Na Diabolose o Teng?
“Historing ea Kereke ea Bokreste, ho kile ha e-ba le nako eo ka eona diabolose, Beelzebube kapa Satane, morena oa bokhopo, e neng e le motho oa sebele le ea nang le tšusumetso feela joalokaha palong e ntseng e fokotseha ea batho ‘Molimo’ a sa ntse a le teng kajeno a bile a e-na le tšusumetso; [diabolose] ke ntho eo Bajuda le Bakreste ba pele ba ileng ba iqapela eona ho hlalosa bobe boo ba neng ba bona bo ba potolohile ka sebōpeho seo e kang ke sa motho-phoofolo. Hamorao, Bakreste ba ile ba hlokomela hore ke motho oa tšōmong eo ho hlileng ho se nang motheo oa ’nete oa hore o teng ’me ba ile ba mo lahla ka lenyele.”—“All in the Mind—A Farewell to God,” ea Ludovic Kennedy.
E LE mongoli le seboholi, Ludovic Kennedy, o hlalosa hore ka makholo a lilemo, ha ho motho leha a le mong oa Bokreste-’mōtoana ea neng a belaella boteng ba Diabolose. Moprofesa Norman Cohn o hlalosa hore, ho e-na le hoo, ka linako tse ling Bakreste ba ne ba “tšoenyeha ka matla a Satane le bademona ba hae.” (Europe’s Inner Demons) Ho ne ho sa tšoenyehe batho ba sa rutehang le ba boemong bo tlaase feela. Ka mohlala, Moprofesa Cohn o hlalosa hore tumelo ea hore Diabolose o ne a iketsa phoofolo e le hore a okamele bokhopo le lineano tse hlabisang lihlong “e ne e sa qaptjoa ke batho ba sa rutehang, empa, ho fapana le moo, e ne e le pono ea batho ba hlalefileng le ba phahameng sechabeng.” Batho bana “ba hlalefileng le ba phahameng sechabeng”—ba neng ba akarelletsa baruti ba rutehileng—ba ne ba ikarabella bakeng sa letšolo la ho tsoma baloi le ileng la e-ba teng ho pholletsa le Europe ho tloha lekholong la bo15 la lilemo ho fihlela lekholong la bo17 la lilemo, ha kereke le babusi ba ne ba hlokofatsa le ho bolaea batho ba ka bang 50 000 ba neng ba qosoa ka hore ke baloi.
Ha ho makatse hore batho ba bangata ha ba sa lumela seo ba nkang hore ke khopolo ea ho nkeha maikutlo ea tumela-khoela mabapi le Diabolose. Esita le morao koana ka 1726, Daniel Defoe o ile a soma tumelo ea batho ea hore Diabolose ke selalome “se nang le mapheo a ’mankhane, manaka, leoto le nang le khola e arohaneng, mohatla o molelele, leleme le kang fereko le litšobotsi tse ling tse tšoanang le tsena.” O ile a hlalosa hore likhopolo tse joalo, “e ne e le lintho tsa lefeela tseo e seng tsa bohlokoa” tse qapiloeng ke “babuelli le baqapi ba diabolose ea tšosang” ba neng “ba qhekella batho ba hlokang tsebo ka diabolose eo ba iqapetseng eena.”
Na ao ke maikutlo a hao? Na u nahana hore “bonneteng diabolose o iqapetsoe ke batho e le seipato bakeng sa libe tsa bona”? Polelo ena e ile ea hlaha ho The Zondervan Pictorial Encyclopedia of the Bible, ’me ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba nahana joalo. Jeffrey Burton Russell o hlalosa hore baruti ba thuto ea bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ka kakaretso “ha ba sa lumela ho Diabolose le bademona ba re ke mesaletsa ea tumela-khoela.”
Leha ho le joalo, ho batho ba bang Diabolose o hlile o teng. Ba bolela hore e tlameha ebe ho na le matla a itseng a phahametseng a motho le a khopo a susumetsang bobe bo sa khaotseng bo likarolong tsohle tsa histori ea batho. Russell o re: “Tšabo e bileng teng lekholong la bomashome a mabeli la lilemo,” ke eona e bakileng hore batho “ba boele ba lumele hore Diabolose o teng, le hoja ba kile ba ho tlohela ka nako e telele.” Ho latela mongoli Don Lewis, batho ba bangata ba mehleng ea kajeno ba rutehileng ba “amohelang ka mokhoa o phoqang” lintho tsa tumela-khoela le tse neng li tšajoa ke “baholo-holo ba bona ba sa rutehang” ba “boetse ba hoheloa ke lintho tse nang le matla a phahametseng tlhaho.”—Religious Superstition Through the Ages.
Ha ho le joalo, ’nete ke efe mabapi le taba ee? Na Diabolose e mpa feela e le tumela-khoela e se nang kelello? Kapa na ke motho ea lokelang ho nkoa ka botebo lekholong lee la bo21 la lilemo?
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Joalokaha ho bontšitsoe setšoantšong sena se fatiloeng sa Gustave Doré, litumela-khoela tsa boholo-holo li ne li tšoantša Diabolose e le motho-phoofolo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Judecca—Lucifer/The Doré Illustrations For Dante’s Divine Comedy/Dover Publications Inc.