Pauluse o Hlophisa Menehelo ea Liphallelo Bakeng sa Bahalaleli
LITHAHASELLO tsa moea ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho Bakreste ba ’nete. Leha ho le joalo, ba boetse ba ameha ka boiketlo ba batho ba bang linthong tsa nama. Hangata ba ’nile ba fana ka lintho tse hlokoang ke ba mathateng. Lerato la bara ba motho le susumelletsa Bakreste hore ba thuse balumeli-’moho le bona ba hlokang.—Johanne 13:34, 35.
Kaha moapostola Pauluse o ne a rata bara le barali babo ba moea, o ile a susumelletseha ho hlophisa koleke har’a liphutheho tsa Akaia, Galatia, Macedonia, le seterekeng sa Asia. Ke eng e ileng ea etsa hore khato ee e hlokahale? Mosebetsi oo oa liphallelo o ile oa hlophisoa joang? Karabelo e ile ea e-ba efe? Hona ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella se ileng sa etsahala?
Boemo ba Phutheho ea Jerusalema
Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., Bajuda le basokolohi ba libaka tse ling bao e ileng ea e-ba barutuoa ka Pentekonta, ba ile ba lula ka nakoana Jerusalema e le hore ba ithute haholoanyane ka tumelo ea ’nete. Ha ho hlokahala, barapeli-’moho le bona ba ne ba thabela ho ba thusa ho jara litšenyehelo nakong eo e telele eo ba ileng ba e lula. (Liketso 2:7-11, 41-44; 4:32-37) Mohlomong merusu ea lehae e ile ea totisa bofuma ha Bajuda ba buellang bochaba ba fehla bofetoheli le pefo ea mahoo-hoo. Leha ho le joalo, e le hore ho se ke ha e-ba le molateli oa Kreste ea lapang, bahlolohali ba bahloki ba ne ba fuoa lijo letsatsi le leng le le leng. (Liketso 6:1-6) Heroda o ile a ikitlaelletsa ho hlorisa phutheho, ’me bohareng ba lilemo tsa bo-40 C.E., tlala ea sekoboto e ile ea hlasela Judea. Tabeng ea balateli ba Jesu, sena sohle e tlameha ebe se ile sa fella ka seo Pauluse a ileng a se bitsa “litlhokofatso,” “matšoenyeho” le “ho tlatlapuoa lintho tsa [bona].”—Baheberu 10:32-34; Liketso 11:27–12:1.
Hoo e ka bang ka 49 C.E., boemo bo ne bo ntse bo le bobe haholo. Kahoo, ka mor’a ho lumela hore Pauluse o ne a tla lebisa tlhokomelo ho Balichaba boboleling ba hae, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba mo phehella hore a ‘hopole mafutsana.’ Ke sona seo Pauluse a ileng a leka ho se etsa.—Bagalata 2:7-10.
Ho Hlophisa Koleke
Pauluse o ile a laola ho hlophisoa ha letlōle la Bakreste ba Judea ba futsanehileng. Hoo e ka bang ka 55 C.E. o ile a bolella Bakorinthe sena: “Malebana le koleke e bakeng sa bahalaleli, feela joalokaha ke ile ka fana ka litaelo ho liphutheho tsa Galatia, le etse ka tsela eo le lōna. Letsatsi le leng le le leng la pele la beke e mong le e mong oa lōna ka tlung ea hae a ke a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng . . . [Joale] banna bafe kapa bafe bao le ba lumellang ka mangolo, ke tla ba roma ho isa mpho ea lōna e mosa Jerusalema.” (1 Bakorinthe 16:1-3) Selemo hamorao Pauluse o ile a bolela hore Macedonia le Akaia li ne li kentse letsoho liphallelong. Ha se bokeletsoeng se romelloa Jerusalema, boteng ba baemeli ba tsoang seterekeng sa Asia ho bonahala bo bontša hore liphutheho tsa sebaka seo le tsona li ne li ntšitse monehelo.—Liketso 20:4; 2 Bakorinthe 8:1-4; 9:1, 2.
Ha ho motho ea neng a qobelloa ho ntša se fetang matla a hae. Ho e-na le hoo, e ne e le taba ea hore ba nang le ho hong ho setseng ba koale sekheo se teng har’a bahalaleli ba Jerusalema le Judea. (2 Bakorinthe 8:13-15) Pauluse o ile a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakorinthe 9:7.
Moapostola o ile a fa Bakorinthe lebaka le letle la ho ba le seatla se bulehileng. Jesu ‘e ne e ile ea e-ba mofutsana ka lebaka la bona, e le hore ba ka rua’ moeeng. (2 Bakorinthe 8:9) Ka sebele, ba ne ba tla batla ho etsisa moea oa hae oa ho fana. Ho feta moo, kaha Molimo o ne a ba ruisa “bakeng sa ho fana ka seatla se bulehileng ha mofuta o mong le o mong,” ho ne ho loketse hore ba thuse bahalaleli ka seo ba se hlokang.—2 Bakorinthe 9:10-12.
Boikutlo ba ba Kenyang Letsoho
Tabeng ea ho ithaopela ho fana, re ka ithuta ho hongata ka ho hlahloba boikutlo ba ba neng ba kenya letsoho mosebetsing oa liphallelo tse neng li etsetsoa bahalaleli lekholong la pele la lilemo. Koleke ena e ne e sa bontše feela ho ameha ka barapeli-’moho le bona ba Jehova ba futsanehileng. E ne e fetisa maikutlo a hore ho ne ho e-na le maqhama a bara ba motho pakeng tsa Bakreste ba Bajuda le ba Balichaba. Ho fana ka menehelo le ho e amohela ho ne ho bontša bonngoe le botsoalle pakeng tsa Balichaba bana le Bajuda. Ba ne ba arolelana lintho tse bonahalang esita le tsa moea.—Baroma 15:26, 27.
E ka ’na eaba qalong Pauluse ha aa ka a kōpa Bakreste ba Macedonia hore ba kenye letsoho—le bona ba ne ba kolla ntsi hanong. Leha ho le joalo, ba ile ba tsoela pele ho “kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana.” Ha e le hantle, le hoja ba ne ba le ‘tekong e khōlō tlas’a mahloreho,’ ka thabo ba ile ba fana ‘ho feta bokhoni ba bona ba sebele’! (2 Bakorinthe 8:1-4) Ho hlakile hore teko ea bona e khōlō e ne e akarelletsa liqoso tsa hore bolumeli ba bona bo khahlanong le molao oa Roma. Kahoo, hoa utloahala hore ba ne ba tla nahanela barab’abo bona ba Judea, ba neng ba le mahlomoleng a tšoanang.—Liketso 16:20, 21; 17:5-9; 1 Bathesalonika 2:14.
Le hoja Pauluse a ne a sebelisitse cheseho ea pele ea Bakorinthe bakeng sa koleke ena ho khothatsa Bamacedonia, cheseho ea Bakorinthe e ne e tapile. Joale moapostola o bua ka ho fana ha Bamacedonia ka seatla se bulehileng e le hore a susumetse Bakorinthe. O ne a fumana ho hlokahala ho ba hopotsa hore e ne e le nako ea ho phetha seo ba neng ba se qalile selemo pele ho moo. Ho ne ho etsahetse’ng?—2 Bakorinthe 8:10, 11; 9:1-5.
Tite ke eena ea neng a qalisitse koleke ena Korinthe, empa ho ne ho hlahile mathata ao mohlomong a neng a sentse boiteko ba hae. Ka mor’a hore Tite a buisane le Pauluse Macedonia, o ile a khutla le ba bang ba babeli ho ea tšehetsa phutheho ea Korinthe le ho qetela koleke eo. Ba bang ba ne ba ka ’na ba kenya maikutlo a hore Pauluse o ne a lekile ho tlatlapa Bakorinthe. Mohlomong ke ka lebaka leo a ileng a romela banna ba bararo ho ea qetela koleke eo le ho buella e mong le e mong oa bona. Pauluse o ile a re: “Re qoba hore motho leha e le ofe a fumane molato ho rōna mabapi le monehelo ona oa seatla se bulehileng o tla tsamaisoa ke rōna. Etsoe re ‘etsa tokisetso e tšepahalang, eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.’”—2 Bakorinthe 8:6, 18-23; 12:18.
Ho Isa Monehelo
Nakong ea selemo ka 56 C.E., chelete eo ho fanoeng ka eona e ne e loketse hore e ka isoa Jerusalema. Pauluse o ne a tla tsamaea le moifo o khethiloeng ke bafani. Liketso 20:4 e re: “Ba neng ba tsamaea le eena e ne e le Sopatere mora oa Pirase oa Berea, Aristakase le Sekundase oa Bathesalonika, le Gaiase oa Derbe, le Timothea, ’me ba tsoang seterekeng sa Asia e le Tykikase le Trofimase.” Bopaki bo teng bo bontša hore Luka le eena o ne a le teng, eo e ka ’nang eaba o ne a emetse Bakreste ba Filipi. Kahoo, bonyane ho ile ha tsamaea banna ba robong leetong lena.
Setsebi Dieter Georgi, o re: “E tlameha ebe chelete eohle e neng e bokeletsoe e ne e le ngata hobane haeba ho ne ho se joalo, boiteko ba ho qetela bo amang Pauluse le baemeli bana ba bangata, e ne e tla ba ba lefeela le bo bakang litšenyehelo.” Moifo ona o ne o sa etse mosebetsi oa ho etsa bonnete ba hore tšireletso e teng feela empa o ne o boetse o sireletsa Pauluse liqosong tsohle tsa hore ha a tšepahale. Ba romiloeng ba ne ba emela liphutheho tsa Balichaba ka pel’a bahalaleli ba Jerusalema.
Moifo ona ha o tloha Korinthe ka sekepe o e-ea Syria, o ne o tla be o fihlile Jerusalema pele ho Paseka. Leha ho le joalo, molaetsa oa hore ho na le morero oa bolotsana oa ho bolaea Pauluse o ile oa fella ka hore ho fetoloe kemiso. (Liketso 20:3) Mohlomong lira tsa hae li ne li rerile ho mo bolaela leoatleng.
Ho ne ho e-na le lintho tse ling tseo Pauluse a neng a amehile ka tsona. Pele a tloha, o ile a ngolla Bakreste ba Roma hore ba rapele ‘e le hore a ka lopolloa ho ba sa lumelang ba Judea le hore bosebeletsi ba hae bo molemong oa Jerusalema e ka ba bo amohelehang ho bahalaleli.’ (Baroma 15:30, 31) Le hoja ho ne ho se pelaelo hore bahalaleli ba ne ba tla amohela menehelo ka teboho e khōlō, e ka ’na eaba Pauluse o ne a amehile ka khathatso eo ho fihla ha hae ho neng ho ka e baka har’a Bajuda ka kakaretso.
Ha ho pelaelo hore baapostola ba ile ba hopola mafutsana. Le hoja Mangolo a sa bolele hore na ho ile ha fanoa ka monehelo ona neng, ho fana ka oona ho ile ha hōlisa bonngoe ’me ha etsa hore Bakreste ba Balichaba ba khone ho leboha balumeli-’moho le bona ba Judea bakeng sa menono ea moea eo ba neng ba e fumana ho bona. Ho hlaha ha Pauluse tempeleng nakoana ka mor’a hore a fihle Jerusalema ho ile ha tsosa morusu ’me ha etsa hore a tšoaroe. Empa qetellong sena se ile sa mo fa menyetla ea ho pakela babusi le marena.—Liketso 9:15; 21:17-36; 23:11; 24:1–26:32.
Menehelo ea Rōna Kajeno
Ho tloha lekholong la pele la lilemo, lintho tse ngata li fetohile—empa melao-motheo ha ea fetoha. Ho loketse hore Bakreste ba tsebisoe ka litlhoko tse amang chelete. Menehelo eohle eo ba e etsetsang ba hlokang e lokela ho etsoa ka boithatelo, e susumetsoe ke ho rata Molimo le batho ba bang.—Mareka 12:28-31.
Mehato e neng e nkoa ho lokisetsa bahalaleli liphallelo lekholong la pele la lilemo e bontša hore kabo ea menehelo e joalo e tlameha ho ba e hlophisehileng hantle ’me e etsoe ka mokhoa o tšepahalang ka ho feletseng. Ha e le hantle, Jehova Molimo o bona litlhoko, ’me o etsetsa bahlanka ba hae litokisetso e le hore ba ka tsoela pele ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso ho sa tsotellehe mathata. (Matheu 6:25-34) Leha ho le joalo, bohle re ka phetha karolo ea rōna, ho sa tsotellehe hore na maemo a rōna a lichelete ke afe. Ka tsela eo, ‘motho ea nang le ho hongata a ke ke a ba le ho hongata haholo, ’me motho ea nang le ho honyenyane a ke ke a ba le ho honyenyane haholo.’—2 Bakorinthe 8:15.