Sekete sa Boraro sa Lilemo se Qala Neng?
NA U utloile polelo e reng sekete sa boraro sa lilemo ha se na ho qala ka selemo sa 2000 empa se tla qala ka selemo sa 2001? Polelo eo ke ’nete—ka tekanyo e itseng. Haeba re amohela hore Jesu Kreste o tsoetsoe ka selemo seo hona joale se tsejoang e le 1 B.C.E., joalokaha ba bang ba kile ba hakanya hore ho joalo, joale, la 31 December, 2000 (eseng 1999), ka sebele le tla tšoaea ho fela ha sekete sa bobeli sa lilemo, ’me la 1 January, 2001, le tšoaee ho qala ha sa boraro.a Leha ho le joalo, kajeno hoo e ka bang litsebi tsohle li lumellana hore Jesu Kreste ha aa ka a tsoaloa ka 1 B.C.E. Ebe joale o tsoetsoe neng?
Jesu o Tsoetsoe Neng?
Bibele ha e bolele nako e tobileng eo Jesu a tsoetsoeng ka eona. Leha ho le joalo, e re o tsoetsoe “matsatsing a Heroda morena.” (Matheu 2:1) Litsebi tse ngata tsa Bibele li lumela hore Heroda o shoele ka selemo sa 4 B.C.E. le hore Jesu o tsoetsoe pele ho moo—mohlomong pele ho moo hoo e ka bang ka 5 kapa 6 B.C.E. Ha ho tluoa tabeng ea lefu la Heroda, ba theha liqeto tsa bona lipolelong tsa rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo Flavius Josephus.b
Ho latela Josephus, nakoana pele ho lefu la Morena Heroda, ho ile ha e-ba le phifalo ea khoeli. Litsebi tsa Bibele li supa ho fifala ha karolo ea khoeli ho bileng ka la 11 March, 4 B.C.E. e le bopaki ba hore e tlameha ebe Heroda o shoele ka selemo seo. Leha ho le joalo, selemong sa 1 B.C.E., khoeli e ile ea fifala ka ho feletseng ka la 8 January ’me ka la 27 December ho ile ha fifala karolo ea eona feela. Ha ho ea ka bolelang hore na Josephus o ne a bua ka phifalo ea khoeli e etsahetseng ka 1 B.C.E. kapa e etsahetseng ka 4 B.C.E. Ka lebaka leo, re ke ke ra sebelisa mantsoe a Josephus ho qoolla selemo se tobileng sa lefu la Heroda. Le haeba re ne re ka etsa joalo, ha ho se na boitsebiso bo eketsehileng re ne re tla ’ne re hlōlehe ho etsa qeto ea hore na Jesu o tsoetsoe neng.
Bopaki bo matla ka ho fetisisa boo re nang le bona ba nako ea ho tsoaloa ha Jesu bo tsoa ka Bibeleng. Tlaleho e bululetsoeng e bolela hore Johanne Mokolobetsi ea neng a amana le Jesu ka bo-’m’a bona o qalile mosebetsi oa hae e le moprofeta ka selemo sa bo15 sa Moemphera Tiberiuse Sesare oa Roma. (Luka 3:1, 2) Histori ea lefatše e tiisa hore Tiberiuse o ile a etsoa moemphera ka la 15 September, 14 C.E., ka hona selemo sa hae sa bo15 se ne se tla nka ho tloha karolong ea ho qetela ea 28 C.E. ho ea ho ea ho qetela ea 29 C.E. Johanne o qalile tšebeletso ea hae nakong eo, ’me ho totobetse hore Jesu o qalile ea hae likhoeli tse tšeletseng hamorao. (Luka 1:24-31) Ha ho kopanngoa sena le bopaki bo bong, ho etsa hore tšebeletso ea Jesu e qale nakong ea hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 29 C.E.c Bibele e bolela hore Jesu o “ne a ka ba lilemo li mashome a mararo” ha a qala tšebeletso ea hae. (Luka 3:23) Haeba o ne a le lilemo li 30 nakong ea hoetla ka 29 C.E., e tlameha ebe o tsoetsoe nakong ea hoetla ka 2 B.C.E. Joale, ha re bala re ea pele lilemo tse likete tse peli ho tloha nakong ea selemo ka 2 B.C.E. (re hopola hore ho ne ho se na selemo sa 0; kahoo, ho tloha ho 2 B.C.E. ho ea ho 1 C.E. ke lilemo tse peli), re hlokomela hore sekete sa bobeli sa lilemo se felile ’me sa boraro se qalile nakong ea hoetla ka 1999!
Na hoa tsotelleha? Ka mohlala, na ho qaleha ha sekete sa boraro sa lilemo ho tšoaea qalo ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu Kreste, eo ho buuoang ka eona bukeng ea Tšenolo? Che. Ha ho kae kapa kae moo Bibele e supang hore ho na le kamano lipakeng tsa sekete sa boraro sa lilemo le Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste.
Jesu o ile a lemosa balateli ba hae khahlanong le ho lekanyetsa linako. O itse ho balateli ba hae: “Hase ha lōna hore le fumane tsebo ea linako kapa mehla tseo Ntate a li behileng ka taolo ea hae.” (Liketso 1:7) Pejana, Jesu o ile a senola hore ka nako eo, le eena o ne a sa tsebe hore na Molimo o ne a tla ahlola tsamaiso ena e khopo neng, kahoo a hleka tsela bakeng sa Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste. O ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.”—Matheu 24:36.
Na hoa utloahala ho lebella hore Kreste o tla khutla hantle ka mor’a lilemo tse 2 000 ho tloha nakong ea ho tsoaloa ha hae e le motho oa nama? Che, ha ho utloahale. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a tseba letsatsi leo a tsoetsoeng ka lona. ’Me ka sebele o ne a tseba ho bala lilemo tse 2 000 ho tloha nakong eo. Leha ho le joalo, o ne a sa tsebe letsatsi le hora tseo a neng a tla tla ka tsona. Ho totobetse hore ho ke ke ha e-ba bonolo ho qoolla nako ea ho khutla ha hae! ‘Linako le mehla’—e leng kemiso ea nako—li ne li le taolong ea Ntat’ae ’me li tsejoa ke eena feela.
Ho feta moo, Jesu ha aa ka a laela balateli ba hae hore ba mo emele sebakeng se itseng. Ha aa ka a ba bolella hore ba khobokane le ho leta, empa o ba boleletse hore ba hasane “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše” le hore ba etse batho ba lichaba tsohle barutuoa. Ha ho mohla a ileng a felisa taelo eo.—Liketso 1:8; Matheu 28:19, 20.
Na Tšepo ea Bona ea Lilemo Tse Sekete e Tla Fetoha Masoabi?
Leha ho le joalo, balumeli ba bang ba lumelang hore Bibele ha e hlalosoe ba lebeletse lintho tse khōlō ka selemo sa 2000. Ba lumela hore nakong ea likhoeli tse seng kae tse tlang, likarolo tse ling tsa buka ea Tšenolo li tla phethahala ka tsela ea sebele. Ka sebele, ba ipona ba nkile karolo phethahatsong eo. Ka mohlala, ba supa boprofeta bo tlalehiloeng ho Tšenolo 11:3, 7, 8, bo bolelang ka lipaki tse peli tse profetang ‘motseng o moholo oo ka kutloisiso ea moea o bitsoang Sodoma le Egepeta, moo Morena oa tsona le eena a ileng a khokhotheloa thupeng teng.’ Ha lipaki tsena tse peli li qeta bopaki ba tsona, li bolaoa ke sebata se bohale se tsoang ka mohohlong.
Ho latela tlaleho e ’ngoe e ho The New York Times Magazine ea la 27 December, 1998, moeta-pele oa sehlopha se seng sa bolumeli “o boleletse balateli ba hae hore ke e mong oa lipaki tseo tse peli ea abetsoeng ho phatlalatsa timetso ea lefatše le ho tla ha Morena—ebe joale Satane o mo bolaela literateng tsa Jerusalema.” Hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha babusi ba Iseraele ba tšoenyehile. Ba tšohile hore batho ba bang ba chesehang ho tlōla ba ka ’na ba leka ho “phethahatsa” boprofeta bona ka bobona—esita le haeba seo se bolela ho fehla ntoa! Leha ho le joalo, Molimo ha a hloke “thuso” ea motho hore a phethahatse morero oa hae. Boprofeta bohle ba Bibele bo tla phethahala ka nako ea Molimo le ka tsela ea Molimo.
Buka ea Tšenolo e ngotsoe “ka lipontšo.” Ho latela Tšenolo 1:1, Jesu o ne a batla ho senolela “makhoba a hae” (eseng lefatše ka kakaretso) se neng se tla tloha se etsahala. E le hore a utloisise buka ea Tšenolo, makhoba a Kreste, kapa balateli, a ne a tla hloka moea o halalelang oa Molimo, oo Jehova a o fang ba mo khahlisang. Haeba buka ea Tšenolo e lokela ho utloisisoa feela ntle ho tlhaloso, le bona batho ba se nang tumelo ba ne ba tla e bala ’me ba e utloisise. Kahoo ho ne ho sa tl’o hlokahala hore Bakreste ba rapelle moea o halalelang e le hore ba e utloisise.—Matheu 13:10-15.
Re bone hore ho latela bopaki ba Bibele, sekete sa boraro sa lilemo ho tloha tsoalong ea Jesu se qala nakong ea hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 1999 le hore nako eo kapa la 1 January, 2000, leha e le la 1 January, 2001, hase ea bohlokoa bo khethehileng. Leha ho le joalo, ho na le sekete sa lilemo seo Bakreste ba se thahasellang haholo. Haeba hase sekete sa boraro sa lilemo, ke sefe? Sehlooho sa ho qetela letotong lena se tla araba potso ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “2000 kapa 2001?” leqepheng la 5.
b Ho latela kamoo litsebi tsena li hlophisang tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona, sekete sa boraro sa lilemo se ne se tla be se qalile ka 1995 kapa 1996.
c Bakeng sa makolopetso a eketsehileng, re kōpa hore u bone Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Moqolo 1, leqepheng la 1094-5.
[Lebokose le leqepheng la 5]
2000 Kapa 2001?
E le hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha ba bang ba bolela hore sekete sa boraro sa lilemo ho tloha tsoalong ea Jesu se tla qala ka la 1 January, 2001, nahana ka papiso ena. Nka hore u bala buka e nang le maqephe a 200. Ha u fihla qalong ea leqephe la 200, u qetile maqephe a 199, u sa saletsoe ke ho bala leqephe le le leng. U ke ke ua qeta buka eo pele u fihla qetellong ea leqephe la 200. Ka mokhoa o tšoanang, lilemo tse 999 tsa sekete sa lilemo sa hona joale, kamoo ho tloaelehileng kateng, li tla be li felile ka la 31 December, 1999, ho sa setse selemo se le seng hore sekete sena sa lilemo se felelle. Ha re bala ka tsela eo, sekete sa boraro sa lilemo se qala ka la 1 January, 2001. Leha ho le joalo, joalokaha sehlooho sena se bontša, seo ha se bolele hore ka nako eo lilemo tse 2 000 hantle ho tloha tsoalong ea Jesu li tla be li felile.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Kamoo Mokhoa oa ho Bala Nako oa B.C.-A.D. o Ileng oa Qalisoa Kateng
Mathoasong a lekholo la botšelela la lilemo C.E., Mopapa John I o ile a laela moitlami e mong oa monna ea bitsoang Dionysius Exiguus hore a qalise mokhoa oa ho bala o neng o tla lumella likereke hore li behe letsatsi la molao bakeng sa Easter.
Dionysius o ile a kena mosebetsing. O ile a bala nako a e-ea morao a feta nako ea lefu la Jesu a ea ho seo a neng a nahana hore ke selemo seo Jesu a tsoetsoeng ka sona; eaba ho tloha moo o bala selemo se seng le se seng a e-ea pele. Dionysius o ile a bitsa nako ea ho tloha tsoalong ea Jesu “A.D.” (bakeng sa Anno Domini—“selemong sa Morena oa rōna.”) Ho sa tsotellehe hore boikemisetso ba Dionysius e ne e le feela ho qapa mokhoa o tšepahalang oa ho bala nako bakeng sa Easter ea selemo le selemo, o ile a kenya khopolo ea ho bala lilemo ho tloha tsoalong ea Kreste ho ea pele a sa rera.
Le hoja litsebi tse ngata li lumellana hore Jesu ha aa tsoaloa ka selemo seo Dionysius a thehileng lipalo tsa hae ho sona, mokhoa oa hae oa ho hlophisa liketsahalo le nako ea tsona o re lumella ho fumana hore na liketsahalo li etsahetse neng le ho bona kamoo li amanang kateng.