Cyril Lucaris—Monna ea Neng a Nka Bibele e le ea Bohlokoa
E ne e le lehlabula ka letsatsi le leng ka 1638. Batšoasi ba litlhapi Leoatleng la Marmara, haufi le Constantinople (eo kajeno e leng Istanbul), motse-moholo oa ’Muso oa Maottoman, ba ile ba tšoha ha ba bona setopo se phaphametseng metsing. Ha ba se shebela haufi, ba ile ba nyaroha ha ba bona hore setopo seo se fenethiloeng ke sa mopatriareka ea phahameng oa Constantinople, hlooho ea Kereke ea Orthodox. Ena e bile qetello e utloisang bohloko ea Cyril Lucaris, motho oa bohlokoa bolumeling ea neng a tumme lekholong la bo17 la lilemo.
LUCARIS ha aa ka a phela nako e lekaneng hore a bone ha pakane ea hae ea lilemo-lemo—ho lokolloa ha phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bakreste e fetoletsoeng Segerikeng se tloaelehileng—e phethahala. Pakane e ’ngoe ea Lucaris le eona ha ea ka ea phethahala—ea ho bona ha Kereke ea Orthodox e khutlela “evangeling e bonolo.” Monna eo e ne e le mang? O ile a tobana le litšitiso life boitekong boo ba hae?
Ho Nyahamisoa ke ho Haella ha Thuto
Cyril Lucaris o hlahile ka 1572 Candia e neng e busoa ke Venice (eo hona joale e leng Iráklion), Kreta. Kaha o ne a le bohlale, o ile a kena sekolo Venice le Padua, Italy a ntan’o etela libakeng tse ngata haholo naheng eo le linaheng tse ling. A halefisitsoe ke likhohlano tse ka har’a kereke, a bile a khahluoe ke mekhatlo e neng e fetohela lithuto tsa K’hatholike Europe, e ka ’na eaba o ile a etela Geneva, eo ka nako eo e neng e susumetsoa ke Thuto ea Bolumeli ea Calvin.
Ha Lucaris a etetse Poland, o ile a lemoha hore litho tsa kereke ea Orthodox sebakeng seo, baruti hammoho le batho feela ba kenang kereke, li ne li le boemong bo otlang pelo moeeng ka lebaka la ho se rutehe ha tsona. Ha a se a khutletse Alexandria le Constantinople, o ile a nyaroha ha a hlokomela hore le lifala—moo ho neng ho balloa Mangolo teng—li ne li tlositsoe ka likerekeng tse ling!
Ka 1602, Lucaris o ile a ea Alexandria, moo a ileng a hlahlama mong ka eena, Mopatriareka Meletios, setulong seo sa bobishopo. Joale o ile a qala ho ngollana le baruti ba sa tšoaneng ba Europe ba nang le maikutlo a phetoho. Ho le leng la mangolo ao, o ile a bontša hore Kereke ea Orthodox e tsoela pele ka mekhoa e mengata e fosahetseng. Mangolong a mang o ile a hatella tlhokahalo ea hore kereke e rute “evangeli e bonolo” e be e itšetlehe ka Mangolo feela e le mohloli oa boitsebiso o tšehetsang taba, ho e-na le ho ruta litumela-khoela.
Lucaris o ne a boetse a nyarositsoe ke hore matla a ho laela moeeng a Bo-fatere ba Kereke a ne a nkoa e le a bohlokoa bo lekanang le ba lentsoe la Jesu le la baapostola. O ile a ngola: “Nke ke ka hlola ke mamella ho utloa ha batho ba re litlhaloso tsa lineano tsa batho ke tsa bohlokoa bo lekanang le ba Mangolo.” (Matheu 15:6) O ile a phaella ka hore ho latela pono ea hae ea litaba, borapeli ba litšoantšo bo kotsi. O ile a hlokomela hore ho rapela “bahalaleli” ke ho rohaka Mokena-lipakeng, Jesu.—1 Timothea 2:5.
Ho Rekisoa ha Terone ea Bopatriareka
Maikutlo ao, hammoho le ho nyonya ha Lucaris Kereke ea Roma e K’hatholike, li ile tsa etsa hore Majesuite le litho tsa Kereke ea Orthodox tse neng li rata ho kopana le Mak’hatholike, li mo hloee le ho mo hlorisa. Ho sa tsotellehe khanyetso eo, ka 1620 Lucaris o ile a khetheloa ho ba mopatriareka oa Constantinople. Setulo sa bopatriareka ba Kereke ea Orthodox ka nako eo se ne se le tlas’a taolo ea ’Muso oa Maottoman. ’Muso oa Maottoman o ne o ka tlosa mopatriareka habonolo feela setulong, oa ba oa amohela e mocha haeba ho ne ho lefuoa chelete.
Lira tsa Lucaris, haholo-holo Majesuite le Congregatio de Propaganda Fide (Phutheho e Phatlalatsang Tumelo) ea mopapa e neng e le matla e bile e tšajoa, li ile tsa tsoela pele ho mo senya lebitso le ho mo chekela mamena. Buka ea Kyrillos Loukaris ea hlokomela: “Moo a pheheletseng pakane ena ea ’ona, Majesuite a ile a leka mekhoa eohle—bolotsana, ketselletso, ho phoqa, ’me ka holim’a tsohle, tjotjo, e leng sona sebetsa se ileng sa sebetsa ka ho fetisisa ho hapeng kamohelo ea ba boholong [ba Maottoman].” Ka lebaka leo, ka 1622, Lucaris o ile a isoa botlamuoeng sehlekehlekeng sa Rhodes, ’me Gregory oa Amasya o ile a reka setulo seo ka lichelete tsa silevera tse 20 000. Leha ho le joalo, Gregory o ile a hlōleha ho lefa chelete eo a neng a e tšepisitse, eaba Anthimus oa Adrianople o reka setulo seo, leha ho le joalo, o ile a itokolla hamorao. Ka ho makatsang, Lucaris o ile a busetsoa teroneng ea bopatriareka.
Lucaris o ne a ikemiselitse ho sebelisa monyetla ona o mocha ho ruta baruti ba Orthodox le batho feela ba kenang kereke ka hore a hatise phetolelo ea Bibele le lipampitšana tsa thuto ea bolumeli. Hore a finyelle sena, o ile a etsa litokisetso tsa hore mochine oa khatiso o tlisoe Constantinople, tlas’a tšireletso ea moemeli oa Lenyesemane. Leha ho le joalo, ha mochine oo o fihla ka June 1627, lira tsa Lucaris li ile tsa mo qosa ka hore o sebelisa mochine oo bakeng sa merero ea lipolotiki, ’me qetellong li ile tsa o senya. Joale Lucaris o ile a tlameha ho sebelisa mechine e hatisang ea Geneva.
Phetolelo ea Mangolo a Bakreste
Ho hlompha ha Lucaris Bibele haholo le matla a eona a ho ruta ho ile ha susumetsa takatso ea hae ea ho etsa hore boitsebiso ba eona bo utloisisoe le ke batho feela ba tloaelehileng. O ile a lemoha hore puo e sebelisitsoeng libukeng tsa pele tse bululetsoeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele tsa Segerike, e ne e se e ke ke ea hlola e utloisisoa ke motho feela ea tloaelehileng. Kahoo, buka ea pele eo Lucaris a ileng a laela hore e etsoe e bile Mangolo a Segerike a Bakreste a fetoletsoeng Segerikeng se neng se buuoa mehleng ea hae. Maximus Callipolites, moitlami ea rutehileng, o ile a qala ho e fetolela ka March 1629. Maorthodox a mangata a ne a nka ho fetolela Mangolo e le ho sa tloaelehang, ho sa tsotellehe hore na ho ne ho le thata hakae hore babali ba utloisise se ngotsoeng. E le ho bōpa khotso le ’ona, Lucaris o ile a hatisa mangolo a pele ka thōko ho mangolo a fetoletsoeng ka puo ea mehleng eo, a kenyelletsa litlhaloso tse seng kae feela. Kaha Callipolites o ile a shoa kapele ka mor’a ho fetolela buka eo e ngotsoeng ka letsoho, Lucaris ke eena ea ileng a e bala le ho e ntša liphoso. Phetolelo eo e ile ea hatisoa nakoana ka mor’a hore Lucaris a shoe ka 1638.
Ho sa tsotellehe ho ba hlokolosi ha Lucaris, phetolelo eo e ile ea susumetsa boikutlo bo matla ba nyatso har’a babishopo ba bangata. Ho rata ha Lucaris Lentsoe la Molimo ho ile ha hlaka haholo selelekeleng sa phetolelo eo ea Bibele. O ile a ngola hore Mangolo ao, a neng a ngotsoe ka puo eo batho ba neng ba e bua, ke “molaetsa o monate, oo re o filoeng o tsoa leholimong.” O ile a khothalletsa batho hore ba “tsebe ba be ba tloaelane le sohle se ka [Bibeleng]” a ba a re ha ho na tsela e ’ngoe ea ho ithuta ka “lintho tse amanang le tumelo ka nepo . . . haese ka ho ithuta tsona ka Kosepele e halalelang ea Molimo.”—Bafilippi 1:9, 10.
Lucaris o ile a nyatsa ka matla ba hanang ho ithuta Bibele, hammoho le ba sa batleng hore mangolo a pele a fetoleloe: “Haeba re bua kapa re bala ntho eo re sa e utloisiseng, ho tšoana le ho buela moeeng.” (Bapisa le 1 Bakorinthe 14:7-9.) Ha a phetha selelekela seo, o ile a ngola: “Ha kaofela ha lōna le bala Kosepele ena ea Molimo e halalelang ka puo ea lōna, ruang molemo ho seo le tla se bala, . . . ’me e se eka kamehla Molimo a ka le khantšetsa tsela ho le isa ho se molemo.”—Liproverbia 4:18.
Confession of Faith
Ka mor’a hore a qale mosebetsi oo oa ho fetolela Bibele, Lucaris o ile a nka bohato bo bong bo sebete. Ka 1629, o ile a hatisa Confession of Faith a le Geneva. E ne e le mantsoe a hae a lithuto tseo a neng a tšepa hore Kereke ea Orthodox e tla li amohela. Ho ea ka buka ea The Orthodox Church, buka eo ea Confession “e etsa hore thuto ea motheo ea Orthodox ea baprista le bahlomphehi ba halalelang e hloke moelelo ka ho feletseng, ’me e nyatsa ho hlompha litšoantšo ka tsela ea borapeli le ho rapela bahalaleli ka hore ke mofuta o mong oa borapeli ba litšoantšo.”
Buka eo ea Confession e na le litemana tse 18. Temana ea eona ea bobeli e bolela hore Mangolo a bululetsoe ke Molimo le hore matla a ’ona a feta a kereke. E re: “Re lumela hore ke Molimo ea faneng ka Mangolo a Halalelang . . . Re lumela hore matla a Mangolo a Halalelang a phahametse matla a Kereke. Ho rutoa ke Moea o Halalelang ho fapane hōle le ho rutoa ke motho.”—2 Timothea 3:16.
Temana ea borobeli le ea leshome li bolela hore Jesu Kreste ke eena feela Mokena-lipakeng, Moprista ea Phahameng le Hlooho ea phutheho. Lucaris o ile a ngola: “Re lumela hore Morena oa rōna Jesu Kreste o lutse ka letsohong le letona la Ntate oa Hae, ’me teng O ntse a re buella, e le eena feela ea sebeletsang boemong ba moprista ea phahameng le mokena-lipakeng oa ’nete le oa molao.”—Matheu 23:10.
Temana ea 12 e bolela hore kereke e ka kheloha, ka phoso ea nka hore bohata ke ’nete, empa leseli la moea o halalelang le ka e pholosa ka mesebetsi ea basebeletsi ba tšepahalang. Temaneng ea 18, Lucaris o bolela hore pelekatori e mpa feela e le khopolo-taba: “Ho hlakile hore khopolo-taba ea Pelekatori ha ea tlameha ho lumelloa.”
Sehlomathiso sa buka ea Confession se na le lipotso tse ’maloa le likarabo. Teng, Lucaris o qala ka ho hatisa taba ea hore Mangolo a lokela ho baloa ke motho e mong le e mong ea tšepahalang le hore ho kotsi ho Mokreste ho se bale Lentsoe la Molimo. Joale o phaella ka hore ho lokela ho nenoe libuka tsa Mangolo a Neano ao e Seng Karolo ea Bibele.—Tšenolo 22:18, 19.
Potso ea bone e re: “Re lokela ho ikutloa joang ka litšoantšo?” Lucaris oa araba: “Re rutoa ke Mangolo a Molimo a bileng a Halalelang, ao ka ho hlakileng a reng, ‘U se ke ua iketsetsa setšoantšo, kapa ntho e tšoanang le eng kapa eng e holimo leholimong, kapa e tlaase lefatšeng; u se ke ua li hlompha ka tsela ea borapeli, kapa hona ho li rapela; [Exoda 20:4, 5]’ kaha ha rea lokela ho rapela sebōpuoa, empa re lokela ho rapela ’Mōpi le Moetsi oa leholimo le lefatše feela, ’me e be Eena feela eo re mo hlomphang ka tsela ea borapeli. . . . Re hana borapeli le tšebeletso ea [litšoantšo], e le bo hanetsoeng . . . ka Mangolong a Halalelang, esere ra lebala, ’me ra rapela mebala, litšoantšo le libōpuoa, ho e-na le ho rapela ’Mōpi le Moetsi.”—Liketso 17:29.
Le hoja Lucaris a sa ka a khona ho lemoha ka ho feletseng litaba tsohle tse fosahetseng nakong ea lefifi la moea eo a neng a phela ho eona,a o ile a etsa boiteko bo babatsehang ba ho etsa hore Bibele e be le matla a fetang a thuto ea kereke le ba ho ruta batho lithuto tsa eona.
Kapele ka mor’a hore ho lokolloe buka ena ea Confession, ho ile ha tsoha leqhubu le lecha la ho hanyetsa Lucaris. Ka 1633, Cyril Contari, moahi oa toropo e neng e phethesela ea Berea (eo hona joale e leng Aleppo), eo e neng e le sera sa Lucaris ’me a tšehelitsoe ke Majesuite, o ile a leka ho buisana le Maottoman hore a fumane setulo sa bopatriareka ka theko e tlaase. Leha ho le joalo, ’momori oo o ile oa hlōleha ha Contari a sitoa ho lefa chelete eo. Lucaris o ile a ’na a ba setulong. Selemong se latelang, Athanasius oa Thesalonika o ile a lefa lichelete tsa silevera tse 60 000 hore a fumane setulo seo. Lucaris o ile a boela a theoloa setulong. Empa le pele khoeli e fela, o ile a bitsoa ’me a khutlisetsoa ho sona. Ka nako eo, Cyril Contari o ne a bokeletse lichelete tsa silevera tse 50 000. Lekhetlong lena, Lucaris o ile a isoa botlamuoeng Rhodes. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, metsoalle ea hae e ile ea khona ho tiisa hore o busetsoa setulong sa hae.
Leha ho le joalo, ka 1638, Majesuite le batšehetsi ba ’ona ba Maorthodox ba ile ba qosa Lucaris ka hore o rerile ho phethola ’Muso oa Maottoman. Lekhetlong lena, ’musi o ile a laela hore a bolaoe. Lucaris o ile a tšoaroa, ’me ka la 27 July, 1638, o ile a palamisoa sekepe se senyenyane joalokaha eka o isoa botlamuoeng. Hang ha sekepe se le leoatleng, o ile a fenethoa. Setopo sa hae se ile sa patoa pel’a lebōpo la leoatle, hamorao sa epolloa ’me sa lahleloa leoatleng. Se ile sa fumanoa ke batšoasi ba litlhapi ’me hamorao sa patoa ke metsoalle ea hae.
Seo re ka Ithutang Sona
Setsebi se seng se re: “Ho sa lokelang ho tlōlisoa mahlo ke taba ea hore sepheo se seng se ka sehloohong [sa Lucaris] e ne e le ho ruta baruti ba hae le mohlape oa hae le ho phahamisa boemo ba thuto ea bona, boo lekholong la lilemo la boleshome le metso e tšeletseng le mathoasong a la boleshome le metso e supileng, bo neng bo putlame habohloko.” Lucaris o ile a sitisoa ke lintho tse ngata hore a finyelle pakane ea hae. O ile a theoloa setulong sa bopatriareka ka makhetlo a mahlano. Lilemo tse 34 ka mor’a lefu la hae, sinoto ea Jerusalema e ile ea phatlalatsa hore lithuto tsa hae li rohakiloe ka ho li bitsa tsa bokhelohi. E ile ea bolela hore Mangolo “ha aa lokela ho baloa ke mang le mang, empa a lokela ho baloa feela ke ba nyarelang linthong tse tebileng tsa moea ka mor’a ho etsa phuputso e nepahetseng”—ke hore, baruti bao ho neng ho nkoa hore ba rutehile.
Sehlopha sa ba busang kerekeng se ile sa boela sa thibela boiteko ba ho etsa hore mohlape oa sona o be le Lentsoe la Molimo. Ka mabifi se ile sa khutsisa motho ea neng a supa liphoso tse itseng tsa lithuto tsa sona tse neng li sa thehoa Bibeleng. Se ile sa ipaka se le har’a lira tse kotsi ka ho fetisisa tsa tokoloho ea bolumeli le ’nete. Ka masoabi, ana ke maikutlo ao ka litsela tse fapaneng a ntseng a le teng le kajeno. Ke khopotso e bohloko ea se etsahalang ha merero ea bolotsana e hlohlelletsoang ke baruti e e-ba khahlanong le bolokolohi ba ho nahana le ba ho bua.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bukeng ea hae ea Confession, o tšehetsa Boraro-bo-bong le lithuto tsa ho rereloa qetello esale pele le moea o sa shoeng—tseo kaofela ha tsona e seng lithuto tsa Bibele.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
Lucaris o ile a etsa boiteko bo babatsehang ba ho etsa hore Bibele e be le matla a fetang a thuto ea kereke le ba ho ruta batho lithuto tsa eona
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 28]
Lucaris le Codex Alexandrinus
E ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tse Laeboraring ea Brithani ke Codex Alexandrinus, buka ea Bibele e ngotsoeng ka letsoho ea lekholong la bohlano la lilemo C.E. Maqepheng a eona a pele a ka bang 820, ho bolokiloe a ka bang 773.
Nakong eo Lucaris e neng e le mopatriareka oa Alexandria, Egepeta, o ne a e-na le pokello e khōlō ea libuka. Ha e e-ba mopatriareka oa Constantinople, o ile a tsamaea a nkile Codex Alexandrinus. Ka 1624, o ile a e fa moemeli oa Brithani Turkey e le mpho eo a e fang Morena oa Manyesemane, James I. Ka mor’a lilemo tse tharo, e ile ea fuoa mohlahlami oa hae, Charles I.
Ka 1757, Laeborari ea Borena e ikarabellang ho Morena e ile ea fuoa sechaba sa Brithani, ’me codex ena e molemo hona joale ke pontšuoa Sebakeng sa Lipontšo sa John Ritblat, Laeboraring e ncha ea Brithani.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Gewerbehalle, Vol. 10
From The Codex Alexandrinus in Reduced Photographic Facsimile, 1909
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Bib. Publ. Univ. de Genève