Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 4/15 maq. 25-28
  • U ka Atleha ho sa Tsotellehe Kamoo U Hōlisitsoeng Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Atleha ho sa Tsotellehe Kamoo U Hōlisitsoeng Kateng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Mangolo
  • Ho Tšoaroa Hantle Kapa Hampe Bongoaneng?
  • Batla ho Tseba Jehova
  • Ikokobetse ka Pel’a Molimo
  • Rua Molemo Tokisetsong ea Jehova
  • Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng
    Ruta Bana ba Hao
  • Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 4/15 maq. 25-28

U ka Atleha ho sa Tsotellehe Kamoo U Hōlisitsoeng Kateng

HO TLOHA bongoaneng Nicholas o ne a e-na le moea oa borabele.a Ka mor’a nako e itseng, ho ferekana ho ile ha etsa hore a sebelise lithethefatsi le ho noa ho feta tekanyo. Nicholas oa hlalosa: “Ntate e ne e le lekhoba la tahi, ’me o ne a ntlhorisa haholo le khaitseli ea ka.”

Batsoali ba Malinda ba ne ba bonahala ka hohle-hohle e le litho tse hlomphehang tse kenang kereke motseng oa habo bona. Empa ba ne ba boetse ba itšuntse ka ho teba sehlotšoaneng se seng sa borapeli. Malinda, eo hona joale a seng a le ka holimo ho lilemo tse 30, oa tletleba: “E meng ea mekhoa ea sehlotšoana sa bona sa borapeli e ne e ntlhekefetsa ’me e ile ea lematsa kelello ea ka ke sa le monyenyane.” Oa phaella: “Boikutlo ba ho nyahama le ho inyatsa bo ileng ba kenngoa ka botebo ho ’na, bo nkamme ka ho teba haesale ho tloha ka nako eo.”

Ke mang ea ka latolang hore bongoana ba ba bangata bo sentsoe ke likhoka, ho hlekefetsoa, ho lahloa ke batsoali le lintho tse ling tse mpe? Ho tšoaroa hampe bongoaneng ho ka siea maoma a tebileng. Empa na bohloko bo joalo bo lokela ho senyetsa motho menyetla ea ho amohela ’nete ea Lentsoe la Molimo le ho fumana thabo e khōloanyane? Na ho ka etsahala hore Nicholas le Malinda ba finyelle pakane ea botšepehi, ho sa tsotellehe hore na ba hōlisitsoe joang? Taba ea pele, nahana ka mohlala oa Morena Josiase oa Juda.

Mohlala oa Mangolo

Josiase o ile a busa Juda ka lilemo tse 31 lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. (659-629 B.C.E.) Nakong eo Josiase a neng a behoa teroneng ka eona, ka mor’a polao ea ntat’ae, maemo a ne a le mabe haholo Juda. Juda le Jerusalema ho ne ho tletse barapeli ba Baale le ba anang ka molimo oa Baammone ea ka sehloohong, Malkame. Sofonia, eo e neng e le moprofeta oa Molimo oa mehleng eo, o ile a re likhosana tsa Juda e ne e le “litau tse purumang” ha baprofeta bona e le “liphiri tsa shoalane.” Ka lebaka leo, pefo le thetso li ne li aparetse naha. Ba bangata ba ne ba re ka lipelong tsa bona: “Jehova a ke ke a etsa se molemo, ’me a ke ke a etsa se sebe.”—Sofonia 1:3–2:3; 3:1-5.

Josiase e ile ea e-ba ’musi oa mofuta ofe? Motlalehi oa liketsahalo tsa Bibele, Esdrase, oa ngola: “[Josiase] a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova ’me a tsamaea litseleng tsa moholo-holo oa hae Davida; ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.” (2 Likronike 34:1, 2) Ho hlakile hore, Josiase o ile a atleha ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo. Empa o hōletse lelapeng le joang?

Ho Tšoaroa Hantle Kapa Hampe Bongoaneng?

Ha Josiase a ne a tsoaloa ka 667 B.C.E., ntat’ae, Amone, o ne a le lilemo li 16 feela, ’me ntate-moholo oa hae Manase e ne e le eena ea busang Juda. Manase e ne e le e mong oa marena a khopo ka ho fetisisa a kileng a busa Juda. Ha a emisetsa Baale lialetare, o ile “a etsa se sebe mahlong a Jehova ka tekanyo e khōlō.” O ile a fetisa bara ba hae mollong, a sebelisa boselamose, a sebelisa bonohe, a hlohlelletsa litšebelisano le meea, le ho tšolla mali a mangata a se nang molato. Manase o ile a boela a beha setšoantšo se betliloeng seo a neng a se entse ka tlung ea Jehova. O ile a eka batho ba Juda le Jerusalema hore “ba etse se sebe ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ka pel’a bara ba Iseraele.”—2 Likronike 33:1-9.

Manase o ne a le khopo hoo Jehova a ileng a etsa hore a isoe botlamuoeng Babylona, o mong oa metse ea moreneng ea Assyria. Nakong eo Manase a neng a le botlamuoeng ka eona, o ile a baka, a ikokobetsa, a ba a kōpa Jehova hore a mo tšoarele. Molimo o ile a utloa kōpo ea hae ea hore a hauheloe ’me a mo khutlisetsa setulong sa borena Jerusalema. Ho tloha moo Manase o ile a atleha ho lokisa lintho ka tekanyo e itseng.—2 Likronike 33:10-17.

Bokhopo ba Manase bo ileng ba lateloa ke pako bo ile ba ama mor’a hae Amone joang? O ile a ba khopo haholo. Ka mor’a hore Manase a bake le hore a leke ho hloekisa sechaba litšileng tseo eena ka boeena a neng a li bakile, Amone ha aa ka a sebetsa tumellanong le seo. Ka mor’a hore Amone a lule setulong sa borena ha a le lilemo li 22, o ile “a etsa se sebe mahlong a Jehova, feela joalokaha ntat’ae Manase a ne a entse.” Ho e-na le ho ikokobeletsa Jehova, “Amone ke eena ea ileng a eketsa molato.” (2 Likronike 33:21-23) Josiase o ne a le lilemo li tšeletseng feela ha Amone e e-ba morena oa Juda. E tlameha ebe Josiase o ile a ba le nako e bosula hakaakang bongoaneng ba hae!

Puso e khopo ea Amone e ile ea fela ka mor’a lilemo tse peli ka mor’a hore bahlanka ba hae ba mo rerele bolotsana ’me ba mo bolaee. Leha ho le joalo, sechaba se ile sa bolaea ba neng ba reretse Amone bolotsana ’me ba etsa mor’a hae, Josiase, morena.—2 Likronike 33:24, 25.

Ho sa tsotellehe maemo a sithabetsang a bongoaneng ba hae, Josiase o ile a tsoela pele ho etsa se setle mahlong a Jehova. ’Muso oa hae o ne o atlehile hoo Bibele e reng: “Pele ho eena ha hoa ka ha e-ba le morena ea joaloka eena ea ileng a khutlela ho Jehova ka pelo ea hae eohle le ka moea oa hae oohle le ka mafolofolo a hae ’ohle, ho ea ka molao oohle oa Moshe; leha e le hore ka mor’a hae ho ile ha hlaha ea joaloka eena.”—2 Marena 23:19-25.

Josiase ke mohlala o khothatsang hakaakang ho bohle ba ileng ba tšoanela ho mamella bongoana bo bosula! Re ka ithuta’ng mohlaleng oa hae? Ke eng e ileng ea thusa Josiase ho khetha tsela e nepahetseng le ho lula ho eona?

Batla ho Tseba Jehova

Tšusumetso e ntle lilemong tsa bongoaneng tsa bophelo ba Josiase e bile ntate-moholo oa hae ea bakileng, Manase. Hore na bana ba babeli ba ne ba atamelane hakae, kapa hore na Josiase o ne a le lilemo li kae ha Manase a lokisa litsela tsa hae, Bibele ha e hlalose. Kaha malapa a Bajuda a ne a atamelane, ho ka etsahala hore ebe Manase o ile a leka ho sireletsa setloholo sa hae litšusumetsong tse mpe tse neng li mo pota-potile ka ho kenya pelong ea setloholo sa hae tlhompho ea Molimo oa ’nete, Jehova, le lentsoe la hae. Peō leha e le efe eo Manase a ileng a khona ho e jala pelong ea Josiase, mohlomong ho akarelletsa le mehlala e meng e metle, qetellong e ile ea beha litholoana. Ka selemo sa borobeli sa ho busa ha hae Juda, Josiase ea lilemo li 15 o ile a qala ho batla ho tseba Jehova le ho etsa thato ea hae.—2 Likronike 34:1-3.

Mokhoa feela oo batho ba bang ba utloileng litaba tsa moea ka oona bongoaneng ba bona, ke ka meneketsela, metsoalle, kapa baahelani. Leha ho le joalo, haeba peō e jetsoeng ka nako eo e hlokomeloa hantle, e ka beha litholoana tse ntle hamorao. Ho ne ho e-na le ntate-moholo e mong ea mosa ea neng a lula haufi le Malinda ea boletsoeng pejana, eo kamehla a neng a mo tlisetsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! habo. O mo hopola ka lerato ’me o re: “Ntho e neng e nkhahla haholo ka moahelani enoa oa ka ke hore o ne a sa keteke matsatsi a phomolo. Ena e ne e le ntho ea bohlokoa ho ’na hobane Halloween hammoho le matsatsi a mang a phomolo e ne e le monyetla oa ho latela lineano sehlotšoaneng sa borapeli seo batsoali ba ka e neng e le litho tsa sona.” Lilemo tse leshome hamorao, ha motsoalle a memela Malinda sebokeng sa Bokreste Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, o ile a hopola moahelani enoa ’me a amohela memo eo habonolo. Seo se ile sa mo thusa ho batla ’nete.

Ikokobetse ka Pel’a Molimo

Puso ea Josiase e ile ea tsebahala ka liphetoho tse hlollang tsa bolumeli naheng ea Juda. Ka mor’a hore a qete lilemo tse tšeletseng a le phutuhong ea ho hloekisa naha ea Juda borapeling ba litšoantšo, Josiase o ile a qala ho lokisa ntlo ea Jehova. Ha mosebetsi oo o ntse o tsoela pele, Moprista ea Phahameng Hilkia o ile a fumana letlotlo la bohlokoa hakaakang! O ile a fumana kopi ea pele ea “buka ea Molao oa Jehova.” Ka mor’a hore Hilkia a behe ntho ena ea bohlokoa eo a e fumaneng tlhokomelong ea Shafane mongoli, Shafane o ile a tlalehela morena se etsahetseng. Na ntho e finyeletsoeng e ile ea nyakallisa Josiase ea lilemo li 25?—2 Likronike 34:3-18.

Esdrase oa ngola: “Eitse hang ha morena a utloa mantsoe a buka ea molao, kapele-pele a hahola liaparo tsa hae.” Ena e ne e le pontšo e tsoang botebong ba pelo hobane o ne a lemoha hore baholo-holo ba bona ba ne ba sa phetha litaelo tsohle tsa Molimo. Ka sebele lena e ne e le letšoao la boikokobetso! Kapele-pele morena o ile a roma moifo oa banna ba bahlano hore o e’o batla maikutlo a Jehova ho moprofeta oa mosali Hulda. Moifo o ile oa khutla le tlaleho e reng: ‘Tlokotsi e tla hlaha ka lebaka la ho se mamele Molao oa Jehova. Empa ka lebaka la hore uena, Morena Josiase, u ikokobelitse, u tla nkeloa lebitleng la hao ka khotso, ’me mahlo a hao a ke ke a talima tlokotsi.’ (2 Likronike 34:19-28) Jehova o ne a khahloa ke boitšoaro ba Josiase.

Ho sa tsotellehe semelo sa rōna, le rōna re ka ikokobetsa ka pel’a Molimo oa ’nete, Jehova, le ho bonahatsa boitšoaro bo nang le tlhompho ho eena le Lentsoe la hae, Bibele. Nicholas ea boletsoeng qalong, o ile a etsa sena. O re: “Le hoja bophelo ba ka bo ne bo ferekane ka lebaka la lithethefatsi le ho noa ho feta tekanyo, ke ne ke thahasella Bibele ’me ke lakatsa ho ba le morero bophelong. Qetellong ke ile ka kopana le Lipaki tsa Jehova, ka fetola bophelo ba ka, le ho amohela ’nete.” E, ho sa tsotellehe hore na re tsoa tikolohong e joang, re ka ba le boitšoaro bo hlomphang Molimo le Lentsoe la hae.

Rua Molemo Tokisetsong ea Jehova

Josiase o ne a boetse a e-na le tlhompho e tebileng bakeng sa baprofeta ba Jehova. Ha aa ka a batla thuso ho moprofeta oa mosali Hulda feela empa o ne a nka ba bang ba baprofeta ba mehleng ea hae e le mehlala. Ka mohlala, Jeremia le Sofonia ba ne ba le maphathaphathe ba phatlalatsa kahlolo ea borapeli ba litšoantšo bo neng bo etsoa Juda. Ho ela hloko ha Josiase melaetsa eo e tlameha ebe ho ile ha mo matlafatsa hakaakang joalokaha a ne a le letšolong la ho loantša borapeli ba bohata!—Jeremia 1:1, 2; 3:6-10; Sofonia 1:1-6.

‘Monghali,’ Jesu Kreste, o behile sehlopha sa balateli ba hae ba tlotsitsoeng—e leng “lekhoba le tšepahalang le le masene”—hore se fane ka lijo tsa moea ka nako e tšoanelehang. (Matheu 24:45-47) Sehlopha sa lekhoba se sebelisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng le tokisetso ea phutheho ho bontša molemo oa ho ela hloko likeletso tsa Bibele ’me se fana ka litlhahiso tse sebetsang tsa ho e sebelisa bophelong ba rōna ba letsatsi ka leng. Ke ntho e loketseng hakaakang hore ebe re sebelisa tokisetso ea Jehova e re thusang ho hlōla boitšoaro leha e le bofe bo bobe bo metseng ka metso! Ho tloha bongoaneng, Nicholas o ne a sa rate ho laeloa. Leha a ntse a ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo, bofokoli bona bo ne bo mo sitisa ho sebeletsa Jehova ka botlalo. Ho fetola boitšoaro bona ho ne ho se bonolo ho eena. Empa, ka mor’a nako, o ile a atleha. Joang? Nicholas oa hlalosa: “Ka thuso ea baholo ba babeli ba nang le kutloelo-bohloko, ke ile ka lumela bothata ba ka ’me ka qala ho sebelisa keletso e lerato ea Mangolo.” Oa phaella: “Le hoja ka linako tse ling litlhase tsa bohale li qhoma, ke se ke khona ho laola botho ba ka ba borabele.”

Ka ho tšoanang, Malinda le eena o batla keletso ea baholo ha a etsa liqeto tsa bohlokoa bophelong ba hae. Ha a sebetsana le ho nyahama le boikutlo ba ho inyatsa ho qalileng bongoaneng, o fumana hore sa bohlokoa ka ho khetheha ke lihlooho tse fapa-fapaneng tse ho Molula-Qhooa le Tsoha! O re: “Ka linako tse ling sehloohong se itseng ke angoa ke serapa kapa polelo—karolo e nyenyane feela. Hoo e ka bang lilemo tse robong tse fetileng, ke ile ka qala ho boloka lihlooho tse joalo ka har’a buka ea ho ngolla lintlha e maqephe a sa tlamahanngoang e le hore nka li fumana habonolo.” Kajeno, libuka tsa hae tse tharo tsa ho ngolla lintlha li na le lihlooho tse 400!

Che, batho ha baa tlameha ho ba liphofu tsa ka ho sa feleng tsa bophelo bo bobe ba lelapa. Ka thuso ea Jehova ba ka atleha moeeng. Feela joalokaha ho hōlisoa hantle e se tiiso ea hore motho o tla tšepahala, bongoana bo bosula ha bo thibele motho hore e be ea tšabang Molimo.

Ka mor’a hore ho fumanoe buka ea Molao nakong ea mosebetsi oa ho nchafatsa tempele, Josiase ‘o ile a hlaba selekane ka pel’a Jehova hore a latele Jehova le ho tsoela pele a mo mamela ka pelo eohle ea hae le ka moea oohle oa hae.’ (2 Likronike 34:31) ’Me ha aa ka a sutha qetong ea hae ho fihlela lefung la hae. Ka ho tšoanang, Malinda le Nicholas ba ikemiselitse ho lula ba tšepahala ho Jehova Molimo le ho atleha e le batho ba tšepahalang. E se eka le uena ka ho tšoanang u ka ikemisetsa ho lula haufi le Molimo le ho mo sebeletsa ka botšepehi. U ka kholiseha hore u tla atleha, hobane Jehova oa tšepisa: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena. U se ke ua talima koana le koana, etsoe ke ’na Molimo oa hao. Ke tla u matlafatsa. Ka sebele ke tla u thusa. Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.”—Esaia 41:10, 13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Ho sa tsotellehe ho ba ha hae le bongoana bo bosula, Josiase o ile a batla ho tseba Jehova ’me o ile a atleha bophelong ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Baholo ba ka u thusa ho hlōla botho bo itseng bo metseng ka metso

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

“Molula-Qhooa” le “Tsoha!” li ka u thusa hore u tsoele pele ka botšepehi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela