Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 10/1 maq. 4-7
  • Thabo ea ka ho sa Feleng—E Leholimong Kapa Lefatšeng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabo ea ka ho sa Feleng—E Leholimong Kapa Lefatšeng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bafetoheli Leholimong
  • Lefatše le Hloekisitsoeng
  • Na Lefatše le Tla Lula le E-na le Khotso?
  • Lebaka la Hore ba Bang ba ee Leholimong
  • Lefatše—Ke Lehae la ka ho sa Feleng la Moloko oa Batho
  • Re Khetha Bophelo Kapa Lefu
  • Leholimo ke Sebaka sa Mofuta Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Tsela ea ho Khutlela Lehaeng la Paradeise
    Tsoha!—1997
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 10/1 maq. 4-7

Thabo ea ka ho sa Feleng—E Leholimong Kapa Lefatšeng?

NA THABO ea hao e laoloa haholo-holo ke hore na u lula hokae? Batho ba bangata ba ne ba tla lumela habonolo feela hore thabo e laoloa haholo ke lintho tse kang ho se kule, ho ba le morero bophelong le kamano e ntle le ba bang. Maele a Bibele a re: “Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho e-na le ho ja khomo e nonneng, moo ho nang le hloeano.”—Liproverbia 15:17.

Leha ho le joalo, ho soabisang ke hore lehae la rōna la lefatše le na le histori e telele ea lehloeo, pefo le bokhopo ba mefuta e meng. Empa ho thoe’ng ka leholimo kapa sebaka sa moea, moo batho ba bangata ba nang le tšepo ea hore ba ea teng ka mor’a lefu? Na haesale e le sebaka sa khotso e nang le nyakallo le khutso, se se nang likhathatso tsa mofuta ofe kapa ofe, joalokaha ho tloaelehile hore ho nahanoe joalo?

Bibele e ruta hore Molimo o lula leholimong hammoho le libōpuoa tsa moea tse limilione tse bitsoang mangeloi. (Matheu 18:10; Tšenolo 5:11) Li hlalosoa ka hore ke ‘bara ba Molimo’ ba moea. (Jobo 38:4, 7) Ho tšoana le batho, mangeloi le ’ona a na le boikhethelo; hase liroboto. Kahoo, hoa utloahala hore le ’ona a ka khetha ho etsa se nepahetseng kapa se fosahetseng. Na mangeloi a ka khetha ho etsa ntho e fosahetseng? Ho ka ’na ha makatsa ba bang ho tseba hore lilemong tse likete-kete tse fetileng, mangeloi a mangata, a ile a fela a siteloa Molimo—a ile a mo fetohela!—Jude 6.

Bafetoheli Leholimong

Sebe se ile sa hlaha sebakeng sa moea ka lebaka la bofetoheli ba lengeloi le itseng, le ileng la bitsoa Satane (Mohanyetsi) le Diabolose (Moetselletsi). Lengeloi lena le kileng la mamela le ile la ikhethela ho etsa bobe. Ka mor’a moo le ile la e-ba le tšusumetso e senyang ho libōpuoa tse ling tsa moea, hoo mehleng ea Noe, pele ho Moroallo, palo e khōlō ea tsona e ileng ea ikopanya le Satane ha a fetohela Molimo.—Genese 6:2, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; 2 Petrose 2:4.

Mangeloi ana a baetsalibe ha aa ka a lelekoa hang-hang leholimong. Ho e-na le hoo, ho kena ha ’ona leholimong ho ile ha mamelloa ka lilemo tse likete, le hoja ho hlakile hore ho ne ho e-na le lithibelo tse itseng.a Leha ho le joalo, ha Molimo a se a ke ke a hlola a mamella ba babe bana, ba ile ba “liheloa” ka ntle ho leholimo, e le hore qetellong ba tle ba timetsoe. Eaba lentsoe le leholimong le re: “Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona!” (Tšenolo 12:7-12) Ho hlakile hore mangeloi a tšepahalang a ile a thaba haholo hore ebe qetellong, bo-’maka-likhathatso bana ba babe ba ile ba lelekoa leholimong!

Ha re nahana ka makolopetso ana ao e seng bohle ba a tsebang, ho totobetse hore ho ke ke ha e-ba le khotso ea ’nete neng le neng ha libōpuoa tse bohlale li hlokomoloha melao le litekanyetso tsa Molimo. (Esaia 57:20, 21; Jeremia 14:19, 20) Ka lehlakoreng le leng, ha bohle ba mamela molao oa Molimo, khotso le khutso lia rena. (Pesaleme ea 119:165; Esaia 48:17, 18) Kahoo, haeba batho bohle ba ne ba rata Molimo le ho mo hlompha hape ba ratana, na lefatše e ne e ke ke ea e-ba sebaka sa thabo ea ’nete le nyakallo? Bibele e lumellana le seo!

Empa ho thoe’ng ka bao ka boithati ba hanang ho fetola litsela tsa bona tse khopo? Na ba tla ferekanya ka ho sa feleng khotso ea bao kannete ba batlang ho etsa thato ea Molimo? Che, Molimo o ile a nka khato ka mangeloi a khopo a neng a le leholimong, ’me o tla boela a nke khato ka batho ba khopo ba mona lefatšeng.

Lefatše le Hloekisitsoeng

Molimo o itse: “Leholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke bonamelo ba maoto a ka.” (Esaia 66:1) Kaha Molimo o halalela ka ho fetisisa, a ke ke a lumella hore “bonamelo ba maoto” a hae bo silafatsoe ke bobe ka ho sa feleng. (Esaia 6:1-3; Tšenolo 4:8) Joalokaha a ile a felisa meea e khopo maholimong, o tla felisa joalo batho ba khopo lefatšeng, joalokaha litemana tse latelang tsa Bibele li bontša:

“Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše.”—Pesaleme ea 37:9.

“Hobane ba lokileng ba tla aha lefatšeng; ba hloekileng ba tla le rua. Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.

“Ho lokile ka lehlakoreng la Molimo ho busetsa matšoenyeho ho ba le tšoenyang, empa, ho lōna ba utloisoang bohloko ke matšoenyeho, phomolo hammoho le rōna tšenolong ea Morena Jesu ho tsoa leholimong le mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang, ha a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu. Bona bana ba tla feta kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng e tsoang ka pel’a Morena le e tsoang khanyeng ea matla a hae.”—2 Bathesalonika 1:6-9.

“Lefatše [la moloko oa batho o khopo] lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

Na Lefatše le Tla Lula le E-na le Khotso?

Le hoja Mangolo a bontša ka ho hlaka hore ho mamella ha Molimo bokhopo ho na le moeli, re ka tiisa joang hore bobe, ha bo felisitsoe, bo ke ke ba khutla hape? Ha e le hantle, ka mor’a Moroallo oa mehleng ea Noe, bo ile ba boela ba hlaha kapele ka tekanyo e khōlō hoo Molimo a ileng a tlameha ho nyopisa merero e khopo ea batho ka ho ferekanya puo ea bona.—Genese 11:1-8.

Lebaka le ka sehloohong le re kholisang hore bobe bo ke ke ba kuboloha hape ke hore lefatše le ke ke la hlola le busoa ke batho joalokaha ho bile joalo hang ka mor’a Moroallo. Ho e-na le hoo, le tla busoa ke ’Muso oa Molimo. Kaha ’Muso ona o tla be o busa o le leholimong, e tla ba oona feela ’muso oa lefatše. (Daniele 2:44; 7:13, 14) O tla nka khato e potlakileng ka mang le mang ea lekang ho khutlisa bobe. (Esaia 65:20) Ha e le hantle, qetellong o tla timetsa eena moqapi oa bokhopo—Satane Diabolose—hammoho le bademona, e leng mangeloi a khopo a ileng a mo latela.—Baroma 16:20.

Ho phaella moo, moloko oa batho o ke ke oa e-ba le lebaka la ho tšoenyeha ka lijo, liaparo, bolulo le mosebetsi—tseo batho ba bang e bang likebekoa ka lebaka la ho haella ha tsona kajeno. E, lefatše lohle le tla fetoloa paradeise e behang litholoana eo ho eona batho bohle ba tla hafa ka nkatana.—Esaia 65:21-23; Luka 23:43.

Ntho ea bohlokoa haholoanyane ke hore ’Muso ona o tla ruta bafo ba oona bophelo ba khotso o bile o ntse o ba etsa hore e be ba phethahetseng ka ho feletseng. (Johanne 17:3; Baroma 8:21) Ka mor’a moo, batho ba ke ke ba hlola ba loana le litšekamelo tsa bofokoli le boetsalibe, e leng ho tla etsa hore ho mamela Molimo ka mokhoa o phethahetseng e be ho khonehang le ho thabisang, joalokaha ho ne ho le joalo ka Jesu, motho ea phethahetseng. (Esaia 11:3) Ha e le hantle, Jesu o ile a lula a tšepahala ho Molimo le har’a liteko le mahloriso a matla—e leng lintho tse ke keng tsa e-ba teng bophelong Paradeiseng.—Baheberu 7:26.

Lebaka la Hore ba Bang ba ee Leholimong

Leha ho le joalo, babali ba bangata ba Bibele ba hlokomela mantsoe a Jesu a reng: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tsa bolulo tse ngata. . . . Kea tsamaea ho ea le lokisetsa sebaka.” (Johanne 14:2, 3) Na see ha se hanyetse khopolo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise?

Lithuto tsena ha li hanyetsane. Ha e le hantle, lia tšehetsana. Taba ea pele, Bibele e bolela hore ke palo e lekanyelitsoeng feela ea Bakreste ba tšepahalang—e leng ba 144 000—ba tsosoang e le libōpuoa tsa moea tse tla phela leholimong. Ke hobane’ng ha ba fuoa moputso oo o hlollang? Hobane ba bōpa sehlopha seo Johanne a se boneng ponong sa ba ileng ba “phela eaba ba busa e le marena le Kreste ka lilemo tse sekete.” (Tšenolo 14:1, 3; 20:4-6) Ha ho bapisoa le likete tsa limilione tsa batho ba lefatšeng, ba 144 000 ke “mohlape o monyenyane” e le kannete. (Luka 12:32) Ho feta moo, kaha ba bile le mathata a tloaelehileng har’a batho, joaloka Jesu, ba tla tseba ho “utloela mefokolo ea rōna bohloko” ha ba laola litaba hore moloko oa batho o lefatšeng o khutlele boemong ba oona ba pele.—Baheberu 4:15.

Lefatše—Ke Lehae la ka ho sa Feleng la Moloko oa Batho

Ka hore Molimo a lokisetse sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, o ile a qala ho bokella ba 144 000 hoo e ka bang lilemong tse 2 000 tse fetileng, ’me ho bonahala hore sehlopha sena se feletse joale. (Liketso 2:1-4; Bagalata 4:4-7) Leha ho le joalo, sehlabelo sa Jesu ha sea etsoa bakeng sa libe tsa ba 144 000 feela, empa se entsoe “le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:2) Kahoo, bohle ba bontšang hore ba lumela ho Jesu ba lebeletse bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Ba robetseng mabitleng empa ba le khopolong ea Molimo ha ba na ho tsosetsoa leholimong, empa ba tla tsosetsoa bophelo lefatšeng le hloekisitsoeng. (Moeklesia 9:5; Johanne 11:11-13, 25; Liketso 24:15) Ba tla be ba letetsoe ke eng moo?

Tšenolo 21:1-4 e araba ka ho re: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” Nahana hore na ho tla ba joang ha batho ba se ba lokolloa lefung, ’me bohloko le ho bokolla tseo le li bakang li se li felile ka ho sa feleng! Qetellong, morero oa mathomo oa Jehova bakeng sa lefatše le moloko oa batho o tla phethahala ka mokhoa o khanyang.—Genese 1:27, 28.

Re Khetha Bophelo Kapa Lefu

Ha ho mohla Adama le Eva ba ileng ba fuoa khetho ea ho ea leholimong. Ba ne ba ka khetha ho mamela Molimo ebe ba phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise kapa ba khetha ho se mo mamele ebe baa shoa. Ka masoabi, ba ile ba khetha ho se mamele ’me ka lebaka leo ba khutlela “lerōleng” la lefatše. (Genese 2:16, 17; 3:2-5, 19) Ha ho mohla e kileng ea e-ba morero oa Molimo hore batho bohle ba shoe ebe e ba baahi ba leholimong ka mor’a ho shoa. Molimo o bōpile mangeloi a likete-kete hore a phele leholimong; libōpuoa tsena tsa moea hase batho ba nama ba ileng ba shoa eaba ba tsosetsoa ho ea phela leholimong.—Pesaleme ea 104:1, 4; Daniele 7:10.

Re lokela ho etsa’ng e le hore re amohele tlhohonolofatso ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng? Mohato oa pele ke ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang. Ha Jesu a rapela, o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Ho sebelisa tsebo eo ke mohato o mong o isang thabong ea ka ho sa feleng Paradeiseng. (Jakobo 1:22-24) Ba phelang tumellanong le Lentsoe la Molimo ba lebeletse ho bona ka mahlo ha ho phethahatsoa boprofeta bo hlollang joalo bo kang bo tlalehiloeng ho Esaia 11:9, bo reng: ‘[Moloko oa batho] ha o sa tla etsa hampe, ha o sa tla hlola o senya thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa taba e hlalosang hore na ke hobane’ng ha Molimo a mameletse bobe leholimong le lefatšeng, bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., leqepheng la 70-9.

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

“Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela