Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 12/15 maq. 28-29
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motsoalle oa Rōna e Moholo ka ho Fetisisa o Sebakeng sa Moea
    Tsoha!—1996
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Ke Bo-mang ba Phelang Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 12/15 maq. 28-29

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Thapelong ea hae ea mohlala, na Jesu o ne a fana ka maikutlo a hore thato ea Molimo e ne e etsoa leholimong le hoja mangeloi a khopo a ne a e-s’o lelekoe?

Joalokaha ho tlalehiloe ho Matheu 6:10, Jesu o itse: “Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” Kōpo ena e ka utloisisoa ka litsela tse peli tse fapaneng. E ka utloisisoa e le kōpo ea hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng joalokaha e ne e se e ntse e etsahala leholimong kapa hore e etsahale ka botlalo leholimong le lefatšeng.a Moelelo oa mantsoe ao Jesu a a buileng pele ho ana a reng, “’muso oa hao o ke o tle,” o bontša hore maikutlo a reng e etsahale ka botlalo leholimong le lefatšeng a lumellana le Mangolo haholoanyane. ’Me o bontša kamoo boemo bo neng bo le kateng ha Jesu a ne a le lefatšeng le nako e telele ka mor’a moo. Joang?

Buka ea Tšenolo e bontša liphello tse peli tse ikhethang tsa ho thehoa ha ’Muso oa Molimo leholimong. Phello ea pele e ama leholimo ka bolona, ea bobeli e ama lefatše. Tšenolo 12:7-9, 12 e re: “Ntoa ea qhoma leholimong: Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone, ’me drakone le mangeloi a eona ba loana empa ha ea ka ea hlōla, leha e le hore ho ile ha hlola ho fumanoa sebaka bakeng sa bona leholimong. Kahoo drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona. Ka lebaka lena thabang, lōna maholimo le lōna ba lulang ho ’ona! Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”

Ho lelekoa ha Satane le bademona leholimong ka mor’a 1914 ho ile ha tlosa marabele ’ohle a moea leholimong, ha tlisa thabo e khōlō har’a bara ba tšepahalang ba Jehova ba mangeloi, e leng bona ba bangata haholo har’a libōpuoa tsa hae tsa moea. (Jobo 1:6-12; 2:1-7; Tšenolo 12:10) Kahoo, kōpo e entsoeng thapelong ea mohlala ea Jesu, e ile ea phethahala leholimong. Bohle ba ileng ba sala leholimong ba ne ba tšepahala ho Jehova ’me ba ne ba ikokobeletsa bobusi ba hae ka ho feletseng.

Re lokela ho hatisa taba ea hore esita le pele ho moo, ha mangeloi a khopo a ne a sa ntse a lumeletsoe ho kena leholimong, a ne a ntšitsoe lelapeng la Molimo ebile a behetsoe lithibelo tse thata-thata. Ka mohlala, Jude 6 e bontša hore esita le lekholong la pele la lilemo C.E., a ne a se a ntse a ‘bolokiloe ka litlamo tsa ka ho sa feleng tlas’a lefifi le letšo-letšo [la moea] bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo.’ Ka ho tšoanang, 2 Petrose 2:4 e re: “Molimo [ha aa] ka a tlohela ho fana ka kotlo ho mangeloi a ileng a etsa sebe, empa, ka ho a akhela Tartarase, [boemo ba ho tlotlolloa ka ho feletseng], a nehelana ka ’ona likoting tsa lefifi le letšo-letšo [la moea] hore a bolokeloe kahlolo.”b

Mangeloi ana a khopo a sebelisitse matla a maholo a ho laela holim’a lefatše ka tsela e fapaneng haholo le kamoo a ileng a etsa kateng ha a ne a sa ntse a le leholimong boemong ba ’ona ba ho ba melahloa. Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le bitsa Satane “’musi oa lefatše lena” ’me le bitsa bademona “babusi ba lefatše ba lefifi lena.” (Johanne 12:31; Baefese 6:11, 12; 1 Johanne 5:19) Ka lebaka la matla a hae a ho laela ao a nang le ’ona, Diabolose o ne a ka fa Jesu “mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona” ha a ne a ka etsa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli. (Matheu 4:8, 9) Kahoo, ho hlakile hore, ha ’Muso oa Molimo ‘o tla’ lefatšeng, o tla tlisa liphetoho tse khōlō.

Ha ’Muso oa Molimo ‘o tla’ mona lefatšeng, o tla tlisa tsamaiso ea lintho e ncha ka ho feletseng. ’Muso ona o tla silakanya mebuso eohle ea batho ’me e be oona feela ’muso oa lefatše. Ka nako e tšoanang, bafo ba oona ba tšabang Molimo e tla ba “lefatše le lecha.” (2 Petrose 3:13; Daniele 2:44) Hape, ’muso ona o tla tlosa sebe bathong ba mamelang ’me qetellong o fetole lefatše lohle paradeise, ka ho etsa joalo o tla tlosa mesaletsa eohle ea puso ea Satane.—Baroma 8:20, 21; Tšenolo 19:17-21.

Qetellong ea Lilemo tse Sekete, ha ’Muso oa Bomesia o se o phethile thato ea Molimo, “Mora le eena o tla ipeha tlas’a Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.” (1 Bakorinthe 15:28) Joale ho tla latela teko ea ho qetela, ’me ka mor’a eona Satane le bademona ba hae, le batho bohle ba marabele ba khelositsoeng ba tla felisoa ka ho sa feleng ‘lefung la bobeli.’ (Tšenolo 20:7-15) Ka mor’a moo, pōpo eohle e bohlale leholimong le lefatšeng e tla thabela ho ikokobeletsa bobusi bo lerato ba Jehova ka ho sa feleng. Mantsoe a Jesu a thapelo ea mohlala a tla phethahala ka ho feletseng ka litsela tsohle.—1 Johanne 4:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The Bible—An American Translation, e fetolela karolo ena ea thapelo ea mohlala ea Jesu ka ho re, “’Muso oa hao o tle! Thato ea hao e etsoe lefatšeng hammoho le leholimong!”—Matheu 6:10.

b Moapostola Petrose o ile a tšoantša boemo bona ba ho lahloa moeeng le ho ba “chankaneng.” Empa o ne a sa bue ka “mohohlo” oo bademona ba tla liheloa ho oona nakong e tlang ka lilemo tse sekete.—1 Petrose 3:19, 20; Luka 8:30, 31; Tšenolo 20:1-3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela