Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/15 maq. 4-7
  • Na Satane ke Motho oa Tšōmong Kapa ke Motho oa Sebele ea Khopo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Satane ke Motho oa Tšōmong Kapa ke Motho oa Sebele ea Khopo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ea Bolumeli ea Bokreste ba Bokoenehi
  • Litumela-khoela Tsa Boholo-holo
  • Ho Lumela Kapa ho se Lumele ha Hona Joale
  • Se Rutoang ke Mangolo
  • Puso ea Satane e Haufi le ho Fela
  • Diabolose—Hase Tumela-khoela Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lebelang—Satane o Batla ho le Harola!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Satane
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/15 maq. 4-7

Na Satane ke Motho oa Tšōmong Kapa ke Motho oa Sebele ea Khopo?

HO TLOHA khale batho ba nahanang ba ’nile ba ipotsa hore na bokhopo bo simolohile hokae. A Dictionary of the Bible, ea James Hastings e re: “Ha motho a re phapha! o ile a iphumana a pota-potiloe ke matla ao a neng a sitoa ho a laola, a nang le tšusumetso e kotsi kapa e senyang.” Eona buka ena e boetse e re: “Ka tlhaho batho ba mehleng ea pele ba ne ba batla ho tseba hore na lintho li bakoa ke eng, ’me ba ne ba hlalosa hore matla a tlhaho le lintho tse ling tse bontšoang ke tlhaho li bakoa ke batho.”

Bo-rahistori ba bolela hore ho lumela ho melimo ea bademona le meea e khopo ho simolohile Mesopotamia. Bababylona ba boholo-holo ba ne ba lumela hore Nergale, molimo ea mabifi ea tsejoang e le “ea chesang,” o ne a okametse sebaka sa meea e shoeleng, kapa “lefatše la boea-batho.” Ba ne ba boetse ba tšaba bademona, bao ba neng ba leka ho ba qekisa ka boselamose. Tšōmong ea Baegepeta, Set e ne e le molimo oa bokhopo, “sebata se nang le nko e tšesaane e sefene, litsebe tse motsu le mohatla o sataletseng o kang fereko.”—Larousse Encyclopedia of Mythology.

Le hoja Bagerike le Baroma ba ne ba e-na le melimo e molemo le e khopo, ba ne ba se na molimo ea ka sehloohong ea khopo. Bo-rafilosofi ba bona ba ne ba ruta hore ho na le melao-motheo e ’meli e hanyetsanang. Empedocles eena o ne a ruta hore ho na le molao-motheo oa Lerato le Qhoebeshano. Plato eena o ne a ruta hore lefatše le na le “Meea” e ’meli, o mong e le oa botle, o mong e le oa bokhopo. Joalokaha Georges Minois a bolela bukeng ea hae ea Le Diable (Diabolose), “bolumeli ba bohetene ba Bagerike le Baroma bo ne bo sa lumele hore Diabolose o teng.”

Iran, balateli ba Zoroaster ba ne ba ruta hore molimo ea phahameng ka ho fetisisa Ahura Mazda, kapa Ormazd, o ile a bōpa Angra Mainyu, kapa Ahriman, ea ileng a khetha ho etsa bokhopo eaba o fetoha Moea o Timetsang kapa Mosenyi.

Tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda, Satane o hlalosoa habonolo e le Sera sa Molimo se entseng hore sebe se be teng. Empa ka mor’a makholo a mangata a lilemo, tlhaloso ena e ile ea silafatsoa ke likhopolo tsa bohetene. Encyclopaedia Judaica e re: “Ho ne ho etsahetse phetoho e khōlō . . . ho elella makholong a qetellang a lilemo B.C.E. Nakong ena, bolumeli [ba Sejuda] . . . bo ile ba amohela litšobotsi tse ngata tsa tsamaiso ea bolumeli e amohelang tsamaiso ea melao-motheo e ’meli e hanyetsanang eo ho eona Molimo le matla a molemo le ’nete ba hanyetsoang leholimong le lefatšeng ke matla a bokhopo le thetso. Ho bonahala hore sena se ne se susumetsoa ke bolumeli ba Bapersia.” The Concise Jewish Encyclopedia e re: “Ho ne ho itšireletsoa ho [bademona] ka ho boloka melao le ka ho sebelisa lithatho.”

Thuto ea Bolumeli ea Bokreste ba Bokoenehi

Feela joalokaha tsamaiso ea bolumeli ea Sejuda e ile ea amohela likhopolo tseo e seng tsa Bibele mabapi le Satane le bademona, Bakreste ba bakoenehi ba ile ba ntšetsa pele likhopolo tseo e seng tsa Mangolo. The Anchor Bible Dictionary e re: “Maikutlo a mang a feteletseng a thuto ea boholo-holo ea bolumeli ke hore Molimo o ile a lefa Satane hore a lokolle batho ba hae.” Khopolo ena e ile ea hlahisoa ke Irenaeus (oa lekholong la bobeli la lilemo C.E.). E ile ea ntšetsoa pele hape ke Origen (oa lekholong la boraro la lilemo C.E.), ea ileng a bolela hore “ka molao batho ba matleng a diabolose” ’me a nka hore “lefu la Kreste . . . ke thekollo e lefuoang ho diabolose.”—History of Dogma, ea Adolf Harnack.

Ho latela The Catholic Encyclopedia, “hoo e ka bang ka lilemo tse sekete [khopolo ea hore thekollo e ile ea lefuoa ho Diabolose] e ne e le karolo ea bohlokoa historing ea thuto ea bolumeli,” ’me e ile ea lula e le karolo ea tumelo ea kereke. Bo-ntate ba bang ba Kereke, ho kopanyelletsa le Augustine (oa lekholong la bone ho ea ho la bohlano la lilemo C.E.), ba ile ba amohela khopolo ea hore thekollo e ile ea lefuoa ho Satane. Qetellong, lekholong la bo12 la lilemo C.E., baruti ba thuto ea bolumeli ba K’hatholike Anselm le Abelard ba ile ba etsa qeto ea hore sehlabelo sa Kreste ha sea ka sa nyeheloa ho Satane empa se ile sa nyeheloa ho Molimo.

Litumela-khoela Tsa Boholo-holo

Le hoja liboka tse ngata tsa Kereke e K’hatholike li ne li sa bue letho ka Satane, ka 1215 C.E., Seboka sa Bone sa Lateran se ile sa fana ka seo New Catholic Encyclopedia e se bitsang “phatlalatso e tiileng ea tumelo.” Thuto ea 1 e re: “Molimo o bōpile diabolose le bademona ba bang ba lokile, empa bona ba ile ba iphetola ba khopo.” E phaella ka ho re ba iphathahanya ka ho batla ho leka batho. Batho ba bangata ba ile ba amohela khopolo ena Mehleng ea Boholo-holo. Ba ne ba nka hore Satane o baka eng kapa eng e sa tloaelehang, joaloka ho kula ho sa tsejoeng hore na ho bakoa ke eng, lefu la tšohanyetso kapa ho se chae. Ka 1233 C.E., Mopapa Gregory IX o ile a ngola mangolo a mangata khahlanong le bakhelohi, ho kopanyelletsa le le khahlanong le Balucifera, bao ho neng ho thoe ke barapeli ba Diabolose.

Kapele, ho lumela hore batho ba ka kenoa ke Diabolose kapa bademona ba hae ho ile ha etsa hore batho ka kakaretso ba be le tšabo e sa laoleheng ea boloi. Ho tloha lekholong la bo13 la lilemo ho ea ho la bo17, bo-ralikolone ba Europe ba ile ba jala ho tšaba baloi Europe ho ea fihla Amerika Leboea. Esita le bo-raliphetoho ba Baprostanta, Martin Luther le John Calvin, ba ile ba lumella ho tsongoa ha baloi. Europe, baloi ba ne ba qosoa ka litaba tsa bo-ba-re feela kapa ka lonya ’me linyeoe tsena li ne li tsamaisoa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi le makhotla a tloaelehileng. Ka tloaelo batho ba ne ba hlokofatsoa ho fihlela ba lumela hore ba molato.

Ba fumanoang ba le molato ba ne ba ahloleloa lefu ka ho chesoa, kapa haeba ba le Engelane le Scotland, ba ne ba fanyehoa. Ha e bua ka palo ea ba bolailoeng, The World Book Encyclopedia e re: “Bo-rahistori ba bang ba bolela hore ho tloha ka 1484 ho ea ho 1782, kereke ea Bokreste e ile ea bolaea basali ba ka bang 300 000 ka lebaka la boloi.” Haeba ke Satane ea neng a susumelletsa tlokotsi ee ea boholo-holo, o ne a sebelisa bo-mang—ba bolailoeng kapa bahlorisi ba bona ba nang le cheseho e feteletseng ea bolumeli?

Ho Lumela Kapa ho se Lumele ha Hona Joale

Lekholong la bo18 la lilemo ho ile ha ata maikutlo a ho nahanisisa bonnete ba taba, a bitsoang Tlhahiso Leseling. Encyclopædia Britannica e re: “Filosofi le thuto ea bolumeli ea Tlhahiso Leseling e ile ea leka ho tlosa diabolose likelellong tsa Bakreste ka ho bolela hore ke tšōmo ea Mehleng ea Boholo-holo.” Sebokeng sa Pele sa Vatican (sa 1869-70), Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea hanyetsa sena ’me ea boela ea tiisa hore e lumela hore Satane Diabolose o teng, ’me e ile ea pheta sena empa e se e se ka matla Sebokeng sa Bobeli sa Vatican (sa 1962-65).

Ka molao, joalokaha New Catholic Encyclopedia e lumela, “Kereke e lumela e sa qeaqee hore mangeloi le bademona ba teng.” Leha ho le joalo, Théo, dikishinari ea Sefora ea Bok’hatholike e lumela hore “kajeno Bakreste ba bangata ha ba batle ho lumela hore bokhopo bo lefatšeng bo bakoa ke diabolose.” Lilemong tsa morao tjena baruti ba thuto ea bolumeli ba K’hatholike ba ’nile ba tobana le pharela ea hore na ba sekamela thutong ea K’hatholike kapa tseleng eo batho ba nahanang ka eona kajeno. Encyclopædia Britannica e re: “Thutong ea bolumeli ea Bokreste eo ho eona ho amoheloang lithuto tse ncha, ho nkoa seo Bibele e se buang ka Satane e le feela ntho e tšoantšetsang bobe—tšōmo e etsoang ka boiteko ba ho bontša hore bokhopo bo teng le hore bo tebile bokahohleng.” Ha e bua ka Baprostanta, eona buka ena e re: “Boprostanta ba kajeno bo amohelang lithuto tse ncha bo bolela hore ha ho hlokahale ho lumela hore diabolose ke motho.” Empa na Bakreste ba ’nete ba lokela ho nka seo Bibele e se buang ka Satane e le feela ntho e tšoantšetsang bobe?

Se Rutoang ke Mangolo

Tlhaloso eo Bibele e fanang ka eona ka tšimoloho ea bokhopo e utloahala ho feta eo filosofi ea batho le thuto ea bolumeli li fanang ka eona. Seo Mangolo a se bolelang ka Satane ke sona se re thusang ho utloisisa tšimoloho ea bokhopo le mahlomola a batho, esita le hore na ke hobane’ng ha pefo e mpe ka ho fetisisa e ka nahanoang e ntse e hloa mekoalaba selemo le selemo.

Ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Haeba Molimo e le ’Mōpi ea molemo le ea lerato, ho tlile joang hore a bōpe sebōpuoa se khopo sa moea joaloka Satane?’ Bibele e tiisa molao-motheo oa hore mesebetsi eohle ea Jehova Molimo e phethahetse le hore libōpuoa tsohle tsa hae tse bohlale li na le boikhethelo. (Deuteronoma 30:19; 32:4; Joshua 24:15; 1 Marena 18:21) Ka hona, motho oa moea ea ileng a iphetola Satane, e tlameha ebe o ile a bōptjoa a phethahetse eaba o kheloha tseleng ea ’nete le ho loka ka boomo.—Johanne 8:44; Jakobo 1:14, 15.

Ka litsela tse ngata, borabele ba Satane bo tšoana le ba “morena oa Tyre,” ea ileng a reneketsoa ka hore ‘o phethahetse ka botle,’ ’me ‘o ne a se na molato litseleng tsa hae ho tloha letsatsing la ho bōptjoa ha hae ho fihlela ho fumanoa ho se loke ho eena.’ (Ezekiele 28:11-19) Satane ha aa ka a hanyetsa bophahamo ba Jehova kapa hore ke ’Mōpi. O ne a ke ke a etsa joalo hobane o bōpiloe ke Molimo. Leha ho le joalo, Satane o ile a phephetsa tsela eo Jehova a neng a busa ka eona. Serapeng sa Edene, Satane o ile a fana ka maikutlo a hore Molimo o ne a hanela banyalani ba pele ka ntho eo ba neng ba e-na le tokelo ea ho e fumana le e neng e tla ba tlisetsa katleho. (Genese 3:1-5) O ile a atleha ho etsa hore Adama le Eva ba fetohele bobusi bo lokileng ba Jehova ’me a tlisetsa bona le bana ba bona sebe le lefu. (Genese 3:6-19; Baroma 5:12) Ka hona, Bibele e bontša hore ke Satane ea bakang mahlomola a hlahelang batho.

Pejana ho Moroallo, mangeloi a mang a ile a ikopanya le Satane bofetoheling. A ile a iphetola batho bakeng sa ho khotsofatsa litakatso tsa ’ona tsa ho kopanela liphate le barali ba batho. (Genese 6:1-4) Nakong ea Moroallo, mangeloi ana a koenehileng a ile a khutlela sebakeng sa moea eseng leholimong ‘sebakeng seo a neng a le ho sona pele’ le Molimo. (Juda 6) A ile a theoleloa tlaase lefifing le letšo-letšo la moea. (1 Petrose 3:19, 20; 2 Petrose 2:4) A ile a fetoha bademona, ’me ha aa ka a hlola a sebeletsa tlas’a puso ea Jehova, empa a ne a se a phela tlas’a taolo ea Satane. Le hoja ka ho totobetseng bademona ba ke ke ba hlola ba iphetola batho, ba ntse ba susumetsa likelello le bophelo ba batho ka matla, ’me ha ho potang hore ke bona ba bakang pefo e kana-kana eo re e bonang kajeno.—Matheu 12:43-45; Luka 8:27-33.

Puso ea Satane e Haufi le ho Fela

Ho hlakile hore meea e khopo e tsoile letšolo lefatšeng kajeno. Moapostola Johanne o ile a ngola a re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.”—1 Johanne 5:19.

Leha ho le joalo, boprofeta bo seng bo phethahetse ba Bibele, bo bontša hore Diabolose o totisa mahlomola a teng lefatšeng hobane a tseba hore o saletsoe ke “nako e khutšoanyane” ea ho senya pele a koalloa. (Tšenolo 12:7-12; 20:1-3) Ho fela ha puso ea Satane ho tla tlisa lefatše le lecha la ho loka, moo meokho, lefu le bohloko ‘li ke keng tsa hlola li e-ba teng.’ Ka nako eo, thato ea Molimo e tla ‘etsoa lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.’—Tšenolo 21:1-4; Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho.

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 4]

Bababylona ba ne ba lumela ho Nergale (ka thōko-thōko ka ho le letšehali), molimo ea mabifi; Plato (ka ho le letšehali) o ne a lumela hore ho na le “Meea” e ’meli e hanyetsanang

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Cylinder: Musée du Louvre, Paris; Plato: National Archaeological Museum, Athens, Greece

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 5]

Irenaeus, Origen le Augustine ba ne ba ruta hore thekollo e ile ea lefuoa ho Diabolose

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Origen: Culver Pictures; Augustine: From the book Great Men and Famous Women

[Mantsoe a Hlalosang Setšoantšo a leqepheng la 6]

Ho tšaba baloi ho ile ha etsa hore ho bolaoe batho ba likete tse makholo

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

From the book Bildersaal deutscher Geschichte

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela