Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 1/1 maq. 23-28
  • Jehova o Fane ka “Matla a Fetang se Tloaelehileng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Fane ka “Matla a Fetang se Tloaelehileng”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ngoanana oa Sekulane ea Nang le Lipotso Tse Ngata
  • “Buka Ena e U Sentse!”
  • Bophelo bo Bocha
  • Ho Thusa Barab’abo Rōna ba Hlokang
  • Maetong Hangata, Likotsing
  • Ke Phetse Bophelo bo Khotsofatsang ka Lebaka la Matla a Jehova
  • Le ka Mohla Jehova ha aa ka a re Lahla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Kamoo ke Ileng ka Nyorolloa Kateng Moeeng
    Tsoha!—2003
  • Lilemo Tse Fetang 50 Tsa ho ‘Tšelela Koana le Koana’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bochabela le Bophirimela, Jehova o Matlafatsa Batho ba Hae
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 1/1 maq. 23-28

Pale ea Bophelo

Jehova o Fane ka “Matla a Fetang se Tloaelehileng”

JOALOKAHA HO BOLETSE HELEN MARKS

E ne e le lehlabula ka 1986, letsatsi le ntša koena bolibeng. E ne e le ’na feela ea letileng mok’huk’hung oa lefapha la lekhetho la thepa e kenang le e tsoang la boema-fofane bo bong ba Europe bo khutsitseng ka ho fetisisa. E ne e le Tiranë, motse-moholo oa Albania, e neng e phatlalalitse hore ke eona “naha ea pele e latolang boteng ba Molimo lefatšeng.”

KE NE ke ferekane maikutlo ka lebaka la ho se tsebe se tla etsahala le ho tšoha ha ke shebile ofisiri e hlometseng ha e qala ho phenyekolla thōtō ea ka. Haeba ke ne nka bua kapa ka etsa ntho e neng e ka etsa hore e belaele, ke ne nka lelekoa naheng eo ’me ba neng ba nkemetse ka ntle ba ne ba ka kenngoa teronkong kapa kampong ea mosebetsi o boima. Ka lehlohonolo, ke ile ka khona ho khothalletsa ofisiri ena hore e be botsoalle haholoanyane ka ho e fa chepisi le likuku. Empa ho tlile joang hore ’na, mosali ea bohareng ba lilemo tsa bo-60 ke qetelle ke le boemong boo? Ke hobane’ng ha ke ne nka tlohela bophelo ba boiketlo ebe ke ipeha kotsing ka ho leka ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso ho se seng sa litsi tsa puso e neng e buelloa ke Marx le Lenin?

Ngoanana oa Sekulane ea Nang le Lipotso Tse Ngata

Lilemo tse peli ka mor’a hore ke hlahele Ierápetra, Kreta, ka 1920, Ntate o ile a bolaoa ke pneumonia. ’Mè o ne a futsanehile a bile a sa tsebe ho bala le ho ngola. Ke ne ke le ngoana oa ho fela baneng ba bane; kaha ke ne ke jeoa ke nyooko, ke ne ke pulufetse ke bile ke le sekulane. Baahelani ba ile ba eletsa ’Mè hore ka chelete ea hae e fokolang a hlokomele bana ba bararo ba phelang hantle ’me a ntlohele ke shoe. Ke thabela hore ebe ha aa ka a mamela keletso eo.

Ho tiisa hore moea oa Ntate o phomotse leholimong, ’Mè o ne a e-ea mabitleng hangata, ka tloaelo a tšoareloa litšebeletso ke moprista oa Orthodox. Feela litšebeletso tseo li ne li lefelloa haboima. Ke sa ntse ke hopola letsatsi la Keresemese le batang poo! ha a ne a khutlela hae a e-tsoa mabitleng ke hulanya maoto pel’a hae. Re ne re sa tsoa fa moprista chelete ea rōna ea ho qetela. Ka mor’a hore ’Mè a phehele bana ba hae moroho, o ile a ikoalla ka kamoreng e ’ngoe, a lapile ’me likeleli li rotha marameng a hae ke ho felloa ke tšepo. Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka iteta sebete ka ea ho moprista ’me ka mo botsa hore na ke hobane’ng ha Ntate a shoele le hore na ke hobane’ng ha ’Mè ea futsanehileng a tlameha ho lefa moprista. O ile a hoeshetsa ka letsoalo le molato a re: “Molimo o mo nkile. Ho joalo bophelong. U tla tšeliseha.”

Ke ne ke thatafalloa ho bona tumellano pakeng tsa karabo ea hae le thapelo ea Morena, eo ke neng ke ithutile eona sekolong. Ke sa ntse ke hopola mantsoe a eona a qalang a monate le a utloahalang: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe. ’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Haeba Molimo a ne a bolela hore thato ea hae e etsoe lefatšeng, ke hobane’ng ha re ne re tlameha ho utloa bohloko bo bokaale?

Ke ile ka batla ke fumana karabo ea potso eo ka 1929 ha Emmanuel Lionoudakis, eo e neng e le ’moleli oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova, a etela heso.a Ha ’Mè a mo botsa hore na o batla’ng, Emmanuel ha aa ka a araba empa a mo neha karete ea ho paka. O ile a mpha karete eo hore ke e bale. Kaha ke ne ke le lilemo li robong feela, ha kea ka ka e utloisisa hantle. Kaha ’Mè o ne a nahana hore ’moleli enoa ea re etetseng ke semumu, o ile a araba: “Ao batho! Ha u tsebe ho bua, ’na ha ke khone ho bala.” Eaba ka mosa o mo supisa monyako hore a tsoe.

Ka mor’a lilemo tse seng kae, ke ile ka fumana karabo. Abuti oa ka, Emmanuel Paterakis, o ile a fumana bukana ea Where Are the Dead?, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehovab ho eena mosebeletsi enoa oa nako e tletseng. Ha ke e bala ke ile ka imoloha ha ke ithuta hore Ntate ha aa nkoa ke Molimo. Ke ile ka hlokomela hore lefu ke phello ea ho se phethahale ha batho le hore Ntate o emetse ho tsohela bophelong paradeiseng lefatšeng.

“Buka Ena e U Sentse!”

’Nete ea Bibele e ile ea re bula mahlo. Re ile ra fumana Bibele ea khale eo e neng e le ea Ntate ’me ra qala ho ithuta eona, hangata re bala re khantšitse kerese nakong ea mantsiboea re orile mollo. Kaha e ne e le ’na feela mosetsana ea neng a thahasella Bibele sebakeng sena, ke ne ke sa akarelletsoe mesebetsing ea sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa haeso. Ka nako e itseng, ka sebele ke ne ke lumela—le hoja ke ne ke fositse—hore bolumeli bona ke ba banna feela.

Ho chesehela ha abuti mosebetsi oa ho bolela ho ne ho nkhothatsa. Ha hoa ka ha feta nako e telele pele mapolesa a qala ho lebisa tlhokomelo e khethehileng lelapeng leso, a tla khafetsa ka nako efe kapa efe ea letsatsi le ea mantsiboea ho tla batla Abuti Emmanuel le lingoliloeng. Ke hopola hantle ha moprista a tlil’o re kholisa hore re khutlele kerekeng. Ha Abuti Emmanuel a mo bontša ka Bibele hore lebitso la Molimo ke Jehova, moprista enoa o ile a phamola Bibele, a e tsoka ka ho soka ka pel’a sefahleho sa Abuti, ’me a hooa a re, “Buka ena e u sentse!”

Ka 1940 ha Abuti Emmanuel a hana ho sebeletsa lebothong la sesole, o ile a tšoaroa a ba a romeloa ntoeng Albania. Re ne re sa tsebe moo a leng teng ’me ra nahana hore o shoele. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse peli, re sa lebella re ile ra amohela lengolo le tsoang ho eena le rometsoeng ke teronko. O ne a phela hantle! E ’ngoe ea litemana tseo a neng a buile ka tsona lengolong leo ha ea ka ea tloha kelellong ea ka haesale, e re: “Etsoe, ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Re ne re hloka khothatso e joalo hakaakang!

A ntse a le teronkong, Abuti Emmanuel o ile a khona ho kōpa bara ba bang babo rōna hore ba nketele. Kapele feela ho ile ha lokisetsoa hore ka lekunutu ho tšoaroe liboka tsa Bokreste ntlong ea polasi e ka thōko ho motse. Re ne re sa tsebe hore re lisitsoe! Ka Sontaha se seng, mapolesa a hlometseng a ile a re pota-pota. A ile a re kenya ka terakeng ’me a re potolosa le motse. Ke sa ntse ke hopola ha batho ba re tšeha ’me ba re nyelisa, empa Jehova ka moea oa hae o ile a re fa khotso ea kelello.

Re ile ra isoa motseng o mong moo ba ileng ba re kenya ka liseleng tse lefifi le letšo-letšo, tse litšila. Ntloana ea sele ea ka e ne e le selopo-emere se sa koaheloang se neng se qhaloa hang ka letsatsi. Ke ile ka ahloleloa likhoeli tse robeli teronkong hobane ho ne ho nkoa hore ke “mosuoetsana” oa sehlopha seo. Leha ho le joalo, mor’abo rōna e mong ea neng a kentsoe teronkong eo, o ile a lokisetsa hore ’muelli oa hae oa molao a re buelle nyeoeng ea rōna, ’me o ile a khona ho re thusa hore re lokolloe.

Bophelo bo Bocha

Hoba Abuti Emmanuel a lokolloe teronkong, o ile a qala ho etela liphutheho tsa Athene e le molebeli ea tsamaeang. Ke ile ka fallela moo ka 1947. Qetellong, ke ile ka kopana le sehlopha se seholo sa Lipaki—e ne e se sa banna feela empa ho ne ho boetse ho e-na le basali le bana. Qetellong, ka July 1947, ke ile ka khona ho tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Ke ne ke luma boromuoa kamehla, eaba ke qala ho ea sekolong sa mantsiboea ho ea ithuta Senyesemane. Ka 1950, ke ile ka ba pula-maliboho. ’Mè o ile a tla lula le ’na, ’me le eena o ile a amohela ’nete ea Bibele. O ile a lula e le e mong oa Lipaki tsa Jehova ho fihlela lefung la hae ka mor’a lilemo tse 34.

Selemong sona seo, ke ile ka kopana le John Marks (Markopoulos), monna ea hlomphehang haholo oa moea, ea tsoang United States. John o ne a hlahetse Albania ka boroa, ’me ka mor’a hore a fallele United States, e ile ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ka 1950 o ne a le Greece a leka ho fumana tokomane ea tumello ea ho etela Albania—eo ka nako eo e neng e le naha eo batho ba tsoang linaheng tse ka ntle ba neng ba sa lumelloe ho kena ho eona, e le tlas’a mofuta o thata-thata oa Bokomonisi. Le hoja John a ne a e-s’o bone lelapa labo ho tloha ka 1936, ha aa ka a lumelloa ho kena Albania. Ke ile ka angoa ke cheseho ea hae e matla bakeng sa tšebeletso ea Jehova le lerato la hae le tebileng bakeng sa mokhatlo oa bara ba motho. Re ile ra nyalana ka la 3 April, 1953. Eaba ke fallela le eena lehaeng la rōna le lecha New Jersey, U.S.A.

E le hore re ka iphelisa ha re ntse re bolela ka nako e tletseng, ’na le John re ne re e-na le khoebo e nyenyane lebōpong la New Jersey, ea ho lokisetsa batšoasi ba litlhapi lijo tsa hoseng. Re ne re sebetsa nakong ea lehlabula feela, ho tloha ka meso ho fihlela ka 9:00 hoseng. Ka ho etsa hore bophelo ba rōna bo lule bo sa rarahana re bile re etelletsa pele mesebetsi ea moea, re ile ra khona ho qeta boholo ba nako ea rōna mosebetsing oa ho bolela. Ho pholletsa le lilemo, re ile ra kōptjoa ho fallela metseng e sa tšoaneng moo ho neng ho hlokahala baboleli haholo. Ha re le moo, ka thuso ea Jehova re ile ra thusa ba thahasellang, ra theha liphutheho ra ba ra thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso.

Ho Thusa Barab’abo Rōna ba Hlokang

Leha ho le joalo, kapele re ile ra ba le monyetla o thabisang. Barab’abo rōna ba ikarabellang ba ne ba batla ho bula mocha oa ho buisana le Bakreste-’moho le bona ba lulang linaheng tsa Balkan moo mosebetsi oa rōna o neng o thibetsoe. Ka nako e telele Lipaki tsa Jehova linaheng tseo li ne li arohile mokhatlong oa bara ba motho oa machaba, li fumana lijo tsa moea tse seng kae kapa li sa li fumane ho hang, ’me li ne li talimane le khanyetso e sehlōhō. Boholo ba tsona bo ne bo behiloe leihlo ka linako tsohle, ’me bongata ba tsona bo le literonkong le likampong tsa mosebetsi o boima. Ho ne ho potlakile hore li fumane lingoliloeng tsa Bibele, tataiso le khothatso. Ka mohlala, molaetsa o mong oo re ileng ra o amohela o e-tsoa Albania o neng o ngotsoe ka mongolo oa lekunutu o ne o baleha tjena: “Re rapelleng ho Morena. Lingoliloeng li nkoa ntlong e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe. Ha ba re lumelle ho ithuta. Batho ba bararo ba kentsoe teronkong.”

Kahoo, ka November 1960 re ile ra qala leeto la likhoeli tse tšeletseng la ho etela tse ling tsa linaha tseo. Ho ne ho totobetse hore re ne re tla hloka “matla a fetang se tloaelehileng,” boikemisetso boo Molimo a fanang ka bona, sebete le bohlale ba ho phetha thōmo ea rōna. (2 Bakorinthe 4:7) Sebaka sa pele seo re neng re tla ea ho sona ke Albania. Re ile ra reka koloi Paris eaba rea tloha. Ha re se re fihlile Roma, ke John feela ea ileng a khona ho fumana tokomane ea tumello ea ho etela Albania. Ke ile ka tlameha ho fetela Athene, Greece, ’me ke mo emele moo.

John o ile a kena Albania ho ella qetellong ea February 1961 ’me a lula moo ho fihlela bofelong ba March. Ha a le Tiranë o ile a kopana ka seqo le barab’abo rōna ba 30. Ba ne ba thabile hakaakang ha ba fumana lingoliloeng le khothatso tseo ba li hlokang haholo! Ba ne ba e-s’o eteloe ke motho ea tsoang ka ntle ho naha eo ka lilemo tse 24.

John o ile a susumetsoa ke botšepehi le mamello tsa bara bao babo rōna. O ile a hlokomela hore ba bangata ba ne ba feletsoe ke mesebetsi ’me ba kentsoe literonkong ka lebaka la ho se kopanele mesebetsing ea naha ea Bokomonisi. O ile a ameha ka ho khetheha ha barab’abo rōna ba babeli ba lilemong tsa bo-80 ba mo fa monehelo o ka etsang R1 700 bakeng sa mosebetsi oa ho bolela. Ba ne ba ’nile ba boloka chelete ea penshene ea bona e fokolang ka nako e telele.

Letsatsi la ho qetela la ketelo ea John Albania e bile la 30 March, 1961—leo e neng e le letsatsi la Sehopotso sa lefu la Jesu. John o ile a fana ka puo ea Sehopotso ho bamameli ba 37. Ha puo e fela, barab’abo rōna ba ile ba potlakisetsa John ka ntle ka monyako o ka morao eaba ba mo isa boema-kepeng ba Durrës ka koloi, moo a ileng a palama sekepe sa khoebo sa Turkey se eang Piraiévs (Piraeus), Greece.

Ke ile ka thaba ha a khutlela ho ’na a sireletsehile. Joale re ne re ka kena leetong la rōna le boima la ho ea linaheng tse ling. Leetong lena re ile ra feta linaheng tse ling tse tharo tsa Balkan tse neng li thibetse mosebetsi oa rōna—le ne le le kotsi kaha re ne re nkile lingoliloeng tsa Bibele, mechine ea ho thaepa le thepa e ’ngoe. Re bile le tokelo ea ho kopana le bara le barali babo rōna ba tšepahalang ba neng ba ikemiselitse ho beha mesebetsi ea bona kotsing, bolokolohi ba bona esita le bophelo ba bona bakeng sa Jehova. Cheseho ea bona le lerato la bona le se nang boikaketsi e ne e le mohloli oa khothatso. Re ile ra boela ra tiisoa ke hore Jehova o ile a fana ka “matla a fetang se tloaelehileng.”

Ka mor’a ho phetha leeto la rōna ka katleho, re ile ra khutlela United States. Lilemong tse latelang, re ile ra tsoela pele ho sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ho leka ho romella lingoliloeng Albania le ho fumana litlaleho tsa mosebetsi oa barab’abo rōna.

Maetong Hangata, Likotsing

Ho ile ha feta nako e telele, ’me ke ile ka sala ke le mong ha John a hlokahala ka 1981, a le lilemo li 76. Morali oa Ausi, Evangelia, le monna oa hae, George Orphanides, ba ile ba ba mosa ho lula le ’na ha bona, ’me ba ntšehelitse hamolemo maikutlong le ka liketso ho tloha ka nako eo. Bona ka bobona ba ne ba ile ba bona ka mahlo tšehetso ea Jehova ha ba sebeletsa tlas’a thibelo Sudan.c

Qetellong, ho ile ha etsoa boiteko bo bong ba ho buisana le barab’abo rōna ba Albania. Kaha beng ka monna oa ka ba ne ba lula moo, ke ile ka botsoa hore na nka rata ho etela naheng eo. Ha ho pelaelo hore ke ne nka rata!

Ka mor’a ho etsa boiteko bo matla ka likhoeli tse itseng, ka May 1986, ke ile ka khona ho fumana tokomane ea tumello ea ho eta ofising ea bonģosa ea Albania e Athene. Basebetsi ba ofising eo bao e leng litsebi tsa litaba tsa machaba ba ile ba ntemosa ka matla hore haeba nka ba le bothata, ke se ke ka lebella hore linaha tse ling li nthuse. Ha ke e-ea ho motho ea rekisang litekete tsa maeto ke il’o reka tekete ea sefofane se eang Albania, o ile a tsieleha. Ha kea ka ka lumella tšabo hore e ntšitise, ’me kapele ke ne ke palame sefofane se le seng feela se tlohang Athene se eang Tiranë hang ka beke. Ke ne ke palame le Maalbania a mararo feela a tsofetseng haholo; a ne a bile Greece bakeng sa kalafo.

Hang feela ha sefofane sena se lula, ke ile ka lebisoa mok’huk’hung o se nang letho o neng o sebelisoa e le lefapha la lekhetho la thepa e kenang le e tsoang. Moena oa monna oa ka le khaitseli ea hae, le hoja e ne e se Lipaki tsa Jehova, ba ne ba ikemiselitse ho nthusa ho kopana le barab’abo rōna ba seng bakae ba sebakeng seo. Ka molao ba ne ba lokela ho tsebisa ramotse ka ho fihla ha ka. Ka lebaka leo, mapolesa a ne a lisitse metsamao ea ka haholo. Kahoo, beng ka ’na ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ke lule ha bona ha ba ntse ba batla barab’abo rōna ba babeli ba neng ba lula Tiranë ’me ba ba tlisa ho ’na.

Ka nako eo, ho ne ho tsejoa hore Albania eohle ho na le barab’abo rōna ba robong ba inehetseng. Lilemo tsa thibelo, mahloriso le ho behoa leihlo ka hloko li ne li entse hore ba be seli haholo. Lifahleho tsa bona li ne li sosobane. Ka mor’a hore ke kholise bara bana beso ba babeli, potso ea bona ea pele e bile e reng: “Melula-Qhooa e kae?” Ka nako e telele ba ne ba e-na le likopi tse peli feela tsa libuka tsa khale—ba se na le Bibele.

Ba ile ba bua haholo ka tsela e sehlōhō eo ’muso o neng o ba tšoere ka eona. Ba ile ba bua ka taba ea mor’abo rōna ea ratehang ea neng a ikemiselitse ho lula a sa jele paate lipolotiking likhethong tse neng li atamela. Kaha Naha e ne e laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe, sena se ile sa etsa hore lelapa la hae le se ke la abeloa lijo. Bana ba hae ba nyetsoeng le malapa a bona kaofela ba ne ba tla kenngoa teronkong, le hoja ba ne ba se bolumeling ba hae. Ho ile ha tlalehoa hore litho tsa lelapa la mor’abo, ka lebaka la tšabo, li ile tsa mo bolaea bosiung ba pele ho likhetho, tsa lahlela setopo sa hae ka selibeng, ’me hamorao tsa bolela hore o ile a tšoha hoo a bileng a ipolaea.

Bofutsana ba Bakreste bao ba habo rōna bo ne bo sithabetsa. Empa, ha ke ne ke leka ho fa e mong le e mong oa bona chelete ea pampiri ea lidolara tse 20, ba ile ba e hana, ba re, “Re batla lijo tsa moea feela.” Bara bana babo rōna ba ratehang ka mashome a lilemo ba ne ba phetse tlas’a ’muso oa khatello o neng o atlehile ho rupela batho ba bangata hore e be ba latolang boteng ba Molimo. Empa tumelo ea bona le boikemisetso li ne li le matla joaloka tsa Lipaki tsa libaka tse ling. Nakong eo ke neng ke tloha Albania ka mor’a libeke tse peli, ke ne ke anngoe ka ho teba ke ho khona ha Jehova ho fana ka “matla a fetang se tloaelehileng,” esita le tlas’a maemo a boima ka ho fetisisa.

Ke ile ka boela ka ba le tokelo ea ho etela Albania ka 1989 le ka 1991. Ha bolokolohi ba puo le ba bolumeli bo bonahala butle-butle naheng eo, palo ea barapeli ba Jehova e ile ea eketseha ka potlako. Hona joale palo ea Bakreste ba seng bakae ba inehetseng ba neng ba le moo ka 1986 e nyolohetse ho bahoeletsi ba mafolofolo ba fetang 2 200. Melpo, molamo oa ka, o ne a le har’a bona. Na ho ka ba le pelaelo ea hore tlhohonolofatso ea Jehova e ne e le sehlopheng seo se tšepahalang?

Ke Phetse Bophelo bo Khotsofatsang ka Lebaka la Matla a Jehova

Ha ke hetla morao, ke kholisehile hore mosebetsi oa rōna—’na le John—ha ea ba oa lefeela. Re sebelisitse matla a rōna a bocha ka tsela e molemo haholo. Tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng e bile e molemo haholo ho feta leha e le efe eo re ka beng re e entse. Ke thabisoa ke baratuoa ba bangata bao re ba thusitseng ho ithuta ’nete ea Bibele. Hona joale ha ke se ke ile lilemong, nka khothatsa ba bacha ka pelo eohle hore ba ‘hopole ’Mōpi oa bona e Moholo matsatsing a bocha ba bona.’—Moeklesia 12:1.

Leha ke se ke le lilemo li 81, ke sa ntse ke khona ho sebeletsa ke le mohoeletsi oa litaba tse molemo oa nako e tletseng. Ke tsoha esale hoseng ’me ke pakela batho liemelong tsa libese, libakeng tsa ho paka likoloi, seterateng, mabenkeleng, kapa lirapeng tsa boikhathollo. Hona joale mathata a botsofali a nthatafalletsa bophelo, empa bara le barali beso ba moea ba lerato—lelapa leso la moea le leholo—hammoho le lelapa la morali oa Ausi, ba ntšehelitse e le kannete. Ka holimo ho tsohle, ke ithutile hore “matla a fetang se tloaelehileng [ke] a Molimo eseng a tsoang ho rōna.”—2 Bakorinthe 4:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa pale ea bophelo ea Emmanuel Lionoudakis, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1999, leqepheng la 25-9.

b Bakeng sa pale ea bophelo ea Emmanuel Paterakis bona Molula-Qhooa oa November 1, 1996, leqepheng la 22-7.

c Bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1992 (ea Senyesemane), leqepheng la 91-2, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ka holimo: Ke John (ka thōko-thōko ka ho le letšehali), ke ’na (hare) le Abuti Emmanuel pel’a ka ka ho le letšehali le ’Mè ka letsohong le letšehali la Abuti, re na le sehlopha sa basebeletsi ba Bethele, Athene ka 1950

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ka ho le letšehali: Ke ’na le John khoebong ea rōna lebōpong la leoatle la New Jersey ka 1956

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Kopano ea Setereke ea Tiranë, Albania ka 1995

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mehaho ea Bethele, Tiranë, Albania. E phethiloe ka 1996

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ka holimo: Ke sehlooho sa “Molula-Qhooa” oa 1940 se fetoletsoeng ka lekunutu ka Sealbania

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ke ’na le Evangelia Orphanides, morali oa Ausi (ka ho le letona) le monna oa hae, George

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela