Ho Hlompha ba Nang le Matla a ho Laela—Ke Hobane’ng ha ho Haella?
“Ho hlompholla ba nang le matla a ho laela a hlomamisitsoeng, a bolumeli le a lefatše, a sechaba le a lipolotiki, e le se etsahalang lefatšeng lohle mohlomong ka le leng la matsatsi ho tla nkoa e le ketsahalo e ikhethang ea leshome le fetileng la lilemo.”
HONA joale ho se ho fetile nako e telele ho tloha ka bo-1960, e leng leshome la lilemo le boletsoeng ka holimo leo rahistori le rafilosofi Hannah Arendt a neng a bua ka lona. Kajeno leqhubu la ho se hlomphe ba nang le matla a ho laela le ntse le e-ba matla ho feta leha e le neng.
Ka mohlala, tlaleho ea morao tjena ea The Times ea London e re: “Batsoali ba bang ba hana ho amohela matla a ho laela a mesuoe ho bana ba bona ’me ha ho etsoa boiteko ba ho laea bana ba bona baa belaela.” Hangata ha bana ba bona ba lauoa sekolong, batsoali ha ba ee sekolong feela ho sokela mesuoe empa ba ela ho ea e hlasela.
Ho boleloa hore ’muelli oa National Association of Head Teachers ea Brithani o itse: “Batho ba re ‘re na le litokelo,’ ho e-na le ho re ‘re na le boikarabelo.’” Ntle le ho hlōleha ho kenya tlhompho e loketseng bakeng sa ba nang le matla a ho laela ka ho bana ba bona, batsoali ba bang ha ba khalemele bana ba bona—’me ba hana ho lumella ba bang ho etsa joalo. Bana ba batlang “litokelo” tsa bona ba lumelloa ho nyelisa matla a ho laela a batsoali ba bona le a mesuoe, ’me phello ea sena e ka boleloa esale pele—“moloko o mocha o sa hlompheng ba nang le matla a ho laela le o sa tsebeng se nepahetseng le se fosahetseng,” ke kamoo ho ngotseng mongoli oa likoranta Margarette Driscoll.
Makasine ea Time sehloohong sa eona se reng “Moloko o Lahlehileng” e ile ea totobatsa ho felloa ke tšepo ha bacha ba bangata ba Russia ka ho qotsa sebini se tsebahalang sa rap se ileng sa re: “Ke joang mang kapa mang ea hlahetseng lefatšeng lee, moo ho seng letho le tšoarellang nako e telele le leo ho lona ho seng letho le etsoang ka toka, a ka tšepang sechaba?” Mikhail Topalov eo e leng setsebi litabeng tsa kahisano o ile a lumellana le maikutlo ana: “Bana bana hase lithoto. Ba bone ha batsoali ba bona ba thetsoa ke ’muso, ba bone ha ba jeoa chelete eo ba e bolokileng libankeng ’me ba senyeheloa ke mesebetsi. Na re ka lebella hore ba hlomphe ba nang le matla a ho laela?”
Leha ho le joalo, e ka ba phoso ho etsa qeto ea hore ke moloko o mocha feela o sa tšepeng ba nang le matla a ho laela. Kajeno, batho ba lilemo tsohle ha ba tšepe mofuta ofe kapa ofe oa matla a ho laela ba bile baa a nyelisa. Na see se bolela hore ha ho matla a ho laela a ka tšeptjoang? Haeba matla a ho laela a sebelisoa ka nepo, a hlalosoang e le “matla kapa tokelo ea ho laola, ho ahlola kapa ho thibela liketso tsa ba bang,” e ka ba matla a ho etsa se molemo. A ka ba molemo ho batho ka bomong le ho sechaba. Sehlooho se latelang se tla hlahloba hore na ke joang ho leng joalo.