermana’ (‘U se ke ua fela pelo, morali’eso’). Ka mor’a lilemo tse peli kapa tse tharo, re ile ra kopana hape ’me ra buisana ka metsotso e 45, re thabetse hore ebe re khona ho buisana.”
Mor’abo rōna e mong o re: “Ho ithuta hoa hlokahala. Ha re ntse re iteka haholoanyane ho ithuta puo, re ntlafatsa tsebo ea rōna ea puisano haholoanyane.”
Bohle baa lumela hore boiteko bo joalo bo na le melemo e mengata. Boikokobetso, ho se fele pelo, le ho phehella lia hlaoleloa ha motho a leka ka matla ho ithuta puo e ncha. Monyako o moholo oa ho bolella ba bang litaba tse molemo o bulehile. Ka mohlala, ho ithuta Sepanishe ho nolofalletsa motho ho bua ka puo e buuoang ke batho ba fetang limilione tse 400 ho pota lefatše. Ba bangata bao hamorao ba ileng ba tlameha ho khutlela linaheng tsa habo bona ba ’nile ba khona ho sebelisa tsebo ea bona ea puo eo ho thusa batho bao puo ea bona e leng Sepanishe.
Ho Thoe’ng ka ho Hloloheloa Hae?
Deborah, ea neng a sebetsa le monna oa hae, Gary, sebakeng sa Amazon, oa hopola: “Ha re ne re fihla Ecuador ka lekhetlo la pele ka 1989, ke ne ke hloloheloa hae haholo. Ke ile ka ithuta ho itšetleha haholoanyane ka bara le barali beso ka phuthehong. Ba ile ba tšoana le ba heso.”
Karen, eo ho buuoeng ka eena qalong, oa hlokomela: “Ke ne ke loantša ho hloloheloa hae ka ho kopanela tšebeletsong letsatsi le leng le le leng. Ka tsela ena ke sa lohothe ka hae. Hape ke ne ke lula ke hopotse hore hae koana batsoali ba ka ba motlotlo ka mosebetsi oa ka oa naheng e ’ngoe. ’Mè o ne a atisa ho nkhothatsa ka mantsoe ana: ‘Jehova a ka u hlokomela ho feta kamoo nka u hlokomelang kateng.’”
Makiko, oa Japane, ka bosoasoi o re: “Ka mor’a ho qeta letsatsi lohle tšebeletsong ea tšimo, ke khathala haholo. Ka hona ha ke fihla hae ’me ke qala ho hloloheloa hae, hangata kea khaleha. Ka lebaka leo, boikutlo boo ha bo nke nako e telele.”
Ho Thoe’ng ka Bana?
Ha bana ba ameha, litlhoko tsa bona, tse kang thuto, li lokela ho nahaneloa. Tabeng ena, ba bang ba khethile ho ba rutela hae ha ba bang ba isitse bana ba bona likolong tsa sebaka seo.
Al o ile a fallela Amerika Boroa le mosali oa hae, bana ba babeli le ’mè oa hae. O re: “Re ile ra fumana hore ho isa bana sekolong ho ba thusitse ho ithuta puo eo kapele haholo. Ka likhoeli tse tharo feela ba ne ba se ba e bua ha phollatsi.” Ka lehlakoreng le leng, bashemane ba babeli ba Mike le Carrie ba lilemong tsa bocha ba ithuta ka thuso ea sekolo se setle sa thuto-ka-ngollano. Batsoali ba re: “Re ile ra hlokomela hore re ke ke ra tlohella bana ba rōna hore ba ikhoantlelle lithutong tse joalo. Re ne re tlameha ho nka karolo thutong eo ’me re tiisehe hore bashemane bana ba tsamaisana le lenaneo la thuto le lokiselitsoeng.”
David le Janita, ba Australia, ba hlalosa maikutlo a bona ka bashanyana ba bona ba babeli. “Re ne re batla hore bashanyana ba rōna ba bone ka mahlo kamoo batho ba bang ba phelang kateng. Ho bonolo ho nahana hore tsela eo re hōtseng ka eona ke e tloaelehileng, empa ha e le hantle, ke ea batho ba seng bakae. Ba boetse ba bone kamoo melao-motheo ea puso ea Molimo e sebetsang kateng lefatšeng lohle, ho sa tsotellehe naha kapa mekhoa ea bophelo.”
Ken oa hopola: “Ke ne ke le lilemo li ’nè feela ha lelapa leso le tloha Engelane ka 1969. Le hoja ke ne ke soetsitsoe ke hore ebe ha rea ka ra lula ka ntlong ea mobu e ruletsoeng ka joang, joalokaha ke ne ke nahanne, ke bile le maikutlo a hore ke hōlisitsoe ka tsela e thabisang ka ho fetisisa eo mocha a neng a ka hōlisoa ka eona. Ke ne ke atisa ho utloela bana ba bang bohloko ba sa kang ba e-ba le monyetla o kang oo! Ka lebaka la ho ba le metsoalle e metle ea baromuoa le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ke ile ka qala ho ba pula-maliboho ea thusang ha ke le lilemo li robong.” Hona joale Ken ke molebeli oa potoloho.
Gabriella, morali oa Jesse, oa lumela: “Ha e le hantle, hona joale Ecuador ke ha habo rōna. Ke thabile haholo hore ebe batsoali ba ka ba ile ba etsa qeto ea ho tla mona.”
Ka lehlakoreng le leng, ka mabaka a sa tšoaneng ho ’nile ha e-ba le bana ba neng ba sa khone ho tloaelana le maemo ’me malapa abo bona a ile a tlameha ho khutlela linaheng tsa habo ’ona. Ke ka lebaka leo ho khothalletsoang hore ho eteloe naheng e ’ngoe pele ho falleloa ho eona. Ka tsela ena liqeto li ka etsoa motheong oa boitsebiso bo fumanoeng mohloling.
Litlhohonolofatso Tsa ho Falla
Ka sebele, ho fallela tšimong ea naha e ’ngoe ho akarelletsa liphephetso tse ngata le boitelo. Na ho ipakile ho le molemo ho ba faletseng? E-re ba re bolelle.
Jesse: “Lilemong tse leshome tseo re bileng motseng oa Ambato ka tsona, re bone ha palo ea liphutheho e hōla ho tloha ho tse 2 ho ea ho tse 11. Re bile le tokelo ea ho thusa ho qalisa liphutheho tse hlano ho tsona, ’me re kopanetse kahong ea Liholo tsa ’Muso tse peli. Re boetse re thabela ho thusa ka karolelano liithuti tsa Bibele tse peli ka selemo hore li tšoanelehele kolobetso. Ke ntho e le ’ngoe feela eo ke ikoahlaelang eona—hore ebe ha kea ka ka tla mona lilemo tse leshome pejana.”
Linda: “Kananelo ea batho bakeng sa litaba tse molemo le bakeng sa boiteko ba rōna e re khothatsa haholo. Ka mohlala, motsaneng o mong oa likhoeng, seithuti sa Bibele se bitsoang Alfonso se ile sa hlokomela hore na ho ne ho tla ba molemo hakaakang ho tšoarela lipuo tsa phatlalatsa ha hae. O ne a sa tsoa kena ntlong ea hae e ncha ea lehong, e ’ngoe ea matlo a seng makae feela motsaneng oo. Ha a etsa qeto ea hore ntlo ea hae e ne e le eona feela motsaneng oo e neng e loketse Jehova, o ile a khutlela ntlong ea hae ea joang ’me a fana ka ntlo ea hae ho barab’abo rōna hore ba e sebelise e le Holo ea ’Muso.”
Jim: “Nako eo re e nkang re hlile re bua le batho tšebeletsong e feta eo re neng re e nka United States ka makhetlo a leshome. Ho ekelletsa moo, mona bophelo ha boa potlaka. Ntle ho pelaelo ho na le nako e eketsehileng ea ho ithuta le ho ea tšebeletsong ea tšimo.”
Sandra: “Ho bona kamoo ’nete ea Bibele e ka fetolang batho hamolemo ho ntlisetsa khotsofalo e khōlō. Nkile ka ithuta Bibele le Amada ea lilemo li 69, mong’a lebenkele le lenyenyane la korosari. Kamehla o ne a tšela likarolo tse peli tsa metsi ho tse ling le tse ling tse leshome tsa lebese. O ne a boetse a qhekella bareki ba hae ka ho ba rekisetsa lebese lena le hlapolotsoeng le sa tlala. Empa ka mor’a ho ithuta boitsebiso bo tlas’a sehloohoana se reng, ‘Botšepehi bo Fella ka Thabo’ khaolong ea 13 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, Amada o ile a khaotsa mekhoa ena e fosahetseng. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke mo bona a kolobetsoa nakoana ka mor’a moo!”
Karen: “Ha ho mohla nkileng ka itšetleha ka Jehova hakana kapa nkileng ka sebelisoa ke eena joaloka sebakeng sena. Botsoalle ba ka le Jehova bo tebile haholoanyane ’me bo matla haholoanyane.”
Ho Thoe’ng ka Uena?
Ho theosa le lilemo Lipaki tse likete li falletse linaheng tse ling ho ea sebeletsa ho tsona. Tse ling li lula selemo kapa tse peli, tse ling li lula ho-ea-ho-ile. Li tla le phihlelo ea tsona, khōlo ea moea le chelete ka sepheo sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso tšimong ea naha e ’ngoe. Li ’nile tsa khona ho sebetsa libakeng tseo ho tsona bahoeletsi ba ’Muso ba libakeng tseo ba neng ba ke ke ba sebetsa ka lebaka la khaello ea mesebetsi ea boipheliso. Ba bangata ba rekile likoloi tse hulang ka mabili a mane bakeng sa ho koahela tšimo e ke keng ea koaheloa ka litsela tse ling. Ba bang, ba ikhethelang ho lula toropong, e bile tšusumetso e tlisang botsitso liphuthehong tse khōlō tse nang le baholo ba seng bakae. Empa, ntle ho khethollo, bohle ba tiisa hore ba fumane litlhohonolofatso tsa moea tse fetang seo ba faneng ka sona.
Na u ka kopanela tokelong ea ho sebeletsa tšimong ea naha e ’ngoe? Haeba maemo a hao a lumela, ke hobane’ng ha u sa hlahlobisise menyetla ea hore u nke bohato bo joalo? Bohato ba pele le ba bohlokoa e ka ba ho ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo e naheng eo u nahanang ho e sebeletsa. Boitsebiso bo tobileng boo u bo fumanang bo tla u thusa ho lekanyetsa menyetla ea hao ea ho atleha. Ho ekelletsa moo, ho ka fumanoa litlhahiso tse ngata tse sebetsang sehloohong se reng, “Tloha Naheng ea Heno le ho Beng ka Uena,” tokollong ea Molula-Qhooa oa August 15, 1988. Ka ho etsa tokisetso e loketseng le ka tlhohonolofatso ea Jehova, mohlomong le uena u ka thabela ho sebeletsa naheng e ’ngoe.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
TOM LE LINDA TSELANENG EA SEBAKA SE KA THŌKO, BA LEBILE MOTSENG OA MAINDIA A MASHUAR
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
BA BANGATA BA SEBETSA QUITO, MOTSE-MOHOLO OA ECUADOR
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
MAKIKO O BOLELA LITHABENG TSA ANDES
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
LELAPA LA HA HILBIG LE ’NILE LA SEBETSA ECUADOR KA LILEMO TSE HLANO TSE FETILENG