Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/15 leq. 3
  • Na Diabolose ke Motho oa Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Diabolose ke Motho oa Sebele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele Eona e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ha e le Hantle ke Mang ea Busang Lefatše?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/15 leq. 3

Na Diabolose ke Motho oa Sebele?

MAIKUTLO a hao ke afe ka Diabolose? Na u nka hore ke motho oa sebele ea lekang batho hore ba etse lintho tse mpe, kapa na ke lebitso feela le bolelang mohloli oa bobe? Na Diabolose ke motho eo re lokelang ho mo tšaba, kapa na re lokela ho mo hlokomoloha ka ho nka hore ke ntho feela eo batho ba nahanang hore e teng kapa ke motho oa tšōmong? Na lentsoe “diabolose” le bolela matla a mang feela a itseng a senyang le a ke keng a hlalosoa? Joalokaha baruti ba bangata ba kajeno ba bolela, na ke lentsoe le sebelisetsoang ho hlalosa bobe bo ka ho batho?

Ha ho makatse ha batho ba e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka potso ena ea hore na Diabolose ke mang. Nahana kamoo ho ka bang thata kateng ho tseba botho ba ’nete ba motho ea tsebang ho ikhakanya! Ho ka ba thata haholo haeba a ikemiselitse ho pata seo a hlileng a leng sona. Bibele e hlalosa hore Diabolose o etsa joalo. Ha e bua ka eena hore ke Satane, e re: “Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:14) Diabolose o khopo, empa o iketsa eka o lokile e le hore a thetse batho. Morero oa hae o phethahala hamolemo haholo haeba a etsa hore batho ba lumele hore ha a eo.

Kahoo, hantle-ntle Diabolose ke mang? O bile teng neng, hona joang? O susumetsa batho joang kajeno? Ebe re ka etsa’ng hore a se ke a re susumetsa? Bibele e na le tlaleho e nepahetseng ea hore na ho tlile joang hore Diabolose a be teng ’me e fana ka likarabo tse nepahetseng tsa lipotso tsena.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Ka sebele ho ka ba thata haholo ho tseba motho ea ikemiselitseng ho pata seo a hlileng a leng sona!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela