Tsebiso e Khethehileng
QETELLONG ea seboka sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania ka la 7 October, 2000, molula-setulo, John E. Barr oa Sehlopha se Busang o ile a etsa tsebiso e khethehileng. Tsebiso ena e ile ea phaella ho se neng se boletsoe pejana lipuong tse fanoeng letsatsing leo ke Theodore Jaracz le Daniel Sydlik.—Bona leqephe la 12-16 le la 28-31 makasineng ena.
Mor’abo rōna Barr o ile a hlahisa ntlha ea bohlokoa haholo a re: “‘Lekhoba le tšepahalang le le masene’ le Sehlopha se Busang sa lona ba filoe boikarabelo ba mesebetsi e phahameng le e akarelletsang lintho tse ngata ho feta e fuoang mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao. Boikemisetsong ba molao oa motheo oa mokhatlo ka mong o ngolisitsoeng ka molao ho ngotsoe litaba tse nang le matla a lekanyelitsoeng. Leha ho le joalo, Monghali oa rōna Jesu Kreste o khethile sehlopha sa lekhoba le tšepahalang hore se okamele ‘lintho’ tsohle tsa hae, kapa mesebetsi ea ’Muso e mona lefatšeng.”—Matheu 24:45-47.
Mabapi le mokhatlo oa Pennsylvania, Mor’abo rōna Barr o ile a eketsa ka ho re: “Ho tloha ha e ne e thehoa ka molao ka 1884, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e phethile karolo ea bohlokoa historing ea rōna ea kajeno. Ho sa tsotellehe seo, e mpa e le mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao o teng hore o sebelisoe ke ‘lekhoba le tšepahalang le le masene’ ha ho hlokahala.”
Lipuong tsa bona, Mor’abo rōna Sydlik le Mor’abo rōna Jaracz ba ne ba hlalositse hore ’nete ea hore “lekhoba le tšepahalang le le masene” le filoe boikarabelo ba lintho tsohle tsa Morena tse lefatšeng ha e thibele sehlopha sa lekhoba ho lumella banna ba tšoanelehang bao e leng ba “linku tse ling” hore ba jare boikarabelo ba tsamaiso ea lintho tse tloaelehileng. (Johanne 10:16) Ebile ha ho na lebaka la Mangolo la ho tsitlella hore batsamaisi bohle kapa ba bang ba mekhatlo e ngolisitsoeng ka molao e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e be Bakreste ba tlotsitsoeng.
Mor’abo rōna Barr o ile a bolella bamameli hore haufinyane litho tse ling tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova tse neng li ntse li sebeletsa e le batsamaisi le balaoli li ile tsa ithaopela ho tlohela ho ba litho tsa liboto tsa batsamaisi tsa mekhatlo e sebelisoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” United States. Ho ile ha khethoa barab’abo rōna ba tšepahalang ba sehlopha sa linku tse ling hore ba koale sekheo.
Qeto ena e molemo e le kannete. E fa litho tsa Sehlopha se Busang nako e eketsehileng ea ho lokisetsa lijo tsa moea le hore se hlokomele litlhoko tsa moea tsa mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara.
Molula-setulo o ile a lihela likhala ka ho bolella bamameli ba thabileng: “Leha mesebetsi e mengata ea molao le ea tsamaiso e abetsoe balebeli ba nang le tsebo, . . . bohle ba sebetsa tlas’a tsamaiso ea moea ea Sehlopha se Busang. . . . Bohle re kōpa thuso ho Jehova ka thapelo hore a hlohonolofatse boiteko boo re bo etsang re kopane ha re etsa thato ea hae, tlotlisong le tlhomphong ea lebitso le leholo la hae.”