Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 9/1 maq. 19-21
  • Hlokomela Boithoriso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomela Boithoriso
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phello Likamanong le ba Bang
  • Boithoriso bo Bakoa ke Bofokoli
  • “Empa ke ’Nete!”
  • Na Boa Hlokahala Bakeng sa ho Finyella se Itseng?
  • Melemo ea Boinyenyefatso
  • U se ke Ua Lumella Hore Makhabane a Hao a Fetohe Bofokoli Ba hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 9/1 maq. 19-21

Hlokomela Boithoriso

KAJENO ba bangata ba talima boithoriso e le bokhabane. Ho etsa mponeng ka litšoaneleho tse hlaheletseng le litsebo, le seo motho a se finyellang ho atile. Ba bang ba lumela hore boithoriso boa hlokahala bakeng sa ho finyella ntho e itseng. Ba bang ba ikutloa hore bo phahamisa boikutlo ba motho ba ho itšepa. Makasine oa Time oa hlokomela: “Khopolo ea boinyenyefatso, le hoja e se e sa tloaeleha, e qalile hore e bonahale e batla e fetiloe ke nako.” Mongoli Jody Gaylin o re: “Ka bomalimabe, boithoriso bo totobetseng . . . ke ntho ea morao-rao. Ho na le se tlatsetsang puisano le motsoalle kapa motho eo u mo tsebang: ho ithorisa.”

Batho bao boitšoaro ba bona bo etsisoang karolong e itseng ba behile tekanyetso. E ka ’na eaba u kile ua utloa mantsoe ana a eo pele e neng e le mohlōli papaling ea litebele: “Hase ka tsietsi hore ebe ke motho e moholo ho bohle lefatšeng nakong ena historing.” Polelo ena ea setho sa sehlopha sa ’mino se bitsoang Beatles le eona e tsebahala haholo: “Re tumme ho feta Jesu Kreste hona joale.” Le hoja ba bang ba ne ba talima lipolelo tse joalo e le tse builoeng ka ho se tsebe, ba bang ba ile ba nka ba li buang e le mehlala ea ho iphahamisa e ka etsisoang.

Ho ata ha boithoriso ho phahamisa potso: Na ho ikhantša ka matlotlo ao motho a nang le ’ona kapa seo a se finyellang ho molemo? Ka sebele, ke ntho ea tlhaho hore motho a be motlotlo ka seo a se finyeletseng le ho bolella metsoalle e haufi le beng ka eena ka sona. Empa ho thoe’ng ka bao ba phelang tumellanong le polelo e reng, “Haeba u na le eona, e bonahatse”? Ho feta moo, ho thoe’ng ka bao, le hoja ba sa ithorise phatlalatsa, ka tsela e poteletseng ba etsa hore ba kholisehe hore ba bang ba tseba ka litšoaneleho tsa bona tse hlaheletseng le seo ba se finyeletseng? Na ho ipolelisa ho joalo ho molemo, na ho hlile hoa hlokahala, joalokaha ba bang ba bolela?

Phello Likamanong le ba Bang

Nahana hore na boithoriso ba ba bang bo na le phello efe ho uena. Ka mohlala, u arabela joang lipolelong tse latelang?

“Libuka tseo ke e-s’o li ngole li molemo ho feta libuka tseo batho ba bang ba li ngotseng.”—Mongoli ea tsebahalang.

“Hoja ke ne ke bile teng nakong ea pōpo, nka be ke fane ka likeletso tse molemo bakeng sa tlhophiso e molemonyana ea bokahohle.”—Morena oa Mehla e Bohareng.

“Ho ke ke ha etsahala hore ebe Molimo o teng hobane, haeba a ne a le teng, ke ne nke ke ka lumela hore ha ke Eena.”—Rafilosofi oa lekholo la bo19 la lilemo.

Na lipolelo tsa batho baa li u hulela ho bona? Na u nahana hore u ne u tla thabela botsoalle ba bona? Mohlomong ho ne ho ke ke ha e-ba joalo. Ka kakaretso, boithoriso—bo etsoang ka tieo kapa ka ho soasoa—bo etsa hore ba bang ba ikutloe ba sa phutholoha, ba khopehile, mohlomong ba le mohono. Ena ke phello eo bo bileng le eona ho mopesaleme Asafe, ea ileng a re: “Ke ile ka honohela ba ithorisang.” (Pesaleme ea 73:3, NW) Ruri, ha ho le ea mong ho rōna ea ratang ho ba mohloli oa boikutlo bo bobe metsoalleng ea rōna le ho bao re tloaelaneng le bona! Ba-Korinthe ba Pele 13:4 ea bolela: “Lerato ha le na boikhantšo.” Lerato la bomolimo le ho nahanela boikutlo ba ba bang li tla re susumeletsa ho qoba ho ikhulela tlhokomelo ka litsebo le matlotlo tseo re nahanang hore re na le tsona.

Ha motho a itšoara a bile a bua ka boinyenyefatso, o etsa hore ba bang ba mo potolohileng ba ikutloe ba phutholohile le ho ikutloa hamolemo. Ana ke matla a ke keng a lekanngoa. Mohlomong ’musi oa Brithani Lord Chesterfield o ne a nahanne sena ha a ne a eletsa mor’a hae: “U be bohlale ho feta batho ba bang haeba u ka khona; empa u se ke ua ba bolella seo.”

Batho ha ba na lineo tse tšoanang. Se nolofallang motho e mong ho hang hase tšoaneleho e hlaheletseng ea e mong. Lerato le tla susumetsa motho hore a sebetsane ka qenehelo le ba se nang neo likarolong tseo a khonang ho li phetha hantle. Mohlomong, motho e mong o na le lineo likarolong tse ling. Moapostola Pauluse o ile a re bolella: “Hobane ka mohau oo ke o neiloeng, ke bolella motho e mong le e mong har’a lōna, hore a se ke a itekanya boholo bo tlōlisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng; a mpe a ikhopole ka se mo lekaneng, e mong le e mong ka tekanyo ea tumelo eo Molimo o mo abetseng eona.”—Ba-Roma 12:3.

Boithoriso bo Bakoa ke Bofokoli

Le hoja ba bang ba ka ’na ba ikhula ho batho ba ikhantšang, ka lebaka la ho ikutloa ba le tlaase moo ba leng teng, ba bang ba itšoara ka tsela e fapaneng. Ba etsa qeto ea hore batho ba ithorisang ba ikutloa ba sa sireletseha. Mongoli Frank Trippett o hlalosa lebaka leo ka lona motho ea ithorisang, ho fapana le seo a nahanang hore oa se etsa, a ka ’nang a theola boikutlo ba hae ba ho itšepa ponong ea ba bang: “E mong le e mong pelong ea hae oa tseba hore boithoriso hangata bo bontša mefokolo e meng e poteletseng e soabisang.” Kaha ba bangata ba bona ho hong ntle ho boikhakanyo ba motho ea ithorisang, na ha ho bohlale haholoanyane ho lesa ho ithorisa ha lefeela?

“Empa ke ’Nete!”

Ena ke tsela eo ba bang ba lekang ho lokafatsa ho itlotlisa ka eona. Ba ikutloa hore kaha ruri ba nehiloe ka litsela tse itseng, ho etsa eka ha ho joalo e ka ba boikaketsi.

Empa na boithoriso ba bona ke ’nete? Ho iphahamisa ho sekametse ho thehoeng ponong le maikutlong a botho. Tšoaneleho eo re nang le eona eo re ka ’nang ra utloisisa hore e hlaheletse e ka ’na ea bonahala e le e tloaelehileng feela ho ba bang. Taba ea hore motho o ikutloa a qobeletsoe ho etsa mponeng ka lebaka la tsebo ea hae e ka ba ea bolela hore ha e le hantle ha e bile ha ea khetheha hakaalo—hore ha e hlokomelehe ntle le hore e bolelisoe. Bibele e hlokomela tšekamelo ea motho mabapi le ho ithetsa ha e eletsa: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.”—1 Ba-Korinthe 10:12.

Le haeba motho ka mokhoa o sa tloaelehang a na le neo karolong e itseng, na see se lokafatsa ho ikhantša? Che, hobane ho ikhantša ho tlotlisa batho, ha lineo leha e le life tseo re nang le tsona li e-tsoa ho Molimo. O lokela ho fumana tlotla. Ke hobane’ng ha re lokela ho fumana tlotla ka seo re tsoetsoeng le sona? (1 Ba-Korinthe 4:7) Ka ntle ho moo, joalokaha re e-na le litšoaneleho tse hlaheletseng, re boetse re na le mefokolo. Na botšepehi bo hloka hore re memele liphoso le likoli tsa rōna tlhokomelo? Ke batho ba seng bakae ba ithorisang bao ho bonahalang hore ba nahana joalo. E ka ’na eaba Morena Heroda Agrippa I e ne e hlile e le sebui se nang le neo ea ho bua. Empa ho hloka boinyenyefatso ha hae ho ile ha lebisa lefung le bohloko haholo. Ketsahalo eo e tšabehang e bontša kamoo boiphahamiso bo sa rateheng kateng ho Molimo, joalokaha bo sa ratehe le ho batho ba bangata.—Liketso 12:21-23.

Litalenta le litšoaneleho tse hlaheletseng hangata li ee li tsebahale ka ntle le ho ipolelisa ho sa hlokahaleng. Ha ba bang ba hlokomela ’me ba babatsa litšoaneleho tsa motho ea itseng kapa seo a se finyeletseng, ho hlahisa ea babatsoang hantle haholoanyane. Liproverbia 27:2 ka bohlale e re: “Ea u rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho uena, e seng molomo oa hao.”

Na Boa Hlokahala Bakeng sa ho Finyella se Itseng?

Ba bang ba na le maikutlo a hore ho iphahamisa ka kholiseho hoa hlokahala bakeng sa ho finyella se itseng sechabeng sa kajeno se hlōlisanang. Ba tšoenngoa ke hore haeba ba sa bue le ho bolelisa litšoaneleho tsa bona tse hlaheletseng, ba ke ke ba hlokomeloa, ba ke ke ba ananeloa. Se emelang kameho ea bona ke polelo ena ea makasine oa Vogue: “Moo re kileng ra rutoa hore boinyenyefatso ke bokhabane, hona joale re ithuta hore ho itšoara lipuong e ka ba tšitiso.”

Ho ba batlang ho tsoela pele ho latela litekanyetso tsa lefatše lena, kameho ena e ka ’na ea e-ba e loketseng. Empa boemo ba Mokreste bo fapane. Oa tseba hore Molimo oa tsotella ’me o khetha ho sebelisa tsebo ea ba ikokobelitseng, eseng ea ba ikhohomosang. Kahoo, ha ho hlokahale hore Mokreste a retelehele maqhekeng a ho iketeletsa pele ka ho ipolelisa. Ke ’nete hore motho ea itšepang ho tlōlisa a ka ’na a fumana botumo ba nakoana ka ho hatella kapa ho thetsa. Empa ha nako e ntse e feta oa pepeseha le ho kokobetseha, esita le ho tlotlolleha. Ho joalokaha Jesu Kreste a boletse: “E mong le e mong ea iphahamisang, o tla kokobetsoa, ’me e mong le e mong ea ikokobetsang, o tla phahamisoa.”—Mattheu 23:12; Liproverbia 8:13; Luka 9:48.

Melemo ea Boinyenyefatso

Ralph Waldo Emerson o ile a ngola: “Motho e mong le e mong eo ke kopanang le eena o mphahametse ka tsela e itseng. Ka tsela eo, ke ithuta ho eena.” Polelo ea hae e tumellanong le khothatso e matla ea moapostola Pauluse e bululetsoeng ke Molimo ea hore Bakreste ba ‘se ke ba etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.’ (Ba-Filippi 2:3) Pono ena e bonahatsang boinyenyefatso e beha motho boemong ba ho ithuta ho ba bang.

Kahoo hlokomela hore tšoaneleho ea hao e hlaheletseng e se ke ea fetoha bofokoli ba hao. U se ke ua theola boemo ba lintho tseo u khonang ho li etsa hantle le tseo u li finyellang ka ho ithorisa. Ekeletsa bokhabane ba hao ka tšoaneleho ea boinyenyefatso. Sena ke seo ka sebele se phahamisang bohlokoa ba motho mahlong a ba bang. Se thusa motho ho thabela likamano tse molemo le batho ba bang ’me se fella ka kamohelo ea Jehova Molimo.—Mikea 6:8; 2 Ba-Korinthe 10:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela