Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Tumelo ea Bona e Ile ea Putsoa
MOAPOSTOLA PAULUSE e ne e le monna oa tumelo e ikhethang, ’me o ile a khothalletsa balumeli-’moho le eena hore le bona ba hlaolele tumelo. O itse: “Ea atamelang Molimo o lokela ho lumela hore o teng le hore e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) Liphihlelo tse latelang tsa Mozambique li bontša kamoo Jehova a putsang tumelo e matla le ho arabela lithapelo tse etsoang ka pelo eohle kateng.
• Morali’abo rōna e mong oa mohlolohali oa profinseng e ka leboea ea Niassa o ne a tšoenyehile ka hore na eena le bana ba hae ba tšeletseng ba tla ea joang Kopanong ea Setereke ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo.” O ne a fumana chelete ka ho rekisa thepa ’marakeng oa moo, empa ha matsatsi a kopano a atamela, o ne a e-na le chelete e lekaneng hore a itefelle leeto la terene la ho ea feela, eena le lelapa la hae. Leha ho le joalo, o ile a etsa qeto ea ho tšepa hore Jehova o tla mo hlokomela, eaba o tsoela pele ka litokisetso tsa ho ea kopanong.
O ile a palama terene le bana ba hae ba tšeletseng. Ha ba le tseleng, mohlahlobi oa litekete o ile a tla ho eena a batla tekete ea hae. Ha a bona beche ea hae, o ile a mo botsa hore na ke ea eng. Morali enoa oabo rōna o ile a mo bolella hore e mo tsebahatsa e le e mong oa ba tla ba teng kopanong ea setereke ea Lipaki tsa Jehova. Mohlahlobi o ile a botsa: “Kopano ee e tla tšoareloa hokae?” Ka mor’a hore a utloe hore kopano eo e ne e tla tšoareloa profinseng e haufi ea Nampula, e bohōle ba lik’hilomithara tse 300, ka ho sa lebelloang o ile a lefisa morali’abo rōna halofo ea chelete e tloaelehileng ea tekete! Ka mor’a moo, ka halofo e setseng o ile a fa morali’abo rōna le ba lelapa la hae litekete tsa ho khutla. O ile a thaba hakaakang hore ebe o ile a beha tšepo ea hae ho Jehova!—Pesaleme ea 121:1, 2.
• Ka lilemo tse ka bang 25, mosali e mong ea chesehelang bolumeli o ile a rapela Molimo hore a mo bontše tsela e nepahetseng ea ho mo rapela. Kereke eo a neng a e kena e ne e kopanya litšebeletso tsa bolumeli le mekete ea neano, ’me o ne a e-na le pelaelo ea hore na ebe mokhoa ona oa borapeli o thabisa Molimo kapa che.
Oa pheta: “Ka linako tsohle ke ne ke hopola mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 7:7: ‘Le ’ne le tsoele pele ho kōpa, ’me le tla fuoa; le ’ne le tsoele pele ho batla, ’me le tla fumana; le ’ne le tsoele pele ho kokota, ’me le tla buleloa.’ Ke nahanne ka lengolo lena, ke ne ke rapela kamehla hore Molimo a ntataisetse ’neteng. Ka letsatsi le leng moruti oa kereke ea rōna o ile a kōpa bohle ba sebetsang ’marakeng hore ba mo tlisetse chelete e itseng hammoho le tse ling tsa lintho tseo ba li rekisang e le hore a ka ba hlohonolofatsa. Ke ile ka nka hore kōpo ena ha e lumellane le mangolo, kahoo, ha kea ka ka tla le letho. Ha moruti a bona hore ha kea tla le ‘nyehelo,’ o ile a qala ho nthohaka ka pel’a litho tsohle tsa kereke. Letsatsing leo, ke ile ka lemoha hore ena e ne e se eona tsela eo Molimo a batlang ho rapeloa ka eona, kahoo, ke ile ka tlohela kereke. Ho sa le joalo, ke ile ka tsoela pele ho rapela ka phehello hore ke fumane ’nete.
“Qetellong, ke ile ka iteta sebete ’me ka ea ho mong ka ’na eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a mpha pampitšana, ’me ha ke ntse ke e bala, ka potlako ke ile ka lemoha hore Molimo o ne a araba lithapelo tsa ka. Ha nako e ntse e feta, monna eo ke neng ke lula le eena ka ho tšoanang o ile a qala ho ananela ’nete ea Bibele, ’me re ile ra ngolisa lenyalo la rōna ka molao. Leha ho le joalo, hamorao monna oa ka o ile a kula haholo. Empa ho fihlela a e-shoa, o ne a nkhothatsa hore ke mamelle tseleng ea ’nete e le hore re ka kopana hape Paradeiseng.
“Ke lula ke leboha Jehova kamehla ha a arabetse lithapelo tsa ka le ho mpontša tsela e nepahetseng ea ho mo rapela. Lithapelo tsa ka li ile tsa boela tsa arabeloa ka hore ke bone ha bana ba ka ba robeli kaofela e e-ba bahlanka ba Jehova ba inehetseng.”