Matla a Thapelo
Letsatsi lea likela motseng oa Nakore Bochabela bo Hare. Monna oa Mosyria ea bitsoang Eliezere o fihla ka mokoloko oa likamele tse leshome selibeng se ka ntle ho motse. Le hoja ho se pelaelo hore Eliezere o khathetse o bile o nyoriloe, o amehile haholo ka litlhoko tsa ba bang. O tsoa naheng e ’ngoe ho tla fumanela mora oa mong’a hae mosali. Ho feta moo, o tlameha ho fumana mosali enoa ho beng ka mong’a hae. O tla phetha mosebetsi oo o thata joang?
ELIEZERE o lumela matleng a thapelo. Ka tumelo e ikhethang e kang ea ngoana, e bontšang tšepo, ka boikokobetso oa kōpa: ‘Jehova, Molimo oa Abrahama, mong a ka, ak’u mphihlisetse botle kajeno, ’me u etsetse Abrahama, mong a ka, ka mohau. Bona, ke eme pel’a seliba sa metsi, ’me barali ba batho ba motse ba ea tsoela ho kha metsi. A e ke e re, moroetsana eo ke reng ho eena, ‘Ak’u kokobetse nkho ea hao, nke ke noe, ’me a re: Noa, ’me ke tla noesa le likamele tsa hao; e ke e be eena eo u mo laoletseng lsaka, mohlanka oa hao, ’me ke tle ke tsebe ka hoo hobane u etselitse mong a ka ka mohau.’—Genese 24:12-14.
Tšepo ea Eliezere matleng a thapelo hase ea lefeela. Ka sebele, ho etsahala hore moroetsana oa pele ea tlang selibeng e be setloholo sa mor’abo Abrahama! Lebitso la hae ke Rebeka, ’me ha aa nyaloa, o itšoere hantle ebile o motle. Ho babatsehang ke hore ebe ha a felle feela ka hore a fe Eliezere metsi hore a noe empa ka mosa o ithaopela ho noesa le likamele tsa hae. Hamorao, ka mor’a hore lelapa le buisane, ka boithatelo Rebeka o lumela ho khutlela le Eliezere naheng e hōle ho ea ba mosali oa Isaka, mora oa Abrahama. E bile karabo e tsotehang le e hlakileng hakaakang ea thapelo ea Eliezere morao koo, ha ka linako tse ling Molimo a ne a kenella ka mohlolo liketsahalong!
Re ka ithuta ho hongata thapelong ea Eliezere. E ile ea bontša hore o na le tumelo e ikhethang, boikokobetso le kameho e se nang boithati ka litlhoko tsa ba bang. Thapelo ea Eliezere e ile ea boela ea bontša hore o ikokobelletsa tsela ea Jehova ea ho sebetsana le moloko oa batho. Ha ho pelaelo hore o ne a hlokomela lerato le ikhethang la Molimo ho Abrahama hammoho le tšepiso ea Hae ea hore litlhohonolofatso tsa nakong e tlang li ne li tla tlela moloko oa batho ka Abrahama. (Genese 12:3) Kahoo, Eliezere o ile a qala thapelo ea hae ka mantsoe ana: “Jehova, Molimo oa Abrahama, mong a ka.”
Jesu Kreste e ne e le setloholo sa Abrahama ea neng a tla sebelisoa ho hlohonolofatsa moloko oohle oa batho ba mamelang. (Genese 22:18) Haeba re batla hore lithapelo tsa rōna li arajoe kajeno, ho hlokahala hore ka boikokobetso re hlokomele tsela eo ka eona Molimo a sebelisanang le moloko oa batho ka Mora oa hae. Jesu Kreste o itse: “Haeba le lula kopanong le ’na le lipolelo tsa ka li lula ho lōna, le kōpe eng kapa eng eo le e lakatsang ’me e tla le etsahalla.”—Johanne 15:7.
Molateli oa Kreste ea latsoitseng bonnete ba mantsoe ana a Jesu ke moapostola Pauluse. Ho lumela ha hae matleng a thapelo ka sebele e ne e se ha lefeela. O ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena ho lahlela matšoenyeho ’ohle a bona ho Molimo ka thapelo ’me a tiisa: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.” (Bafilippi 4:6, 7, 13) Na see se bolela hore Molimo o ile a utloa likōpo tsohle tsa Pauluse tse tiileng? A re boneng.
Ha ho Fanoe ka Lintho Tsohle Tse Kōptjoang
Ha Pauluse a etsa tšebeletso ea hae e se nang boithati, o ne a utloisoa bohloko ke seo a ileng a se hlalosa e le “moutloa nameng.” (2 Bakorinthe 12:7) E ka ’na eaba e ne e le khatello ea kelello le ea maikutlo e bakoang ke bahanyetsi le ‘barab’abo ba bohata.’ (2 Bakorinthe 11:26; Bagalata 2:4) Kapa e ne e ka ’na ea e-ba bohloko bo ’meleng ba ho jeoa ke leihlo le sa foleng. (Bagalata 4:15) Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ‘moutloa ona o nameng,’ o ne o fokolisa Pauluse. O ile a ngola: “Ke ile ka kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo e le hore o ka tloha ho ’na.” Leha ho le joalo, Pauluse ha aa ka a fuoa seo a se kōpang. Pauluse o ile a hlalosetsoa hore melemo ea moea eo a neng a se a e fumane ho Molimo, e kang matla a ho mamella liteko, e ne e lekane. Ho feta moo, Molimo o ile a re: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.”—2 Bakorinthe 12:8, 9.
Re ithuta eng mohlaleng oa Eliezere le oa Pauluse? Ka sebele Jehova Molimo o mamela lithapelo tsa bao ka boikokobetso ba batlang ho mo sebeletsa. Empa sena ha se bolele hore kamehla o ba fa seo ba se kōpang hobane Molimo o bonela litaba hōle. O tseba hantle se molemong oa rōna ho re feta. Habohlokoa le ho feta ke hore kamehla o sebetsa tumellanong le morero oa hae o tlalehiloeng ka Bibeleng.
Nako ea Pholiso ea Moea
Molimo o tšepisa ho folisa moloko oa batho mafu ’ohle a ’mele, a kelello le a maikutlo nakong ea Puso ea Mora oa hae ea Lilemo tse Sekete holim’a lefatše. (Tšenolo 20:1-3; 21:3-5) Bakreste ba ’nete ba letetse ka thahasello bokamoso bona bo tšepisitsoeng, ka tumelo e feletseng matleng a Molimo a ho bo phethahatsa. Le hoja ba sa lebella pholiso e joalo ea mohlolo hona joale, ba rapela Molimo hore a ba tšelise le ho ba matlafalletsa ho sebetsana le liteko ka katleho. (Pesaleme ea 55:22) Ha ba kula, ba ka boela ba rapella tataiso ea Molimo hore ba fumane phekolo ea bongaka e molemo haholo eo ba ka khonang ho e lefella.
Malumeli a mang a khothalletsa bakuli hore ba rapelle ho fola hona hoo, a lebisa tlhokomelo lipholisong tsa mohlolo tseo Jesu le baapostola ba hae ba ileng ba li etsa. Empa mehlolo e joalo e ne e etsoa ka morero o khethehileng. E ne e sebeletsa ho tiisa hore Jesu Kreste ke Mesia oa sebele le ho bontša hore Molimo ha a sa amohela sechaba sa Bajuda, empa o se a amohela phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa. Morao koo, limpho tsa mohlolo li ne li hlokahala bakeng sa ho matlafatsa tumelo ea phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa. Ha phutheho ena e neng e sa tsoa thehoa e tsitsa, ’me e hōla tsebong, limpho tsa mohlolo li ile tsa “felisoa.”—1 Bakorinthe 13:8, 11.
Nakong ena e mahlonoko, Jehova Molimo o tataisa barapeli ba hae mosebetsing oa bohlokoa haholoanyane oa pholiso ea moea. Ha batho ba sa ntse ba e-na le nako, ho hlokahala hore ba potlakele ho arabela boipiletsong bona: “Batlang Jehova ha a sa fumanoa, le mo rapele ha a sa le haufi. Molotsana a furalle tsela ea hae, ea khopo a tlohele mehopolo ea hae, a sokolohele ho Jehova, ’me o tla mo hauhela; a sokolohele ho Molimo oa rōna, hobane o tšoarela haholo.”—Esaia 55:6, 7.
Pholiso ena ea moea ea baetsalibe ba bakileng e etsoa ka boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Ka ho fa bahlanka ba hae matla a ho etsa mosebetsi ona o pholosang bophelo, Jehova Molimo o thusa batho ba limilione ba lichaba tsohle hore ba bakele libe tsa bona ’me ba be kamanong e amohelehang le eena pele bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo fihla. Bohle bao ka tieo ba rapellang pholiso e joalo ea moea le bohle ba rapellang thuso ea ho etsa mosebetsi ona oa pholiso, ka sebele lithapelo tsa bona lia arabeloa.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Eliezer and Rebekah/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications