Lefatše Lohle le Ile la Timetsoa!
Ak’u talime lefatše le u potolohileng, metse ea lona, mekhoa ea lona ea bophelo, tsoelo-pele ea lona ea saense, baahi ba lona ba limilione tse likete. Ho bonolo ho khahloa ke ho le bona le le joalokaha eka le tla hlola ka ho sa feleng, na ha ho joalo? Na u ka lumela hore ka letsatsi le leng lefatše lee le ka nyamela ka ho feletseng? Ho ka ba thata ho bona seo ka mahlo a kelello. Leha ho le joalo, na ekaba ua tseba hore ho ea ka mohloli o mong o tšepahalang, ho kile ha e-ba le lefatše le leng pele ho lee ’me le ile la timetsoa ka ho feletseng?
HA RE bue ka lefatše la meloko e fetileng. Lefatše le ileng la timela le ne le tsoetse pele, le e-na le metse, le tsoetse pele mesebetsing ea bonono le tsebong ea saense. Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele e re bolella hore ka tšohanyetso, ka letsatsi la bo17 la khoeli ea bobeli, lilemo tse 352 pele mopatriareka Abrahama a tsoaloa, ho ile ha e-ba le moroallo o ileng oa hohola lefatše lohle.a
Na tlaleho eo e nepahetse? Na ka sebele ntho e joalo e ile ea etsahala? Na ka sebele ho ne ho e-na le lefatše la boholo-holo pele ho le teng kajeno le ileng la ntlafala ’me la timetsoa? Haeba e le ’nete, ke hobane’ng ha le ile la felisoa? Bothata e ne e le bofe? Ebile na ho na le seo re ka ithutang sona phelisong ea lona?
Na Kannete Lefatše la Boholo-holo le Ile la Timetsoa?
Haeba e ile ea etsahala, timetso e tšabehang hakaalo e ne e ke ke ea lebaloa ka ho feletseng. Ke kahoo lichabeng tse ngata ho nang le likhopotso tse ngata mabapi le timetso eo. Ka mohlala, ak’u nahane ka letsatsi le nepahetseng le tlalehiloeng ka Mangolong. Khoeli ea bobeli ea almanaka ea boholo-holo e ne e qala bohareng ba seo re reng ke October ho fihlela bohareng ba November. Kahoo, letsatsi la bo17 le batla le lumellana le letsatsi la pele la November. Kahoo, e ka ’na eaba hase ka tšohanyetso hore ebe linaheng tse ngata, ka nako eo ea selemo ho ketekoa mekete ea bafu.
Bopaki bo bong bo amanang le Moroallo bo fumanoa lineanong tsa moloko oa batho. Hoo e batlang e le batho bohle ba khale ba merabe e fapaneng ba na le tšōmo ea hore baholo-holo ba bona ba ile ba phonyoha Moroallo oa lefatše lohle. Mapygmy a Afrika, Macelt a Europe le Mainca a Amerika Boroa—kaofela ba na le litšōmo tse tšoanang, esita le batho ba Alaska, ba likarolong tse ling tsa Amerika Leboea, ba Australia, ba Chaena, ba India, ba Lithuania, ba Mexico, ba Micronesia le ba New Zealand, ha re qoolla linaha tse ’maloa feela tsa tsona.
Ke ’nete hore ho pholletsa le nako litšōmo tsena li ile tsa fetelletsoa, empa kaofela ha tsona li na le boitsebiso bo bontšang hore ha e le hantle li tsoa mohloling o le mong: Molimo o ne a halefisitsoe ke bokhopo ba moloko oa batho. O ile a tlisa moroallo o moholo. Moloko oa batho ka kakaretso o ile oa timetsoa. Leha ho le joalo, ho ile ha pholosoa ba ’maloa ba lokileng. Bana ba ile ba haha seketsoana seo batho le liphoofolo ba ileng ba bolokeha ka har’a sona. Ka mor’a nako e itseng, ho ile ha romeloa linonyana hore li e’o batla naha e omileng. Qetellong sekepe sena se ile sa lula holim’a thaba. Ka mor’a hore ba theohe, baphonyohi ba ile ba etsa sehlabelo.
See se bontša eng? Ha hoa etsahala ka tšohanyetso hore litšōmo tsena li tšoane hakana. Bopaki bo momahaneng ba litšōmo tsena bo lumellana hantle le bopaki ba Bibele ba boholo-holo ba hore batho bohle ba tsoa ho baphonyohi ba moroallo o ileng oa timetsa lefatše la moloko oa batho. Kahoo, ha re hloke ho itšetleha ka litšōmo kapa lipale tsa boholo-holo e le hore re ka tseba se ileng sa etsahala. Re na le tlaleho e ileng ea bolokoa ka hloko ka Mangolong a Bibele a Seheberu.—Genese, khaolo ea 6-8.
Bibele e fupere tlaleho e bululetsoeng ea histori ea moo bophelo bo qalehileng teng tšimolohong. Leha ho le joalo, bopaki bo supa hore e fupere ho hongata ho feta histori feela tjee. Boprofeta ba eona bo sa foseng le bohlale ba eona bo tebileng li bontša ka ho hlaka hore e seo e ipolelang hore e sona—ke molaetsa o tsoang ho Molimo o eang ho moloko oa batho. Ho fapana le litšōmo, litlaleho tsa Bibele li akarelletsa mabitso le matsatsi haesita le boitsebiso bo amanang le tatellano ea meloko le libaka tseo liketsahalo li ileng tsa etsahalla ho tsona. E re fa pono e hlakileng ea bophelo pele ho Moroallo ’me e senola hore na ke hobane’ng ha lefatše lohle le ile la timetsoa ka tšohanyetso.
Ke eng se neng se fosahetse ka moloko oa nakong ea pele ho Moroallo? Sehlooho se latelang se araba potso eo. Ke potso ea bohlokoa ho bohle bao mohlomong ba ipotsang hore na bokamoso ba moloko oa kajeno bo tsitsitse ho le hokae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
[Chate e leqepheng la 4]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Litšōmo Tsa Moroallo Lefatšeng ka Bophara
Naha Ho Tšoana 1 2 3 4 5 6 7 8 9 10
Greece 7 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Roma 6 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Lithuania 6 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Assyria 9 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Tanzania 7 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
India - Mahindu 6 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
New Zealand - Maori 5 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Micronesia 7 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Washington U.S.A. - Mayakima 7 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Mississippi U.S.A. - Machoctaw 7 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Mexico - Mamichoacan 5 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Amerika Boroa - Maquechua 4 ◆ ◆ ◆ ◆
Bolivia - Machiriguano 5 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
Guyana - Maarawak 6 ◆ ◆ ◆ ◆ ◆ ◆
1: Molimo o ile a halefisoa ke bokhopo
2: Timetso ka Moroallo
3: E laetsoe ke Molimo
4: Ho fanoe ka temoso ea bomolimo
5: Ho pholoha batho ba ’maloa
6: Ba bolokoa ka har’a sekepe
7: Liphoofolo lia bolokoa
8: Ho ile ha rongoa linonyana le liphoofolo tse ling
9: Qetellong se lula holim’a thaba
10: Ho etsoa sehlabelo