Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 12/1 maq. 26-29
  • U se ke Ua Lumella Hore Makhabane a Hao a Fetohe Bofokoli Ba hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua Lumella Hore Makhabane a Hao a Fetohe Bofokoli Ba hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Bokhoni ba Kelello ka Bohlale
  • Lumella Bokreste Hore bo Eketse Makhabane a Hao
  • Boikutlo bo Leka-lekaneng ka Litokelo
  • Basali ba Khabane—Ke Tlhohonolofatso e Tsotehang
  • Ho Laola Botho bo Nang le Tšusumetso e Matla
  • Tlhohonolofatso ea Jehova ea re Ruisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Hlokomela Boithoriso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Ananela “Limpho Tseo e Leng Banna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ntate le Moholo—Ho Phethahatsa Likarolo Tsena ka Bobeli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 12/1 maq. 26-29

U se ke Ua Lumella Hore Makhabane a Hao a Fetohe Bofokoli Ba hao

Ho ne ho nkoa hore sekepe se mabothobotho sa maeto a kamehla sa Titanic se ke ke sa teba ka lebaka la hore se ne se e-na le likarolo tse 16 tse sa keneng metsi ’meleng oa sona. Leetong leo se neng se khakoloa ka lona ka 1912, se ne se e-na le hoo e ka bang halofo ea liketsoana tsa pholoho tse hlokahalang. Sekepe sena se ile sa thula qitifa ea leqhoa eaba sea teba, ’me ha e-shoa batho ba fetang 1 500.

MORENA UZIA oa Jerusalema ea boholo-holo ea tšabang Molimo e ne e le molaoli oa mabotho a ntoa ea bohlale haholo. Ka thuso ea Jehova, o ile a hlōla lira tsa hae ka ho latellana. “Ka lebaka leo botumo ba [Uzia] bo ile ba hasana hōle, hobane o ile a ’na a thusoa ka mokhoa o makatsang, ho fihlela a ba a ipha matla.” Empa joale “pelo ea hae ea ikakasa ho fihlela . . . a siteloa Jehova, Molimo oa hae.” Ka lebaka la boikhohomoso ba hae, Uzia o ile a otloa ka lepera.—2 Likronike 26:15-21; Liproverbia 16:18.

Litlaleho tse peli tsena li re ruta hore makhabane, ha a sa matahanngoa le bohlale, boinyenyefatso le boikokobetso, ho bonolo hore a fetohe bofokoli kapa khoreletso. Ena ke taba e tebileng, hobane ka mokhoa o mong o itseng, e mong le e mong ho rōna o na le moo a nang le makhabane a itseng, kapa lineo, ’me re batla hore lintho tsena e be letlotlo le mohloli oa thabo ho rōna le ho ba bang, haholo-holo ho ’Mōpi oa rōna. Ha ho pelaelo hore neo leha e le efe eo e ka ’nang eaba re e filoe ke Molimo re tšoanela ho e sebelisa hantle empa re ntse re e laola e le hore e lule e le letlotlo la bohlokoa.

Ka mohlala, ho ka ba bonolo hore motho ea ratang mosebetsi oa hae a fetole neo ea hae bofokoli ka hore e be lekhoba la mosebetsi. Ho ka ’na ha etsahala hore motho ea hlokolosi a se ke a qhekelloa kapa a thetsoa habonolo, empa a ka ’na a ba hlokolosi hoo ho seng mohla a etsang liqeto. Bokhoni le bona ke tšoaneleho e ntle, empa ha bo fetelletsoa, hoo ka lebaka la bona motho a hlokomolohang mefokolo eo batho ba nang le eona, phello e ka ’na ea e-ba ho bontša moea oa ho se tsotelle le ho se tenyetsehe o hlokisang thabo. Kahoo, iphe nako ea ho nahana hore na ke linthong life tseo u leng khabane ho tsona. Na u laola makhabane ao hantle? Na ke tlhohonolofatso ho ba bang? Habohlokoa ka ho fetisisa, na u a sebelisetsa ho tlotlisa Jehova, Mohloli oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo”? (Jakobo 1:17) E le hore re finyelle seo, a re ke re hlahlobeng mehlala e meng e seng mekae ea makhabane a ka ’nang a iphetola bofokoli, kapa eona khoreletso, haeba a sa hlokomeloe.

Sebelisa Bokhoni ba Kelello ka Bohlale

Ha ho pelaelo hore kelello e ntle ke letlotlo le molemo. Leha ho le joalo, e ka fetoha bofokoli haeba e re etsa hore re itšepe ho tlōla kapa re hlaolele pono ea hore re phahame, haholo haeba ba bang ba re babatsa haholo kapa ba re tlotlisa ka mokhoa o feteletseng. Kapa ho ka etsahala hore re hlaolele pono ea ho ba le tsebo e ka hloohong feela ea Lentsoe la Molimo le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.

Ho itšepa ho tlōla ho ka hlahella ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ha motho ea kelello e ntle a amohela kabelo ea puo phuthehong ea Bokreste, mohlomong e le puo ea phatlalatsa kapa puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, a ka ’na a tlohela ho lokisetsa ho fihlela motsotsong oa ho qetela, mohlomong a bile a sa rapelle le tlhohonolofatso ea Jehova. Ho e-na le hoo, o tšepa tsebo eo a seng a e bokeletse le bokhoni ba hae ba ho nahana kapele. Bokhoni ba hae ba tlhaho bo ka ’na ba pata botsoa ba hae ka nakoana, empa ntle ho tlhohonolofatso e feletseng ea Jehova, tsoelo-pele ea hae ea moea e ka theoha, mohlomong e ka ba ea emisa. Ke tšenyo e kaakang ea neo e ntle!—Liproverbia 3:5, 6; Jakobo 3:1.

Motho ea kelello e chatsi a ka ’na a boela a ba le pono ea ho ba le tsebo e ka hloohong feela ea Bibele le lithuso tsa ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, tsebo e joalo e “hohomosa” feela, kapa e etsa hore motho ea iphahamisang a bululohe joaloka balune; ha e ‘hahe’ likamano tse lerato tsa Bokreste. (1 Bakorinthe 8:1; Bagalata 5:26) Ka lehlakoreng le leng, motho oa moea, ho sa tsotellehe bokhoni ba kelello ea hae, kamehla o rapella moea oa Molimo ebile o beha tšepo ea hae ho oona. Makhabane a hae a fetoha letlotlo le leholoanyane ha a ntse a hōla leratong, boikokobetsong, tsebong le bohlaleng—’me sena sohle se etsahala ka tsela e leka-lekaneng ka ho khahlisang.—Bakolose 1:9, 10.

Bokhoni bo ka boetse ba fetoha bofokoli haeba ha re e-na le bona re hlaolela pono ea hore re phahame, re senola ho se inyenyefatse. Motho ea nang le neo—le haele mang ea mo nketseng holimo—a ka ’na a lebala hore Jehova “ha a ele hloko leha e le bafe ba lokileng ka lipelong tsa bona,” le hoja ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba na le lineo. (Jobo 37:24, NW) Lentsoe la Molimo le re: “Bohlale bo ho ba ikokobetsang.” (Liproverbia 11:2) Le hoja moapostola Pauluse a ne a hlalefile a bile a rutehile haholo, o ile a re ho Bakorinthe: “Le ’na, ha ke tla ho lōna, barab’eso, ha kea ka ka tla ka ho fetella ha puo kapa ha bohlale . . . Ke ile ka tla ho lōna ka bofokoli le ka tšabo le ka thothomelo e khōlō; ’me puo ea ka le seo ke ileng ka se bolela e ne e se ka mantsoe a susumelletsang ho lumela a bohlale empa ka bopaki ba moea le matla, e le hore tumelo ea lōna e ka ba, eseng bohlaleng ba batho, empa matleng a Molimo.”—1 Bakorinthe 2:1-5.

Motho ea bohlale e le kannete ha a thetsoe ke pono ea lefatše ea bohlale, kapa ka hore na le nka katleho e le eng. Kahoo, ho e-na le ho sebelisa litalenta tsa hae hore a hape thoriso ea batho kapa ho ipokellela maruo a lefatše, o neha Ea mo fileng bophelo le bokhoni se molemohali. (1 Johanne 2:15-17) Hore a finyelle sena, o etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso bophelong ba hae, o tšoana le “sefate se hlomiloeng pel’a metsi.” Ka lebaka la tlhohonolofatso ea Jehova, eseng lineo tsa hae, “see a se etsang kaofela sea mo atla.”—Pesaleme ea 1:1-3; Matheu 6:33.

Lumella Bokreste Hore bo Eketse Makhabane a Hao

Bokreste bo na le makhabane a mangata ka lebaka la seo bo leng sona, hoo lifilosofi tsa lefatše e leng lefeela ha li bapisoa le bona. Ka mohlala, tsela ea bophelo ea Bokreste, e etsa banna le basali ba molemohali, baahelani ba molemohali le bahiruoa ba molemohali—e leng batho ba tšepahalang, ba hlomphehang, ba nang le khotso le ba khothetseng. (Bakolose 3:18-23) Ho phaella moo, ho koetlisoa ha Bakreste puong le thutong ho hōlisa mekhoa e metle ea puisano. (1 Timothea 4:13-15) Ka lebaka leo, ha ho makatse hore ebe hangata bahiri ba batla hore bahiruoa ba bona ba Bakreste e be bona ba fuoang boikarabelo bo eketsehileng le ba phahamisoang mosebetsing. Empa makhabane a joalo a ka boetse a sebelisoa hampe haeba motho a sa itlhokomela. Ho phahamisoa mosebetsing kapa ho fuoa mosebetsi o tšepisang melemo ho ka ’na ha bolela ho inehela ka ho feletseng femeng, ho fosoa ke liboka tsa Bokreste kamehla, kapa ho tela nako ea bohlokoa eo motho a lokelang ho ba le lelapa la hae ka eona.

Moholo e mong oa Mokreste oa Australia eo e neng e bile e le monna oa lelapa, hape e le mohoebi ea atlehileng haholo, “o ne a eme hantle,” kamoo ho eeng ho boleloe kateng. Empa o ile a hana teko ea ho atleha tsamaisong ena. O ile a re: “Ke ne ke batla ho ba le nako e eketsehileng le lelapa la ka le ho ba tšebeletsong ea Bokreste. Kahoo, ’na le mosali oa ka re ile ra lumellana hore ka hloko ke tla fokotsa nako eo ke e qetang mosebetsing oa ka oa boipheliso.” O ile a eketsa: “Ke hobane’ng ha ke sebetsa ka matsatsi a mahlano ka beke haeba ho sa hlokahale hore ke etse joalo?” Ka ho etsa liphetoho tse seng kae bophelong ba hae tseo a nahanneng hantle ka tsona, moholo enoa o ile a fumana hore o sa ntsane a ka hlokomela lelapa la hae ka ho sebetsa ka matsatsi a mararo kapa a mane ka beke. Ka mor’a nako, o ile a kōptjoa hore a kopanele litokelong tse ling tsa tšebeletso, tse kang ho sebetsa Komiting ea Liholo tsa Kopano le tsamaisong ea likopano tsa setereke sebakeng sa habo. Ka makhabane a hae a sebelisoang ka bohlale, eena le lelapa la hae ba ile ba tleloa ke thabo le khotsofalo.

Boikutlo bo Leka-lekaneng ka Litokelo

Banna ba Bakreste ba khothalletsoa ho hahamalla litokelo tsa tšebeletso ka phuthehong. “Haeba monna leha e le ofe a hahamalla boemo ba molebeli [kapa ba mohlanka ea sebeletsang], o lakatsa mosebetsi o motle.” (1 Timothea 3:1) Joaloka tabeng ea makhabane a seng a boletsoe, ho ikemisetsa ho amohela boikarabelo le hona ho hloka hore ho matahanngoe le kahlolo e molemo. Ha ho ea lokelang ho nka likabelo tse ngata hoo a felloang ke thabo tšebeletsong ea Jehova. E, moea oa ho rata ho thusa oa babatseha, ka sebele oa hlokahala, hobane Jehova ha a amohele boikutlo ba ho iqenehela; empa boikemisetso bo lokela hore bo bonahatse boinyenyefatso le “ho phela ka ho hlaphoheloa kelellong.”—Tite 2:12; Tšenolo 3:15, 16.

Bonolo ba Jesu, temohisiso ea hae le kameho ea hae li ne li etsa hore esita le eena motho ea tlaase ka ho fetisisa a phutholohe ha a e-na le eena. Hoa tšoana le kajeno, batho ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le ba khabang ka botho bo nang le qenehelo le bo tsotellang. Ka phuthehong ea Bokreste, baholo ba mofuthu le ba atamelehang joalo ke “limpho tseo e leng banna” tsa bohlokoa kannete. Ke ‘tšireletso ha moea o foka, le lehaha ha sefefo se e-tla, le molatsoana oa metsi naheng e omileng, le moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.’—Baefese 4:8; Esaia 32:2.

Empa baholo ha baa lokela ho sebelisa nako e ngata haholo ba thusa ba bang hoo ba hlokomolohang seo bona ba se hlokang tabeng ea thuto ea bona ka bobona, ho thuisa, thapelo le tšebeletso ea phatlalatsa. Ha ho pelaelo hore hoa hlokahala hore baholo ba nyetseng ba be le nako ea ho ba le malapa a bona, e leng ’ona ao ba lokelang ho atameleha ho ’ona ka ho fetisisa.

Basali ba Khabane—Ke Tlhohonolofatso e Tsotehang

Joaloka baholo ba khabane, basali ba sekametseng linthong tsa moea le bona ke letlotlo mokhatlong oa Jehova. Ka kakaretso, basali ba na le neo ea ho thahasella batho ba bang—e leng tšoaneleho eo Jehova a e nkang e le ea bohlokoa le eo a e khothalletsang. Moapostola Pauluse o ile a ngola: ‘Lulang le behile leihlo, eseng thahasellong ea botho litabeng tsa lōna feela, empa hape le thahasellong ea botho ho tsa ba bang.’ (Bafilippi 2:4) Leha ho le joalo, ‘thahasello ena ea botho’ e na le moo e haelloang teng, hobane ha ho Mokreste ea ka ratang ho ba ea “itšunya-tšunyang litabeng tsa batho ba bang”; kapa ho ba mosebi.—1 Petrose 4:15; 1 Timothea 5:13.

Basali ba na le lineo tse ling tse ngata. Ka mohlala, mosali oa Mokreste a ka ’na a ba le neo ea ho feta monna oa hae ka bohlale. Leha ho le joalo, joaloka “mosali ea khabane” ea tšabang Jehova, o ne a tla hlompha monna oa hae ’me lineo tsa hae a li sebelisetse ho mo tlatsa, eseng ho hlōlisana le eena. Monna ea bohlale le ea ikokobelitseng eena o ne a tla nka makhabane a mosali oa hae e le a bohlokoa ’me a a thabele ho e-na le hore a mo honohele kapa a mo hlonamele. O ne a tla mo khothalletsa hore a sebelise litalenta tsa hae ka botlalo hore a hahe ba ntlo ea hae le hore a thuse bana ba hae ‘ho tšaba Jehova’ hantle feela joaloka eena. (Liproverbia 31:10, 28-30; Genese 2:18) Banna le basali ba inyenyefalitseng le ba ikokobelitseng joalo baa atleha manyalong a tlotlisang Jehova e le kannete.

Ho Laola Botho bo Nang le Tšusumetso e Matla

Botho bo nang le tšusumetso e matla bo thehiloeng ho lokeng le ho etseng thato ea Jehova ka moea oohle e ka ba letlotlo le leholo ha bo matahantsoe le boinyenyefatso le boikokobetso. Leha ho le joalo, e ka ba bofokoli haeba bo bakela motho ho laola ba bang le ho ba kenya matsoalong. Ho joalo ka ho khethehileng ka phuthehong ea Bokreste. Bakreste ba lokela ho phutholohelana, ho akarelletsa le ha ba e-na le baholo ba phutheho.—Matheu 20:25-27.

Baholo, le bona, ba lokela ho phutholohelana ha ba le hammoho. Ha ba bokana hammoho, liqeto tsa bona li lokela ho susumetsoa ke moea o halalelang, eseng botho bo nang le tšusumetso. Ka sebele, moea o halalelang o ka susumetsa leha e le ofe sehlopheng sa baholo, ho akarelletsa moholo e monyenyane ka ho fetisisa kapa ea monyemo ka ho fetisisa. Kahoo bao botho ba bona bo nang le tšusumetso e matla, esita le moo ba ikutloang hore ba nepile, ba lokela ho laola seo ba leng khabane ho sona ka ho ithuta ho ikokobelletsa pono ea ba bang, kahoo ba ‘bontša ho hlompha’ baholo-’moho le bona. (Baroma 12:10) Moeklesia 7:16 e lemosa ka mosa: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?”

Jehova, Mohloli oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo,” o laola makhabane a hae a babatsehang ka ho phethahetseng. (Jakobo 1:17; Deuteronoma 32:4) Ke eena Mosuoe oa rōna! Kahoo, a re ithuteng ho eena ’me re sebetse ka thata, ho hōlisa lineo tsa rōna, kapa makhabane, le ho li laola ka bohlale, ka boinyenyefatso le ka lerato. Ha re etsa joalo re tla ba tlhohonolofatso e kaakang ho ba bang!

[Litšoantšo tse leqepheng la 27]

Tsoelo-pele ea moea e itšetlehile ka ho khothalla ho ithuta le ka ho itšetleha ka Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Thahasello ea botho e matahantsoeng le boinyenyefatso ke tlhohonolofatso

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Courtesy of The Mariners’ Museum, Newport News, VA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela