Pale ea Bophelo
Ho Lekoa Sebōping sa Mollo sa Mahloriso
JOALOKAHA HO BOLETSE PERICLES YANNOURIS
Ke ne ke hatsetse ka lebaka la sele e mongobo. Ha ke lutse ka moo ke le mong ke apere kobo ea letairi, ke ne ke ntse ke bona leihlo le lonya la mosali oa ka ea sa ntsaneng a le monyenyane ha masole a nkhula ka tlung matsatsi a mabeli pele ho moo, ’me ke mo siea le bana ba rōna ba babeli ba kulang. Hamorao mosali oa ka eo e neng e se [Paki] o ile a nthomella sephutheloana le molaetsa o reng: “Ke u romella bohobe bona ’me e se eka u ka kula joaloka bana ba hao.” Na ebe ke ne ke sa tla khutla hore ke e’o bona lelapa la ka?
KETSAHALO ena ke e ’ngoe feela ea tse ngata le tse thata ntoeng ea tumelo ea Bokreste, e neng e akarelletsa khanyetso ea lelapa, ho khesoa ke baahelani, linyeoe le ho hlorisoa ka mabifi. Empa ho ne ho tlile joang hona e le ka lebaka lefe hore motho ea thōtseng le ea tšabang Molimo joaloka ’na a be sebakeng seo se hlomolang pelo? A nke ke itlhalose.
Moshemane oa Mofutsana ea Nang le Pakane e Holimo
Ha ke hlaha ka 1909 motseng oa Stavromeno, Kreta, naha e ne e le ntoeng, bofutsaneng le tlaleng. Hamorao, ’na le banab’eso ba bane re ile ra pholoha mokakallane oa Spain ka lesoba la nale. Ke sa ntsane ke hopola hore batsoali ba rōna ba ne ba re koalla ka tlung ka libeke tse ngata e le hore re se ke ra tšoaroa ke mokakallane ona.
Ntate e ne e le molemi ea futsanehileng ’me o ne a rata bolumeli haholo empa o ne a se na leeme la bolumeli. Kaha o ne a ile a lula Fora le Madagascar, o ne a fumane maikutlo a tsoetseng pele mabapi le bolumeli. Leha ho le joalo, lelapa leso le ile la lula le tšepahala Kerekeng ea Greek Orthodox, le e-ea ’Miseng Sontaha se seng le se seng ’me le amohela mobishopo oa sebaka seo hore a lule lapeng leetong la hae la selemo le selemo. Ke ne ke le setho sa k’hoaere, ’me takatso ea ka e khōlō e ne e le ho ba moprista.
Ka 1929 ke ile ka kenela sepolesa. Ke ne ke sebetsa Thesalonika, ka leboea Greece, ha Ntate a hlokahala. Ha ke ntse ke batla matšeliso le leseli la moea, ke ile ka kōpa hore ke isoe sepoleseng sa Mount Athos, e leng motse o haufinyane oa baitlami oo ka tlhompho Bakreste ba Orthodox ba reng ke “thaba e halalelang.”a Ke ile ka sebetsa moo ka lilemo tse ’nè ’me ka sheba ka hloko bophelo ba baitlami ke le haufi le bona. Ho e-na le ho atamela ho Molimo, ke ile ka nyahamisoa ke ho hloka boitšoaro ho tlotlollang ha baitlami le bobolu ba bona. Ke ile ka khopisoa ke moruti eo ke neng ke mo hlompha ha a nkōpa hore ke kopanele liphate le eena. Ho sa tsotellehe pherekano eo, ka tieo ke ne ke ntse ke batla ho sebeletsa Molimo le ho ba moprista. Ke bile ka apara seaparo sa baprista ’me ka nkoa setšoantšo e le sehopotso. Hamorao ke ile ka khutlela Kreta.
“Ke Diabolose!”
Ka 1942, ke ile ka nyala ngoanana e motle ea bitsoang Frosini, ea neng a e-tsoa lelapeng le hlomphehang. Lenyalo le ile la tiisa qeto ea ka ea ho ba moprista kaha ba bohoeng ba ka ba ne ba rata bolumeli haholo.b Ke ne ke ikemiselitse ho ea Athene ho ea ithuta seminaring. Ho ea qetellong ea selemo sa 1943, ke ile ka fihla boema-kepe ba Iráklion, Kreta, empa ha kea ka ka ea Athene. Hoo e ka ’na eaba ho etsahetse hobane khabareng ke ne ke fumane mohloli o mong o nkhathollang moeeng. Hoo ho etsahetse joang?
Ka lilemo tse itseng, Emmanuel Lionoudakis, ’moleli ea sehlahlo e monyenyane ea neng a kopanela le Lipaki Tsa Jehova o ne a ruta linnete tsa Bibele tse fanang ka leseli hohle Kreta.c Batho ba bang ba ile ba khahloa ke kutloisiso e hlakileng ea Lentsoe la Molimo ea Lipaki ’me ba ile ba tlohela bolumeli ba bohata. Motseng o haufi oa Sitía, ho ile ha hlophisoa sehlopha sa Lipaki tse chesehang. Sena se ile sa tšoenya mobishopo oa sebaka seo—ea neng a kile a lula United States—’me a tseba ka kotloloho hore na Lipaki Tsa Jehova ke baboleli ba atlehang hakae. O ne a ikemiselitse ho felisa “bokoenehi” bona ’musong oa hae. Ka tšusumetso ea hae, kamehla mapolesa a ne a isa Lipaki chankaneng le makhotleng ka liqoso tsa bohata.
E mong oa Lipaki tsena o ile a leka ho ntlhalosetsa linnete tsa Bibele, empa a etsa qeto ea hore ha ke thabele. Ka lebaka leo o ile a romela mosebeletsi ea mo fetang ka tsebo hore a bue le ’na. Likarabo tsa ka tse khutšoanyane tse se nang botsoalle li ile tsa etsa hore Paki ea bobeli e khutlele ho tse ling ’me e li tlalehele e re: “Pericles e ke ke ea e-ba Paki. Ke diabolose!”
Ho Hlorisoa ka Lekhetlo la Pele
Ke thabela hore ebe Molimo o ne a sa mpone ka tsela eo. Ka October 1945 moena oa ka Demosthenes, ea neng a kholisehile hore Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete, o ile a mpha bukana ea Comfort All That Mourn.d Litaba tsa eona li ile tsa nkhahla. Kapele re ile ra khaotsa ho ea Kerekeng ea Orthodox, ra ikopanya le Lipaki tse ’maloa tsa Sitía ’me ra pakela banab’abo rōna ka tumelo ea rōna e ncha. Kaofela ba ile ba amohela ’nete ea Bibele. Joalokaha ho ka lebelloa, qeto ea ka ea ho tlohela bolumeli ba bohata e ile ea etsa hore ke khesoe le ho hlouoa ke mosali oa ka le lelapa labo. Ka nakoana mohoe oa ka o ne a sa mpuise. Ka lapeng re ne re qabana ’me re lula re hohlana. Ho sa tsotellehe sena ka la 21 May, 1945, ’na le Demosthenes re ile ra kolobetsoa ke Mor’abo rōna Minos Kokkinakis.e
Qetellong ke ile ka fumana seo ke neng ke se batla ’me ka sebeletsa Molimo ke le mosebeletsi oa ’nete! Ke sa ntsane ke hopola letsatsi la pele ke le tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ke ile ka ea motseng o mong ka bese ke tšetse libuka tse 35 ka mokotlaneng. Le hoja ke ne ke tšohile, ke ile ka qala ho ea ka ntlo le ntlo. Ha ke ntse ke e-ea pele, ke ile ka ’na ka ba sebete haholoanyane. Ha ho fihla moprista ea halefileng, ke ile ka ikemela ka sebete, ’me ka mo hlokomoloha ha a mphehella hore ke ee le eena sepoleseng. Ke ile ka mo bolella hore ke tla tsamaea feela ha ke se ke etetse batho ba motse oo kaofela, ’me ke ile ka fela ka etsa joalo. Ke ne ke thabile hoo ke sa kang ka emela bese hore e tle, empa ke ile ka khutlela hae ka maoto ke tsamaea lik’hilomithara tse 15.
Ho Oela Matsohong a Linokoane Tse se Nang Mohau
Ka September 1945, ke ile ka fuoa boikarabelo bo eketsehileng phuthehong ea rōna e ncha ea Sitía. Kapele feela ho ile ha qhoma ntoa ea lehae Greece. Lihlopha tsa lingangele li ile tsa fetohelana ka lehloeo le fetisisang. Mobishopo o ile a sebelisa boemo bona ho khothalletsa sehlopha sa likhukhuni sebakeng sena hore se felise Lipaki ka mokhoa ofe kapa ofe oo se o ratang. (Johanne 16:2) Ha sehlopha sena sa likhukhuni se lebile motseng oa habo rōna ka bese, mofumahali e mong ea botsoalle ea neng a palame bese eo o ile a utloa hore na se tla phetha mosebetsi oa sona “o khethiloeng ke Molimo” joang, ’me a re lemosa. Re ile ra ipata, ’me e mong oa beng ka rōna o ile a re thusa. Ha rea ka ra bolaoa.
Sena se ile sa hleka tsela bakeng sa matšoenyeho a eketsehileng. Ho shapuoa le ho tšosoa e ile ea e-ba liketsahalo tsa kamehla. Bahanyetsi ba rōna ba ile ba leka ho re qobella hore re khutlele kerekeng, re kolobetse bana ba rōna le hore re etse pontšo ea sefapano. Ketsahalong e ’ngoe ba ile ba shapa moena oa ka ho fihlela ba nahana hore o shoele. Ho ile ha nkutloisa bohloko ha ke bona likhaitseli tsa ka tse peli li taboleloa liaparo ’me li shapuoa. Nakong eo, kereke e ile ea kolobetsa bana ba robeli ba Lipaki Tsa Jehova ka likhoka.
Ka 1949 ’Mè o ile a hlokahala. Moprista o ile a re sala morao hape, a re tsekisa hore ha rea lumellana le se hlokoang ke molao bakeng sa ho fumana tumello ea lepato. Ke ile ka qosoa ka lekhotleng ’me ka lokolloa. Sena se ile sa fana ka bopaki bo boholo kahobane batho ba ile ba utloa ha ho bitsoa lebitso la Jehova ha lekhotla le lula. Ntho feela eo lira tsa rōna li neng li ka e etsa “hore re hlaphoheloe likelellong” e ne e le ho re tšoara le ho re isa botlamuoeng. Sena li ile tsa se etsa ka April 1949.
Tlōle! ka Sebōping sa Mollo
Ke ne ke le e mong oa Lipaki tse tharo tse ileng tsa tšoaroa. Mosali oa ka ha aa ka a ikhathatsa le ka ho tla mpona sepoleseng. Re ile ra fapohela chankaneng ea Iráklion. Joalokaha ho hlalositsoe qalong, ke ne ke hlorile ’me ke nyahame. Ke ne ke siile mosali ea sa ntsaneng a le monyenyane eo e seng Paki le masea a mabeli. Ke ile ka rapela Jehova ka matla hore a nthuse. Ke ile ka hopola mantsoe a Molimo a tlalehiloeng ho Baheberu 13:5 a reng: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.” Ke ile ka hlokomela bohlale ba hore ke tšepe Jehova ka ho feletseng.—Liproverbia 3:5.
Re ile ra tsebisoa hore re isoa botlamuoeng Makrónisos, e leng sehlekehleke se letsoatlare se lebōpong la Attica, Greece. Hang ha ho buuoa ka Makrónisos batho ba ne ba tšoha kahobane kampong ea moo ea chankana, batho ba ne ba hlorisoa le ho sebelisoa ka thata. Ha re e-ea chankaneng, re ile ra emisa Piraeus. Le hoja re ne re ntse re kentsoe mahlaahlela, re ile ra khothala ha Bakreste ba bang ba e-tla sekepeng ’me ba re kopa ka matsoho.—Liketso 28:14, 15.
Ho phela Makrónisos ho ne ho tšosa. Masole a ne a khahlapetsa batšoaruoa ho tloha hoseng ho fihlela bosiu. Batšoaruoa ba bangata bao e seng Lipaki ba ile ba hlanya, ba bang ba ile ba shoa ’me ba bangata ba holofala. Bosiu re ne re utloa liboko le poboli ea ba neng ba hlokofatsoa. Letairi la ka le ne le mphuthumatsa hanyenyane feela bosiu ha ho bata.
Butle-butle Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tsebahala kampong ena hobane lebitso Lipaki Tsa Jehova le ne le boleloa hoseng ho hong le ho hong ha ho bitsoa mabitso. Kahoo, re ne re e-na le menyetla e mengata ea ho fana ka bopaki. Ke bile ka ba le tokelo ea ho kolobetsa motšoaruoa oa lipolotiki ea neng a se a tsoetse pele hoo a inehetseng ho Jehova.
Ha ke ntse ke le botlamuoeng, ke ile ka tsoela pele ho ngolla mosali oa ka ea ratoang, empa ho se mohlang a nkarabang. Sena ha sea ka sa nthibela ho mo ngolla ka lerato, ke mo tšelisa, ke mo tiisetsa hore boemo bona ke ba nakoana le hore re tla thaba hape.
Khabareng, Lipaki li ile tsa eketseha mona ha barab’abo rōna ba ntse ba fihla ka bongata. Ke ne ke sebetsa ka ofising, ’me ke ile ka etsa setsoalle le mokoronele ea okametseng kampo ena. Kaha o ne a hlompha Lipaki, ke ile ka ba le sebete sa ho mo kōpa hore re romelloe lingoliloeng tsa Bibele tse tsoang ofising ea rōna ea lekala e Athene. O ile a re: “Ho ke ke ha khoneha, empa ke hobane’ng ha Lipaki tsa Athene li sa li phuthele ’me tsa li romela ka lebitso la ka?” Ke ile ka ema moo ke hloletsoe! Matsatsi a se makae hamorao ha re ntse re laolla sekepe se fihlang, lepolesa le ile la saluta mokoronele ’me la re ho eena: “Mohlomphehi, phasele ea hao e fihlile.” O ile a re: “Ke phasele ea eng?” Ke ne ke le haufi le moo eaba ke utloa moqoqo oa bona, kahoo ke ile ka mo hoeshelletsa ka re: “Mohlomong ke ea rōna ’me e rometsoe ka lebitso la hao joalokaha u laetse.” Ke tsela e ’ngoe eo ka eona Jehova a neng a tiisa hore re feptjoa moeeng.
Tlhohonolofatso e sa Lebelloang—E Lateloa ke Mahloriso a Eketsehileng
Ke ile ka lokolloa bofelong ba 1950. Ke ile ka khutlela hae—ke kula, ke sehlefetse, ke tšerema ’me ke sa tsebe le hore na ke tla amoheloa joang. Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona mosali oa ka le bana ba ka hape! Ho molemo le ho feta, ke ile ka makala hore ebe lehloeo la Frosini le ne le felile. Mangolo ane a tsoang teronkong a ne a sebelitse. Frosini o ne a khahluoe ke mamello ea ka le tiisetso. Ka mor’a moo, ke ile ka ba le puisano e telele le eena e bōpang khotso. O ile a amohela thuto ea Bibele ’me a ba le tumelo ho Jehova le litšepiso tsa hae. Letsatsi la thabo e fetisisang bophelong ba ka le bile ka 1952 ha ke mo kolobetsa e le mohlanka ea inehetseng oa Jehova!
Ka 1955 re ile ra etsa phutuho ea ho isetsa moprista e mong le e mong bukana ea Christendom or Christianity—Which One Is “the Light of the World”? Ke ile ka tšoaroa ’me ka isoa khotla le Lipaki tse ling tse ’maloa. Ho ne ho e-na le linyeoe tse ngata khahlanong le Lipaki Tsa Jehova hoo lekhotla le ileng la tlameha ho behella nako ka thōko bakeng sa tsona kaofela. Letsatsing leo, baahloli ba profinse kaofela ba ne ba le teng, ’me ka khotla ho ne ho tletse baprista. Mobishopo o ne a ikonka ka khotla. Moprista e mong o ne a nqositse ka hore ke lekile ho mo sokolla. Moahloli o ile a mo botsa a re: “Khele! u bolela hore tumelo ea hao e fokola hoo u ka sokolloang ke ho bala bukana?” Moprista o ile a ema le monna oa mateneng. Ke ile ka lokolloa, empa bara ba bang babo rōna ba ile ba ahloleloa likhoeli tse tšeletseng chankaneng.
Lilemong tse latelang, re ile ra tšoaroa khafetsa, ’me linyeoe li ile tsa eketseha. Linyeoe tsa rōna li ne li sa fe babuelli ba rōna ba molao tšoeea. Ke ile ka qosoa ka makhetlo a 17. Ho sa tsotellehe khanyetso, re ne re etsa mosebetsi oa ho bolela kamehla. Re ne re amohela phephetso ena ka thabo ’me liteko tse kang mollo li ile tsa hloekisa tumelo ea rōna.—Jakobo 1:2, 3.
Litokelo Tse Ncha le Mathata a Macha
Ka 1957 re ile ra fallela Athene. Kapele feela ke ile ka khetheloa ho sebeletsa phuthehong e ncha. Mosali oa ka o ile a ntšehetsa ka ho feletseng hore re khotsofalle ho phela ka seo re nang le sona ’me re eteletse pele lintho tsa moea. Ka lebaka leo, re ile ra nehela boholo ba nako ea rōna mosebetsing oa boboleli. Ka lilemo re ile ra kōptjoa ho ea liphuthehong tse sa tšoaneng moo ho neng ho hlokahala baboleli.
Mora oa ka o ile a ba lilemo li 21 ka 1963 ’me a tlameha ho itlaleha bakeng sa tšebeletso ea sesole. Lipaki tsohle tse ileng tsa itlaleha bakeng sa tšebeletso ea sesole li ile tsa shapuoa, tsa songoa le ho tlotlolloa ka lebaka la ho se jele paate. Mora oa ka le eena o ile a etsoa lintho tseo. Kahoo ke ile ka mo fa letairi la ka la Makrónisos ho mo khothatsa ka tsela ea tšoantšetso hore a latele mohlala oa ba ileng ba tšepahala nakong e fetileng. Barab’abo rōna ba neng ba bitsetsoa sesole ba ne ba qosoa ka pel’a lekhotla la sesole ’me hangata ba ne ba ahloleloa lilemo tse peli ho isa ho tse ’nè chankaneng. Ha ba lokolloa, ba ne ba bitsoa ’me ba ahloloa hape. Kaha ke ne ke nkoa ke le moruti, ke ile ka etela lichankana tse sa tšoaneng ’me ka nakoana ka kopana le mora oa ka le Lipaki tse ling tse tšepahalang. Mora oa ka o ile a koalloa ka nako e fetang lilemo tse tšeletseng.
Jehova o Ile a re Tšehetsa
Ha tokoloho ea bolumeli e se e tsosolositsoe Greece, ke ile ka ba le tokelo ea ho sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng oa nakoana sehlekehlekeng sa Rhodes. Joale ka 1986 ho ile ha hlokahala baboleli Sitía, Kreta, moo ke neng ke qalile mosebetsi oa ka oa Bokreste teng. Ke ile ka thabela ho amohela kabelo ena ea ho boela ke sebetsa le balumeli-’moho le ’na bao ke ba tsebileng ho tloha bonyenyaneng.
Joaloka hlooho lelokong la heso, ke thabela ho bona beng ka ’na ba ka bang 70 ba sebeletsa Jehova ka botšepehi. ’Me lenane le ntse le eketseha. Ba bang ba ’nile ba sebeletsa e le baholo, bahlanka ba sebeletsang, bo-pula-maliboho, litho tsa Bethele le balebeli ba tsamaeang. Ka lilemo tse fetang 58, tumelo ea ka e ’nile ea lekoa sebōping sa mollo sa mahloriso. Hona joale ke lilemo li 93, ’me ha ke nahana ka nako e fetileng, ha ke ikoahlaee hore ebe ke ile ka sebeletsa Molimo. O mphile matla a ho arabela memo ea hae e lerato e reng: “Mora oa ka, u mphe pelo ea hao, ’me e se eka mahlo ao a hao a ka khahlisoa ke litsela tsa ka.”—Liproverbia 23:26.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Baprista ba Kereke ea Greek Orthodox ba lumeletsoe ho nyala.
c Ho fumana pale ea bophelo ea Emmanuel Lionoudakis, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1999, leqepheng la 25-9.
d E ne e hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova empa ha e sa hatisoa.
e E le hore u tsebe kamoo Minos Kokkinakis a ileng a hlōla nyeoe kateng, bona Molula-Qhooa oa September 1, 1993, leqepheng la 27-31.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Makrónisos—Sehlekehleke se Tšosang
Ka lilemo tse leshome ho tloha ka 1947 ho fihlela ka 1957, sehlekehleke se letsoatlare sa Makrónisos e ne e le lehae la batšoaruoa ba fetang 100 000. Ba bang ba bona e ne e le Lipaki tse tšepahalang tse ngata tse neng li rometsoe teng ka lebaka la ho se jele paate ha tsona ha Bokreste. Hangata batho ba neng ba susumelletsa hore li tšoaroe e ne e le baruti ba Greek Orthodox ba neng ba qosa Lipaki ka bohata ka hore ke Makomonisi.
Mabapi le mokhoa oa ho “lokisa batšoaruoa” o neng o sebelisoa Makrónisos, encyclopedia ea Segerike ea Papyros Larousse Britannica e re: “Mekhoa ea ho hlorisa ka sehlōhō, . . . maemo a bophelo a sa amoheleheng lichabeng tse tsoetseng pele, le boitšoaro bo hlephileng ba balebeli ho batšoaruoa . . . ke mahlabisa-lihlong historing ea Greece.”
Lipaki tse ling li ne li boleletsoe hore li ke ke tsa lokolloa ha li sa latole tumelo ea tsona. Leha ho le joalo, botšepehi ba Lipaki tsena ha boa ka ba senyeha. Ho feta moo, batšoaruoa ba bang ba lipolotiki ba ile ba amohela ’nete ea Bibele ka lebaka la ho kopana le Lipaki.
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Minos Kokkinakis, (oa boraro ho tloha ka ho le letona), ho latele ’na, (ke le oa bone ho tloha ka ho le letšehali) sehlekehlekeng sa kahlolo sa Makrónisos
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ke sebetsa le Paki e ’ngoe Sitía, Kreta, moo ke sebelelitseng teng ke sa le mocha