Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 3/15 maq. 21-24
  • Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Marena a Mabeli a Inyenyefatsang
  • Mesia le Selelekela sa Hae
  • Ho ba Khotsong le Jehova Molimo
  • Ho ba Khotsong le Batho ba Bang
  • Ho ba le Khotso ka Bouena
  • Ho Hlaolela le ho Boloka Boinyenyefatso
  • Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa ho Inyenyefatsa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • “Bohlale bo ho ba Inyenyefatsang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ikokobetse Hape U Inyenyefatse ha U Tsamaea le Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 3/15 maq. 21-24

Boinyenyefatso—Tšoaneleho e Khothalletsang Khotso

Ho ne ho tla ba monate hakaakang lefatšeng haeba e mong le e mong a ne a inyenyefatsa! Batho ba ne ba tla fokotsa ho batla lintho tse phahametseng matla a ba bang, litho tsa malapa li ne li tla fokotsa ho phehisana khang, lik’hamphani li ne li tla fokotsa ho hlōlisana, ’me lichaba li ne li tla fokotsa pefo. Na u ka rata ho phela lefatšeng le joalo?

BAHLANKA ba ’nete ba Jehova Molimo ba itokisetsa lefatše la hae le lecha le tšepisitsoeng, leo ho lona libakeng tsohle boinyenyefatso bo tla nkoa e le bonatla le bokhabane, eseng bofokoli. (2 Petrose 3:13) Ha e le hantle, esita le hona joale ba hlaolela tšoaneleho ea boinyenyefatso. Hobane’ng? Haholo hobane ke seo Jehova a batlang hore ba se etse. Moprofeta oa hae Mikea o ile a ngola: “Uena motho, u tsebisitsoe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho uena, ke hore u etse se lokileng, u rate bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso [“ho inyenyefatsa,” NW] le Molimo oa hao.”—Mikea 6:8.

Boinyenyefatso bo na le meelelo e mengata, e kang ho se ikhohomose, kapa ho se ikakase le ho se rate ho ithorisa ka seo motho a khonang ho se etsa, seo a se finyeletseng le matlotlo a hae. Ho latela buka e ’ngoe ea litšupiso, boinyenyefatso bo boetse bo bolela “ho lula ka har’a meeli.” Motho ea inyenyefatsang o lula ka har’a meeli ea boitšoaro bo botle. O boetse o lumela hore ho na le meeli mabapi le seo a lokelang ho se etsa le seo a khonang ho se etsa. Oa tseba hore ho na le lintho tseo a sa lokelang ho li etsa. Ka sebele batho ba inyenyefatsang baa ipiletsa ho rōna. Seroki sa Lenyesemane Joseph Addison se ile sa ngola: “Ha ho letho le ratehang ho feta boinyenyefatso ba sebele.”

Boinyenyefatso hase tšobotsi ea tlhaho ho batho ba sa phethahalang. Re tlameha ho etsa boiteko ba ho hlaolela tšoaneleho ena. Bakeng sa ho re khothatsa, Lentsoe la Molimo le hlalosa liketsahalo tse ngata tseo e leng mehlala ea mefuta e sa tšoaneng ea boinyenyefatso.

Marena a Mabeli a Inyenyefatsang

E mong oa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ka ho fetisisa e ne e le Davida, eo e neng e le mohlankana ha a ne a tlotsoa hore e be morena oa Iseraele oa nakong e tlang. Ka mor’a moo, Morena Saule ea neng a busa o ile a etsa hore Davida a be tlas’a khatello e khōlō ka ho leka ho mo bolaea le ka ho mo qobella ho phela joaloka ’malehi.—1 Samuele 16:1, 11-13; 19:9, 10; 26:2, 3.

Le tlas’a maemo ao, Davida o ile a hlokomela hore ho na le meeli ho seo a lokelang ho se etsa ha a sireletsa bophelo ba hae. Ka lekhetlo le leng ha a le lefeelleng, Davida o ile a hana ho lumella Abishai ho lematsa Morena Saule ea robetseng, a re: “Ke ho sa utloahaleng, ponong ea Jehova, hore ke otlolle letsoho khahlanong le motlotsuoa oa Jehova!” (1 Samuele 26:8-11, NW) Davida o ne a tseba hore e ne e se boikarabelo ba hae ho tlosa Saule boemong ba hae ba borena. Kahoo, Davida o ile a bontša boinyenyefatso lekhetlong lena ka ho lula ka har’a meeli ea boitšoaro bo loketseng. Ka ho tšoanang, bahlanka ba Molimo ba kajeno baa tseba hore “ponong ea Jehova,” ho na le lintho tseo ka sebele ba ke keng ba li etsa, esita leha bophelo ba bona bo le kotsing.—Liketso 15:28, 29; 21:25.

Solomone, mora oa Morena Davida, le eena o ile a bontša boinyenyefatso ha e sa le mohlankana, le hoja e ne e le ka tsela e batlang e fapane. Ha Solomone a ne a behoa teroneng, o ile a ikutloa a sa tšoanelehe hore a ka jara boikarabelo bo boima ba ho ba morena. O ile a rapela: “Jehova, Molimo oa ka, u beile mohlanka oa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe ’na ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.” Ho hlakile hore Solomone o ne a hlokomela hore ha a na matla le phihlelo. Ka hona, o ile a inyenyefatsa, a sa bontše boikhohomoso, kapa boikakaso. Solomone o ile a kōpa hore Jehova a mo fe temoho, ’me o ile a fuoa seo a se kōpileng.—1 Marena 3:4-12.

Mesia le Selelekela sa Hae

Lilemo tse fetang 1 000 ka mor’a mehla ea Solomone, Johanne Mokolobetsi o ile a etsa mosebetsi oa ho lokisetsa Mesia tsela. E le selelekela sa Ea Tlotsitsoeng, Johanne o ne a phethahatsa boprofeta ba Bibele. A ka be a ile a ithorisa ka tokelo ea hae. Hape, Johanne a ka be a ile a leka ho itlotlisa hobane o ne a amana le Mesia. Empa Johanne o ile a bolella ba bang hore o ne a sa tšoanelehe esita le ho tlamolla leqhoele la moqathatso oa Jesu. ’Me ha Jesu a ne a itlhahisa bakeng sa kolobetso Nōkeng ea Jordane, Johanne o ile a re: “Ke ’na ea hlokang ho kolobetsoa ke uena, ’me uena u tla ho ’na?” Sena se bontša hore Johanne e ne e se motho ea ithorisang. O ne a inyenyefatsa.—Matheu 3:14; Malakia 4:5, 6; Luka 1:13-17; Johanne 1:26, 27.

Ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a qalisa tšebeletso ea nako eohle, a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Le hoja Jesu e ne e le motho ea phethahetseng, o ile a re: “Nke ke ka etsa ntho le e ’ngoe e itsoelang ho ’na . . . ke batla, eseng thato ea ka, empa thato ea ea nthomileng.” Ho feta moo, Jesu o ne a sa batle hore batho ba mo hlomphe, empa o ne a lebisa tlotla ho Jehova bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa. (Johanne 5:30, 41-44) Ke boinyenyefatso bo bokaakang!

Joale, ho hlakile hore bahlanka ba Jehova ba tšepahalang—ba kang Davida, Solomone, Johanne Mokolobetsi esita le motho ea phethahetseng Jesu Kreste—ba ne ba inyenyefatsa. Ba ne ba sa ithorise, ba sa ikakase, kapa hona ho ikhohomosa, ’me ba ile ba lula ka har’a meeli e loketseng. Mehlala ea bona ke mabaka a lekaneng a hore bahlanka ba Jehova ba kajeno ba hlaolele boinyenyefatso le ho bo bontša. Empa, ho sa ntse ho e-na le mabaka a mang a ho etsa joalo.

Nakong ena e mabifi ea histori ea moloko oa batho, boinyenyefatso ke tšoaneleho ea bohlokoa haholo ho Bakreste ba ’nete. Bo etsa hore motho a be le khotso le Jehova Molimo, le batho ba bang, le kelellong.

Ho ba Khotsong le Jehova Molimo

Ho ka khoneha hore re be khotsong le Jehova hafeela re lula ka har’a meeli eo a e behileng borapeling ba ’nete. Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ba ile ba tlōla meeli eo Molimo a neng a e behile, ’me e bile bona batho ba pele ba ileng ba oela lerabeng la ho se inyenyefatse. Ba ile ba lahleheloa ke boemo ba bona bo botle ho Jehova, hammoho le lehae la bona, bokamoso ba bona le bophelo ba bona. (Genese 3:1-5, 16-19) Ba ile ba lahleheloa hakaakang!

A re ithuteng ho hong ka ho hlōleha ha Adama le Eva, kaha borapeli ba ’nete bo beha meeli tseleng eo re lokelang ho itšoara ka eona. Ka mohlala, Bibele e bontša hore “leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ka bohlale Jehova o beha meeli ena molemong oa rōna, ’me re bontša hore re bohlale ha re lula ka har’a meeli ena. (Esaia 48:17, 18) Liproverbia 11:2 ea re bolella: “Bohlale bo ho ba ikokobetsang [“ba inyenyefatsang,” NW].”

Ho thoe’ng haeba mokhatlo o itseng oa bolumeli o re bolella hore re ka tlōla meeli ee ’me ra ’na ra ba khotsong le Molimo? Mokhatlo oo o leka ho re khelosa. Ka lehlakoreng le leng, boinyenyefatso bo re thusa ho hlaolela kamano e haufi le Jehova Molimo.

Ho ba Khotsong le Batho ba Bang

Boinyenyefatso bo boetse bo khothalletsa ho ba le likamano tsa khotso le ba bang. Ka mohlala, ha batsoali ba beha mohlala ka ho khotsofalla ho ba le lintho tseo ba li hlokang feela le ka ho etelletsa pele lintho tsa moea, ho ka ba bonolo haholoanyane hore bana ba bona ba be le maikutlo a tšoanang. Joale, bana ba tla nolofalloa haholoanyane ho khotsofala, esita leha e ke ke ea e-ba kamehla ba fumanang seo ba se batlang. Sena se tla ba thusa ho phela bophelo bo itekanetseng, ’me bophelo ba lelapa bo tla ba le khotso e khōloanyane.

Ho hlokahala hore bao e leng balebeli ba be hlokolosi hore ba inyenyefatse, ba se ke ba sebelisa matla a bona a ho laela hampe. Ka mohlala, Bakreste baa laeloa: “Le se ke la fetela ka ’nģane ho lintho tse ngoliloeng.” (1 Bakorinthe 4:6) Baholo ba phutheho ba hlokomela hore ha baa lokela ho leka ho imetsa ba bang ka lintho tseo e leng khetho ea bona. Ho e-na le hoo, ba sebelisa Lentsoe la Molimo e le motheo oa ho khothalletsa tsela e nepahetseng litabeng tsa boitšoaro, moaparo, boitlhopho kapa boikhathollo. (2 Timothea 3:14-17) Ha litho tsa phutheho li bona hore baholo ba lula ka har’a meeli ea Mangolo, sena se li khothalletsa ho hlompha banna bana ’me se tlatsetsa moeeng o mofuthu, o lerato le o nang le khotso ka phuthehong.

Ho ba le Khotso ka Bouena

Ba inyenyefatsang ba putsoa ka khotso ea kelello. Motho ea inyenyefatsang ha a na takatso e matla ea bophahamo. Sena ha se bolele hore ha aa ipehela lipakane. Ka mohlala, a ka ’na a lakatsa litokelo tse eketsehileng tsa tšebeletso, empa o letela Molimo, ’me o lebisa tlotla ho Jehova bakeng sa litokelo life kapa life tsa Bokreste tseo a li fumanang. Ha li talingoe e le seo motho a se finyeletseng ka boeena. Sena se atametsa motho ea inyenyefatsang haufi le Jehova, “Molimo oa khotso.”—Bafilippi 4:9.

Ha re re ka linako tse ling re ba le boikutlo ba hore batho ba bang ba re tlōlisa mahlo. Na ho ke ke ha e-ba molemo ho tlōlisoa mahlo hobane re inyenyefatsa ho e-na le ho ikhulela tlhokomelo ka ho se inyenyefatse? Batho ba inyenyefatsang ha ba na takatso e matla ea bophahamo. Kahoo, ba na le khotso ka bobona, e leng se molemo bakeng sa ho phela hantle maikutlong le ’meleng.

Ho Hlaolela le ho Boloka Boinyenyefatso

Adama le Eva ba ile ba oela lerabeng la ho se inyenyefatse—e leng tšobotsi eo ba ileng ba e fetisetsa ho bana ba bona. Re ka thusoa ke eng ho qoba ho etsa phoso e tšoanang le ea batsoali ba rōna ba pele? Re ka hlaolela tšoaneleho e ntle ea boinyenyefatso joang?

Taba ea pele, re tla thusoa ke kutloisiso e nepahetseng ea boemo ba rōna ha re bapisoa le Jehova, ’Mōpi oa bokahohle. Ke lintho life tseo re li finyeletseng tseo re ka ipolelisang ka tsona tseo le ka mohla li ka lekanang le seo Molimo a se finyeletseng? Jehova o ile a botsa mohlanka oa hae ea tšepahalang Jobo: “U no u le kae, mohla ke theang lefatše? Bolela, ha u e-na le tsebo.” (Jobo 38:4) Jobo o ile a sitoa ho araba. Na ka ho tšoanang tsebo ea rōna, matla le phihlelo ha lia lekanyetsoa? Na ha ho molemo hore re lumele mefokolo ea rōna?

Ho feta moo, Bibele ea re bolella: “Lefatše ke la Jehova le se tletseng ho lona, naha e behang le ba lulang ho eona.” Sena se akarelletsa ‘phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e hlaha ea moru, liphoofolo tse holim’a lithaba tse likete.’ Jehova a ka re: “Silefera ke ea ka, le khauta ke ea ka.” (Pesaleme ea 24:1; 50:10, NW; Haggai 2:8) Ke matlotlo afe ao re neng re ka a ntšetsa pooaneng a lekanang le a Jehova? Ka sebele, esita le morui e moholohali ha a na lebaka la ho ithorisa ka seo a nang le sona! Ka lebaka leo, ho bohlale ho latela keletso ea moapostola Pauluse e bululetsoeng e eang ho Bakreste ba Roma: “Ka mosa o sa tšoanelang oo ke o filoeng ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana boeena haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”—Baroma 12:3.

Re le bahlanka ba Molimo ba lakatsang ho hlaolela boinyenyefatso, re lokela ho rapella litholoana tsa moea—lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro. (Luka 11:13; Bagalata 5:22, 23) Hobane’ng? Hobane tšoaneleho e ’ngoe le e ’ngoe ho tsena e tla etsa hore ho be bonolo haholoanyane hore re inyenyefatse. Ka mohlala, ho rata batho ba bang ho tla re thusa ho loantša tšekamelo ea ho ithorisa kapa ho ikhohomosa. ’Me boitšoaro bo tla etsa hore re ke re nahane pele re etsa lintho ka mokhoa o sa bontšeng boinyenyefatso.

A re hlokomeleng! Kamehla ho hlokahala hore re itebele khahlanong le likotsi tse patehileng tsa ho se inyenyefatse. Marena a mabeli a boletsoeng pejana a ne a sa inyenyefatse ka linako tsohle. Morena Davida o ile a phosumela litaba ka ho bala sechaba Iseraele, e leng se neng se le khahlanong le thato ea Jehova. Morena Solomone ha aa ka a inyenyefatsa hoo a bileng a kopanela borapeling ba bohata.—2 Samuele 24:1-10; 1 Marena 11:1-13.

Hafeela tsamaiso ena e khopo ea lintho e ntse e le teng, ho inyenyefatsa ho hloka hore motho a be seli kamehla. Leha ho le joalo, ho molemo ho etsa boiteko. Lefatšeng le lecha la Molimo, ke batho ba inyenyefatsang feela ba tla phela teng. Ba tla nka boinyenyefatso e le bonatla, eseng bofokoli. E tla ba ho babatsehang hakaakang ha batho bohle le malapa ba hlohonolofalitsoe ka khotso e tlisoang ke boinyenyefatso!

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Ka boinyenyefatso Jesu o ile a lebisa tlotla ho Jehova bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e etsa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela