Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 1/15 maq. 5-8
  • Moroallo Lipaleng tsa Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moroallo Lipaleng tsa Lefatše
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tšoana ho Hlollang
  • Lipale tsa Boholo-holo tsa Moroallo
  • Lipale tsa Bochabela bo Hōle
  • Amerika
  • Pacific Boroa le Asia
  • Qaleho e Tšoanang
  • Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lefatše Lohle le Ile la Timetsoa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Moroallo Temoso e Tsoang Nakong e Fetileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Taba ea Noe le Moroallo—Ke ’Nete, Hase Tšōmo Feela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 1/15 maq. 5-8

Moroallo Lipaleng tsa Lefatše

MOROALLO oa mehleng ea Noe e bile timetso ea tlokotsi hoo batho ba neng ba ke ke ba e lebala le ka mohla. Lilemo tse fetang 2 400 hamorao, Jesu Kreste o ile a bua ka ’ona e le ’nete ea histori. (Mattheu 24:37-39) Ketsahalo ena e tšosang e ile ea siea mohopolo o sa lebaloeng molokong oa motho hoo ho nang le lipale tse buang ka eona lefatšeng lohle.

Bukeng Myths of Creation, Philip Freund o hakanya hore lipale tse fetang 500 tsa Moroallo li phetoa ke merabe le lichaba tse fetang 250. Joalokaha ho ka lebelloa, ha makholo a mangata a lilemo a ntse a feta, lipale tsena li ’nile tsa natefisoa haholo ka liketsahalo le batšoantši ba inahaneloang. Leha ho le joalo, ho tsona kaofela ho ka fumanoa ho tšoana ha motheo.

Ho Tšoana ho Hlollang

Ha batho ba ntse ba falla Mesopotamia ka mor’a Moroallo, ba ile ba isa litlaleho tsa koluoa ena likarolong tsohle tsa lefatše. Kahoo, baahi ba Asia, lihleke-hleke tsa Pacific Boroa, Amerika Leboea, Amerika Bohareng, le Amerika Boroa ba na le lipale tsa ketsahalo ena e tsotehang. Lipale tsena tse ngata tsa Moroallo li bile teng nako e telele pele batho bana ba tseba Bibele. Leha ho le joalo, lipale tsena li na le lintlha tsa motheo tse tšoanang le tsa tlaleho ea Bibele ka Moroallo.

Lipale tse ling li bua ka linatla tse mabifi tse neng li phela lefatšeng pele ho Moroallo. Ha ho bapisoa, Bibele e bontša hore pele ho Moroallo mangeloi a hlokang kutlo a ile a iphetolela ’meleng ea nama, a ba le likamano tsa botona le botšehali le basali, ’me a hlahisa morabe oa linatla tse bitsoang Banefilimi.—Genese 6:1-4, NW; 2 Petrose 2:4, 5.

Hangata lipale tsa Moroallo li bontša hore motho a le mong o ile a lemosoa ka moroallo o tlang o tsoang ho Molimo. Ho latela Bibele, Jehova Molimo o ile a lemosa Noe hore O ne a tla felisa batho ba khopo le ba mabifi. Molimo o ile oa bolella Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile pel’a ka, hobane lefatše le tletse ho bolaeana ha bona, ’me joale ke tla ba timeletsa le lefatše.”—Genese 6:13.

Lipale tse mabapi le Moroallo ka kakaretso li bontša hore o ile oa tlisa timetso ea lefatše lohle. Ka ho tšoanang, Bibele e re: “Metsi a ipha matla haholo-holo lefatšeng; ’me lithaba tsohle tse telele tse ka tlas’a maholimo ’ohle tsa apesoa. Lintho tsohle tse neng li na le phefumoloho ea ho phela linkong tsa tsona, kaofela ha tse lutseng moo ho omileng tsa e-shoa.”—Genese 7:19, 22.

Lipale tse ngata tsa Moroallo li bolela hore motho o ile a pholoha Moroallo hammoho le motho a le mong kapa ba seng bakae. Lipale tse ngata li bua ka motho enoa a itšireletsa sekepeng seo a se entseng, ’me ba etsa hore sekepe sena se lule holim’a thaba. Ha ho bapisoa, Mangolo a bolela hore Noe o ile a haha areka. A boetse a bolela hore: “Ha sala Noe feela, le tsohle tsee a neng a na le tsona arekeng.” (Genese 6:5-8; 7:23) Ho latela Bibele, ka mor’a Moroallo, “areka ea ema holim’a lithaba tsa Ararate,” moo Noe le lelapa la hae ba ileng ba tsoa arekeng. (Genese 8:4, 15-18) Lipale li boetse li bontša hore baphonyohi ba Moroallo ba ile ba qala ho tlatsa lefatše ka baahi, joalokaha Bibele e bontša hore lelapa la Noe le ile la etsa joalo.—Genese 9:1; 10:1.

Lipale tsa Boholo-holo tsa Moroallo

Re ntse re hopotse lintlha tse boletsoeng ka holimo, a re ke re nahaneng tse ling tsa lipale tsa Moroallo. Mohlomong re ka qala ka Masumere, batho ba boholo-holo ba neng ba ahile Mesopotamia. Tlaleho ea bona ea Moroallo e ile ea fumanoa letlapeng la letsopa le ileng la epolloa masuping a Nippur. Letlapa lena le bolela hore melimo ea Masumere, Anu le Enlil e ile ea etsa qeto ea ho felisa batho ka Moroallo o moholo. Ka baka la ho lemosoa ke molimo Enki, Ziusudra le lelapa la hae ba ile ba tseba ho pholoha ka sekepe se seholo.

Thoko ea Gilgamesh oa Babylona e na le makolopetso a mangata. Ho ea ka eona, Gilgamesh o ile a etela ntat’ae moholo Utnapishtim, ea ileng a putsoa ka bophelo bo sa feleng ka mor’a ho pholoha Moroallo. Puisanong e ileng ea tsoela pele, Utnapishtim o ile a hlalosa hore o ile a bolelloa hore a etse sekepe ’me a kenye likhomo, liphoofolo tse hlaha, le lelapa la hae ka har’a sona. O ile a etsa sekepe sena se seholo se mahlakore a tšeletseng a lekanang ao tekanyo ea lehlakore ka leng e leng limithara tse 60, se nang le mekato e tšeletseng. O bolella Gilgamesh hore sefefo sena se ile sa nka matsatsi a tšeletseng le masiu a tšeletseng, ’me o re: “Ha letsatsi la bosupa le fihla, sefefo, Moroallo le ho tšaba ntoa tse neng li timelitse lintho tsohle tse phelang joaloka lebotho la ntoa li ne li fetile. Leoatle le ile la khutsa, setsokotsane se ile sa fela le Moroallo oa emisa. Ke ile ka talima leoatleng ’me molumo oa mantsoe o ne o felile. Batho bohle ba ne ba fetohile letsopa.”

Ka mor’a hore sekepe se lule Thabeng ea Nisir, Utnapishtim o ile a ntša leeba le ileng la khutlela sekepeng ha le sa fumane sebaka sa ho lula. Le ile la lateloa ke lefokotsane leo le lona le ileng la khutla. Eaba o ntša lekhoaba, ’me ha le sa khutle, a tseba hore metsi a kokobetse. Eaba Utnapishtim o ntša liphoofolo ’me a etsa sehlabelo.

Pale ena ea khale haholo e tšoana le tlaleho ea Bibele ka Moroallo. Leha ho le joalo, e haelloa ke makolopetso a hlakileng a tlaleho ea Bibele, ’me ha e fane ka boholo bo nepahetseng ba mahlakore a areka kapa hona ho fana ka nako e bontšitsoeng ka Mangolong. Ka mohlala, Thoko ea Gilgamesh e boletse hore sefefo sena se nkile matsatsi a tšeletseng le masiu a tšeletseng ha Bibele eona e re “pula ea na lefatšeng ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane”—pula e matla hoo qetellong e ileng ea koahela lefatše lohle ka metsi.—Genese 7:12.

Le hoja Bibele e bua ka baphonyohi ba robeli ba Moroallo, paleng ea Magerike ke feela Deucalion le mosali oa hae, Pyrrha, ba ileng ba pholoha. (2 Petrose 2:5) Ho latela pale ena, pele ho Moroallo, lefatše le ne le tletse batho ba mabifi ba bitsoang banna ba sebete le ba hlokang kutloelo-bohloko. Molimo Zeus o ile a etsa qeto ea ho ba timetsa ka moroallo o moholo ’me a bolella Deucalion hore a etse lebokose le leholo ’me a kene ka har’a lona. Ha moroallo o kokobela, lebokose lena le ile la ema Thabeng ea Parnassus. Deucalion le Pyrrha ba ile ba theoha thabeng ’me ba qalisa moloko oa batho hape.

Lipale tsa Bochabela bo Hōle

India ho na le pale ea Moroallo eo ho eona Manu e leng mophonyohi. O ile a etsa setsoalle le tlhapi e nyenyane e hōlang ho fihlela e e-ba khōlō ’me e mo lemosa ka moroallo o timetsang. Manu o ile a etsa sekepe seo tlhapi ena e se hulang ho fihlela se ema holim’a e ’ngoe ea lithaba tsa Himalaya. Ha moroallo o kokobela, Manu o ile a theoha thabeng ’me a e-na le Ida, mothofatso oa sehlabelo sa hae, o ile a tsosolosa moloko oa batho.

Ho latela pale ea moroallo ea Machaena, molimo oa letolo o fa bana ba babeli leino, Nuwa le Fuxi. O ba laela hore ba le leme le ho itšerelletsa ka har’a seho seo le neng le tla se hlahisa. Hang-hang sefate sa mela se tsoa leinong ’me sa hlahisa seho se seholo. Ha molimo oa letolo o nesa pula e matla, bana bana ba ile ba kena ka sehong. Le hoja baahi bohle ba lefatše ba ile ba khangoa ke metsi, Nuwa le Fuxi ba ile ba pholoha ’me ba tlatsa lefatše ka baahi hape.

Amerika

Maindia a Amerika Leboea a na le lipale tse fapaneng tse nang le moko-taba o tšoanang oa moroallo o timetsang batho bohle ntle le ba seng bakae. Ka mohlala, Maarikara, batho ba Caddo, ba bolela hore ka nako e ’ngoe moloko oa batho o matla hoo o bileng oa nyelisa melimo o ne o ahile lefatšeng. Molimo Nesaru o ile oa felisa linatla tsena ka moroallo empa oa sireletsa batho ba ’ona, liphoofolo, le poone ka lehaheng. Batho ba Havasupai ba re molimo Hokomata o ile oa tlisa moroallo o ileng oa timetsa batho bohle. Leha ho le joalo, monna ea bitsoang Tochopa o ile a sireletsa morali oa hae Pukeheh ka ho mo koalla ka kutung ea sefate e nang le mokoti.

Maindia a Amerika Bohareng le Amerika Boroa a na le lipale tsa moroallo tse nang le ho tšoana ho itseng ha motheo. Mamaya a Amerika Bohareng a ne a lumela hore noha e khōlō ea pula e ile ea felisa lefatše ka sekhohola. Mexico, phetolelo ea Chimalpopoca e bolela hore moroallo o ile oa koahela lithaba. Molimo Tezcatlipoca o ile oa lemosa monna ea bitsoang Nata, ea ileng a fata sekoti kutung ea sefate moo eena le mosali oa hae Nena, ba ileng ba fumana tšireletseho ho fihlela metsi a kokobela.

Peru, Machincha a na le pale ea moroallo oa matsatsi a mahlano o ileng oa timetsa batho bohle ka ntle ho a le mong eo llama e buang e ileng ea mo isa thabeng hore a ka bolokeha. Maaymara a Peru le Bolivia a bolela hore molimo Viracocha o ile oa tsoa Letšeng la Titicaca ’me oa bōpa lefatše le batho ba boholo bo sa tloaelehang, ba matla. Kaha moloko ona oa pele o ile oa mo halefisa, Viracocha o ile a o timetsa ka moroallo.

Maindia a Matupinamba a Brazil a ile a bua ka nako eo ka eona baholo-holo ba bona bohle ba ileng ba qoela har’a moroallo o moholo, ha sala ba neng ba le liketsoaneng kapa holim’a lifate tse telele. Macashinaua a Brazil, Macushi a Guyana, Macarib a Amerika Bohareng, Maona le Mayahgan a Tierra del Fuego e Amerika Boroa a har’a merabe e mengata e nang le lipale tsa moroallo.

Pacific Boroa le Asia

Ho pholletsa le Pacific Boroa, lipale tsa moroallo tse bontšang batho ba seng bakae ba pholohang li tloaelehile. Ka mohlala, Samoa ho na le pale ea moroallo oa mehleng ea khale o ileng oa timetsa batho bohle ka ntle ho Pili le mosali oa hae. Ba ile ba fumana tširelo lefikeng, ’me ka mor’a moroallo ba tlatsa lefatše ka batho hape. Lihleke-hlekeng tsa Hawaii batho ba ile ba halefisa molimo Kane, ’me oa tlisa moroallo hore o ba timetse. Ke Nuʹu feela ea ileng a pholoha ka ho baleha ka sekepe se seholo seo qetellong se ileng sa ema thabeng.

Mindanao e Philippines, Maata a bolela hore lefatše le kile la koaheloa ke metsi a ileng a timetsa batho bohle ka ntle ho banna ba babeli le mosali. Maiban a Sarawak, Borneo, a bolela hore ke batho ba ’maloa feela ba ileng ba pholoha moroallo ka ho balehela lithabeng tse phahameng ka ho fetisisa. Lipaleng tsa Maigorot a Philippines, ke motho le khaitseli ea hae feela ba ileng ba pholoha ka ho itšireletsa Thabeng ea Pokis.

Masoyot a Siberia, Russia, a bolela hore sehohoana se seholo, se neng se tšehelitse lefatše, se ile sa sisinyeha ’me sa etsa hore lefatše lohle le koaheloe ke metsi. Monna-moholo e mong le lelapa la hae ba ile ba pholoha ka ho palama sekepe se entsoeng ka likutu tsa lifate tse tlamelletsoeng hammoho seo a neng a se entse. Ha metsi a kokobela, sekepe sena se ile sa lula holim’a thaba e phahameng. Maugrian a ka bophirimela ho Siberia le Hungary le ’ona a re baphonyohi ba moroallo ba ile ba sebelisa likepe tse entsoeng ka likutu tsa lifate tse tlamelletsoeng hammoho empa metsi a li hoholela likarolong tse fapaneng tsa lefatše.

Qaleho e Tšoanang

Re ka fihlela qeto efe ka lipale tsee tse ngata tsa Moroallo? Le hoja li fapana haholo ka makolopetso, li na le lintlha tse ling tseo li tšoanang ka tsona. Li bontša hore o qalile timetsong e khōlō e ke keng ea lebaloa. Ho sa tsotellehe ho se tšoane ho hlakileng ha lipale tsena ho theosa le makholo a lilemo, moko-taba oa tsona o tšoana le khoele e le ’ngoe e li tlamellang hammoho ketsahalong e le ’ngoe e khōlō—Moroallo oa lefatše lohle o tlalehong ea Bibele e bonolo, e sa fetoloang.

Kaha lipale tsa Moroallo ka kakaretso li fumanoa har’a batho ba sa kang ba sebelisa Bibele ho fihlela makholong a morao tjena a lilemo, e ne e tla ba phoso ho tiisa hore tlaleho ea Mangolo e ile ea ba susumetsa. Ho feta moo, The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Taba ea hore litlaleho tsa moroallo li fumaneha hohle e atisa ho nkoa e le bopaki bakeng sa timetso e akaretsang ea batho ka moroallo . . . Ho feta moo, tse ling tsa litlaleho tsa boholo-holo li ngotsoe ke batho ba leng khahlanong le meetlo ea Bakreste ea Seheberu ka mokhoa o felletseng.” (Buka 2, leqephe 319) Kahoo ka kholiseho re ka fihlela qeto ea hore lipale tsa Moroallo li tiisa bonnete ba tlaleho ea Bibele.

Joalokaha re phela lefatšeng le tletseng pefo le boitšoaro bo bobe, re etsa hantle ha re bala litlaleho tsa Bibele tsa Moroallo, joalokaha li tlalehiloe ho Genese likhaolo 6 ho ea ho 8. Haeba re nahanisisa ka lebaka leo Moroallo oo oa lefatše lohle o ileng oa ba teng ka lona—ho etsoa ha bokhopo mahlong a Molimo—re tla o talima joaloka temoso ea bohlokoa.

Haufinyane Molimo o tla ahlola tsamaiso ea lintho e khopo ea hona joale. Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ho tla ba le baphonyohi. U ka ba har’a bona haeba u ela hloko mantsoe a moapostola Petrose: “Le hoba lefatše la mehleng eo [ea Noe] le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi. Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo, li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang. . . . Joale, ha e le moo ntho tseo tsohle li abetsoe ho felisoa, e ka khona le be batho ba matla hakakang liketsong tse halalelang tsa borapeli; le ntse le lebeletse ’me le akofisa ho tla ha letsatsi la Molimo.”—2 Petrose 3:6-12.

Na u tla nahana ka ho ba teng ha letsatsi la Jehova ka mehla? Haeba u etsa joalo ’me u sebetsa tumellanong le thato ea Molimo, u tla thabela mahlohonolo a maholo. Ba thabisang Jehova Molimo ka tsela eo ba ka ba le tumelo lefatšeng le lecha leo Petrose a buang ka lona ha a phaella: “Empa re lebeletse, ka pallo ea ’ona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.”—2 Petrose 3:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lipale tsa moroallo tsa Babylona li ile tsa fetisoa ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Na u ela temoso ea Petrose hloko ka ho lula u nahana ka letsatsi la Jehova?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela