Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 8/1 maq. 14-18
  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pauluse—‘Ea Tlaasana’ le ‘Motsamaisi’
  • Ho Talima Litokelo Tsa Rōna ka Mokhoa o Bontšang Boinyenyefatso
  • Gideone—E “Monyenyane” ho ba Ntlo ea Ntat’ae
  • Ho Bontša Boinyenyefatso le Temoho
  • Jesu—Mohlala oa Boinyenyefatso o ka Sehloohong
  • Etsisa Mohlala oa Jesu oa Boinyenyefatso
  • Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Baholo, le ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Gideone?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 8/1 maq. 14-18

“Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”

“Jehova o batla eng ho uena haese hore u . . . inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—MIKEA 6:8, NW.

1, 2. Boinyenyefatso ke eng, ’me bo fapana joang le ho iketelletsa pele?

MOAPOSTOLA ea hlahelletseng o hana ho ikhulela tlhokomelo. Moahloli oa Moiseraele ea sebete o ipitsa e monyenyane ka ho fetisisa ho ba ntlo ea ntat’ae. Motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela o lumela hore o na le matla a lekanyelitsoeng. E mong le e mong ho banna bana o bontša boinyenyefatso.

2 Boinyenyefatso bo fapana le ho iketelletsa pele. Motho ea inyenyefatsang ha a feteletse bokhoni ba hae le bohlokoa ba hae ’me ha a ikhantše kapa hona ho ikakasa. Ho e-na le ho ikhohomosa, ho ithorisa, kapa ho rata botumo, motho ea inyenyefatsang ka linako tsohle oa elelloa hore o na le bofokoli. Kahoo, o hlompha le ho nahanela maikutlo le lipono tsa ba bang.

3. Ke ka tsela efe ‘bohlale bo leng ho ba inyenyefatsang’?

3 Ke ka lebaka le utloahalang ha Bibele e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” (Liproverbia 11:2, NW) Motho ea inyenyefatsang o bohlale hobane o latela tsela e amoheloang ke Molimo, ’me o qoba moea oa ho iketelletsa pele o fellang ka ho se hlomphehe. (Liproverbia 8:13; 1 Petrose 5:5) Bohlale ba ho inyenyefatsa bo tiisoa ke tsela ea bophelo ea bahlanka ba ’maloa ba Molimo. A re hlahlobeng mehlala e meraro e boletsoeng serapeng sa pele.

Pauluse—‘Ea Tlaasana’ le ‘Motsamaisi’

4. Pauluse o ile a thabela litokelo life tse khethehileng?

4 Pauluse o ne a hlahelletse har’a Bakreste ba pele, ’me ho ne ho le joalo ka lebaka le utloahalang. Bosebeletsing ba hae, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete leoatleng le naheng, hape o ile a theha liphutheho tse ngata. Ho phaella moo, Jehova o ile a hlohonolofatsa Pauluse ka lipono le neo ea ho bua lipuo lisele. (1 Bakorinthe 14:18; 2 Bakorinthe 12:1-5) O ile a boela a bululela Pauluse hore a ngole mangolo a 14 ao hona joale e leng karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Ho ka boleloa ka ho hlaka hore mesebetsi ea Pauluse e ile ea feta ea baapostola ba bang.—1 Bakorinthe 15:10.

5. Pauluse o ile a bontša joang hore oa inyenyefatsa?

5 Kaha Pauluse o ne a le ka sehloohong mosebetsing oa Bokreste, ba bang ba ka ’na ba lebella ho bona a nketsoe holimo, a bile a sollisa bolaoli ba hae. Leha ho le joalo, ha ho joalo hobane Pauluse o ne a inyenyefatsa. O ne a ipitsa “e monyenyane ka ho fetisisa ho baapostola,” a phaella ka ho re: “Ha ke tšoanelehe ho bitsoa moapostola, hobane ke ile ka hlorisa phutheho ea Molimo.” (1 Bakorinthe 15:9) Kaha pele Pauluse o ne a hlorisa Bakreste, ho ne ho se mohla a neng a lebala hore e ne e le feela ka mosa o sa tšoanelang a neng a ka ba le kamano le Molimo, ho se ho sa thoe letho ka ho thabela litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso. (Johanne 6:44; Baefese 2:8) Kahoo, Pauluse ha aa ka a ikutloa hore lintho tsena tse sa tloaelehang tseo a neng a li finyelletse tšebeletsong li ne li mo phahamisetsa ka holimo ho ba bang.—1 Bakorinthe 9:16.

6. Pauluse o bontšitse boinyenyefatso joang litšebelisanong tsa hae le Bakorinthe?

6 Boinyenyefatso ba Pauluse bo bonahetse ka ho khetheha litšebelisanong tsa hae le Bakorinthe. Ho ka etsahala hore ebe ba bang ba bona ba ne ba khahliloe ke bao ba neng ba nahana hore ke balebeli ba hlahelletseng, ho akarelletsa le Apolose, Kefase le Pauluse ka boeena. (1 Bakorinthe 1:11-15) Empa Pauluse ha aa ka a kōpa thoriso ea Bakorinthe kapa ho nka monyetla ka tlhompho ea bona. Ha a ba etetse, ha aa ka a itlhahisa “ka ho fetella ha puo kapa ha bohlale.” Ho e-na le hoo, Pauluse o ile a bua sena ka eena le balekane ba hae: “Motho a a re lekanye re le ba leng ka tlaasana ho Kreste le batsamaisi ba liphiri tse halalelang tsa Molimo.”a—1 Bakorinthe 2:1-5; 4:1.

7. Pauluse o ne a bontša boinyenyefatso joang esita leha a ne a fana ka keletso?

7 Pauluse o ne a bontša boinyenyefatso esita leha a ne a tlameha ho fana ka keletso e matla kapa tataiso. O ile a ipiletsa ho Bakreste-’moho le eena “ka qenehelo ea Molimo” le “motheong oa lerato” eseng ka matla a hae a boapostola. (Baroma 12:1, 2; Filemone 8, 9) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a etsa see? Hobane kannete o ne a inka e le ‘mosebetsi-’moho’ le barab’abo, eseng e le ‘monghali oa tumelo ea bona.’ (2 Bakorinthe 1:24) Ha ho pelaelo hore ke boinyenyefatso ba Pauluse bo ileng ba thusa hore a ratoe haholo liphuthehong tsa Bokreste tsa lekholo la pele la lilemo.—Liketso 20:36-38.

Ho Talima Litokelo Tsa Rōna ka Mokhoa o Bontšang Boinyenyefatso

8, 9. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho inyenyefatsa? (b) Ba nang le boikarabelo bo itseng ba ka bontša boinyenyefatso joang?

8 Pauluse o ile a beha mohlala o motle bakeng sa Bakreste kajeno. Ho sa tsotellehe hore na re filoe boikarabelo bofe, ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho ikutloa a phahametse ba bang. Pauluse o ile a ngola tjena: “Haeba leha e le mang a inahana hore ke ho hong ha e se letho, o thetsa kelello ea hae.” (Bagalata 6:3) Hobane’ng? Hobane “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Baroma 3:23; 5:12) E, le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore kaofela re futsitse sebe le lefu ho Adama. Litokelo tse khethehileng ha li re phahamise boemong ba rōna bo tlaase ba boetsalibe. (Moeklesia 9:2) Joalokaha e ne e le ’nete ka Pauluse, ke feela ka mosa o sa tšoanelang batho ba ka kenang kamanong e itseng le Molimo ho se ho sa thoe letho ka ho mo sebeletsa boemong bo itseng bo khethehileng.—Baroma 3:12, 24.

9 Kaha motho ea inyenyefatsang o hlokomela sena, ha a ikhōlise ka lebaka la litokelo tsa hae kapa hona ho ithorisa ka lintho tseo a li finyelletseng. (1 Bakorinthe 4:7) Ha a fana ka keletso kapa ka tataiso, o etsa joalo e le mosebetsi-’moho—eseng monghali. Ka sebele, e ka ba phoso hore ea ipabolang mesebetsing e itseng a ipatlele thoriso kapa a nke menyetla ka tlhompho ea balumeli-’moho le eena. (Liproverbia 25:27; Matheu 6:2-4) Thoriso e tšoanelehang ke e tsoang ho batho ba bang—’me e tšoanela ho tla e sa kōptjoa. Ha e ka tla, ha rea lokela ho ikhopola ho feta kamoo ho hlokahalang.—Liproverbia 27:2; Baroma 12:3.

10. Hlalosa kamoo ba bang bao ho ka ’nang ba bonahala ba le boemong bo tlaase e ka ’nang ea e-ba ba hlileng “ba ruileng tumelong.”

10 Ha re tšepetsoe boikarabelo bo itseng, boinyenyefatso bo tla re thusa ho qoba ho ikokomosa, re fana ka maikutlo a hore phutheho e atleha feela ka lebaka la boiteko le bokhoni ba rōna. Ka mohlala, e ka ’na eaba re na le neo e khethehileng ea ho ruta. (Baefese 4:11, 12) Leha ho le joalo, haeba re inyenyefatsa, re lokela ho elelloa hore lithuto tse ling tsa bohlokoa ka ho fetisisa tse ithutoang sebokeng sa phutheho, ha li fanoe sethaleng. Ka mohlala, na ha u khothale ha u bona motsoali ea se nang molekane ea tlang kamehla Holong ea ’Muso a tsamaea le bana? Kapa motho ea imetsoeng kelellong ea sa fosoeng ke liboka ho sa tsotellehe hore kamehla oa ikhalala? Kapa mocha ea sa khaotseng ho tsoela pele moeeng ho sa tsotellehe litšusumetso tse mpe sekolong le libakeng tse ling? (Pesaleme ea 84:10) Batho bana e ka ’na eaba ha baa hlahella. Liteko tsa botšepehi tseo ba talimanang le tsona hangata li feta feela ba bang ba sa li hlokomele. Leha ho le joalo, e ka ’na ea e-ba “ba ruileng tumelong” joaloka ba hlahelletseng haholoanyane. (Jakobo 2:5) Ha e le hantle, ke botšepehi bo amohelehang ho Jehova.—Matheu 10:22; 1 Bakorinthe 4:2.

Gideone—E “Monyenyane” ho ba Ntlo ea Ntat’ae

11. Gideone o ile a bontša boinyenyefatso ka tsela efe ha a ne a bua le lengeloi la Molimo?

11 Gideone, mohlankana ea sebete oa leloko la Manase, o phetse nakong e mahlonoko historing ea Iseraele. Ka lilemo tse supileng, batho ba Molimo ba ne ba le mahlomoleng tlas’a khatello ea Bamidiane. Leha ho le joalo, nako e ne e fihlile ea hore Jehova a lopolle batho ba hae. Kahoo, lengeloi le ile la hlaha ho Gideone ’me la re: “Jehova o na le uena, uena ea matla, ea sebete.” Gideone o ne a inyenyefatsa, kahoo ha aa ka a kakamatsoa ke ho tlotloa ka thoriso ena e sa lebelloang. Ho e-na le hoo, ka tlhompho o ile a re ho lengeloi lena: “Ntšoarele, moren’a ka, empa haeba Jehova o na le rōna, joale ke hobane’ng ha sena sohle se re etsahaletse?” Lengeloi lena le ile la hlakisa litaba ’me la re ho Gideone: “U tla pholosa Baiseraele seatleng sa Bamidiane.” Gideone o ile a arabela joang? Ho e-na le ho lalomela kabelo ena e le monyetla oa ho iketsa mohale oa sechaba, Gideone o ile a araba: “Ntšoarele, Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele ka eng? Bona! Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile ’na ke monyenyane ntlong ea Ntate.” Ke boinyenyefatso bo bokaakang!—Baahloli 6:11-15, NW.

12. Gideone o ile a bontša temoho joang ha a phethahatsa kabelo ea hae?

12 Pele Jehova a romela Gideone ntoeng, o ile a mo leka. Joang? Gideone o ile a bolelloa hore a qhaqhe aletare ea Baale ea ntat’ae le hore a reme palo e halalelang e neng e eme pel’a eona. Kabelo ena e ne e tla hloka sebete, empa Gideone le eena o ile a bontša boinyenyefatso le temoho tseleng eo a ileng a e phethahatsa ka eona. Ho e-na le ho mema mahlo a batho, Gideone o ile a sebetsa bosiu ha ho ne ho ka etsahala hore a se ke a bonoa ke motho. Ho feta moo, Gideone o ile a phetha kabelo ea hae ka hloko kamoo ho tšoanetseng. O ile a nka bahlanka ba leshome—mohlomong e le hore ba bang ba ka ema e le balebeli ha ba bang ba ntse ba mo thusa ho senya aletare le palo e halalelang.b Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ka tlhohonolofatso ea Jehova, Gideone o ile a phethahatsa kabelo ea hae, ’me ka nako ea teng Molimo o ile a mo sebelisa hore a lokolle Baiseraele ho Bamidiane.—Baahloli 6:25-27.

Ho Bontša Boinyenyefatso le Temoho

13, 14. (a) Ke joang re ka bontšang boinyenyefatso ha re fuoa tokelo ea tšebeletso? (b) Mor’abo rōna A. H. Macmillan o ile a beha joang mohlala o motle oa ho bontša boinyenyefatso?

13 Re ka ithuta ho hongata ka boinyenyefatso ba Gideone. Ka mohlala, re arabela joang ha re fuoa tokelo ea tšebeletso? Na re nahana pele ka boemo kapa botumo bo tla hlaha? Kapa na ka boinyenyefatso le ka thapelo re hlahloba hore na re ka finyella se hlokoang ke kabelo eo? Mor’abo rōna A. H. Macmillan, ea ileng a fihla qetellong ea bophelo ba hae ba lefatšeng ka 1966, o ile a beha mohlala o motle ntlheng ena. C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, ka lekhetlo le leng o ile a kōpa maikutlo a Mor’abo rōna Macmillan hore na ke mang ea ka laolang mosebetsi ha a le sieo. Puisanong e ileng ea latela, Mor’abo rōna Macmillan ha aa ka a ipuella leha e le ka lekhetlo le le leng feela, le hoja ho ne ho tla be ho loketse hore a etse joalo. Qetellong, Mor’abo rōna Russell o ile a kōpa Mor’abo rōna Macmillan hore a nahane ka ho amohela kabelo eo. Lilemo hamorao Mor’abo rōna Macmillan o ile a ngola, a re: “Ke ile ka ema moo ke tšerehane. Ke ile ka e nahana, ka botebo, ’me ka e rapella ka nako e itseng pele ke qetella ke mo boleletse hore nka thabela ho etsa sohle seo nka se etsang ho mo thusa.”

14 Nakoana ka mor’a moo, Mor’abo rōna Russell o ile a hlokahala, a siea sekheo setulong sa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Kaha Mor’abo rōna Macmillan o ne a ikarabella nakong ea leeto la boboleli la ho qetela la Mor’abo rōna Russell, mor’abo rōna e mong o ile a re ho eena: “Mac, u na le monyetla o moholo oa ho ba mopresidente. U ne u le moemeli ea khethehileng oa Mor’abo rōna Russell ha a le sieo, ’me o ne a re boleletse kaofela hore re etse seo u re laelang sona. Joale, o ile ’me ha aa khutla. Ho bonahala eka ke uena motho ea tla tsoela pele.” Mor’abo rōna Macmillan o ile a araba ka ho re: “Mor’eso, eo hase eona tsela eo re ka talimang taba ena ka eona. Mosebetsi ona ke oa Morena ’me boemo feela boo u bo fumanang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Morena ke boo Morena a bonang ho loketse hore a u fe bona; ’me kea tiisa hore ha ke motho ea loketseng mosebetsi ona.” Eaba Mor’abo rōna Macmillan o buella e mong osele bakeng sa boemo bona. Joaloka Gideone, o ne a e-na le pono ea boinyenyefatso—pono eo ho leng hotle ho ba le eona.

15. Ke litsela life tseo ka tsona re ka sebelisang temoho ha re ruta ba bang?

15 Le rōna re lokela ho bontša boinyenyefatso ka mokhoa oo re phethahatsang likabelo tsa rōna ka oona. Gideone o ne a le masene, ’me o ne a leka hore a se ke a halefisa bahanyetsi ba hae ho sa hlokahale. Ka tsela e tšoanang, mosebetsing oa rōna oa boboleli, re lokela ho bontša boinyenyefatso le masene ka tsela eo re buisang ba bang ka eona. Ke ’nete hore re tšoarehile ntoeng ea moea ea ho phethola “lintho tse metseng ka matla” le “menahano.” (2 Bakorinthe 10:4, 5) Empa ha rea lokela ho khesa ba bang kapa ho ba neha lebaka leha e le lefe le utloahalang la hore molaetsa oa rōna o ba khopise. Ho e-na le hoo, re lokela ho hlompha pono ea bona, re totobatse moo ebang rea lumellana, ebe re bua ka litšobotsi tse kholisang tsa molaetsa oa rōna.—Liketso 22:1-3; 1 Bakorinthe 9:22; Tšenolo 21:4.

Jesu—Mohlala oa Boinyenyefatso o ka Sehloohong

16. Jesu o bontšitse joang hore oa inyenyefatsa?

16 Mohlala o motle ka ho fetisisa oa boinyenyefatso ke oa Jesu Kreste.c Ho sa tsotellehe kamano e haufi haholo ea Jesu le Ntat’ae, ha aa ka a tsilatsila ho lumela hore litaba tse ling li ne li phahametse matla a hae. (Johanne 1:14) Ka mohlala, ha ’mè oa Jakobo le Johanne a kōpa hore bara ba hae ba babeli ba lule pel’a Jesu ’musong oa hae, Jesu o ile a re: “Ho lula hona ka letsohong la ka le letona le ka ho la ka le letšehali hase ha ka hore ke fane ka hona.” (Matheu 20:20-23) Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a lumela ka bolokolohi: “Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na . . . ke batla, eseng thato ea ka, empa thato ea ea nthomileng.”—Johanne 5:30; 14:28; Bafilippi 2:5, 6.

17. Jesu o ne a bontša boinyenyefatso joang litšebelisanong tsa hae le ba bang?

17 Ka litsela tsohle Jesu o ne a phahametse batho ba sa phethahalang, ’me o ne a e-na le matla a tsoang ho Ntat’ae, Jehova, a fetang a mang kapa mang. Leha ho le joalo, Jesu o ne a inyenyefatsa litšebelisanong tsa hae le balateli ba hae. O ne a sa ba imetse ka tsebo e ba phahametseng. O ne a bontša kutloisiso le qenehelo ’me a nahanela litlhoko tsa bona. (Matheu 15:32; 26:40, 41; Mareka 6:31) Kahoo, le hoja Jesu a ne a phethahetse, o ne a sa lebella phetheho ho ba bang. Ho ne ho se mohla a imetsang barutuoa ba hae ka eng kapa eng. (Johanne 16:12) Ha ho makatse ha ba bangata ba ne ba fumana hore oa ba khatholla!—Matheu 11:29.

Etsisa Mohlala oa Jesu oa Boinyenyefatso

18, 19. Re ka etsisa joang boinyenyefatso ba Jesu (a) tseleng eo re italimang ka eona, le (b) tseleng eo re tšoarang ba bang ka eona?

18 Haeba motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela a ne a inyenyefatsa, rōna re lokela ho inyenyefatsa ho feta moo. Batho ba sa phethahalang ba atisa ho tsilatsila ho lumela hore ha ba na matla a feletseng. Leha ho le joalo, ha Bakreste ba etsisa Jesu, ba loanela ho inyenyefatsa. Ha ba ikakase hoo ba sitoang ho fana ka boikarabelo ho ba tšoanelehang; leha e le hore ba ikhohomosa le ho hana ho amohela tataiso e tsoang ho ba fuoeng matla a ho tataisa. Ka ho bontša moea oa tšebelisano, ba lumella hore lintho tsohle ka phuthehong li etsoe “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakorinthe 14:40.

19 Boinyenyefatso bo tla boela bo re susumelletse ho ba ba iteka netseng ho seo re se lebellang ho ba bang le ho nahanela litlhoko tsa bona. (Bafilippi 4:5) Re ka ’na ra ba le bokhoni bo itseng le matla tseo ba bang ba se nang tsona. Empa, haeba re inyenyefatsa, hase kamehla re tla lebella ba bang hore ba etse kamoo re ka lakatsang hore ba etse kateng. Kaha rea tseba hore motho e mong le e mong o na le bofokoli ba hae, ka boinyenyefatso bo boholo re tla nahanela bofokoli ba batho. Petrose o ile a ngola: “Ka holimo ho lintho tsohle, le be le lerato le matla haholo e mong ho e mong, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8.

20. Re ka etsa’ng ho hlōla tšekamelo leha e le efe ea ho iphahamisa?

20 Joalokaha re ithutile, bohlale bo ho ba inyenyefatsang. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u fumana hore u sekametse ho iphahamiseng kapa ho iketelletseng pele? U se ke ua nyahama. Ho e-na le hoo, latela mohlala oa Davida ea ileng a rapela, a re: “U thibe mohlanka oa hao liketsong tsa ho iketelletsa pele; u se ke ua li tlohela hore li ntaole.” (Pesaleme ea 19:13, NW) Ka ho etsisa tumelo ea banna ba kang Pauluse, Gideone, ’me—ho feta bohle—Jesu Kreste, re tla latsoa ’nete ea mantsoe ana: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”—Liproverbia 11:2, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ba leng ka tlaasana” le ka bolela lekhoba le neng le soka libencheng tse tlaasana tsa ba sokang sekepe se seholo. Ha ho bapisoa, “batsamaisi” ba ne ba ka fuoa boikarabelo bo boholoanyane, mohlomong ba ho hlokomela thepa. Leha ho le joalo, mahlong a benghali ba bangata, motsamaisi e ne e le mosebeletsi feela ho tšoana le lekhoba le sokang sekepe.

b  Temoho ea Gideone le ho ba hlokolosi ha hae ha lia lokela ho nkoa e le bokoala. Ho fapana le hoo, sebete sa hae se tiisoa ke Baheberu 11:32-38, e akarelletsang Gideone har’a ba ileng “ba etsoa ba matla” le ba ileng “ba fetoha ba sebete ntoeng.”

c Kaha boinyenyefatso bo akarelletsa ho elelloa hore motho o na le bofokoli, ha hoa nepahala ho bua ka Jehova e le ea inyenyefatsang. Leha ho le joalo, oa ikokobetsa.—Pesaleme ea 18:35, NW.

Na U sa Hopola?

• Boinyenyefatso ke eng?

• Re ka etsisa boinyenyefatso ba Pauluse joang?

• Re ka ithuta eng ka boinyenyefatso mohlaleng oa Gideone?

• Jesu o ile a beha joang mohlala o ka sehloohong oa boinyenyefatso?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Boinyenyefatso ba Pauluse bo ne bo etsa hore Bakreste-’moho le eena ba mo rate

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Gideone o ile a sebelisa temoho ha a phethahatsa thato ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Jesu, Mora oa Molimo, o bontša boinyenyefatso ho sohle seo a se etsang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela