Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 5/15 maq. 3-4
  • Pharela ea Mahlomola a Hlahelang Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pharela ea Mahlomola a Hlahelang Batho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thoe’ng ka Bokamoso?
  • Bana ba Tlokotsing
    Tsoha!—1992
  • Boiteko ba ho Pholosa Bana
    Tsoha!—1994
  • Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Ntoa e Rinya Bana ba Bangata
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 5/15 maq. 3-4

Pharela ea Mahlomola a Hlahelang Batho

“KE HOBANE’NG Molimo, ke hobane’ng?” Ka mor’a tšisinyeho ea lefatše e ileng ea baka tšenyo Asia Minor, ho ile ha hlaha sehlooho seo se seholo sa litaba leqepheng la pele la koranta e abuoang haholo. Ho ne ho kenyelelitsoe setšoantšo sa ntate ea tsielehileng ea nkileng morali oa hae ea tsoileng kotsi a mo ntša ntlong ea bona e putlameng.

Lintoa, litlala tsa sekoboto, mafu a seoa le likoluoa tsa tlhaho li bakile bohloko bo ke keng ba lekanngoa, likeleli tse ngata haholo le mafu a se nang palo. Ho phaella ho tsena ho na le mahlomola a bahlaseluoa ba peto, tlhekefetso ea bana le litlōlo tse ling tsa molao. Nahana ka palo e khōlōhali ea batho ba lemalang le ba shoang ka lebaka la likotsi. Hape batho ba limilione tse likete ba tsielehile ka lebaka la ho kula, botsofali le ho shoeloa ke baratuoa.

Lekholong la bo20 la lilemo ho bile le mahlomola a mabe ka ho fetisisa a kileng a e-ba teng. Ho tloha ka 1914 ho ea ho 1918, Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea bolaea masole a ka bang limilione tse leshome. Bo-rahistori ba bang ba re e ile ea bolaea le baahi ba bakaalo. Ntoeng ea II ea Lefatše, ho ile ha bolaoa masole le baahi ba ka bang limilione tse 50, ho kopanyelletsa le basali, bana le banna-baholo ba limilione ba sitoang ho itšireletsa. Ho pholletsa le lekholo le fetileng la lilemo, ba eketsehileng ba limilione e bile bahlaseluoa ba bohato bo reretsoeng ho timetsa morabe ka ho feletseng, phetohelo ea puso, pefo ea merabe, tlala le bofutsana. Historical Atlas of the Twentieth Century e hakanya hore batho ba fetang limilione tse 180 ba ile ba shoa ka lebaka la “bobe bo bongata” joalo.

Mokakallane oa Spain oa 1918/19 o ile oa bolaea batho ba limilione tse 20. Lilemong tse 20 tse fetileng, batho ba ka bang limilione tse 19 ba ile ba bolaoa ke AIDS, ’me hona joale ba ka bang limilione tse 35 ba na le kokoana-hloko e e bakang. Bana ba limilione ba sala ba se na batsoali—ba bolailoe ke AIDS. Hape palo e ke keng ea lekanngoa ea masea e bolaoa ke AIDS eo a ileng a e tšoaetsoa a sa ntsane a le ka pōpelong.

Bana ba bakeloa mahlomola a mangata ka litsela tse ling. Ha Manchester Guardian Weekly ea Engelane e qotsa boitsebiso bo fanoeng ke United Nations Children’s Fund (UNICEF [Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana]), bofelong ba 1995, e itse: “Lintoeng tse bileng teng lilemong tse leshome tse fetileng, bana ba limilione tse 2 ba bolailoe, ba limilione tse 4 ho ea ho tse 5 ba holofalitsoe, ba limilione tse 12 ba hlokisitsoe mahae, ba fetang milione ba fetotsoe likhutsana kapa ba arohantsoe le batsoali ba bona ’me ba limilione tse 10 ba holofalitsoe kelellong.” Ho phaella ho sena ho hakanngoa hore ho ntšuoa limpa tse limilione tse 40 ho ea ho tse 50 lefatšeng ka bophara—selemo se seng le se seng!

Ho Thoe’ng ka Bokamoso?

Ba bangata ba tšaba bokamoso. Sehlopha sa bo-rasaense se itse: “Lintho tse etsoang ke batho . . . li ka ’na tsa fetola lefatše hoo le ke ke keng la khona ho boloka bophelo ka mokhoa oo re o tsebang.” Ba ile ba phaella: “Esita le ka motsotso ona, motho a le mong ho ba bahlano ke mofutsana ea kollang ntsi hanong, ’me a le mong ho ba leshome oa tšerema ka lebaka la phepo e sa nepahalang.” Bo-rasaense ba ile ba sebelisa monyetla oo ho “lemosa batho bohle ka se larileng ka pele” ’me ba re: “Ho hlokahala phetoho e khōlō tseleng eo re hlokometseng lefatše le bophelo bo ho lona ka eona, e le hore ho qojoe masisa-pelo a maholo a batho ’me lehae la rōna la lefatše polaneteng ena le se ke la senngoa ka ho ke keng ha lokisoa.”

Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola a makaale le bokhopo? O rerile ho lokisa boemo joang? Neng?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

Top, wheelchair: UN/DPI Photo 186410C by P.S. Sudhakaran; middle, starving children: WHO/OXFAM; bottom, emaciated man: FAO photo/B. Imevbore

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela