Lokisetsa Sekete sa Lilemo sa Bohlokoa!
PUSO ea Lilemo tse Sekete ea Kreste e tla tlisetsa batho litlhohonolofatso tse ngata haholo. Tlas’a tataiso e lerato ea Jesu, moloko oa batho o tla tlosoa boemong ba ’ona ba hona joale ba masetla-pelo ebe o phahamisetsoa phethehong e khanyang. Nahana hore na seo se ka bolela eng ho uena. Bophelo ba ho hlasimoloha! Ipone hoseng ho hong le ho hong u tsoha u ikutloa u phela hantle ho feta maobane. Banna, basali le bana ba limilione ba lebeletse ka thabo ha ba tla be ba phela nakong eo ea nyakallo. Lipelo tsa bona li ho eona, ’me baa e rapella. Ho ithuta ha bona Bibele ho ba kholisitse hore ba ka thabela litlhohonolofatso tsena.
Leha ho le joalo, pele Jesu Kreste a qala Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete, o tlameha ho tlosa bohle ba hanyetsang puso ea hae lefatšeng. Sena o tla se etsa ntoeng e bitsoang Armagedone ka Bibeleng. (Tšenolo 16:16) Bakreste ba ’nete ba lefatšeng ha ba na ho loana ntoeng eo. Ke ntoa ea Molimo, ’me e ke ke ea fella feela sebakeng se le seng. Bibele e re e tla fihla lipheletsong tsa lefatše. Lira tsa puso ea Kreste li tla bolaoa. Ha ho le se seng sa tsona se tla pholoha!—Jeremia 25:33.
Joale Jesu o tla lebisa tlhokomelo ho Satane Diabolose le bademona ba hae. E-ba le pono ena kelellong joalokaha mongoli oa buka ea Tšenolo a ile a e bona: “Ka bona lengeloi [Jesu Kreste] le theoha ho tsoa leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona. ’Me la tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete.” (Tšenolo 20:1, 2) Hamorao, Satane le bademona ba hae ba tla timeletsoa ruri.—Matheu 25:41.
“Bongata bo boholo, boo ho seng motho ea [khonang] ho bo bala,” bo tla pholoha Armagedone. (Tšenolo 7:9) Kreste o tla bo tataisa hore bo rue molemo ka ho feletseng “lilibeng tsa metsi a bophelo,” joalokaha molisa a tataisetsa linku tsa hae metsing a phelisang. (Tšenolo 7:17) Kaha Satane le bademona ba hae ba tla be ba le sieo ho ba sitisa tsoelo-peleng ea bona ea moea, baphonyohi bana ba Armagedone ba tla thusoa butle-butle hore ba hlōle litšekamelo tsa bona tsa boetsalibe ho fihlela ba phethahala!
Tlas’a puso e lerato ea Kreste, maemo a bophelo a tla ntlafala butle-butle. Jehova Molimo o tla sebelisa Jesu Kreste ho felisa lisosa tsohle tsa bohloko le masoabi. O “tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Moprofeta Esaia ha a lihela likhala, o re: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, le litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” (Esaia 35:5, 6, NW) Joale bafu, “ba baholo le ba banyenyane,” ba tla phela hape ba lebeletse hore ba ke ke ba hlola ba e-shoa hape!—Tšenolo 20:12.
Esita le hona joale ho se ho ntse ho bokelloa “bongata bo boholo” bo tla pholoha Armagedone. Bo itokisetsa Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste. Le hoja bo sa tsebe hore na puso eo e tla qala neng, bo kholisehile hore e tla qala ka nako e loketseng ea Molimo. Le uena u ka ba har’a bona, empa le uena u lokela ho itokisa—eseng ka ho rekisa thepa ea hao le ka ho ea sebakeng se itseng, empa ka ho ithuisa tsebo e nepahetseng ka Jehova Molimo le merero ea hae ka ho ithuta Bibele. U sa lefe letho ebile u sa itlame ka letho, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u bontša kamoo thuto ea Bibele e ka u tsoelang molemo le lelapa la hao kateng. Bahatisi ba makasine ena ba tla thabela ho u fa boitsebiso bo eketsehileng.
[Lebokose le leqepheng la 7]
Na Lilemo Tsee Tse Sekete ke Tsa Sebele Kapa Tsa Tšoantšetso?
Kaha karolo e khōlō ea buka ea Bibele ea Tšenolo e ngotsoe ka puo ea tšoantšetso, hoa botsoa, Ho thoe’ng ka Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste e boletsoeng ho Tšenolo? Na ke nako ea sebele kapa ea tšoantšetso?
Ho na le lintho tse ngata tse bontšang hore ho boleloa nako ea sebele ea lilemo tse sekete. Nahana: Moapostola Pauluse o bua ka Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste, eo nakong ea eona moloko oa batho o tla ahloloa ka eona, a e bitsa letsatsi. (Liketso 17:31; Tšenolo 20:4) Moapostola Petrose o ile a ngola hore letsatsi le le leng (lihora tse 24) ho Jehova le tšoana le lilemo tse sekete. (2 Petrose 3:8) Sena ke bopaki ba hore “letsatsi” lena la kahlolo le bolelele ba lilemo tse sekete tsa sebele. Ho phaella moo, ho Tšenolo 20:3, 5-7, ka makhetlo a mane a sa tšoaneng ha re bale ka “lilemo tse sekete” empa re bala ka “lilemo [tseo] tse sekete.” Ho bonahala sena se supa nako ea bolelele bo tobileng.