Nako ea Boraro ea Lilemo Tse Sekete—Na e Tla Phethahatsa Litebello Tsa Hao?
MOKHOA oa ho bala nako ho khutleloa morao o qalile. Oache e bontšang nako ka ho bontša lethathamo la lipalo e ka pel’a setsi sa bochaba sa Beaubourg Paris, Fora, e bontša palo ea metsotsoana e setseng. E tla tsoela pele ka mokhoa oa eona o sa khaotseng oa ho bala nako e khutlela morao ho fihlela ka la 31 December, 1999, bosiu ka khitla. Ka nako eo, ntho e ’ngoe e kileng ea pakoa hang feela Mehleng ea rōna e Tloaelehileng e tla etsahala: ho tlisoa ha nako ea lilemo tse sekete e ncha, nako ea boraro ea lilemo tse sekete.
Mofuputsi oa kahisano Bernward Joerges oa Berlin, Jeremane, o hlahisa hore: “Ka tsela e ’ngoe e itseng, 2000 ke ‘ketsahalo e lebelletsoeng haholo ka ho fetisisa’ haesale historing ea batho.” Ke hobane’ng ha ho e-na le tebello e kaalo? Etsoe, selemo sa 2000 e mpa e le nako e ’ngoe feela kemisong ea nako. Ntle ho moo, nako eo e hlokomeloa feela ke batho ba latelang almanaka ea Bophirimela. Ho latela almanaka ea Islām, 2000 C.E. e oela selemong sa Islām sa 1420; ho latela almanaka ea Bajode, e oela selemong sa 5760 A.M.
Empa puisanong e ’ngoe ho Dagens Nyheter ea Sweden e hatisoang letsatsi le leng le le leng, Moprofesa Joerges oa hlalosa: “Ka baka la tsamaiso ea bokolone le katoloso ea mebuso ea baemphera, tokisetso ea rōna ea ho tlaleha ho latellana ha liketsahalo ea Gregory, ho qala ka nako eo ho nkoang hore ke ea ho tsoaloa ha Kreste, e tsoetse pele likarolong tse khōlō tsa lefatše.” Ka hona selemo sa 2000 e tla ba ntho e tšoaeang nako ea bohlokoahali qitikoeng eohle karolong e khōlō ea batho. Moprofesa Joerges o re: “Batho bohle ba tla amahanya ketsahalo ena le lipale tsa bophelo ba bona tsa lekunutu tse sa ngoloang ke bona ho akarelletsa le ntho efe kapa efe.”
Leha ho le joalo, ba bangata ba nahana ka ho hongata ho feta feela ho tšoaea nako. Joerges oa bolela: “Merero e pharalletseng le mananeo a ho ‘tšoaea’, ho bontša bohlokoa le ho keteka ketsahalo ena e se e ntse e tsoela pele likarolong tsohle tsa bophelo le maemong ’ohle a sechaba.” O phaella ka hore “qitikoeng eohle, bahlophisi ba merero e itseng ea khoebo ba baholo le ‘bo-ralibaesekopo’ ba lora le ho rera liketsahalo tse khōlō.” Litsebi tse ling tse bonelang litaba pele li bolela hore “re tla qoela ka har’a moroallo oa libuka tse buang ka lekholo le fetileng la lilemo. Mecha eohle ea phatlalatso e pharalletseng e tla hlantšoa ke phetoho ea nako ea lilemo tse sekete. Seteishene sa Thelevishene sa Jeremane Bophirimela se ntse se rera ho thea phatlalatso ea mananeo a hlahang ho tloha ha letsatsi le chaba ka ho fapana ha libaka ho pota lefatše e sebetsang lihoreng tse 24 tsa letsatsi.”
Mecha ea phatlalatso e tla boetse e tiisa hore e nka boikhathatso bo boholo ka lesea la ho qetela le tla hlaha ka 1999 le ka la pele le tla hlaha ka 2000. Batlalehi ba likoranta ba tla chesehela ho fumana hore na batho ba seng bakae ba hlahileng lekholong la bo19 la lilemo ba hokae hore ba ba botse hore na ba ikutloa joang ka hore ebe ba phetse makholong a mararo a lilemo le linakong tse peli tsa lilemo tse sekete! Ba bang ba bile ba ikutloa hore phatlalatso ena e thetsang ea nako ea lilemo tse sekete e tla fehla mofuta o itseng oa boikutlo ba pherekano e sa laoleheng. Ho latela phatlalatso e ’ngoe e tšosang e entsoeng esale pele, etlare ha ho fihla nako ea bosiu ka khitla Mantsiboeeng ao a Selemo se Secha, ba bangata ba tla ipolaea.
Ho sa tsotellehe litlhaloso tse hlakileng joalo tse fetellelitsoeng, ke ho utloahalang hore ketsahalo eo e tsosa thahasello. Ho ba bangata lefatšeng la rōna le khathalitsoeng ke litsietsi, nako ea lilemo tse sekete e ncha e talingoa e le lehlaseli la tšepo, e le tsela e kenang bokamosong bo molemonyana. Ba bang ba talima thutong ea mahlale le mokhoeng oa ho sebelisa thuto ea mahlale hore li fane ka bokamoso boo ho bona re tla ja hamolemonyana ’me re phele haleletsana, re sebetse hanyenyane ’me re lule hae haholoanyane; boo ho bona li-robot li tla re lokolla mesebetsing e tenang; boo ho bona mokhoa o itseng oa ho kopanngoa ho lekanyelitsoeng ha liathomo o tla fetola metsi hore ebe ntho e kang peterole. Ba nahana ka bokamoso boo ho bona ho nang le TV eo ho eona lintho li hlahang eka ke tsa sebele hase litšoantšo, Mechine e kopantseng fono-fono le thelevishene, mechine ea fax ea ’mala, le lithelefono tse fetolelang litaba puong e ’ngoe ka ho panya ha leihlo. Ba lora ba etela Khoeling, ho Mars, kapa linaletsaneng tse ling tse sepaka-pakeng, ba rafa matlotlo a tsona.
Empa hase bohle ba nang le tšepo e kaalo. Bafuputsi ba bang ba talima nako e ncha ea lilemo tse sekete e le e tlisang nako ea sepenya sa baahi ba lefatše se sa laoleheng le ho senyeha ha tikoloho. Tšilafalo ea moea e tla fetola sepaka-paka sa lefatše hore se tuke malakabe. Leqhoa le koahetseng libaka tse batang haholo le tla qhibiliha ’me maoatle a tla phahama, a hohole libaka tse hlahisang lijalo le libaka tseo ho ahuoeng ho tsona empa le fetole lihekthare tse limillione tsa libaka tsa temo hore ebe mahoatata. Ba bonela ho oa ha moruo oa lefatše pele, ho se tsitse ha lipolotiki ho tla sisinya mebuso le mekhatlo ea batho, tlōlo ea molao e sa laoleheng, ’me ho hobe le ho feta, ba bonela koluoa ea nuclear pele e tla timetsa bophelo bohle ba batho.
Litsebi tse bonelang litaba pele li etsa likhopolo tse telele tse se nang bopaki le hoja li haelloa ke ’nete e tiileng ha ho tluoa tabeng ea nako ea lilemo tse sekete e ntseng e atamela. Ka ho hlakileng ho ameha lintho tse ngata haholo tse ke keng tsa bonoa esale pele hore motho a phatlalatse bokamoso ka nepo esale pele. Senohe se seng sa bokamoso se phahameng se tšoantša ho etsa joalo le ho bapala chess: “Pele ke nka mohato oa ka o latelang, ke talima mehato e ka pele e mengata kamoo nka khonang. Empa ka mor’a hore sera sa ka se nke mohato oa sona, ke boetse ke fetola maoa hape.”
Ha e le hore na selemo sa 2000 se fupere eng, ke nako feela e seng e tla bontša. Leha ho le joalo, hona ha ho bolele hore bokamoso ba hao bo lokela hore bo se ke ba tsitsa. Bibele e fana ka bopaki bo lekaneng ba hore re haufi le ho atamela ha nako ea lilemo tse sekete ea bohlokoa ka ho fetisisa ho feta eo e tla qala lilemong tse ka tlaase ho leshome tse tlang. Nako ena ea Lilemo tse Sekete e atamelang e tla phahamela litebello tsa batho hōle! Hantle-ntle hona ho bolela eng? Ho tla akarelletsa eng? Re u mema hore u hlahlobe sehlooho sa rōna se latelang ’me u ithute hore na Bibele e re’ng.