Na U ka “Tšelela Macedonia”?
1. Ke’ng e ileng ea susumelletsa Pauluse le bo-mphato oa hae hore ba ee Macedonia?
1 Hoo e ka bang ka selemo sa 49 C.E., moapostola Pauluse o ile a tloha Antioke ea Syria, a kena leetong la hae la bobeli la boromuoa. Morero oa hae e ne e le ho etela Efese le metse e meng ea Asia Minor. Leha ho le joalo, moea o halalelang o ile oa mo bontša pono ea hore ho e-na le ho ea metseng eo, o memeloa hore a ‘tšelele Macedonia.’ Eena le bo-mphato oa hae ba ile ba amohela memo eo ka thabo, ’me ba ba le tokelo ea ho theha phutheho ea pele sebakeng seo. (Lik. 16:9, 10; 17:1, 2, 4) Kajeno, likarolong tse ling tsa tšimo ea lefatše lohle, ruri ho hlokahala bakotuli ba eketsehileng. (Mat. 9:37, 38) Na u ka thusa?
2. Ke hobane’ng ha ba bang ba sa nahane ka ho fallela naheng e ’ngoe?
2 Mohlomong u ka rata ho ba moromuoa joaloka Pauluse empa ha u e-s’o nahane ka ho teba ka ho fallela naheng e ’ngoe. Ka mohlala, e ka ’na eaba ha u khone ho ea koetlisoa Gileade ka lebaka la lilemo tsa hao kapa la hore u morali’abo rōna oa lesoha kapa u na le bana ba banyenyane. Mohlomong ha u e-s’o nahane ka ho fallela naheng e ’ngoe hobane u tšaba hore u ke ke ua khona ho ithuta puo e ’ngoe. Kapa e ka ’na eaba maemo a moruo a naha ea heno ke ’ona a u tlisitseng naheng eo u lulang ho eona hona joale, ke kahoo u leng lesisitheho ho falla. Leha ho le joalo, ka mor’a ho nahana ka taba ena le ho e rapella, u ka ’na ua hlokomela hore ha e le hantle u ka khona ho fallela naheng e ’ngoe moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng.
3. Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore u koetlisetsoe ho ba moromuoa e le hore u atlehe ho bolela litaba tse molemo naheng e ’ngoe?
3 Na Hoa Hlokahala Hore U Koetlisetsoe ho ba Moromuoa? Ke’ng e ileng ea thusa Pauluse le bo-mphato oa hae hore ba atlehe? Ba ne ba tšepile Jehova le moea oa hae o halalelang. (2 Bakor. 3:1-5) Ka lebaka leo, esita le haeba maemo a hao a sa u lumelle hore u koetlisoe ka tsela e khethehileng, u ntse u ka atleha ho bolela litaba tse molemo naheng e ’ngoe. Hape hopola hore u fumana koetliso e sa khaotseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Sebokeng sa Tšebeletso. Haeba u na le sepheo sa ho ea sekolong sa Gileade kapa sekolong se tšoanang le sona, ho fallela naheng e ’ngoe e le hore u latsoe tšebeletso ea boromuoa, ho tla u fa phihlelo ea bohlokoa eo u ka e sebelisang hamorao haeba u bitsoa hore u e’o fuoa koetliso e eketsehileng.
4. Ke hobane’ng ha batho ba seng ba hōlile ba sa lokela ho nahana hore ha ho mohla ba ka fallelang naheng e ’ngoe ho ea bolela litaba tse molemo?
4 Ba Hōlileng: Batho ba seng ba le baholo ba hōlileng tsebong ba batlang ba phetse hantle ’meleng e ka ba letlotlo le leholo linaheng tse hlokang bahoeletsi ba eketsehileng. Na u se u le pensheneng? Ba bang ba fumanang esita le chelete e nyenyane ea penshene ba khona ho iphelisa ka eona naheng e tsoelang pele moruong moo litšenyehelo tsa bona, ho akarelletsa le tsa phekolo e ntle ea meriana, li leng tlaase ho feta tsa naheng ea habo bona.
5. Pheta phihlelo ea mor’abo rōna ea seng a le pensheneng ea ileng a fallela naheng e ’ngoe.
5 Ho na le mor’abo rōna oa pula-maliboho eo e bileng e leng moholo ea seng a le pensheneng, eo naheng ea habo ho buuoang Senyesemane; o ile a fallela sebakeng se ratoang ke bahahlauli Asia Boroa-bochabela ho ea thusa sehlopha sa bahoeletsi ba robong ba buang Senyesemane. Sehlopha sena se ne se pakela batho ba 30 000 ba tsoang linaheng tse ling ba neng ba lula sebakeng seo. Ho e-s’o fete lilemo tse peli, ba 50 ba ne ba se ba e-ba teng libokeng. Mora enoa oabo rōna o ile a re: “Ho fallela mona ho ntliselitse mahlohonolo a babatsehang ao ho seng mohla nkileng ka a latsoa. A mangata hoo letsatsi le ka bang la likela ke ntse ke a pheta!”
6. Pheta phihlelo ea morali’abo rōna oa lesoha ea ileng a fallela naheng eo ho eona ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng.
6 Baralib’abo Rōna ba Masoha: Jehova o ’nile a sebelisa baralib’abo rōna haholo hore ba bolele litaba tse molemo linaheng tseo ho tsona ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng. (Pes. 68:11) Morali e mong oabo rōna e mocha oa lesoha o ne a e-na le sepheo sa ho atolosa tšebeletso ea hae ka hore a ee naheng e ’ngoe, empa hoa utloahala hore ebe batsoali ba hae ba ne ba amehile ka tšireletseho ea hae. Kahoo o ile a khetha naha e neng e tsitsitse lipolotiking le moruong, a ngolla ofisi ea lekala, eaba o fumana boitsebiso bo mo tsoelang molemo le bo tobileng. O ile a lula naheng eo ka lilemo tse tšeletseng ’me a fumana mahlohonolo a mangata. O re: “Ha ke le hae nka be ke fumane menyetla e seng mekae feela ea ho ba le lithuto tsa Bibele. Empa ho sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ho nthusitse hore ke khanne lithuto tse ngata le hore ke ntlafatse tsela eo ke rutang ka eona.”
7. Pheta phihlelo ea lelapa le ileng la fallela naheng e ’ngoe.
7 Malapa: Haeba u na le bana, na see se hlile se u thibela ho fallela naheng e ’ngoe ho ea bolela litaba tse molemo? Lelapa le leng le nang le bana ba babeli, e mong a le lilemo li robeli ha e mong a le lilemo li leshome, le ile la etsa qeto ea hore le leke metsi ka lere. Ha ’mè a pheta phihlelo ea bona o re: “Re motlotlo hore ebe re hōliselitse bana ba rōna mona, hobane ba ile ba tloaelana le bo-pula-maliboho ba khethehileng le baromuoa. Bophelo ba rōna bo tletse thabo ka lebaka la ho sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng.”
8. Na motho a ka khona ho sebeletsa naheng e ’ngoe ntle le hore a ithute puo e ’ngoe? Hlalosa.
8 Ho Ameha ka Puo: Na ho nahana ka ho ithuta puo e ’ngoe ho u sitisa ho fallela naheng e ’ngoe? Ho ka etsahala hore ebe ho na le batho ba buang puo ea heno linaheng tse ling tseo ho tsona ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng. Banyalani ba bang ba buang Senyesemane ba ile ba fallela naheng eo ho eona ho buuoang Sepanishe, e nang le bajaki ba bangata ba buang Senyesemane. Ka mor’a hore ba fumane boitsebiso bo tsoang ofising ea lekala mabapi le liphutheho tse ngata tsa Senyesemane tse hlokang thuso, ba ile ba khetha e le ’ngoe ’me ba e etela habeli. Ba ile ba khutlela hae, ba fokotsa litšenyehelo tsa bona tsa khoeli le khoeli, ’me ba qeta selemo ba ntse ba boloka chelete. Ha ba se ba loketse ho falla, barab’abo rōna ba sebakeng seo ba ile ba ba thusa hore ba fumane ntlo eo ba ka khonang ho e lefella.
9, 10. Batho ba tlohileng linaheng tsa habo bona ba ka ’na ba nahana ka eng, hona hobane’ng?
9 Bajaki: Na u tlohile naheng ea heno, mohlomong pele u ithuta ’nete? Ho ka etsahala hore ebe naheng ea heno ho hlokahala bakotuli ba eketsehileng. Na u ka nahana ka ho khutlela hae ho ea thusa? Mohlomong ho tla ba bonolo hore u fumane mosebetsi le bolulo ho feta motho ea tsoang naheng e ’ngoe. Ho ka etsahala hore ebe u se u ntse u bua puo ea moo. Ho ekelletsa moo, batho ba ka ’na ba thabela ho mamela molaetsa oa ’Muso ha e le uena ea ba bolellang oona ho feta ha ba o bolelloa ke motho eo ba nkang hore hase oa moo.
10 Monna e mong oa Albania o ile a ea Italy e le mophaphathehi, a fumana mosebetsi o motle, ’me o ne a romella lelapa labo le Albania chelete. Ka mor’a hore a fumane ’nete, o ile a ruta bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Mataliana Sealbania. Bo-pula-maliboho bana ba Mataliana ba ne ba fallela Albania ho ea sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng. Mora eo oabo rōna o re: “Ba ne ba il’o sebetsa tšimo ea heso. Le hoja ba ne ba sa tsebe Sealbania, ba ne ba rata ho fallela moo. ’Na ke Moalbania ea hōletseng Albania. Joale ke batla’ng moo Italy?” Mora enoa oabo rōna o ile a etsa qeto ea ho khutlela Albania ho ea thusa ho bolela litaba tse molemo. O re: “Ho hang ha ke llele metsotso ha ke tlohetse mosebetsi le chelete Italy! Ke etsa mosebetsi oa bohlokoa mona Albania. Ke nka hore mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa le o fang motho thabo ea sebele, ke ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle!”
11, 12. Batho ba nahanang ho fallela naheng e ’ngoe ba lokela ho etsa’ng?
11 Seo U Lokelang ho se Etsa: Pele Pauluse le bo-mphato oa hae ba ea Macedonia, ba ne ba ikemiselitse ho leba bophirimela, empa ‘ba haneloa ke moea o halalelang,’ kahoo ba leba leboea. (Lik. 16:6) Ha ba le haufi le Bithynia, Jesu o ile a ba thibela ho kena teng. (Lik. 16:7) Jehova o sa ntse a tsamaisa mosebetsi oa boboleli a sebelisa Jesu. (Mat. 28:20) Ka lebaka leo, haeba u nahana ho fallela naheng e ’ngoe, rapella tataiso ea Jehova.—Luka 14:28-30; Jak. 1:5; sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Kamoo U ka Tsebang Kateng Hore ho Hlokahala Bahoeletsi ba Eketsehileng Naheng eo U Nahanneng ka Eona.”
12 E-re baholo le Bakreste ba bang ba hōlileng tsebong ba u bolelle ka botšepehi hore na u ka khona ho fallela naheng e ’ngoe. (Liprov. 11:14; 15:22) Bala boitsebiso boo re bo hatisitseng mabapi le ho sebeletsa naheng e ’ngoe u be u etse lipatlisiso ka linaha leha e le life tseo u nahanneng ka tsona. Na u ka etela naha eo u ratang ho fallela ho eona, mohlomong ka nako e teletsana? Haeba u hlile u batla ho fallela naheng e ’ngoe, u ka ngolla ofisi ea lekala ea naha eo atereseng e hlahang Bukeng ea Selemo ea morao-rao, e le hore u kōpe boitsebiso bo eketsehileng. Leha ho le joalo, ho e-na le ho romela lengolo ofising ea lekala ka ho toba, le nehe baholo ba phutheho ea heno, ebe bona ba ngola lintlha tse amehang pele ba le romela.—Sheba Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 111-112.
13. Ofisi ea lekala e tla u thusa joang, empa boikarabelo ba hao ke bofe?
13 Ofisi ea lekala e tla u romela boitsebiso bo tla u thusa ho etsa liqeto mabapi le naha eo, empa e ke ke ea u fa mangolo a tiisang hore u ke ke ua ba mokōpa-kōpa ebile e ke ke ea u fa bolulo, visa kapa liforomo tse ling tsa molao kapa ea u batlela bolulo. Tsena ke litaba tse u amang tse tla hloka hore u etse liphuputso ka tsona u be u li ele hloko pele u falla. Ho phaella moo, ke boikarabelo ba hao hore u iteanye le liofisi tsa bonģosa e le hore u kōpe boitsebiso ba hore na ho hlokahala eng hore u fumane visa le mangolo a u fang tumello ea ho sebetsa naheng eo. Ba fallang e lokela ho ba batho ba khonang ho itlhokomela licheleteng le ho finyella se hlokoang ke molao.—Bagal. 6:5.
14. Ke litemoso life tseo u lokelang ho li ela hloko ha u etela kapa u fallela naheng eo ho eona mosebetsi o thibetsoeng?
14 Linaha Tseo Mosebetsi o Thibetsoeng ho Tsona: Linaheng tse ling bara le barali babo rōna ba lokela ho ba hlokolosi haholo litabeng tsa bolumeli. (Mat. 10:16) Bahoeletsi ba etelang linaheng tseo kapa ba fallelang teng ba ka ’na ba phetlela mohatl’a nku masholu ba sa hlokomele ’me ba beha barab’abo rōna kotsing. Haeba u nahana ho fallela naheng e joalo, re kōpa u ngolle ofisi ea lekala ea heno lengolo ’me u le fe sehlopha sa baholo sa phutheho ea heno pele u tsoela pele.
15. Bao maemo a bona a sa ba lumelleng ho falla ba ka atolosa tšebeletso ea bona joang sebakeng sa habo bona?
15 Haeba ha U Khone ho Falla: Haeba ha u khone ho fallela naheng e ’ngoe, u se ke ua nyahama. Mohlomong u buletsoe “monyako [o mong] o moholo o isang tšebetsong.” (1 Bakor. 16:8, 9) Ho ka etsahala hore ebe molebeli oa hao oa potoloho o tseba libaka tse ling tse haufi le moo u lulang teng tseo ho tsona ho hlokahalang thuso. Na u ka ithuta puo e ’ngoe e buuoang sebakeng sa heno ebe u ithaopela ho thusa phutheho e ’ngoe kapa sehlopha se buang puo eo? Mohlomong u ka thusa sehlopha kapa phutheho e haufi ea puo ea matsoho, kapa ea puo ea naha e ’ngoe, e kang Sechaena, Sefora kapa Sepotoketsi. Kapa u ka khona ho atolosa tšebeletso ea hao phuthehong eo u kopanelang ho eona hona joale. Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao ke afe, taba ea bohlokoa ke hore u sebeletsa Molimo ka moea oohle.—Bakol. 3:23.
16. Re lokela ho etsa joang ha ba bang ba lakatsa ho fallela naheng e ’ngoe?
16 Na ho na le Mokreste eo u mo tsebang ea hōlileng tsebong ea nang le sepheo sa ho sebeletsa naheng e ’ngoe? Haeba ho joalo, mo tšehetse u be u mo khothatse! Nakong eo Pauluse a neng a tloha Antioke ea Syria, e ne e le motse oa boraro o moholo ka ho fetisisa ’Musong oa Roma (o latela Roma le Alexandria). Kaha phutheho ea Antioke e ne e e-na le tšimo e khōlō joalo, ho ka etsahala hore ebe e ne e hloka thuso ea Pauluse ’me e ka mo hloloheloa haholo haeba a ka tsamaea. Empa, Bibele ha e bontše hore barab’abo rōna ba ile ba khothalletsa Pauluse hore a se ke a tsamaea. Ho bonahala eka ha baa ka ba nahana ka sebaka sa habo bona feela, empa ba ile ba hopola hore “tšimo ke lefatše.”—Mat. 13:38.
17. Re na le mabaka afe a hore re nahane ka ho “tšelela Macedonia”?
17 Pauluse le bo-mphato oa hae ba ile ba hlohonolofatsoa haholo ka lebaka la ho amohela memo ea ho tšelela Macedonia. Ha ba ntse ba le motseng oa Macedonia oa Filipi, ba ile ba fumana Lydia, ’me “Jehova a bula pelo ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse.” (Lik. 16:14) Ak’u inahanele hore na Pauluse le baromuoa-’moho le eena ba ile ba thaba hakaakang ha Lydia le ba ntlo ea hae kaofela ba kolobetsoa! Linaheng tse ngata, ho na le batho ba lipelo li ntle joaloka Lydia ba e-s’o bolelloe molaetsa oa ’Muso. Haeba u “tšelela Macedonia” u ka ’na ua thabela ho fumana batho ba joalo le ho ba thusa.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Kamoo U ka Tsebang Kateng Hore ho Hlokahala Bahoeletsi ba Eketsehileng Naheng eo U Nahanneng ka Eona
• Sheba Buka ea Selemo ea morao-rao. Ka ho khetheha, ela hloko hore na naheng eo mohoeletsi ka mong o lokela ho bolella baahi ba bakae litaba tse molemo.
• Sebelisa Index e le hore u fumane lihlooho tse buang ka naha eo le liphihlelo tsa eona.
• Buisana le bahoeletsi ba kileng ba etela naha eo kapa ba kileng ba lula ho eona.
• Haeba u nahana ka naha eo ho eona u ka bolelang litaba tse molemo ka puo ea heno, hlola mehloli ea boitsebiso ea lefatše, e kang Inthanete ho bona hore na ke batho ba bakae naheng eo ba buang puo ea heno.
• Botswana le Namibia ho na le tlhokahalo e khōlō ea malapa a matla moeeng le bo-pula-maliboho ba kamehla.