Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 11/15 maq. 4-7
  • Bibele e Araba Lipotso Tsa Bohlokoahali Tsa Mehleng ea Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Araba Lipotso Tsa Bohlokoahali Tsa Mehleng ea Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bohloko?
  • Morero oa Bophelo ke Eng?
  • Seo Molimo a se Lebeletseng ho Rōna
  • Leseli le Tšepahalang Tseleng ea Rōna
  • Morero oa Sebele oa Bophelo
    Tsoha!—1992
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Molimo o Batla Hore re Phele Bophelo bo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Jehova—Molimo ea Nang le Morero
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 11/15 maq. 4-7

Bibele e Araba Lipotso Tsa Bohlokoahali Tsa Mehleng ea Rōna

NA Bibele ea sebetsa kajeno? Hore karabo e be e, ka sebele buka ena ea khale-khale e tla tlameha ho tataisa babali ba eona litabeng tse thahaselloang le tse ka sebelisoang hona joale. Na Bibele e fana ka keletso e molemo litabeng tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa lefatšeng la kajeno?

A re hlahlobeng litaba tse peli tse nakong. Ha re etsa joalo, re tla hlahloba seo Bibele e se buang ka litaba tsena.

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Bohloko?

Ka lebaka la maemo a lefatše kajeno, e ’ngoe ea lipotso tse atisang ho botsoa ke ena: Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba se nang molato ba utloe bohloko? Ke hantle hore ebe potso ena ea botsoa, kaha batho ba eketsehileng ba angoa ke tlōlo ea molao e mabifi, bobolu, bohato bo reretsoeng ho timetsa morabe ka ho feletseng, tsietsi e hlahelang motho ka mong le tse ling tse joalo.

Ka mohlala, ka June 1998 terene ea lebelo le holimo e ile ea soahlamana borokhong bo bong Jeremane ka leboea, ea bolaea baeti ba fetang lekholo. Esita le batho ba thuso ea pele le ba timang mollo ba neng ba sebetsana le ba tsoileng likotsi le ba shoeleng ba ne ba utloisitsoe bohloko ke polao ena e sehlōhō. Mobishopo e mong oa Kereke ea Evangeli o ile a botsa: “Molimo ea ratehang, Ke hobane’ng ha see se etsahetse?” Mobishopo enoa ka boeena ha aa ka a fana ka karabo.

Phihlelo e bontša hore ha batho ba se nang molato ba hlokofatsoa ke bobe ’me ba sa fumane tlhaloso mabapi le sesosa sa bona, ka linako tse ling baa halefa. Ke boemong bona moo Bibele e ka thusang, hobane e hlalosa lebaka leo ka lona batho ba se nang molato ba etsetsoang bokhopo le ho utloisoa bohloko.

Ha Jehova Molimo a ne a bōpa lefatše le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho lona, o ne a sa rera hore batho ba tšoenngoe ke bokhopo le bohloko. Re ka tiisa see joang? Hobane ha a qeta pōpo ea hae, ‘Molimo o ile a bona tsohle tseo a li entseng hoba li molemo haholo.’ (Genese 1:31) Ipotse, ‘Haeba ke ne ke bona ntho e ’ngoe e khopo, na ke ne ke tla re e “molemo haholo”?’ Le hanyenyane! Ka tsela e tšoanang, ha Molimo a ne a re ntho e ’ngoe le e ’ngoe e “molemo haholo,” ho ne ho se na le moroeroenyana oa bokhopo lefatšeng. Ka hona, bokhopo bo qalile neng hona joang?

Kapele ka mor’a ho bōptjoa ha batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, sebōpuoa sa moea se matla se ile sa atamela mosali ’me sa hanyetsa botšepehi ba Jehova le ho tšoaneleha ha bobusi ba hae. (Genese 3:1-5) Sebōpuoa sena, e leng Satane Diabolose, hamorao se ile sa re batho ba ke ke ba lula ba tšepahala ho Molimo ha ba le tsietsing. (Jobo 2:1-5) Jehova o ile a etsa joang boemong boo? O ile a lumella hore nako e fete e le hore ho hlake hore batho ba ke ke ba tsamaisa mehato ea bona ka katleho ntle ho thuso ea hae. (Jeremia 10:23) Ha libōpuoa li tlōla melao le metheo ea Molimo, phello e ba sebe, se hlahisang maemo a kotsi. (Moeklesia 8:9; 1 Johanne 3:4) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe maemo ana a bohloko, Jehova o ne a tseba hore batho ba bang ba ne ba tla tšepahala ho eena.

Ho tloha bofetoheling boo bo soabisang Edene, ho fetile lilemo tse ka bang 6 000. Na ke nako e telele haholo? Jehova a ka be a timelitse Satane le batšehetsi ba hae makholong a lilemo a fetileng. Empa na ha hoa ba molemo ho leta ho fihlela ha ho tlositsoe pelaelo e ’ngoe le e ’ngoe e ka nahanoang mabapi le ho nepahala ha bobusi ba Jehova le ho tšepahala ha batho ho eena? Na hase ’nete hore tsamaisong ea boahloli ea kajeno nyeoe e nka lilemo e le hore ho ka fumanoa hantle hore na ke mang ea nepileng le hore ke mang ea fositseng?

Ka lebaka la bohlokoa ba litaba tseo Jehova le moloko oa batho ba talimaneng le tsona—bobusi ba bokahohleng le botšepehi ba batho—Molimo o bile bohlale hakaakang ka ho fana ka nako! Hona joale re bona ka ho hlaka se etsahalang ha batho ba hlokomoloha melao ea Molimo ’me ba laola litaba tsa bona. Liphello e ba bobe bo sabaletseng. ’Me ke ka lebaka leo batho ba bangata hakana ba se nang molato ba utloang bohloko kajeno.

Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe Lentsoe la Molimo le bontša hore bokhopo bo ke ke ba e-ba teng ka ho sa feleng. Ha e le hantle, Jehova o tla tloha a felisa bobe le ba bo etsang. Liproverbia 2:22 e re: “Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.” Ka lehlakoreng le leng, ba tšepahalang ho Molimo ba ka lebella nako e haufi ea ha ‘lefu le ke ke la hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko li ke ke tsa hlola li e-ba teng.’—Tšenolo 21:4.

Joale, Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore na ke hobane’ng ha ba se nang molato ba utloa bohloko. E boetse e re kholisa hore bobe le ho utloa bohloko li tla tloha li fela. Leha ho le joalo, ha hona joale re ntse re e-ba le mathata bophelong, re hloka karabo ea potso e ’ngoe ea bohlokoa.

Morero oa Bophelo ke Eng?

Mohlomong hona joale ho feta leha e le neng historing ea moloko oa batho, batho ba leka ho fumana morero oa bophelo. Ba bangata baa ipotsa, ‘Ke phelela’ng? Nka fumana morero joang bophelong ba ka?’ Maemo a sa tšoaneng a ba susumelletsa ho botsa lipotso tsena.

Bophelo ba motho bo ka ’na ba senngoa ke tsietsi e mo hlahetseng. Ka mohlala, mathoasong a 1998 ngoanana ea lilemo li 12 ea neng a lula Bavaria, Jeremane, o ile a koeteloa a ba a bolaoa. Ka mor’a selemo, ’mè oa hae o ile a lumela hore o qeta letsatsi ka leng a batla morero oa bophelo—a sa atlehe. Batho ba bang ba bacha ba susumelletseha ho ipotsa lipotso mabapi le morero oa bophelo. Ba batla tšireletseho, khotsofalo le boikutlo ba hore ba oela sehlopheng se itseng, empa ba nyahamisoa ke boikaketsi bo sabaletseng le bobolu. Batho ba bang ba nka mosebetsi e le ntho e ka sehloohong bophelong ba bona, empa ba hlokomela hore matla, botumo le matlotlo li hlōleha ho khotsofatsa takatso e ka hare ea ho fumana hore na ba phelela’ng.

Ho sa tsotellehe hore na motho o susumelletsoa ke eng hore a botsisise ka morero oa bophelo, potso ena e batla karabo e tšepahalang le e khotsofatsang. Hape, Bibele e ka ba molemo haholo. E bontša hore Jehova ke Molimo ea nang le morero, ea etsang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka mabaka a utloahalang. Rea botsa, Na u ne u ka haha ntlo u se na lebaka? Ha ho joalo, kaha ho haha ntlo ho hloka chelete e ngata ’me ho ka nka likhoeli tse ngata kapa lilemo. U haha ntlo e le hore uena kapa motho e mong a lule ho eona. Tsela e tšoanang ea ho nahana e ka sebelisoa ho Jehova. Ha aa ka a etsa boiteko bo khethehileng ba ho bōpa lefatše le lintho tse phelang tse ho lona a se na lebaka, kapa morero. (Bapisa le Baheberu 3:4.) Morero oa hae ke ofe ka lefatše?

Boprofeta ba Esaia bo bontša hore Jehova ke “Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona.” Ka sebele, ke “Eena Ea . . . tiisitseng [lefatše] ka mokhoa o sa sisinyeheng, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi.” (Esaia 45:18, NW) E, haesale lefatše le bōptjoa, e ’nile ea e-ba morero oa Jehova hore le be le baahi. Pesaleme ea 115:16 e re: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ’me lefatše o le neile bana ba batho.” Kahoo, Bibele e bontša hore Jehova o bōpetse lefatše hore batho ba mamelang, ba ka le hlokomelang, ba ahe ho lona.—Genese 1:27, 28.

Na bofetoheli ba Adama le Eva bo ile ba etsa hore Jehova a fetole morero oa hae? Che. Ke eng se etsang hore re kholisehe hakaalo? Ha e le hantle, nahana ka ntlha ena: Bibele e ngotsoe lilemo tse likete ka mor’a bofetoheli ba Edene. Haeba Molimo a ne a tlohetse morero oa hae oa tšimolohong, ke hobane’ng ha seo se sa boleloa ka Bibeleng? Qeto e totobetseng ke hore morero oa hae ka lefatše le moloko oa batho o lula o sa fetoha.

Ho feta moo, ha ho mohla morero oa Jehova o tla hlōleha. Ka Esaia, Molimo o fana ka tiiso ena: ‘Joalo ka ha pula le lehloa li theoha leholimong, ’me li sa khutlele teng li e-so ho nosetse lefatše, le ho le behisa, le ho le melisa, le tle le ntšetse mojali peō, le moji bohobe; ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka, le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.’—Esaia 55:10, 11.

Seo Molimo a se Lebeletseng ho Rōna

Joale ho hlakile hore re ka kholiseha hore morero oa Molimo oa hore batho ba mamelang ba ahe lefatšeng ka ho sa feleng o tla phethahala. E le hore re be har’a ba nang le tokelo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, re lokela ho etsa seo Morena Solomone ea bohlale a ileng a se bua: “Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”—Moeklesia 12:13; Johanne 17:3.

Ho phela tumellanong le morero oa Jehova bakeng sa moloko oa batho ho bolela ho tseba Molimo oa ’nete le ho iphaphatha ka seo a se hlokang joalokaha se bontšitsoe ka Mangolong a Halalelang. Haeba re etsa sena hona joale, re ka ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise, leo ho lona ho seng mohla re tla khaotsa ho ithuta lintho tse ncha ka Molimo le pōpo ea hae e hlollang. (Luka 23:43) Ke tebello e thabisang hakaakang!

Ba bangata ba batlang morero bophelong ba retelehela Bibeleng ’me ba fumana thabo e khōlō hona joale. Ka mohlala, mohlankana e mong ea bitsoang Alfred o ne a sitoa ho fumana morero bophelong. Ho itšunya-tšunya ha bolumeli ntoeng ho ile ha mo khopisa, ’me a halefisoa ke boikaketsi le bobolu lipolotiking. Alfred o ile a etela Maindia a Amerika Leboea a tšepile hore o tla tseba morero oa bophelo, a mpa a khutlela Europe a soetsehile. Ka lebaka la ho felloa ke tšepo, o ile a retelehela lithethefatsing le ’minong o hlaha. Leha ho le joalo, ho hlahloba Bibele kamehla le ka hloko hamorao ho ile ha thusa Alfred ho hlokomela morero oa ’nete oa bophelo le ho fumana khotsofalo.

Leseli le Tšepahalang Tseleng ea Rōna

Joale, re ka etsa qeto efe ka Bibele? Na ea sebetsa kajeno? Ka sebele, ho joalo hobane e fana ka tataiso litabeng tse nakong. Bibele e hlalosa hore Molimo ha aa hlola bokhopo ’me e re thusa ho fumana morero oa bophelo o khotsofatsang. Ho feta moo, Bibele e bua ho hongata ka litaba tse ling tse thahaselloang haholo kajeno. Lentsoe la Molimo le hlahloba lihlooho tse kang lenyalo, ho hōlisa bana, likamano pakeng tsa batho le tšepo bakeng sa bafu.

Haeba ha u e-s’o ho etse, re kōpa hore u hlahlobe se fuperoeng ke Bibele. Hang ha u fumane molemo oa ’nete oa lintlha tsa eona tse tataisang bophelong, u ka ’na ua ikutloa hantle feela joaloka mopesaleme ea ileng a tšepa hore Jehova Molimo o tla mo tataisa bophelong ’me a bina: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pesaleme ea 119:105.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ua tseba hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore batho ba se nang molato ba utloe bohloko?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

U ka thabela bophelo bo nang le morero

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela