Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g98 5/8 maq. 30-31
  • Selemo sa 2000 ke sa Bohlokoa Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Selemo sa 2000 ke sa Bohlokoa Hakae?
  • Tsoha!—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova, ’Moloki oa Nako
  • “Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”
  • Sekete sa Boraro sa Lilemo se Qala Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • 2000—Na ke Selemo se Khethehileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Nako ea Boraro ea Lilemo Tse Sekete—Na e Tla Phethahatsa Litebello Tsa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Na ke ho Potlaka Kapa ho Lieha Haholo?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1998
g98 5/8 maq. 30-31

Pono Ea Bibele

Selemo sa 2000 ke sa Bohlokoa Hakae?

BATHO ba bangata ho hang ha ba amahanye letho la bolumeli le seo linaheng tsa Bophirimela hammoho le linaheng tse ling tse ngata e tla beng e le selemo sa 2000. Ka mohlala, Bajuda, Mamosleme le Mahindu le bona ba na le lialmanaka tsa bona tsa bolumeli tse sa tšoaneng le tsa Bophirimela. Bakeng sa matsatsi a bolumeli le a moetlo, Machaena a sebelisa almanaka e baloang ho latela khoeli e holimo. Kahoo, batho ba likete tse limilione kajeno, mohlomong ba bangata ba baahi ba lefatše, ha ba nke selemo sa 2000 se e-na le bohlokoa bo ikhethang.a

Leha ho le joalo, haholo-holo linaheng tsa Bophirimela, ba bangata ba letetse ka cheseho ho qaleha ho atamelang ha lilemo tse latelang tse sekete joalokaha ho tšoauoe almanakeng ea Gregory. Ho ba bang hase feela taba ea bohelehele. Ba nka hore selemo sa 2000 se qalisa mehla e mecha, se tlisa phetoho e khōlō historing. Ba bangata ba bolelang hore ba lumela Bibeleng ba amahanya ho phethahala ha boprofeta le selemo sa 2000. Ba bang ba lebeletse ho bona liponahatso tsa moea ka tekanyo e khōlō. Ba bang ba tšaba tlokotsi e khōlō—bofelo ba lefatše. Na Bibele e fana ka motheo leha e le ofe oa litebello tsee?

Jehova, ’Moloki oa Nako

Molimo oa Bibele o hlalosoa e le “Moholo oa matsatsi.” (Daniele 7:9) O tsamaisa nako ka ho nepahala ho phethahetseng, joalokaha ho totobatsoa ke tsela eo pōpo ea hae e ngata e sebetsang ka eona, ho tloha potolohong ea lipolanete ho isa tsamaisong ea likaroloana tse nyenyane tsa athomo. O na le kemiso ea hae ea nako eo a e khomarelang ka ho phethahetseng. Bibele e re: “O laetse linako tse behiloeng le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho.” (Liketso 17:26) Jehova ke ’Moloki ea nepahetseng oa nako.

Tumellanong le seo, Bibele ka ho khetheha e fana ka tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona. E fana ka tlaleho e tsoelang pele e nolofatsang hore ho baloe nako ka tsela e hlophisehileng ho boela morao qalong ea histori ea moloko oa batho. Ho bala ho joalo ho bontša hore 4026 B.C.E. ke selemo seo Molimo a ileng a bōpa Adama ka sona. Lilemo tse ka bang 2000 hamorao, Abrahama o ile a tsoaloa. Ho ile ha feta lilemo tse ling tse 2000 hape pele Jesu a tsoaloa.

Ba bang ba ithutang tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona ba ile ba iketsetsa likhakanyo tsa botho tse supang linako tse khethehileng tsa ka moso. Ka mohlala, ba sebelisa motheo oa tatellano ea linako ea lilemo tse ka bang 2000 tse pakeng tsa Adama le Abrahama le Jesu, ba bang ba bolela esale pele hore ho tla ketsahalo e tšosang qetellong ea lilemo tse 2000 ka mor’a ho tsoaloa ha Jesu. Ona e mpa e le mohlala feela oa likhakanyo tse ngata tse entsoeng ho boleloa hore li thehiloe tatellanong ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona.

Ke ’nete hore Bibele e bua ka nako eo ka eona Jehova Molimo a tlang ho kenella litabeng tsa batho ka ho tlosa bokhopo le ho tlisa lefatše le lecha. Boprofeta ba Bibele bo bua ka ‘mehla ea qetello,’ “qetello ea tsamaiso ea lintho,” ‘matsatsi a ho qetela’ le “letsatsi la Jehova.” (Daniele 8:17; Matheu 24:3; 2 Timothea 3:1; 2 Petrose 3:12) Leha ho le joalo, “bofelo” bo profetiloeng ka Bibeleng ha bo amane ka tsela leha e le efe le selemo sa 2000. Ha ho letho ka Mangolong le fanang ka bohlokoa bo ikhethang tabeng ea ho fela ha lilemo tse likete tse peli tse baloang ho ea ka almanaka ea Gregory.

“Lintho Tsee li Tla Etsahala Neng?”

Baapostola ba Jesu ba ile ba bontša tabatabelo ea ho tseba kemiso ea Molimo ea nako ha ba botsa Jesu: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3) Ba bangata kajeno ba na le tabatabelo e joalo ka bokamoso. Ke ho utloahalang ho labalabela ho tseba boprofeta ba bohlokoa joalo ba Bibele le nako eo bo tla phethahala ka eona. Leha ho le joalo, ke bohlale ho amohela le ho hlompha boemo ba Molimo tabeng ena.

Ka Mora oa hae, Jehova o senotse maikutlo a hae ’me o fane ka karabo e tobileng tabeng ena. Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, barutuoa ba hae ba ile ba boela ba mo botsa ka nako eo litšepiso tsa Molimo li neng li tla phethahala ka eona. Jesu o ile a araba: “Hase ha lōna hore le fumane tsebo ea linako kapa mehla tseo Ntate a li behileng ka taolo ea hae.” (Liketso 1:7) Ketsahalong e ’ngoe pejana, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.”—Matheu 24:36.

Ka ho hlakileng ‘ho tseba linako kapa mehla,’ haholo-holo ha ho tluoa tabeng ea ho phethahala ha boprofeta ba Bibele nakong e tlang, ha ho tlas’a taolo ea batho. Molimo o khethile ho se re senolele boitsebiso bo joalo. (Matheu 24:22-44) Na re ka susumetsa morero oa Molimo ka tsela leha e le efe ka ho lekanyetsa “letsatsi leo le hora eo” ka borōna, khahlanong le takatso ea hae? Ho hlakile hore sena se ke ke sa etsahala. (Numere 23:19; Baroma 11:33, 34) Bibele e re: “Merero ea Jehova e tiile ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 33:11) Kaha ke Molimo ea matla ’ohle, kamehla o finyella katleho.—Esaia 55:8-11.

Le hoja Molimo a e-na le matla a ho boloka “tsebo ea linako kapa mehla . . . taolong ea hae,” ba bangata ba ntse ba etsa likhakanyo. Ba bang ba iketsa baprofeta ba timetso. Ka lebaka lena, moapostola Pauluse o ile a fana ka taeo e tobileng ho Bathesalonika mabapi le kotsi ea ho mamela ba etsang likhakanyo tsa matsatsi. O ile a ngola: “Rea le kōpa hore le se ke la sisinyeha kapele monahanong oa lōna leha e le ho feha matšoafo ebang ke ka polelo e bululetsoeng kapa ka molaetsa oa molomo kapa ka lengolo joalokaha eka li tsoa ho rōna, tse bolelang hore letsatsi la Jehova le fihlile. A ho se ke ha e-ba le ea mong ea le ekang ka mokhoa leha e le ofe.”—2 Bathesalonika 2:1-3.

Lipaki tsa Jehova li lumela ka tieo hore merero ea Molimo ea nakong e tlang e tla fela e phethahale ka nako ea hae eo a e rerileng esale pele, hantle ka letsatsi le hora tse khethiloeng ke eena. (Habakuke 2:3; 2 Petrose 3:9, 10) ’Me re lumela hore liketsahalo tsena li tla etsahala haufinyane. (2 Timothea 3:1-5) Leha ho le joalo, ha re etse khakanyo leha e le hona ho tšehetsa likhopolo tse atileng kajeno.b ’Nete ke hore selemo sa 2000, leha e le sa 2001, leha e le nako leha e le efe e atamelang e behiloeng ke batho ha ho na moo li amanang teng le kemiso ea Jehova ea nako.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho ea ka pono ea litsebi, ho bitsoang hore ke lilemo tsa sekete sa boraro ho qala ka la 1 January, 2001. Lilemo tsa sekete sa pele ha lia ka tsa qala ho selemo sa 0 empa ho e-na le hoo, selemong sa 1. Leha ho le joalo, batho ka kakaretso ba amahanya polelo “lilemo tsa sekete sa boraro” le selemo sa 2000. Sehlooho sena se lebisa tlhokomelo ho seo ba bangata ba se lebeletseng mabapi le selemo sa 2000.

b Tokollo ea Molula-Qhooa ea September 1, 1997, leqepheng la 21-2 e itse: “Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa labalabela ho tseba hore na letsatsi la Jehova le tla tla neng. Tabatabelong ea tsona, ka linako tse ling li ’nile tsa etsa boiteko ba ho hakanya hore na le ka tla neng. Empa ka ho etsa joalo, li hlōlehile, joalokaha barutuoa ba Jesu ba pele ba ile ba hlōleha ho ela hloko temoso ea Monghali oa bona ea hore ha re “tsebe hore na nako e behiloeng e neng.” (Mareka 13:32, 33) Basomi ba ’nile ba soma Bakreste ba tšepahalang ka litebello tsa bona tse bileng teng pele ho nako. (2 Petrose 3:3, 4) Leha ho le joalo, Petrose o tiisa hore letsatsi la Jehova le tla tla ho latela kemiso ea Hae ea nako.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela