Lula U Inyenyefalitse Leha U Thulana le Mathata
“U inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao.”—MIK. 6:8.
1-3. Moprofeta ea tsoang Juda o ile a hloleha ho etsa’ng, hona phello ea e-ba efe? (Sheba setšoantšo se qalong.)
NAKONG ea puso ea Morena oa Iseraele oa mokoenehi e leng Jeroboame, Jehova o ile a romela moprofeta ea tsoang Juda ho isa molaetsa oa kahlolo ho eena. Moprofeta eo o ile a fela a fetisa molaetsa oa Molimo, ’me Jehova a mo sireletsa khahlanong le bohale ba Jeroboame.—1 Mar. 13:1-10.
2 Ha a khutlela lapeng, o ile a kopana le monna-moholo e mong ea tsoang Bethele. Monna-moholo eo o ile a ipolela hore ke moprofeta oa Jehova. O ile a khelosa moprofeta oa Jehova hore a se ke a mamela taelo eo a neng a e filoe ea hore a se ke ‘a ja bohobe kapa a noa metsi moo, le ho re a se ke a khutla ka tsela eo a tlileng ka eona.’ Jehova ha aa ka a thabela seo. Hamorao, ha moprofeta eo oa Jehova a se a khutlela lapeng, o ile a kopana le tau ’me ea mo bolaea.—1 Mar. 13:11-24.
3 Ke hobane’ng ha moprofeta eo oa Molimo ea neng a tšepahala a ile a tsamaea le monna-moholo eo ea bolotsana? Bibele ha e bolele. E ka ’na eaba o ne a lebetse hore o lokela ho ‘inyenyefatsa ha a tsamaea le Molimo oa hae.’ (Bala Mikea 6:8.) Ha Bibele e bua ka ho tsamaea le Jehova, e bolela hore re lokela ho mo tšepa, re tšehetse bobusi ba hae re be re latele melao ea hae. Motho ea ikokobelitseng oa hlokomela hore ke habohlokoa hore a buisane le Ntate oa hae Jehova nako le nako. Moprofeta eo a ka be a ile a botsa Jehova hore na litaelo tsa hae li fetohile, empa ha ho bonahale eka o ile a etsa joalo. Ka linako tse ling, le rona re lokela ho etsa liqeto tse boima tseo ho leng thata ho tseba hore na Jehova o ikutloa joang ka tsona. Haeba ka boikokobetso re kopa tataiso ea Jehova, re tla qoba ho etsa liphoso tse tebileng.
4. Re tlil’o tšohla eng sehloohong see?
4 Sehloohong se fetileng re ile ra ithuta hore na ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore Bakreste ba inyenyefatse le hore na ho bolela’ng ho inyenyefatsa. Empa ke maemo afe a ka ’nang a leka boikokobetso ba rona? Re ka thusoa ke’ng hore re be le boinyenyefatso esita leha re le tlas’a khatello? E le hore re fumane likarabo, re tla tšohla maemo a mararo a ka ’nang a leka boinyenyefatso ba rona, ’me re boele re bone kamoo re ka etsang ka bohlale kateng boemong ka bong.—Liprov. 11:2.
HA MAEMO A RONA A FETOHA
5, 6. Barzilai o ile a bontša boinyenyefatso joang?
5 Ha likabelo kapa maemo a rona a bophelo a fetoha, ho ka ’na ha totobala hore na re ikokobelitse kapa che. Re bona sena tabeng ea Barzilai. Morena Davida o ile a kopa monna enoa ea lilemo li 80 hore a tl’o lula ntlong ea borena. Ha ho pelaelo hore memo ena e ne e le tlotla e kholo. Leha ho le joalo, Barzilai ha aa ka a e amohela. Hobane’ng? Hobane o ne a se a tsofetse ebile a sa batle ho ba moroalo ho morena. Kahoo, Barzilai o ile a kopa hore memo ena e fuoe monna e mong ea bitsoang Kimhame, eo ho ka etsahalang hore e ne e le mora oa hae.—2 Sam. 19:31-37.
6 Boinyenyefatso bo ile ba thusa Barzilai ho etsa qeto ena e utloahalang. Ha aa ka a hana memo eo hobane a nahana hore ha a tšoanelehe kapa a leka ho balehela boikarabelo bo itseng. Empa o ne a tseba a bile a amohetse hore maemo a hae a bophelo a fetohile. O ne a sa batle ho ikimetsa. (Bala Bagalata 6:4, 5.) Le rona re lokela ho qoba ho rata ho hlahella kapa maemo a phahameng, kaha sena se ka re lematsa ’me sa re tlisetsa masoabi. (Bagal. 5:26) Leha ho le joalo, haeba re inyenyefalitse re tla sebelisana ’moho le bara le barali ba bo rona hore re rorise Molimo le ho thusa batho ba bang.—1 Bakor. 10:31.
7, 8. Boinyenyefatso bo ka re thusa joang hore re se ke ra itšepa ho tlola?
7 Re ka ’na ra thatafalloa ke ho inyenyefatsa haeba re fuoe boikarabelo bo bongata. Ha Nehemia a utloa ka mathata ao batho ba habo ba neng ba tobane le ’ona Jerusalema, o ile a ba rapella ka tieo ho Jehova. (Neh. 1:4, 11) Jehova o ile a araba thapelo eo ha Morena Artaxerxese a etsa Nehemia ’musisi oa naha. Esita leha Nehemia a se a na le maruo ebile a le boemong bo phahameng, ha ho mohla a ileng a itšepa kapa a tšepela bokhoning ba hae. O ile a ’na a tsamaea le Molimo. O ile a batla tataiso ea Jehova ka ho bala Molao oa Molimo kamehla. (Neh. 8:1, 8, 9) Nehemia ha aa ka a hatella batho ba bang kapa hona ho sebelisa matla a hae ho ithuisa.—Neh. 5:14-19.
8 Mohlala oa Nehemia o bontša kamoo boinyenyefatso bo ka re thusang kateng hore re se ke ra itšepa ha re fumana kabelo e ncha kapa boikarabelo bo eketsehileng. Ka mohlala, moholo ea itšetlehileng ka tsebo ea hae feela, a ka ’na a qala ho etsa mesebetsi e meng ea phutheho ntle le ho kopa thuso ea Jehova ka thapelo. Kapa motho e mong a ka ’na a etsa qeto pele, ebe ka mor’a moo o kopa Jehova hore a hlohonolofatse qeto eo. Na boo e tla be e le boinyenyefatso? Motho ea inyenyefalitseng kamehla o hlompha Molimo le boikarabelo ba hae litokisetsong tsa Molimo. Re ke ke ra tšepela bokhoning ba rona. Re tla qoba sena haholo-holo ha re talimane le bothata boo re bo tloaetseng, boo re kileng ra bo rarolla nakong e fetileng. (Bala Liproverbia 3:5, 6.) Ha ho mohla re lokelang ho nahana hore ho ba le litokelo tse eketsehileng ka phuthehong ho re etsa ba phahametseng ba bang, empa re tla loanela ho sebetsa hammoho ka kutloano.—1 Tim. 3:15.
HA RE NYATSOA KAPA RE RORISOA
9, 10. Boinyenyefatso bo ka re thusa joang ha re nyatsoa kapa re tšoauoa liphoso?
9 Ho ka ’na ha e-ba thata ho laola maikutlo ha ba bang ba re nyatsa kapa ba re tšoaea-tšoaea liphoso. Anna o ne a lula a lla hobane Penina a mo soma. Monna oa hae o ne a mo rata, empa Anna o ne a sa khone ho ba le bana. Hamorao, ha Anna a ntse a rapela tabernakeleng, Moprista Eli o ile a mo qosa ka hore o tahiloe. Ak’u nahane feela! Empa boinyenyefatso ba Anna bo ile ba mo thusa hore a itšoare, ’me a bue ka tlhompho le Eli. Hamorao Anna o ile a etsa thapelo e ’ngoe e neng e bontša tumelo le lerato la hae ho Jehova. Thapelo eo e amang pelo e tlalehiloe ka Bibeleng.—1 Sam. 1:5-7, 12-16; 2:1-10.
10 Ho inyenyefatsa ho ka re thusa hore re ‘’ne re hlole bobe ka botle.’ (Bar. 12:21) Kaha lefatše la Satane le tletse bobe ’me ka linako tse ling re tšoaroa hampe, re lokela ho itebela hore re se ke ra halefisoa ke maemo ana. (Pes. 37:1) Ebile ho ka ba bohloko le ho feta ha re tšoaroa hampe ke Bakreste-’moho le rona. Ha sena se etsahala, motho ea ikokobelitseng o tla etsisa mohlala oa Jesu. Bibele e re: ‘Ha a ne a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola, empa o ile a tsoela pele ho ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.’ (1 Pet. 2:23) Jesu o ne a tseba hore phetetso ke ea Jehova. (Bar. 12:19) Bakreste le bona ba hopotsoa hore ba lule ba ikokobelitse, ’me ba se ke ba ‘phetetsa bobe ka bobe.’—1 Pet. 3:8, 9.
11, 12. (a) Boinyenyefatso bo ka re thusa joang ha ba bang ba re rorisa ka ho fetelletseng? (b) Boinyenyefatso bo re thusa joang tabeng ea moaparo, boitlhopho le boitšoaro?
11 Boinyenyefatso ba rona bo ka boela ba lekoa ha ba bang ba re rorisa ho feta tekano. Esthere o ile a tobana le boemo bo tšoanang. O ne a le motle haholo, ’me a qeta selemo sohle a phela bophelo ba maemo. O ne a phela le baroetsana ba bang ba bangata ba Persia ba neng ba hlolisana bakeng sa ho fumana kamohelo ea morena. Le hoja morena a ile a rata Esthere ho ba feta, botho ba moroetsana enoa ea hlomphang ha boa ka ba fetoha. Ha aa ka a ikhohomosa leha a se nyetsoe ke morena.—Esth. 2:9, 12, 15, 17.
Na tsela eo re aparang le ho itokisa ka eona e bontša hore re hlompha Jehova le batho ba bang, kapa e bontša ho hloka boinyenyefatso? (Sheba serapa sa 12)
12 Boinyenyefatso bo re thusa hore re apare le ho itšoara ka tsela e bontšang hore rea itlhompha ebile re hlompha le ba bang. Ha re leke ho khahla ba bang ka ho ithorisa kapa ho etsa lintho tse tla re bitsetsa mahlo a batho ho sa hlokahale, empa kamehla re bonahatsa “moea o thotseng le o bonolo.” (Bala 1 Petrose 3:3, 4; Jer. 9:23, 24) Liketso tsa rona li tla senola se ka lipelong tsa rona. Ka mohlala, lintho tseo re li etsang li ka ’na tsa bontša hore re inkela holimo ka lebaka la litokelo tseo re nang le tsona kapa tsa metsoalle ea rona, esita le ka lebaka la tsebo eo re nang le eona. Kapa mohlomong re ka ’na ra etsa eka re finyelletse ho itseng ka borona, esita le ha re thusitsoe ke ba bang. Le tabeng ena, Jesu o re behetse mohlala o motle haholo. O ne a qotsa Lentsoe la Molimo khafetsa ha a ruta. O ile a etsa sena e le hore a se ke a iphumanela thoriso, empa hore batho ba tsebe hore Jehova e ne e le eena mohloli oa lithuto tseo, ka lebaka leo ba rorise Molimo.—Joh. 8:28.
HA RE LOKELA HO ETSA LIQETO
13, 14. Ho inyenyefatsa ho tla re thusa joang ho etsa liqeto tse bohlale?
13 Boinyenyefatso ba rona bo ka boela ba lekoa ha re lokela ho etsa liqeto kapa ha ba bang ba etsa liqeto tse re amang. Ha Pauluse a ntse a lula Cesarea, moprofeta Agabase o ile a mo bolella hore o tla tšoaroa ha a ka ea Jerusalema. O ne a ka ba a bolaoa. Barab’abo rona ba ile ba tšosoa ke sena ’me ba kopa Pauluse hore a se ke a tsamaea. Empa Pauluse ha aa ka a ba mamela. Ha se hore Pauluse o ne a itšepa ho tlola empa le teng o ne a se boi. O ne a tšepile Jehova ka ho feletseng ’me a ikemiselitse ho phetha kabelo ea hae, ho sa tsotellehe hore na e hokae. Ha balumeli-’moho le eena ba utloa sena, ha baa ka ba hlola ba leka ho mo thibela.—Lik. 21:10-14.
14 Boinyenyefatso bo tla re thusa hore re etse liqeto tse bohlale le hoja re ke ke ra khona ho laola maemo a mang, kapa ho tseba hore na lintho li tla fella joang. Ka mohlala, haeba re kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ho tla etsahala’ng ka rona ha re ka kula? Re tla etsa joang ha batsoali ba rona ba hloka thuso? Re tla hlokomeloa ke mang ha re se re holile? Re ka se fumane likarabo tsa lipotso tsena, leha re ka rapela kapa ra etsa lipatlisiso. (Moek. 8:16, 17) Ho tšepa Jehova ho tla re thusa hore re tlohelle lintho matsohong a hae. Ka mor’a ho etsa lipatlisiso, ho fumana likeletso ho ba bang, le ho rapela, re tla latela tataiso eo Molimo a fanang ka eona. (Bala Moeklesia 11:4-6.) Ha re entse joalo, Jehova o tla hlohonolofatsa liqeto tsa rona kapa a re tataise ka tsela e ’ngoe.—Liprov. 16:3, 9.
HO HLAOLELA BOINYENYEFATSO
15. Ho nahana ka botho ba Jehova ho tla re thusa joang hore re lule re ikokobelitse?
15 Joalokaha re se re bone melemo e tlisoang ke boinyenyefatso, re ka etsa’ng ho bo hlaolela? Ha re ke re nahane ka litsela tse ’nè. Ea pele, re lokela ho nahana ka botho ba Jehova le bophahamo ba hae. (Esa. 8:13) Hopola, re tsamaea le Molimo ea matla ’ohle, eseng le batho kapa mangeloi. Ho tseba seo ho tla re thusa hore re “ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo.”—1 Pet. 5:6.
16. Ho nahana ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona ho tla re thusa joang hore re lule re ikokobelitse?
16 Tsela ea bobeli, ke ho nahana ka lerato leo Jehova a re ratang ka lona. Jehova o entse likarolo tsohle tsa ’mele e le tsa bohlokoa, ’me Pauluse o ile a bapisa phutheho le ’mele. (1 Bakor. 12:23, 24) Ka ho tšoanang, Jehova o re tsotella ka ho lekanang. Ha a re bapise le batho ba bang, ’me ha a khaotse ho re rata hobane feela re entse liphoso. Ho tseba hore Jehova oa re rata ho tla etsa hore re ikutloe re sireletsehile.
17. Ho sheba lintho tse ntle tseo batho ba bang ba li etsang ho tla re thusa joang?
17 Tsela ea boraro, ke ho sheba lintho tse ntle tseo batho ba bang ba li etsang. Ho e-na le ho rata ho bonoa ke batho kapa ho bolella batho ba bang seo ba lokelang ho se etsa, re lokela ho ikokobetsa ka hore re ba kope likeletso re be re ba mamele. (Liprov. 13:10) Re tla thaba le ba bang ha ba fuoa litokelo. Re leboha Jehova ha re bona a hlohonolofatsa “mokhatlo oohle oa barab’abo [rona] lefatšeng.”—1 Pet. 5:9.
18. Re lokela ho sebelisa eng ho koetlisa matsoalo a rona?
18 Tsela ea bone, ke ka ho koetlisa matsoalo a rona re sebelisa Bibele. Seo se tla re thusa ho sheba lintho ka tsela eo Molimo a li shebang ka eona. Ha re bala Bibele kamehla, re rapela, ebile re sebelisa seo re ithutileng sona, re tla matlafatsa matsoalo a rona. (1 Tim. 1:5) Re lokela ho beha lithahasello tsa ba bang pele ho tsa rona. Haeba re etsa lintho tsena, Jehova o tšepisa hore o tla ‘qetella koetliso ea rona’ ’me a re thuse hore re hlaolele boinyenyefatso.—1 Pet. 5:10.
19. Re ka thusoa ke’ng hore re lule re e-na le boinyenyefatso?
19 Ho se ikokobetse ha moprofeta eo re buileng ka eena qalong ea sehlooho ho ile ha senya kamano ea hae le Molimo. Re ka khona ho inyenyefatsa le ha re ka kopana le mathata. Bahlanka ba tšepahalang ba mehleng ea pele le ba mehleng ena ba bontšitse hore seo se ka khoneha. Ha re ntse re tsoela pele ho sebeletsa Jehova, boikokobetso ba rona bo tla hola. (Liprov. 8:13) Ho sa tsotellehe kabelo eo re e etsang hona joale, ho sebeletsa Jehova ke tlotla e kholo haholo. Kahoo ananela tlotla eo, ’me u tsoele pele ho etsa sohle se matleng a hao ho tsamaea le Jehova ka boinyenyefatso.