Ba lle ba Iteta Sebete
HASE kamehla ho leng bonolo ho iteta sebete hore re bolele. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o boletse hore ka lekhetlo le leng, o ile a etsa joalo “ka ntoa e khōlō.” (1 Bathesalonika 2:2) Na boiteko ba ho loana “ntoa” ea ho bolela bo na le molemo? Ha ho na tiiso ea hore ho tla ba le liphihlelo tse itseng tse khethehileng, feela batho ba Molimo ba atisa ho thabela hore ba ile ba iteta sebete. Nahana ka mehlala e itseng.
Ngoanana ea lilemo li robeli ea bitsoang Tara o ne a mametse ka hloko ha mosuoe oa hae a bolella tlelase hore nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, batšoaruoa ba Bajuda ba neng ba le likampong tsa mahloriso ba ne ba tlameha ho qhoaela Naleli ea Davida e tšehla hore ba tsejoe ka eona. Tara o ile a ipotsa hore na a ka bua. Oa hopola: “Ke ile ka rapela ke sa tutubala.” Ka mor’a moo o ile a phahamisa letsoho ’me a bolela hore Lipaki tsa Jehova le tsona li ne li le teng likampong tseo, ’me li ne li tlameha ho qhoaela lesela le pherese le likhutlo li tharo. Mosuoe o ile a thabela taba eo ’me a mo leboha. Tlhaloso eo ea Tara e ile ea bula tsela ea lipuisano tse eketsehileng le mosuoe eo, hoo hamorao a bileng a bontša tlelase eohle ea hae video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault.
Guinea, Afrika Bophirimela, mohoeletsi e mong e monyenyane ea bitsoang Irène o ne a batla ho hatela pele tšebeletsong ea hae. Moromuoa ea neng a ithuta Bibele le eena o ile a mo khothalletsa hore a leke ho tsamaisetsa liithuti-’moho le eena limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Irène o ne a le lekhonono hobane ho ne ho se mohla bana ba tlelase ea hae ba mo mamelang. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho susumetsoa ke khothatso ea moromuoa, Irène o ile a etsa qeto ea hore o tla qala ka ho bua le seithuti seo ho neng ho bonahetse e le sona se hanyetsang ka ho fetisisa. Irène o ile a makala haholo hobane ngoanana enoa o ile a arabela hantle ’me a nka limakasine ka thahasello. Liithuti tse ling li ile tsa mo etsisa. Khoeling eo, Irène o ile a tsamaisa limakasine tse ngata ho feta tseo a neng a li tsamaisitse likhoeling tse hlano pele ho moo li kopane.
Trinidad, moholo e mong o ne a ikutloa a le lekhonono ho buisana le mosuoe-hlooho oa sekolo se seng hore a mo bontše hore makasine ea Tsoha! e molemo bakeng sa ho ruta.
Leha ho le joalo, o ile a iteta sebete. O re: “Ke ile ka rapela ha ke kena ka jareteng. Ke ile ka makala ha ke bona mosuoe-hlooho a thabile ka mokhoa o sa tloaelehang.” O ile a amohela makasine ea Tsoha! e neng e e-na le sehlooho se reng, “Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Bacha ba Kajeno?,” a ba a lumela hore o tla e sebelisa ha a ruta ka tlelaseng. Ho tloha ka nako eo, o amohetse limakasine tse 40 tse buang ka litaba tse fapa-fapaneng.
Joaloka mocha, kamehla Vaughn o ne a thatafalloa ke ho bolela. “Ke ne ke tšoha, liatla tsa ka li fufuleloa ’me ke ne ke peteketsa ha ke bua—ke ne ke sitoa ho bua butle.” Ho sa tsotellehe seo, e ile ea e-ba ’moleli oa nako e tletseng. Leha ho le joalo, ho ne ho se bonolo kamehla ho eena hore a be sebete ’me a bue. Ka lekhetlo le leng ka mor’a letsatsi le nyahamisang a batla mosebetsi, o ne a batla ho pakela motho e mong ka tereneng, “e le hore bonyane letsatsi leo le bosula le hlahise ho hong ho molemo.” Empa o ile a utloa a tšaba banna ba bahoebi ba shebahalang ba hlompheha ba neng ba le ka tereneng e tsamaeang “ka tlas’a lefatše.” Qetellong, o ile a iteta sebete hore a bue le monna-moholo ea neng a lutse pel’a hae. Ho ile ha tsoha moqoqo o molelele. Monna eo oa mohoebi o ile a re: “Lipotso tsa hao li ntle hoo li rōnang mocha oa lilemo tsa hao,” eaba oa botsa: “U tsoa sekolong sa boruti?” Vaughn o ile a araba, “Che, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Monna eo a bososela, eaba o re: “Oh, joale ke bona lebaka.”
Lipaki tsena kaofela—le tse ling tse ngata—li thabela hore li ile tsa iteta sebete hore li bolele. Na le uena u tla etsa joalo?
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Tara
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Vaughn