Kamoo Sehlopha se Busang se Fapanang Kateng le Mokhatlo o Ngolisitsoeng ka Molao
LIBOKA tsa selemo le selemo tsa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania li ’nile tsa tšoaroa ho tloha ka January 1885. Ha ho bokelloa ha Bakreste ba tlotsitsoeng ho ntse ho tsoela pele bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, batsamaisi le balaoli ba mokhatlo ona e ne e le ba nang le tšepo ea ho phela leholimong. Ha e le hantle, ho batlile ho e-ba joalo kamehla.
Ho ne ho e-na le mokhelo o le mong. Ka 1940, Hayden C. Covington—eo ka nako eo e neng e le moeletsi oa molao oa Mokhatlo ’me e le e mong oa “linku tse ling,” tse nang le tšepo ea ho phela lefatšeng—o ile a khetheloa ho ba e mong oa batsamaisi ba Mokhatlo. (Johanne 10:16) O ile a sebeletsa e le motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo ho tloha ka 1942 ho fihlela ka 1945. Ka nako eo, Mor’abo rōna Covington o ile a itokolla ho beng e mong oa batsamaisi e le hore a lumellane le seo ka nako eo ho neng ho bonahala e le thato ea Jehova—e leng hore batsamaisi bohle le balaoli ba mokhatlo oa Pennsylvania e be Bakreste ba tlotsitsoeng. Lyman A. Swingle o ile a nka sebaka sa Hayden C. Covington botong ea batsamaisi, ’me Frederick W. Franz o ile a khetheloa ho ba motlatsi oa mopresidente.
Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba ne ba lumela hore batsamaisi le balaoli bohle ba Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e lokela ho ba Bakreste ba tlotsitsoeng? Hobane ka nako eo, boto ea batsamaisi le balaoli ba mokhatlo oa Pennsylvania e ne e le ntho e le ’ngoe le Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, seo kamehla litho tsohle tsa sona e ’nileng ea e-ba banna ba tlotsitsoeng ka moea.
Seboka sa Selemo le Selemo sa Bohlokoahali Historing
Sebokeng sa selemo le selemo se neng se tšoaretsoe Pittsburgh, ka la 2 October, 1944, litho tsa mokhatlo oa Pennsylvania li ile tsa amohela liqeto tse tšeletseng tse ntlafatsang molao oa motheo oa oona. Tokisetso ea molao oo oa motheo e ne e le hore litokelo tsa ho vouta li abeloe ba ntšang lichelete bakeng sa mosebetsi oa Mokhatlo, empa ntlafatso ea boraro e ile ea felisa tokisetso ena. Tlaleho ea seboka seo sa selemo le selemo e ile ea re: “Litho tsa Mokhatlo li ke ke tsa e-ba ka holimo ho 500 . . . E mong le e mong ea khethoang o tlameha ho ba mohlanka oa nako eohle oa Mokhatlo kapa mohlanka oa nakoana oa k’hamphani [phutheho] ea lipaki tsa Jehova ’me a bonahatse boikutlo ba Morena.”
Ka mor’a moo, batsamaisi ba Mokhatlo ba ne ba lokela ho khethoa ke batho ba inehetseng ka ho feletseng ho Jehova, ho sa tsotellehe chelete eo ba nehelaneng ka eona ho ntšetsa pele mosebetsi oa ’Muso. Sena se ile sa lumellana le lintlafatso tse tsoelang pele tse boletsoeng esale pele ho Esaia 60:17, moo re balang: “Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo, ke tla tlisa silevera ho e-na le tšepe, ’me ke tla tlisa koporo, ho e-na le lehong, ke tlise tšepe, ho e-na le majoe; ke tla beha khotso hore e be balebeli ba hao le ho loka hore e be ba u abelang mosebetsi.” Ha boprofeta bona bo bua ka “balebeli” le ‘ba abang mosebetsi,’ bo ne bo bua ka lintlafatso mekhoeng ea tlhophiso har’a batho ba Jehova.
Bohato bona ba bohlokoa ba ho lumellanya mokhatlo o hlophisitsoeng le tokiso ea Molimo bo nkuoe qetellong ea “lishoalane le linako tsa hoseng tse likete tse peli le makholo a mararo” tse boletsoeng ho Daniele 8:14. Ka nako eo, “sebaka se halalelang” se ile sa ba “boemong ba sona bo nepahetseng.”
Leha ho le joalo, ka mor’a seboka sa selemo le selemo sa bohlokoahali historing ka 1944, ho ile ha sala lipotso tsena tsa bohlokoa. Kaha ka nako eo Sehlopha se Busang e ne e le ntho e le ’ngoe le boto ea batsamaisi ea mokhatlo oa Pennsylvania ea litho tse supileng, na see se ne se bolela hore ha ho mohla Sehlopha se Busang se ka bang le litho tseo e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ba fetang ba supileng? Ho feta moo, kaha batsamaisi ba khethoa ke litho tsa mokhatlo ona, na litho tsa mokhatlo oo li ne li khetha litho tsa Sehlopha se Busang sebokeng se seng le se seng sa selemo le selemo? Na batsamaisi le balaoli ba Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania le litho tsa Sehlopha se Busang ke ntho e le ’ngoe, kapa ba fapane?
Seboka se Seng sa Selemo le Selemo se sa Lebaleheng
Lipotso tsena li ile tsa arabeloa sebokeng sa selemo le selemo se neng se tšoeroe ka la 1 October, 1971. Ketsahalong eo, sebui se seng se ile sa bontša hore sehlopha se busang sa “lekhoba le tšepahalang le le masene” se bile teng ka makholo a lilemo pele ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. (Matheu 24:45-47) Sehlopha se busang se ile sa thehoa ka Pentekonta ea 33 C.E., lilemo tse ka holimo ho 1800 pele mokhatlo oa Pennsylvania o e-ba teng. Qalong, litho tsa sehlopha se busang e ne e le baapostola ba 12 eseng banna ba 7. Ho hlakile hore palo ea sona e ile ea eketseha hamorao, hobane “baapostola le banna ba baholo Jerusalema” ba ne ba etella pele.—Liketso 15:2.
Ka 1971 sebui sona seo se ile sa hlalosa hore litho tsa Mokhatlo oa Watch Tower li ke ke tsa khetha litho tsa Sehlopha se Busang sa batlotsuoa. Hobane’ng? Se ile sa re: “Hobane sehlopha se busang sa sehlopha sa ‘lekhoba’ ha se khethoe ke motho. Se khethoa ke . . . Jesu Kreste, eo e leng Hlooho ea phutheho ea ’nete ea Bokreste le Morena le Monghali oa sehlopha sa ‘lekhoba le tšepahalang le le masene.’” Kahoo, ho hlakile hore litho tsa Sehlopha se Busang li ke ke tsa khethoa ka ho vouteloa ke litho tsa mokhatlo ofe kapa ofe o ngolisitsoeng ka molao.
Sebui se ile sa tsoela pele ka ho bolela ntlha ena ea bohlokoa: “Sehlopha se busang ha se na balaoli ba kang bao Boto ea Batsamaisi ea Mokhatlo e nang le bona, e leng, mopresidente, motlatsi oa mopresidente, mongoli-ramatlotlo le motlatsi oa mongoli-ramatlotlo. Se na le molula-setulo feela.” Ka lilemo tse ngata, mopresidente oa mokhatlo oa Pennsylvania e ne e boetse e le setho se ka sehloohong sa Sehlopha se Busang. Ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba joalo. Le hoja litho tsa Sehlopha se Busang li sa lekane ka tsebo kapa ka bokhoni, li ne li tla lekana ka boikarabelo. Sebui se ile sa eketsa ka ho re: “Setho sefe kapa sefe sa sehlopha se busang e ka ba molula-setulo oa sehlopha e ntse e se mopresidente oa . . . Mokhatlo . . . Ho itšetleha ka mokhoa oo sehlopha se busang se sielanang bolula-setulo ka oona.”
Sebokeng seo se sa lebaleheng sa selemo le selemo sa 1971, ho ile ha totobatsoa phapang lipakeng tsa litho tse tlotsitsoeng ka moea tsa Sehlopha se Busang le batsamaisi ba mokhatlo oa Pennsylvania. Ho ntse ho le joalo, litho tsa Sehlopha se Busang li ile tsa tsoela pele li sebeletsa e le batsamaisi le balaoli ba Mokhatlo. Leha ho le joalo, kajeno ho hlaha potso: Na ho na le lebaka la Mangolo la hore batsamaisi ba Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e tlameha ho ba litho tsa Sehlopha se Busang?
Karabo ke che. Mokhatlo oa Pennsylvania hase oona feela mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova. Ho na le e meng. O mong ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Incorporated. O thusa ntšetso-peleng ea mosebetsi oa rōna United States. Ho hlakile hore Jehova o hlohonolofalitse mokhatlo oo, le hoja batsamaisi le balaoli ba oona boholo e ’nile ea e-ba “linku tse ling.” International Bible Students Association e sebelisoa Brithani. Mekhatlo e meng ea molao e sebelisetsoa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso linaheng tse ling. Kaofela e thusa ka kutloano ’me e na le karolo eo e e phethang ho boleloeng ha litaba tse molemo lefatšeng ka bophara. Ho sa tsotellehe hore na e hokae kapa hore na ke bo-mang ba sebeletsang e le batsamaisi kapa balaoli, mekhatlo ena e tataisoa ka tsela ea puso ea Molimo ’me e sebelisoa ke Sehlopha se Busang. Kahoo, mekhatlo ena e abetsoe mesebetsi eo e e etsang ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso.
Ho molemo hore re be le mekhatlo ea molao. Kahoo re lumellana le melao ea libaka le ea naha, kamoo Lentsoe la Molimo le laelang kateng. (Jeremia 32:11; Baroma 13:1) Mekhatlo ea molao e thusa ntšetso-peleng ea mosebetsi oa rōna oa ho jala molaetsa oa ’Muso ka ho hatisa Libibele, libuka, limakasine, libukana le lingoliloeng tse ling. Mekhatlo e joalo e boetse e sebeletsa e le likofuto tsa molao tse sebetsang litaba tse amanang le litša, liphallelo, litumellano tsa ho sebelisa libaka tsa likopano le litaba tse ling. Re leboha litšebeletso tsa mekhatlo e joalo ea molao.
Lebitso la Jehova Lea Phahamisoa
Ka 1944, Karolo II ea molao oa motheo oa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e ile ea ntlafatsoa ho hatisa lipakane tsa mokhatlo ona. Ho latela molao ona oa motheo, boikemisetso ba Mokhatlo bo akarelletsa morero ona oa sehlooho: “Hore tlas’a taolo ea Kreste Jesu, ho boleloe kosepele ea ’muso oa Molimo lichabeng tsohle e le bopaki bo mabapi le lebitso, lentsoe le bophahamo tsa JEHOVA, Molimo ea Matla ’Ohle.”
Ho tloha ka 1926 “lekhoba le tšepahalang” le phahamisitse lebitso la Jehova. Selemo sa 1931 se hlahelletse ka ho khethehileng kahobane ke nako eo ka eona Liithuti tsa Bibele li ileng tsa amohela lebitso la Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10-12) Lingoliloeng tsa Mokhatlo tse tumisitseng lebitso la Molimo li akarelletsa buka e bitsoang Jehovah (1934), ea “Lebitso La Hao Le Halaletsoe” (1967) le ea “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How? (1971).
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e feletseng ea Senyesemane, e hatisitsoeng ka 1960, e lokela ho boleloa ka mokhoa o khethehileng. E na le lebitso la Jehova sebakeng se seng le se seng seo Tetragrammaton (e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo) e hlahang ho sona ka Mangolong a Seheberu. Phetolelo ena e boetse e akarelletsa lebitso la Molimo libakeng tse 237 ka Mangolong a Segerike a Bakreste moo ha ho etsoa lipatlisiso ho ileng ha bonahala hore ho na le lebaka la hore le kenngoe. Re leboha hakaakang hore ebe ka litsela tse sa tšoaneng, Jehova o lumeletse “lekhoba” le Sehlopha se Busang sa lona hore ba sebelise mecha ea ho phatlalatsa litaba le mekhatlo ea molao ho tsebahatsa lebitso la hae lefatšeng ka bophara!
Ho Hōlisoa Kabo ea Lentsoe la Molimo
Batho ba Jehova ba ’nile ba phehella ho paka lebitso la hae le ho phahamisa Lentsoe la hae ka ho phatlalatsa le ho aba Libibele hammoho le lingoliloeng tse limilione tse thehiloeng Bibeleng. Mathoasong a bo-1900 Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa fumana litokelo tsa ho hatisa The Emphatic Diaglott, e leng khatiso ea lentsoe ka lentsoe ea Segerike le Senyesemane ea Mangolo a Segerike a Bakreste ea Benjamin Wilson. Mokhatlo o ile oa hatisa King James Version e hatisitsoeng ke Liithuti tsa Bibele, e neng e akarelletsa sehlomathiso sa maqephe a 500. Ka 1942 o ile oa hatisa King James Version e nang le litšupiso ka thōko ho leqephe. Ka 1944 Mokhatlo o ile oa qala ho hatisa American Standard Version ea 1901, e sebelisang lebitso la Molimo. Lebitso la Jehova le ne le boetse le hlahella ho The Bible in Living English, ea Stephen T. Byington, eo Mokhatlo o e hatisitseng ka 1972.
Mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e thusitse ka ho hatisa le ho aba liphetolelo tsena tsohle tsa Bibele. Leha ho le joalo, ho hlokomelehang ka ho fetisisa e bile tšebelisano e haufi haholo lipakeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower le sehlopha sa Lipaki tsa Jehova tsa batlotsuoa tseo e leng litho tsa Komiti ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha. Re thabela hore ho fihlela joale, ho hatisitsoe likopi tsa phetolelo ena tse 106 400 000, e feletse kapa e sa fella, ka lipuo tse 38. Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania ke mokhatlo oa Bibele e le kannete!
“Lekhoba le tšepahalang” le ‘behiloe hore le okamele lintho tsohle tsa mong’a lona.’ Tsena li akarelletsa mehaho eohle le thepa tse ntlo-khōlō e New York State, U.S.A., le makaleng a 110 a sebetsang hona joale lefatšeng ka bophara. Litho tsa sehlopha sa lekhoba lia tseba hore li tla botsoa hore na li sebelisitse se behiloeng tlhokomelong ea tsona joang. (Matheu 25:14-30) Leha ho le joalo, sena ha se thibele ‘lekhoba’ ho lumella balebeli ba tšoanelehang bao e leng ba “linku tse ling” hore ba jare boikarabelo ba litaba tsa molao le tsa tsamaiso. Ha e le hantle, sena se lumella litho tsa Sehlopha se Busang ho ipha nako e eketsehileng ea ‘thapelo le bosebeletsi ba lentsoe.’—Liketso 6:4.
Hafeela maemo a ntse a lumela lefatšeng lena, Sehlopha se Busang, se emelang “lekhoba le tšepahalang le le masene,” se tla sebelisa mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao. Ea thusa, empa mosebetsi o ke ke oa ema ha e le sieo. Haeba mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao o qhaloa ka taelo ea ’muso, mosebetsi oa ho bolela o tla ’ne o tsoele pele. Esita le hona joale, linaheng tseo mosebetsi o thibetsoeng ho tsona le tseo ho seng mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao o sebelisoang ho tsona, molaetsa oa ’Muso oa boleloa, barutuoa ba ntse ba etsoa, ’me puso ea Molimo e ntse e tsoela pele ho hōla. Sena se etsahala kahobane Lipaki tsa Jehova lia lema le ho nosetsa, ’me ‘Molimo o ntse a hōlisa.’—1 Bakorinthe 3:6, 7.
Ha re ntse re lebeletse bokamoso, re kholisehile hore Jehova o tla hlokomela litlhoko tsa moea le tsa nama tsa batho ba hae. Eena le Mora oa hae, Jesu Kreste, ba tla tsoela pele ho fana ka tataiso ea leholimo le tšehetso e hlokahalang ho phetha mosebetsi ona oa ho bolela ka ’Muso. Ha e le hantle, eng kapa eng eo re e finyellang re le bahlanka ba Molimo ‘ha e etsoe ka lebotho la sesole, kapa ka matla, empa e etsoa ka moea oa Jehova.’ (Zakaria 4:6) Ka lebaka leo, re rapella thuso ea Molimo, re tseba hore ka matla ao Jehova a fanang ka ’ona, re tla khona ho phetha mosebetsi oo a re fileng oona nakong ena ea bofelo!