Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 11/15 maq. 26-29
  • Boikitlaetso ba ho Ngola Bibele ka Segerike sa Morao-rao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boikitlaetso ba ho Ngola Bibele ka Segerike sa Morao-rao
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhase ea Leseli Har’a Lefifi
  • Mofetoleli ea Sebete
  • Mofumahali e Mong o Thahasella Bibele
  • Bahanyetsi ba Hlooho li Thata
  • “Lentsoe la Jehova le Lula le le Teng ka ho sa Feleng”
  • Na U Lokela ho Ithuta Seheberu le Segerike?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Hatisa Le Ho Aba Lentsoe La Molimo Le Halalelang
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 11/15 maq. 26-29

Boikitlaetso ba ho Ngola Bibele ka Segerike sa Morao-rao

U ka ’na ua hlolloa ho tseba hore e ’nile ea e-ba ntoa e telele le e matla hore Bibele e fetoleloe ka puo e buuoang ke batho ka kakaretso Greece, naha eo ka linako tse ling e bitsoang ea pele e ileng ea fa batho bolokolohi ba ho nahana. Ke mang ea neng a ka thibela hore ho be le Bibele ka Segerike se utloisisoang habonolo? Ke hobane’ng ha ho ne ho ka ba le ea batlang ho e thibela?

MOTHO a ka nahana hore batho ba buang Segerike ba thabela melemo e khethehileng kahobane karolo e khōlō ea Mangolo a Halalelang e qalile e ngotsoe ka puo ea bona. Leha ho le joalo, Segerike sa morao-rao, se fapane haholo le Segerike sa phetolelo ea Septuagint ea Mangolo a Seheberu le ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Ha e le hantle, ka lilemo tse fetileng tse makholo a tšeletseng, batho ba bangata ba buang Segerike ba ’nile ba thatafalloa ke Segerike sa Bibele joalokaha ba ne ba ka thatafalloa ke puo e ’ngoe. Mantsoe a macha a nkile sebaka sa a khale, ’me pokello ea mantsoe a puo, sebōpeho-puo le mokhoa oa ho hokahanya lipolelo puong li fetohile.

Libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Segerike tse teng tsa ho tloha lilemong tsa bo-200 ho fihlela lilemong tsa bo-1500 li bontša boiteko bo ileng ba etsoa ba ho fetolela Septuagint ka Segerike sa moraonyana. Lilemong tsa bo-200, Gregory, mobishopo oa Neocaesarea, (oa hoo e ka bang ka 213 ho ea ho hoo e ka bang ka 270 C.E.), o ile a fetolela buka ea Moeklesia a e tlosa ho Septuagint a e isa Segerikeng se bonolo haholoanyane. Lilemong tsa bo-1000, Mojuda ea bitsoang Tobias ben Eliezer ea neng a lula Macedonia o ile a fetolela likarolo tse ling tsa Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele tsa Septuagint a li isa Segerikeng se tloaelehileng. O bile a sebelisa mongolo oa Seheberu molemong oa Bajuda ba Macedonia ba neng ba bua Segerike empa ba bala Seheberu. Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele tsa mofuta ona li ile tsa hatisoa Constantinople ka 1547.

Tlhase ea Leseli Har’a Lefifi

Ha likarolo tse ling tsa ’Muso oa Bagerike oa Byzantium li se li hapiloe ke Maturkey ka bo-1400, batho ba bangata ba moo ha baa ka ba hlola ba fumana thuto. Le hoja Kereke ea Orthodox e ne e e-na le menyetla ’Musong oa Maturkey, e ile ea tlohella litho tsa eona ka boomo hore e be mafutsana le hore e be balemi ba sa rutehang. Mongoli oa Mogerike Thomas Spelios o ile a re: “Sepheo se seholo sa Kereke ea Orthodox le thuto ea eona e ne e le ho sireletsa litho tsa eona lithutong tse namang tsa Boislamo le tsa Roma e K’hatholike. Ka lebaka leo, thuto ea Greece e ile ea batla e sa tsoele pele.” Maemong ana a nyahamisang, batho ba ratang Bibele ba ile ba bona hore hoa hlokahala ho khatholla le ho tšelisa batho ba tepeletseng ka buka ea Bibele ea Lipesaleme. Ho tloha ka 1543 ho fihlela ka 1835, ho ne ho e-na le liphetolelo tse 18 tsa Lipesaleme ka Segerike se tloaelehileng.

Phetolelo ea pele e feletseng ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea ngoloa ka 1630 ke moitlami oa Mogerike oa Callipolis, e leng Maximus Callipolites. Sena se entsoe ka ketello-pele le tumello ea Cyril Lucaris, mopatriareka oa Constantinople eo hamorao a ileng a koenehela Kereke ea Orthodox. Leha ho le joalo, ka kerekeng Lucaris o ne a hanyetsoa ke ba neng ba sa rate ha ho etsoa liphetoho kapa ba neng ba sa lumellane le hore Bibele e fetoleloe ka Segerikeng se tloaelehileng.a O ile a fenethoa ho thoe ke lehlaba-phio. Ho sa tsotellehe seo, ka 1638 ho ile ha hatisoa Libibele tse ka bang 1 500 tsa phetolelo ea Maximus. Lilemo tse 34 hamorao sinoto ea Kereke ea Orthodox e neng e tšoaretsoe Jerusalema e ile ea ntša maikutlo a eona ka phetolelo ena ka ho bolela hore Mangolo “ha aa lokela ho baloa ke mang le mang, empa a lokela ho baloa feela ke ba hlahlobisisang lintho tse tebileng tsa moea ka mor’a hore ba etse lipatlisiso tse loketseng.” Sena se ne se bolela hore Mangolo a lokela ho baloa feela ke baruti ba rutehileng.

Ka 1703, moitlami oa Mogerike ea bitsoang Seraphim oa sehlekehlekeng sa Lesbos, o ile a leka ho phatlalatsa phetolelo e ntlafalitsoeng ea Maximus a le London. Eitse ha chelete eo a neng a e tšepisitsoe ke morena oa Engelane e sa fihle, a hatisa phetolelo eo ka chelete ea hae. Mantsoeng a bohale a selelekela, Seraphim o ile a hatisa hore hoa hlokahala hore “Mokreste e mong le e mong ea tšabang Molimo” a bale Bibele, eaba o nyatsa baruti ba baholo ba kereke ka ho “leka ho pata boitšoaro ba bona bo bobe ka ho etsa hore batho ba lule ba se na tsebo.” Ha ho makatse ha bahanyetsi ba hae ba Maorthodox ba ile ba etsa hore a tšoaroe Russia le hore a lelekeloe Siberia, moo a ileng a shoela teng ka 1735.

Ha moruti e mong oa Mogerike a ne a bua ka tlala e matla ea moea ea batho ba buang Segerike nakong eo, o ile a bolela se latelang mabapi le phetolelo e ’ngoe hape e ntlafalitsoeng ea Maximus: “Bagerike ba amohetse Bibele ena e Halalelang le tse ling hape ka lerato le ka tabatabelo. Ba ile ba e bala. ’Me ba thobeha lipelo, le tumelo ea bona ho Molimo . . . ea matlafatsoa.” Leha ho le joalo, baeta-pele ba bona ba bolumeli ba ne ba tšaba hore haeba batho ba ka utloisisa Bibele, sena se tla pepesa litumelo le liketso tsa baruti tseo e seng tsa Mangolo. Kahoo, ka 1823 le ka 1836, mopatriareka oa Constantinople o ile a ntša taelo ea hore ho chesoe liphetolelo tseo tsohle tsa Bibele.

Mofetoleli ea Sebete

Har’a pherekano ena ea khanyetso e matla le tabatabelo e matla ea ho tseba Bibele, ho ile ha hlaha motho ea tsebahalang ea neng a tla phetha karolo ea bohlokoa hore Bibele e fetolelloe Segerikeng sa morao-rao. Motho enoa ea sebete e ne e le Neofitos Vamvas, eo e neng e le setsebi se hloahloa sa lipuo le Bibele, ’me batho ba bangata ba ne ba nka hore ke e mong oa “Matichere a Sechaba.”

Vamvas o ile a bona ka ho hlaka hore Kereke ea Orthodox e molato oa hore ebe batho ha ba tsebe lintho tsa moea. O ne a lumela ka matla hore ho hlokahala hore Bibele e fetolelloe Segerikeng se tloaelehileng e le hore batho ba hlasimolohe moeeng. Ka 1831, o ile a thusoa ke litsebi tse ling hore a qale ho fetolela Bibele ka Segerike sa batho ba rutehileng. Phetolelo ea hae e feletseng e ile ea hatisoa ka 1850. Kaha Kereke ea Greek Orthodox e ne e sa mo tšehetse, o ile a sebelisana le Mokhatlo oa Bibele oa Brithani le Linaha Lisele (BFBS) bakeng sa ho phatlalatsoa le ho ajoa ha phetolelo ea hae. Kereke e ile ea mo bitsa “Moprostanta,” ’me ka potlako a etsoa molahloa.

Phetolelo ea Vamvas e ile ea ipapisa haholo le Bibele ea King James Version ’me ea ’na ea latela bofokoli ba phetolelo eo ka lebaka la ho haella ha tsebo le thuto litabeng tsa Bibele le ho se tsebe lipuo ho neng ho le teng ka nako eo. Empa, ka lilemo tse ngata e ne e le eona Bibele ea Segerike sa morao-rao e neng e fumaneha. Ho thabisang ke hore e na le lebitso la Molimo ka makhetlo a mane, le ngotsoe e le “Ieová.”—Genese 22:14; Exoda 6:3; 17:15; Baahloli 6:24.

Batho ba ile ba itšoara joang ka phetolelo ee ea Bibele le tse ling tse utloisisoang habonolo? Ka mokhoa o hlollang haholo! Sekepeng se seng se neng se le lebōpong la se seng sa lihlekehleke tsa Greece, morekisi oa Libibele oa BFBS o ile a “bokaneloa ke liketsoana tse tletseng bana ba neng ba tlile ho tla batla [Libibele], hoo a ileng a tlameha . . . ho laela motsamaisi oa sekepe hore a tsamaee” esere Libibele tsa hae tsa fella sebakeng se le seng! Empa bahanyetsi ba ne ba sa phutha matsoho.

Baprista ba Maorthodox ba ile ba eletsa batho hore ba se ke ba reka Libibele tsena. Ka mohlala, motseng oa Athene, Libibele li ile tsa nkoa ka mahahapa. Ka 1833, mobishopo oa Moorthodox oa Kreta o ile a chesa “Testamente e Ncha” eo a neng a e fumane ntlong ea baitlami. Moprista o ile a pata e ’ngoe, ’me le batho ba motse o haufi le moo ba ile ba pata tsa bona ho fihlela mobishopo eo a tloha sehlekehlekeng sena.

Lilemo tse itseng hamorao sehlekehlekeng sa Corfu, phetolelo ea Bibele ea Vamvas e ile ea thibeloa ke Sinoto e Halalelang ea Kereke ea Greek Orthodox. Ho ile ha thibeloa hore e rekisoe, ’me tse teng li ile tsa senngoa. Sehlekehlekeng sa Kiose, sa Síros le sa Mykonos, pefo ea baruti ba libaka tsena e ile ea etsa hore ho chesoe Bibele. Empa e ne e le hona ho fetoleloa ha Bibele ho neng ho tla hatelloa ho ea pele.

Mofumahali e Mong o Thahasella Bibele

Ka bo-1870, Mofumahali Olga oa Greece o ile a hlokomela hore batho ba Greece ka kakaretso ba sa ntsane ba e-na le tsebo e fokolang ea Bibele. O ne a lumela hore ho tseba Mangolo ho ka tšelisa sechaba le ho se hlabolla moeeng, ’me o ile a leka ho etsa hore Bibele e fetoleloe ka puo e bonolo ho feta ea phetolelo ea Vamvas.

Moarekabishopo oa Athene le hlooho ea Sinoto e Halalelang, Prokopios, ba ile ba thoholetsa mofumahali mosebetsing ona, empa e se ka molao. Leha ho le joalo, eitse ha a kenya kōpo ea hore a lumelloe ka molao, Sinoto e Halalelang ea e hana. Ho sa tsotellehe seo, o ile a phehella, eaba o kenya kōpo e ncha, ’me le eona e ile ea hanoa ka 1899. O ile a hlokomoloha khanyetso eo, a etsa qeto ea ho sebelisa chelete ea hae ho hatisa Libibele tse seng kae. Sena se ile sa finyelloa ka 1900.

Bahanyetsi ba Hlooho li Thata

Ka 1901, koranta e tsebahalang ea Athene ea The Acropolis, e ile ea phatlalatsa Kosepele ea Matheu e fetoletsoeng ka Segerike se tloaelehileng ea Alexander Pallis, mofetoleli ea neng a sebetsa a le Liverpool, Engelane. Ho ne ho bonahala sepheo sa Pallis le bo-mphato ba hae e le ho ‘ruta Bagerike’ le ho “thusa sechaba hore se tsohe” borokong.

Liithuti tsa thuto ea bolumeli tsa Orthodox le matichere a tsona li ile tsa re phetolelo ena ke “sesomo liemahaleng tsa bohlokoahali tsa sechaba,” tšenyo ea Bibele. Mopatriareka Joakim III oa Constantinople o ile a ntša tokomane e hanyetsang phetolelo ena. Khang ena e ile ea fetohela lipolotiking, ’me e ile ea sebelisoa ka bolotsana ke mahlakore a loantšanang a lipolotiki.

Likoranta tsa Athene tse nang le tšusumetso li ile tsa qala ho hlasela phetolelo ea Pallis, li bitsa batšehetsi ba eona “batho ba sa lumeleng hore Molimo o teng,” “mahlaba-phio” le “mahlahana a mebuso esele” ba ikemiselitseng ho ferekanya sechaba sa Bagerike. Ho tloha ho la 5 ho ea ho la 8 November, 1901, liithuti li ile tsa etsa merusu Athene ka lebaka la tšusumetso ea lihlopha tsa batho ba sa rateng liphetoho ba Kereke ea Greek Orthodox. Li ile tsa futuhela baokameli ba The Acropolis, ba hlasela ntlo ea borena, ba hapa Univesithi ea Athene ’me ba laela ba busang hore ba theohe litulong. Qetellong ea merusu ena, ho ile ha shoa batho ba robeli likhohlanong le masole. Letsatsing le latelang, morena o ile a laela hore Moarekabishopo Prokopios a itokolle, ’me matsatsi a mabeli hamorao, litho tsohle tsa Kabinete li ile tsa theoha litulong.

Khoeli hamorao liithuti li ile tsa ipelaetsa hape ’me tsa chesa phetolelo ea Pallis mahlong a sechaba. Li ile tsa ntša qeto khahlanong le ho ajoa ha phetolelo ena ’me tsa kōpa hore motho ea tla e aba a ahloloe habohloko. Sena e ile ea e-ba lebaka la ho thibela hore ho se ke ha sebelisoa phetolelo efe kapa efe ea Bibele ea Segerike sa morao-rao. Ka sebele e ne e le nako ea lefifi!

“Lentsoe la Jehova le Lula le le Teng ka ho sa Feleng”

Ho thibeloa ha Bibele ea Segerike sa morao-rao ho ile ha tlosoa ka 1924. Ho tloha nakong eo, Kereke ea Greek Orthodox e hlōtsoe ka ho feletseng boitekong ba eona ba ho hanela batho ka Bibele. Ho sa le joalo, joaloka linaheng tse ling tse ngata, Lipaki Tsa Jehova li eteletse pele ho ruteng Bibele Greece. Ho tloha ka 1905, li ’nile tsa sebelisa phetolelo ea Vamvas ho thusa ba bangata ba buang Segerike ho fumana tsebo ea ’nete ea Bibele.

Ho theosa le lilemo, litsebi tse ngata le matichere ba ’nile ba etsa boiteko bo babatsehang ba ho ngola Bibele ka Segerike sa morao-rao. Kajeno, ho na le liphetolelo tse ka bang 30 tsa Bibele e feletseng kapa e sa fellang, tse utloisisoang ke Mogerike ea sa rutehang. Ea bohlokoa kannete har’a tsona ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ea puo ea Segerike e lokolotsoeng ka 1997 molemong oa batho ba limilione tse 16 ba buang Segerike lefatšeng ka bophara. Phetolelo ena e ngotsoe ke Lipaki Tsa Jehova, ’me e fetoletse Lentsoe la Molimo ka tsela e balehang habonolo le e utloisisoang habonolo, e khomaretseng ka botšepehi ho se neng se ngotsoe tšimolohong.

Boikitlaetso ba ho ba le Bibele ka Segerike sa morao-rao bo bontša ntlha ea bohlokoa. Bo bontša hore ho sa tsotellehe boiteko bo mabifi ba batho, “lentsoe la Jehova le lula le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:25.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka Cyril Lucaris, bona Molula-Qhooa oa February 15, 2000, leqepheng la 26-9.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Cyril Lucaris o ile a etella pele phetolelo ea pele e feletseng ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka 1630

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Bib. Publ. Univ. de Genève

[Litšoantšo tse leqepheng la 28]

Liphetolelo tse ling tsa Segerike se tloaelehileng: Lipesaleme tse hatisitsoeng ka: (1) 1828 ke Ilarion, (2) 1832 ke Vamvas, (3) 1643 ke Julianus. “Testamente ea Khale” e hatisitsoeng ka: (4) 1840 ke Vamvas

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Bibles: National Library of Greece; Queen Olga: Culver Pictures

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]

Papyrus: Reproduced by kind permission of The Trustees of the Chester Beatty Library, Dublin

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 29]

Papyrus: Reproduced by kind permission of The Trustees of the Chester Beatty Library, Dublin

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela