Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 4/15 leq. 29
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Sehlopha se Busang se Fapanang Kateng le Mokhatlo o Ngolisitsoeng ka Molao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ho Sebelisana le Sehlopha se Busang Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ke Mang ea Etellang Pele Batho ba Molimo Kajeno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 4/15 leq. 29

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, bona haeba u ka arabela lipotso tse latelang:

•Ho Baroma 5:3-5, ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a thathamisa tšepo e le ea ho qetela letotong?

Pauluse o ile a hlahisa letoto la lintho tseo Bakreste ba thulanang le tsona—matšoenyeho, mamello, boemo bo amohelehang le tšepo. “Tšepo” ena hase tšepo e simollang eo motho a e fumanang Bibeleng, empa ke tšepo e matlafalitsoeng, e tebileng, e tsoelang pele eo Mokreste a ka bang le eona ha nako e ntse e tsoela pele.—12/15, leqepheng la 22-3.

•Ke hobane’ng ha kajeno Mokreste a ka thahasella lipapali tsa baatlelete tse neng li bapalloa Greece ea boholo-holo?

Ho utloisisa sebōpeho le tloaelo ea lipapali tseo ho ka hlakisa litemana tse ngata tsa Bibele. Tse ling tsa tsona li bua ka ho ‘kopanela ho ea ka melao,’ ‘ho hlobola boima bo bong le bo bong le ho talima mohlala oa Jesu,’ ‘ho matha peisong ho fihlela qetellong,’ le ho fumana moqhaka, kapa moputso. (2 Timothea 2:5; 4:7, 8; Baheberu 12:1, 2; 1 Bakorinthe 9:24, 25; 1 Petrose 5:4)—1/1, leqepheng la 28-30.

•Ho ile ha sebelisoa mokhoa ofe o mocha oa ho phatlalatsa litaba tse molemo ka January 1914?

Ka nako eo ho ile ha lokolloa “Photo-Drama of Creation.” E ne e e-na le likarolo tse ’nè tse neng li kopantse litšoantšo tse tsamaeang le li-slide tsa khalase tse makholo tse mebala-bala, boholo ba tsona li ne li lumellana kapa li tsamaisana le puo ea tlhaloso e lirekotong tsa keramafono. Ho ne ho lokiselitsoe lisete tse 20 tsa Drama ena ’me li ile tsa sebelisoa hohle ho ruta batho molaetsa oa Bibele.—1/15, leqepheng la 8-9.

•Sehlopha se Busang se fapana joang le mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao?

Batsamaisi ba mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao ba khethoa ka ho vouteloa ke litho tsa oona, leha ho le joalo, Sehlopha se Busang ha se khethoe ke motho leha e le ofe empa se khethoa ke Jesu Kreste. Ha ho hlokahale hore batsamaisi ba mekhatlo e fapaneng e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova e be litho tsa Sehlopha se Busang. Sebokeng sa selemo le selemo sa morao tjena sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, litho tsa Sehlopha se Busang tse neng li sebeletsa e le batsamaisi le balaoli ba eona li ile tsa ithaopela ho itokolla maemong a tsona. Likheo tseo li ile tsa tlatsoa ke barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Kahoo, Sehlopha se Busang se ka qeta nako e ngata se lokisetsa lijo tsa moea le hore ka litsela tse ling se hlokomele litlhoko tsa moea tsa mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše ka bophara.—1/15, leqepheng la 29, 31.

•Re ka hlahloba mehlala efe e ’meli ea Bibele ha re ithuta ho sebetsana ka katleho le ho nyahama?

O mong ke oa Anna, ’mè oa Samuele. A ka be a ile a itumella ho nyahama ha a ne a ahloloa hampe ke Eli, moprista ea phahameng oa Iseraele. Ho e-na le hoo, o ile a mo tsebisa litaba a sa tsilatsile empa e le ka tlhompho. Ho ekelletsa moo, Anna ha aa ka a ba le sekhopi le Eli. Oa bobeli ke oa Mareka, eo e tlamehang ebe o ile a nyahama ha moapostola Pauluse a ne a hana ho tsamaea le eena leetong la boromuoa. Ho fapana le hore a tepelletsoe ke ho lahleheloa ke tokelo eo, o ile a tsoela pele ka tšebeletso ea hae e mafolofolo, a tsamaea le Barnabase.—2/1, maqephe 20-2.

•Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho hlokomela hore ba se fe ba bang, kapa ho amohela ho ba bang, likopi tsa mananeo a k’homphieutha?

Mananeo a mangata a k’homphieutha (ho akarelletsa le a lipapali) a sebelisoa ka lengolo la tumello le lekanyetsang ea le sebelisang kapa mong’a lona ho le kenya k’homphieutheng e le ’ngoe. Ho etsetsa ba bang likopi, esita leha re fana ka tsona ntle le tefello, hangata ke ho tlōla molao oa litokelo tsa bangoli. Bakreste ba batla ho ikokobelletsa molao ka ho ‘lefa Cesare lintho tsa Cesare.’ (Mareka 12:17)—2/15, maqephe 28-9.

•Cyril le Methodius e ne e le bo-mang, ’me ke tlatsetso efe eo ba ileng ba e etsa thutong ea Bibele?

E ne e le bara ba motho ba tsoaletsoeng Thesalonika, Greece, lekholong la borobong la lilemo. Ba ile ba qapa taba e ngotsoeng bakeng sa lipuo tsa Maslav ba ba ba fetolela boholo ba Bibele ka Seslavone.—3/1, leqepheng la 28-9.

•Polelo e reng ‘ho beha kelello [linthong tsa] moea’ e bolela’ng?—Baroma 8:6.

E bolela ho laoloa, ho busoa, le ho susumetsoa ke matla a sebetsang a Jehova. Re ka lumella moea oa Molimo hore o sebetse ho rōna ka ho bala le ho ithuta Bibele, ka ho mamela molao oa Molimo ka pelo eohle, le ka ho rapella moea oa Molimo.—3/15, leqepheng la 15.

•Ke eng seo re ka se etsang haeba re bona eka batho ha ba re utloisise?

Ke habohlokoa ho batla ho hlakisa bothata ka tsela e lerato. Haeba seo se sa atlehe, u se nyahame. Kōpa kutloisiso le thuso ho Jehova, ea ‘lekanyang lipelo.’ (Liproverbia 21:2; 1 Samuele 16:7)—4/1, leqepheng la 21-3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela