Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 12/8 leq. 5
  • Na ke ho Potlaka Kapa ho Lieha Haholo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke ho Potlaka Kapa ho Lieha Haholo?
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sekete sa Boraro sa Lilemo se Qala Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lilemo tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?
    Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?
  • Nako ea Boraro ea Lilemo Tse Sekete—Na e Tla Phethahatsa Litebello Tsa Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Selemo sa 2000 ke sa Bohlokoa Hakae?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 12/8 leq. 5

Na ke ho Potlaka Kapa ho Lieha Haholo?

HONA joale ho buuoa haholo ka ho qaleha ha lekholo la bo21 la lilemo le sekete sa boraro sa lilemo Jesu Kreste a tsoetsoe. Makasine ea Newsweek e bolela hore “lekholo la bo20 la lilemo, le ileng la qala e le Lekholo la Lilemo la Boiteko bo Matla ba ho Fehla Ntoa, ’me la tsoela pele ho fetoha la Mehla ea Bomo ea Athomo, ho bonahala le felella e le la Mehla ea Boithabiso.” Tokollong ea eona ea la 22 January 1997, e ile ea tlaleha: “Lefatšeng ho pota lihotele li se li ntse li tletse likōpo tsa ho li sebelisetsa” ho keteka Letsatsi le Etellang Pele Selemo se Secha, e leng la la 31 December, 1999.

Leha ho le joalo, batho ba bang ba bolela hore mekete ena e potlaketsoe haholo. Ba bontša hore ho fapana le seo ba bangata ba se lumelang, lekholo la bo21 la lilemo le ho qaleha ha sekete se secha sa lilemo ha ho qale ka la 1 January, 2000, empa ho qala la 1 January 2001. Kaha ho ne ho se na selemo sa 0, lekholo la pele la lilemo le ile la qala ka selemo sa 1 ho isa ho sa 100, lekholo la bobeli la lilemo la qala ka 101 ho isa ho 200, joalo-joalo. Kahoo, ho phehoa khang ea hore lekholo la bo20 la lilemo, le qalileng ka la 1 January 1901 le sekete sa bobeli sa lilemo se qalileng ka la 1 January, 1001, ha li na ho fela ho fihlela ka la 31 December, 2000.

Ho na le ntlha e ’ngoe hape e lokelang ho nahaneloa. Lik’halendara tsa rōna li arola nako motheong oa pele kapa ka morao ho tsoalo ea Kreste. Hona joale litsebi lia hlokomela hore Jesu o tsoetsoe pejana ho nako eo pele ho neng ho nahanoa hore o tsoetsoe ka eona, kahoo seo se etsa hore moralo oa mantlha oa k’halendara e be o fosahetseng. Maikutlo aa fapana tabeng ea hore na Jesu o tsoetsoe neng, empa tatellano ea liketsahalo tsa Bibele ho ea ka nako ea tsona e bontša hore o tsoetsoe selemong sa 2 B.C.E. Ha ho baloa ka mokhoa oo, sekete sa boraro sa lilemo ka mor’a tsoalo ea Kreste ha e le hantle se qalile ka hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) selemong sena! Boitsebiso bo eketsehileng bo ka fumanoa tokollong ea Tsoha! (ea Senyesemane) ea May 22, 1997, leqepheng la 28 le Tsoha! ea December 8, 1976, leqepheng la 20.a

Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ke bohlale ho qoba ho tsitlallela ho bolela hore lekholo la bo21 la lilemo le sekete sa boraro sa lilemo li tla qala ka mor’a libeke tse seng kae feela tse latelang. Leha ho le joalo, ho latela maikutlo a tloaelehileng, Tsoha! e bona ho loketse hore nakong ena e tšohle taba ea “Lekholo la Bo20 la Lilemo—Lilemo Tsa Bohlokoa Tsa Phetoho.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona hape tokollo ea Molula-Qhooa ea November 1, 1999.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela