Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 2/1 leq. 24
  • Ba “Utloa” Molaetsa oa ’Muso Brazil

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba “Utloa” Molaetsa oa ’Muso Brazil
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ananela Bara le Barali Beno ba sa Utloeng Litsebeng!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ‘Jehova o ba Khantšelitse Sefahleho sa Hae’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Falimehelang ho Fumana Batho ba Litholo Tšimong ea Lōna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Motho oa Pele ea Nang le Bokooa ba Kutlo ea Ileng a Amohela ’Nete
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 2/1 leq. 24

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ba “Utloa” Molaetsa oa ’Muso Brazil

E LE hore li ka bolela litaba tse molemo tsa ’Muso libakeng tsa batho ba sa Utloeng Litsebeng, Lipaki Tsa Jehova tse ngata tsa Brazil li amohetse phephetso ea ho ithuta Puo ea Matsoho ea Brazil. Boiteko ba tsona bo hlahisitse liphello tse ntle haholo, joalokaha liphihlelo tse latelang li bontša.

Eva,a mosali ea sa utloeng litsebeng oa São Paulo, o ile a qala ho ithuta puo ea matsoho ka mor’a hore eena le bana ba hae ba bararo ba e’o lula le monna ea sa utloeng litsebeng. Ha Eva le mohlankana oa hae ba le setsing sa mabenkele, ba ile ba kopana le sehlopha sa Lipaki tse sa utloeng litsebeng ’me li ile tsa ba memela sebokeng Holong ea ’Muso. Ba ile ba amohela memo eo, hobane ba ne ba nahana hore ba memeloa ’mokeng oa botsoalle.

Eva ha aa ka a utloisisa ka botlalo se boletsoeng sebokeng seo hobane a ne a sa tsebe puo ea matsoho hantle. Ka mor’a moo, Lipaki tse ’maloa li ile tsa mo memela lijong tse bobebe malapeng a tsona. Li ile tsa mo hlalosetsa ka morero oa Molimo oa lefatše le tlang la paradeise, li sebelisa litšoantšo tse bukaneng ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Eva o ile a rata seo a ithutileng sona ’me a qala ho ba teng kamehla libokeng.

Kapele ka mor’a moo, Eva o ile a tlohela mohlankana oa hae e le hore a ka phela ka litekanyetso tsa Bibele. Ho sa tsotellehe khanyetso e matla ea lelapa labo, o ile a tsoela pele moeeng ’me a kolobetsoa ka 1995. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, Eva o ile a nka bopula-maliboho, kapa ea e-ba ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng. Ho tloha ka nako eo, o se a thusitse batho ba bane ba sa utloeng litsebeng hore ba inehele le ho kolobetsoa.

Carlos o hlahile a sa utloe litsebeng. O ile a qala ho sebelisa lithethefatsi, ho kopanela boitšoarong bo bobe hammoho le ho utsoa e sa le ngoana. A tšositsoe ke litho tsa sehlopha sa linokoane sa lireng, o ile a balehela São Paulo ’me a lula le João ka nakoana. Joaloka Carlos, João le eena o ne a sa utloe litsebeng a bile a phela bophelo bo tsoileng tseleng.

Lilemo tse seng kae hamorao, Carlos o ile a utloa molaetsa oa ’Muso, o ileng oa mo susumelletsa ho hloekisa bophelo ba hae le ho ngolisa lenyalo la hae ka molao. Ka mor’a ho finyella litlhokahalo tsa Mangolo, Carlos o ile a kolobetsoa e le ho tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova. Nakong ena eohle, Carlos o ne a sa tsebe hore João le eena o ne a se a tloaelane le litaba tse molemo le hore o ne a entse liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. Eitse ha João a ithuta hore Jehova ha a amohele tšebeliso ea litšoantšo, o ile a lahla ‘litšoantšo tsa hae tsa bahalaleli.’ Ka mor’a ho tlohela mokhoa oa hae oa pele oa bophelo, João le eena o ile a kolobetsoa.

Carlos le João ba ile ba thaba hakaakang ha ba kopana Holong ea ’Muso ’me ba bona liphetoho tseo ba neng ba li entse! Hona joale bobeli ba bona ke lihlooho tsa malapa tse nang le boikarabelo ’me ke baboleli ba ’Muso ba chesehang.

Hona joale Brazil ho na le liphutheho tse 30 tsa puo ea matsoho le lihlopha tse 154, tse nang le bahoeletsi ba ka holimo ho 2 500, bao har’a bona ba 1 500 ba sa utloeng litsebeng. Likopanong tsa Setereke tsa 2001 tsa “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo” tse neng li tšoaretsoe Brazil bakeng sa ba sa utloeng litsebeng, ho ile ha e-ba teng ba fetang 3 000, ’me ha kolobetsoa ba 36. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, re tšepa hore ba bangata ba sa utloeng litsebeng ba tla amohela molaetsa oa ’Muso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela