Thaba ea Athos na Ke “Thaba e Halalelang”?
HO LITHO tse fetang limilione tse 220 tsa Kereke ea Orthodox, Thaba ea Athos e matsaranka, e ka leboea ho Greece, ke “thaba e halalelang ka ho fetisisa ho Bakreste ba Orthodox.” Ho ba bangata ba bona, leeto la bolumeli la ho ea ‘thabeng e halalelang’ ea Athos ke pakane ea bohlokoahali. “Thaba e halalelang” ee ke eng? E ile ea e-ba ea bohlokoa hakaale joang? Hona na ke “thaba” eo ho eona batho ba tšabang Molimo ba lokelang ho batla tataiso ea moea le borapeli ba ’nete?
Poleloana “thaba e halalelang” ea hlaha ka Bibeleng. E amana le borapeli bo halalelang, bo hloekileng le bo phahameng ba Molimo oa ’nete, Jehova. Thaba ea Sione e Jerusalema ea boholo-holo e ile ea fetoha “thaba e halalelang” ha Morena Davida a isa areka ea selekane moo. (Pesaleme ea 15:1; 43:3; 2 Samuele 6:12, 17) Ka mor’a hore tempele ea Solomone e ahuoe Thabeng ea Moria, “Sione” e ile ea akarelletsa setša sa tempele; kahoo, Sione e ile ea lula e le ‘thaba e halalelang’ ea Molimo. (Pesaleme ea 2:6, NW; Joele 3:17) Kaha tempele ea Molimo e ne e le Jerusalema, ka linako tse ling motse oo o ne o boetse o bitsoa “thaba . . . e halalelang” ea Molimo.—Esaia 66:20; Daniele 9:16, 20, NW.
Kajeno boemo ke bofe? Na Thaba ea Athos—kapa qhooa leha e le efe e ’ngoe—ke “thaba e halalelang” moo batho ba lokelang ho phallela teng ho rapela Molimo ka tsela e amohelehang?
“Thaba e Halalelang” ea Baitlami ba Banna
Thaba ea Athos e qetellong ea Hloahloa ea Chalcidice ka bochabela ntlheng ea mochophoro oa naha e kenellang ka Leoatleng la Aegean hantle feela ka bochabela ho Thessaloníki ea kajeno. Ke totoma e ntle ea ’mabole e lopallang ho tloha leoatleng ho fihlela e fihla bophahamong ba limithara tse 2 032.
Ke khale Athos e nkoa e le sebaka se halalelang. Litšōmong tsa Bagerike e ne e le lehae la melimo pele Thaba ea Olympus e e-ba lehae la eona. Nakoana ka mor’a Constantine e Moholo, (lekholong la bone la lilemo C.E.), Athos e ile ea fetoha sebaka se halalelang ho likereke tsa Bokreste. Ho latela tšōmo e ’ngoe, “moroetsana” Maria, a e-na le Johanne Moevangeli, ba ne ba le tseleng e eang Cyprase ba etela Lazaro, ’me ba ile ba emisa sekepe Athos ka lebaka la sefefo se matla se ileng sa hlaha ka tšohanyetso. Maria o ile a khahloa ke thaba eo ’me a e kōpa ho Jesu. Kahoo, Athos e ile ea tsejoa hape e le “Serapa sa Moroetsana ea Halalelang.” Bohareng ba ’muso oa Byzantium, leralla leo lohle le mafika le ile la tsejoa e le Thaba e Halalelang. Lebitso lena le ile la amoheloa ka molao ’me la tiisoa bohareng ba lekholo la bo11 la lilemo ka taelo ea Moemphera Constantine IX Monomachus.
Ka lebaka la matsaranka a eona le ho ba ha eona sebakeng se thōko, Athos ke mofuta oa sebaka o lumellang bophelo ba ho itšotla. Ka makholo a lilemo, e ile ea hohela banna ba bolumeli ba linaha tsohle tsa Orthodox—Bagerike, Maserbia, Maromania, Mabulgaria, Marussia, le ba bang—ba ileng ba haha libaka tse ngata haholo tsa baitlami ba banna tse nang le likereke tsa tsona le metse ea tsona. Tse 20 tsa tsona li ntse li le teng.
Thaba ea Athos Kajeno
Kajeno, Athos ke sebaka se ipusang, seo molao oa sona oa motheo o ileng oa amoheloa ka 1926. Ka mor’a lilemo tse telele baitlami ba banna ba lulang teng ba ntse ba theoha ka palo, hona joale ba eketsehile hoo ba fetang 2 000.
Sebaka ka seng sa baitlami se na le masimo a sona, matlo a thapelo le matlo a bolulo. Sehalalelo se thōko-thōko sa ba itšehlang thajana se kampong ea Karoúlia e lilomong tse bakelang motho molikoa-likoane tse tlhōrōng ea Thaba ea Athos. Mokhoa feela oa hore motho a fihle seqhoqhong sa metlotloane ke litsela tse marang-rang tsa maoto, litepisi tsa majoe le liketane. Athos, baitlami ba banna ba ntse ba phela ho latela litšebeletso tsa borapeli ba bona ba boholo-holo tsa letsatsi le letsatsi, ba sebelisa oache ea mehleng ea ’muso oa Byzantium (letsatsi la bona le qala ha letsatsi le likela) le almanaka ea Julius (e salletseng morao ho ea Gregory ka matsatsi a 13).
Le hoja ho boleloa hore sebaka sena sa bolumeli se ‘halalelitsoe’ ka lebaka la mosali, ka lilemo tse 1 000 baitlami ba sona ba banna le ba itšehlang thajana ba phatlalalitse hore hloahloeng ena eohle ha ho lumelloe lintho tsohle tse tšehali—batho le liphoofolo—hammoho le maqhalaha ’ohle kapa motho ea se nang litelu. Haufinyane tjena, ho khoehlisitsoe molao o amang ba se nang litelu le liphoofolo tse tšehali, empa basali bona ba ntse ba thibetsoe ka thata sebakeng sa bohōle ba limithara tse 500 ho tloha lebōpong la Athos.
Ke “Thaba e Halalelang” ho Bohle
Na Athos ke “thaba e halalelang” eo Bakreste ba tšabang Molimo ba lokelang ho ea ho eona ho ea rapela? Ha Jesu a ne a bua le mosali oa Mosamaria ea neng a lumela hore Molimo o lokela ho rapeloa Thabeng ea Gerizime, o ile a hlakisa hore ha ho na thaba ea sebele e sa tla hlola e khetheloa ho ba sebaka sa ho rapela Molimo. Jesu o itse: “Hora ea tla eo ka eona le se nang ho rapela Ntate thabeng ena [ea Gerizime] leha e le Jerusalema.” Hobane’ng? “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba lokela ho rapela ka moea le ’nete.”—Johanne 4:21, 24.
Ha moprofeta Esaia a supa nakong ea rōna, o boletse esale pele hore “thaba [ea tšoantšetso] ea ntlo ea Jehova” e ne “e tla beoa hlorong ea lithaba” ’me “e okamele maralla,” ’me batho ba lichaba tsohle ba ne ba tla phallela ho eona ka tsela ea tšoantšetso.—Esaia 2:2, 3.
Banna le basali ba batlang ho ba le kamano e amohelehang le Molimo ba memeloa ho rapela Jehova ka “moea le ’nete.” Ba limilione lefatšeng lohle ba fumane tsela e eang ‘thabeng ea Jehova.’ Bona, har’a ba bang, ba pheta boikutlo ba ’muelli oa molao oa Mogerike ea ileng a bua sena ka Athos: “Kea ipotsa hore na bomoea bo koalletsoe feela ka marakong a itseng kapa ka libakeng tsa baitlami.”—Bapisa le Liketso 17:24.
[Lebokose le leqepheng la 31]
Pokella ea Letlotlo Leo e Leng Khale le Patiloe
Ho theosa le makholo a lilemo, baitlami ba banna ba Athos ba entse pokella ea letlotlo le akarelletsang libuka tse ngotsoeng ka letsoho tseo ho hakanyetsoang hore li 15 000, tse ling tsa tsona ho boleloa hore e ka ba tsa lekholong la bone la lilemo, ’me hona ho e etsa pokella e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. Ho na le meqolo, libuka tse feletseng kapa maqephe a Likosepele, lipesaleme le lifela, ntle ho litšoantšo tsa khale haholo tsa ferefe, liemahale, le lintho tse entsoeng ka tšepe. Ho nahanoa hore Thaba ea Athos e na le karolo ea bone ea libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bagerike lefatšeng, le hoja tse ngata e le hona li ntseng li tla hlahlamanngoa hantle ka alfabeta. Ka lekhetlo la pele, ka 1997, baitlami bana ba banna ba ile ba lumela hore letlotlo le leng la bona e be pontšuoa Thessaloníki.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Telis/Greek National Tourist Organization